Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 11/15 maq. 9-12
  • Ho Phethahatsa Sepheo sa ka ho Hōlisa Lelapa la Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Phethahatsa Sepheo sa ka ho Hōlisa Lelapa la Bokreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LIPHETOHO TSE ENTSENG HORE KE FUMANE ’NETE
  • LIQETO TSA BOHLOKOA
  • LINAKO TSE LEKANG
  • KE LEBOHA THUSO EA JEHOVA
  • Ke Tlohetse ho ba Sengangele sa Lipolotiki ka ba Mokreste ea sa Nkeng Lehlakore
    Tsoha!—2002
  • “Le Fetotse Maikutlo ao ke Neng ke E-na le ’Ona ka Lipaki Tsa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Tlohela ho ba Tau e Purumang ho ba Konyana e Bonolo
    Tsoha!—1999
  • Ho Sebeletsa Molimo Linakong Tse Thata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 11/15 maq. 9-12

Ho Phethahatsa Sepheo sa ka ho Hōlisa Lelapa la Bokreste

kamoo ho boletseng Leon Glass

HA KE hlaha ka 1924, hoo e ka bang baahi bohle ba Dominican Republic e ne e le Maroma K’hatholike. Batala, hammoho le bolumeli ba bona, e le khale ba timelitsoe. Tlas’a puso ea likoloni, motse oo joale o tsejoang e le Santo Domingo o ne o e-na le likereke tsa K’hatholike tse 17 motse oo bophara ba oona e neng e ka ba 5,6 km.

Ke tsoetsoe ke le Mok’hatholike, ka botšepehi ke ne ke kena litšebeletso kerekeng e hole ka 9 m ho tloha lapeng. Ka pel’a bethe ea ka ho ne ho le teng litšoantšo le lifapano tsa bolumeli, tseo ke neng ke ee ke rapele ka pel’a tsona ka mokhoa o latelang pele ke robala: “Ke robala le Molimo ’me ke tsoha le Molimo. Le Maria Mofereho le Moea o Halalelang.” Ke ne ke sa tsebe letho ka Bibele. Likolong tsa sechaba, re ne re ithuta lithuto tsa K’hatholike feela. Maprostanta a ne a fokola haholo mehleng eo. Ba ne ba e-na le matlo a seng makae a thapelo, ’me, ka linako tse ling, a ne a tlepetsoa ka majoe. Bak’hatholike ba ne ba bolelloa hore Maprostanta ke a Diabolose, ’me ke ne ke tšaba ho a atamela.

LIPHETOHO TSE ENTSENG HORE KE FUMANE ’NETE

Ke sa le monyenyane, ʼna le ngoana e mong oeso ra qala ho lemoha hore ke borapeli ba litšoantšo ho rapela ka pel’a setšoantšo sa pelo ea Jesu se entsoeng senotlolo, senotlolo seo e neng e le letšoao la khoebo la sesepa se seng. Kahoo hamorao ha rea ka ra thatafalloa ke ho kena kereke ea Evangeli le nkhono oa rōna. Ra ikutloa hamolemo moo hobane ho ne ho sebelisoa Bibele.

Ha ntoa ea II ea Lefatše e ntse e loana, ka botsa tichere ea sekolo sa Sontaha hore na ho loketse hore Mokreste a kopanele ntoeng. Karabelo ea hae ea se ke ea lumellana le Bibele, ho ileng ha nkhalefisa hoo ke ileng ka tsoa kereke. Hamorao, leha ho le joalo, letsoalo la ho ba lefatšeng ke se na bolumeli la nkhannela hore ke khutlele kerekeng ʼme ke amohele lithuto tse ngata tsa eona tse ka lumellanang le Bibele ʼme tse ling ke li lahle. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 22.

Ka letsatsi le leng ka fumana libuka tse hlano tse ngotsoeng ke Watch Tower Society. Moholoane oa ka o ne a siile libuka tsena lapeng ha ka. Likoahelo tsa tsona tse khahlehang le lihlooho tsa nkhapa. Buka e ʼngoe ea hla ea hapa tlhokomelo ea ka ka mantsoe “’nete” le “lokolla” sehloohong sa eona. Ha ke bala buka ena, ka fumana hore khaolo e ’ngoe le e ’ngoe e lumellana hantle le seo ke ithutileng sona Bibeleng. Hape ho ne ho le teng lintho tse ngata tse ncha, ’me li utloahala li le molemo. Ka kholoa hore ke fumane ’nete.

LIQETO TSA BOHLOKOA

Nako e ne e fihlile hore ke etse liqeto tsa bohlokoa haholo tse neng li tla ama bophelo ba ka haholo: Na ke tla kenela tšebeletso ea Jehova? Na nka nyala ngoanana eo ke mo lebelelitseng, Eve, eo ke neng ke se ke mo ntšitse Kerekeng e K’hatholike ho mo isa bolumeling ba Evangeli? Joale ra qala ho ithuta Bibele le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kamor’a khoeli, ka qala ho ea ka ntlo le ntlo, ke bolella batho ka lintho tseo ke ithutileng tsona. Kharebe ea ka e ne e nkentse hore ke lumele hore le eona e tla etsa joalo. Leha ho le joalo, eare ha ke mo bolella hore re tla ea libokeng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, a bolela hore ke kotsi ho fetola bolumeli. Ka tšoenyeha haholo ke hona hobane, ha ke ne ke le bolumeling ba Evangeli, ke ne ke ee ke rapele: “Molimo, u nthuse ho fumana mosali oa Mokreste le hore ke holise lelapa la Bokreste.” Mosali oa kamoso ke ne ke mo fumane. Joale ho ne ho tla etsahala joang?

Ka boela ka atamela Molimo ka thapelo, ke re: “Jehova, haeba Eva e sa tl’o ba e mong oa bahlanka ba hao, ke kōpa u etse hore a ntlhale, hobane ha ke s’o fumane lebaka la ho mo tlohela.” Ha nka ka emela karabo halelele. A amohela memo ea ka e latelang ea ho ea le ’na Holong ea ’Muso. Moo e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo nka ʼme a mo tsebise bohle ba ka holong. Matsatsi a seng makae hamorao, a tsamaea le e mong oa Lipaki mosebetsing oa ntlo le ntlo. Selemong se latelang ra nyalana ʼme ra qala ho neela nako eohle ea rōna mosebetsing oa ho bolela. Phomolo ea rōna kamor’a lenyalo ea e-ba khutšoanyane haholo. Ka letsatsi le latelang feela ra qala ho etela bao re ahisaneng le bona re buisana le bona ka tšepo eo re nang le eona mabapi le tsamaiso e molemo ea lintho.

Ka nako ena mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ne o hlasetsoe ke bohatelli ba Trujillo. Ho tloha ka letsatsi la pele leo ke ileng ka kopanela mosebetsing oa boboleli tšabo e ne e le teng hore mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ka ʼna oa thibeloa. Ha hla ha e-ba joalo. Ha hoa ka ha makatsa ha ho qhoma hloriso e tšabehang selemo hamorao.

LINAKO TSE LEKANG

Rōna Lipaki tsa Jehova re ne re itokisitse likelellong bakeng sa teronko, ʼme ke hona moo re ileng ra ea teng. Ke ne ke sebetsa femeng e neng e laoloa ke ʼmuso, moo Lipaki tse ling li neng li sebetsa teng. Ka letsatsi le leng ra kopuoa ho saena mohala o eang ho mohatelli, Trujillo, re mo tiisetsa hore rea mo tšehetsa lipolotiking le liketsong leha e le life khahlanong le Cuba. Ra hana ho saena. Hona ha nkoa ka ho tebileng haholo, e le ho nyelisa mohatelli. Bao re sebetsang le bona ba ikutloa ba tlamehile ho re rohaka. Ea ikarabellang a re: “Trujillo ke eena morena mona, le haeba Jehova oa lōna a ka theoha leholimong, o tla tlameha ho ikokobeletsa Trujillo.” Karabelo ea ka ea e-ba hore haeba re ka saena, re tla be re thooletsa nyeliso eo a tsoa e bolela. Ra tšoaroa ʼme ra botsoa ke ba tšebeletso ea sesole sa lekunutu. Hoba re tšosoe, ra lokolloa, hore feela re bitsetsoe tšebeletso ea sesole kamor’a matsatsi a seng makae ntle ho ho latela mekhoa e tloaelehileng. Ha re hana, ra kenngoa teronkong. Moo ra fumana Lipaki tse ling tse ʼne, tse peli ho tsona e le banab’eso ka nama. Hoba re lokolloe, ra boela ra ahloloa. Hona ha etsahala ka makhetlo a mararo, lipakeng ho kena letsatsi le le leng kapa a seng makae feela. Ra lula nako e ka etsang lilemo tse supileng teronkong, ea ho qetela nako e le lilemo tse hlano.

Kahoo, kamor’a lilemo tse robeli ke le monna ea nyetseng, ke ne ke lutse selemo se le seng feela—sa rōna sa pele—lapeng le mosali oa ka. Ka nako ena e ’ngoe ke ne ke kena, ke tsoa teronkong. Ena ea e-ba qaleho e mpe haholo bakeng sa ho hōlisa lelapa la Bokreste kamoo tšusumetso ea ntate e amehang. Leha ho le joalo, Eva a etsa mosebetsi o motle haholo ka bana ba rōna ba bararo. Ba ne ba ithuta melao ea motheo ea Bibele ʼme ba ba teng libokeng Holong ea ʼMuso, haesita le ho kopanela mosebetsing oa boboleli o neng o ntse o thibetsoe. Mosali oa ka o ne a ee a tle le bana ho tla mpona teronkong, ʼme ke ne ke thaba haholo ho bona botšepehi ba bona le hoja ba sa le banyenyane haholo. Eva o ne a hlapaoloa, a tšosoa le ho nyelisoa khahlanong le Jehova. Empa tumelo ea hae ea nthabisa haholo le ho nkhothatsa. Ka lekhetlo le leng, ha e le moimana oa ngoana oa rōna oa pele, molebeli a nketsa hampe mahlong a hae. Ka tšoha hore na o tla ikutloa joang ke sena, empa a se ke a utloa bohloko ba letho ʼme a tsoela pele ho nkaha. Kajeno, ha ke hopola lintho tsena, ke leboha Jehova ka thuso ea hae. Ruri o re file tokelo e khōlō ka ho re lumella hore re utloe bohloko ka baka la lebitso la hae. Lintho tseo re li utloileng li ile tsa sebeletsa ho re matlafatsa le ho re thusa ho hōlisa lelapa le kopaneng la Bokreste.

Ntle ho liteko, re bile le liphihlelo tse ngata tse monate ho pakeng ka tšepo ea rōna le tumelo pel’a baahloli, bahlanka ba phahameng ba sesole, masole, batšoaruoa hammoho le rōna, litho tsa malapa a habo rōna tseo e seng Lipaki, le ho batho ba literateng ha re ntse re sebetsa re hlokometsoe. Le hona ka ntlong ea borena ea mohatelli re ne re na le hona ho fana ka bopaki ba tšepo ea rōna. Ka lekhetlo le leng, ha re ntša mohloa o il’o lengoa sebakeng se seng, ra lumelloa ho buisana le batho ba ka matlung a pel’a tsela. Kaha re ne re tsamaea le balebeli, ruri re ne re e-ba le bamameli ba bangata ntlong e ʼngoe le e ʼngoe. Batho ba ne ba le mosa haholo ʼme ba mamela ka thahasello, le hoja ka nako e ʼngoe e ne e le ka tšabo.

Teronkong, ka linako tse ling re ne re kena ka matlong a fapaneng ho hlalosa tšepo ea rōna ea ʼMuso. Hona ho ne ho le kotsi, leha ho le joalo, hobane, haeba re fumanoa, re ne re beoa boinotšing. Ka lekhetlo le leng monna ea ikarabellang ka ntlong e ʼngoe a nkopa hore ke se ke ka bolela ka ntlong ea hae hobane ha a batle ho ntšoarisa. Motšoaruoa e mong e ne e le motsoalle oa rōna, ʼme re ne re bua ka Mangolo ha re le ka jareteng ea teronko. Hamorao, ka ba le tokelo ea ho mo kolobetsa re sa le teronkong ka bobeli. Hamorao hape, a bolaoa ka baka la hore setho sa lelapa la habo se kopanele leanong le khahlanong le Trujillo.

Le hoja ho ka bonahala ho makatsa, ho hana ho sekisetsa ha rōna ha hapa hlompho ea masole, balebeli, batšoaruoa ba bang le batho ba bang. Ha e le hantle, mohlanka oa teronko ea neng a tšajoa haholo ka baka la tšoaro ea hae e mpe ho batšoaruoa ke eena ea neng a re tšepa haholo. Ka linako tse ling, o ne a re rōmela mosebetsing ka ntle ho teronko ho se balebeli.

Litlamong, ra ithuta kamoo re ka kopanyang mosebetsi oo re o abetsoeng e le hore re ka ba le nako ea litaba tsa moea. E le molao, re ne re tseba ho tšoara liboka kaofela beke e ʼngoe le e ʼngoe. Ka makhetlo a seng makae, ho ne ho bile ho le bonolo ho ikhopotsa ka lefu la Kreste le batšoaruoa ba bang ba le teng. Ka linako tse ling balebeli ba ne ba ee ba fumane Libibile tsa rōna le libuka tsa Bibele ʼme ba re amohe tsona. Hangata ho ne ho etsahala hobane motšoaruoa e mong a re tlalehile. Empa ho ne ho bonahala re e-ba le libuka tse lekaneng ho re boloka re le matla moeeng.

Tabeng ea lijo, ka linako tse ling re ne re abelana seo re nang le sona le ba bang. Re ne re lumelloa ho fumana lijo tse tsoang kantle. Bana babo rōna, ba nama le ba moea, ba ne ba re thusa ka ho sa khaotseng.

KE LEBOHA THUSO EA JEHOVA

Ke leboha Jehova ka ho ntumella ho kena teronkong joalokaha baapostola ba ile ba tlangoa. Hona ho ka ʼna ha utloahala ho makatsa ho ba bang. Empa liphihlelo tsena tsohle tsa re koetlisa le ho re ruta tiisetso le mamello. Bonneteng, ka linako tse ling ho ne ho se monate ho hang. Empa joale, lilemo-lemo hamorao, ke bona kamoo liphihlelo tseo li bileng le tšusumetso ea tsona e ntle.

Eare ha ke tsoile teronkong, ha e-ba thata ho fumana mosebetsi, haholo ka baka la tlaleho ea teronko. Ka tlameha ho amohela mosebetsi oa peke le focholo, ke fumana $2,50 (U.S.) ka letsatsi. Empa lelapa la tsoella ka hoo ka nakoana, ho fihlela ha ke fumana mosebetsi o molemo ke le mohlokomeli oa libuka. Re ne re sa ka ra lapa.

Thabo ea ka e khōlō ke ho bona bana ba ka ba bahlano kaofela ba le matla tumelong ba le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova. Ka sebele, Molimo o ntlhohonolofalitse haholo le ho nthusa ho hōlisa lelapa la Bokreste. Ha ho letho leo nka ananyang tšebeletso ea ka ea lilemo tse 32 ho Jehova ka lona. Thapelo ea ka ho Ntate oa rōna oa leholimo ke hore eke re ka thusoa ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela