“Tlohang ho Eena, Lōna Sechaba sa ka”
“Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae.”—Tšen. 18:4.
1. Pitso ea ho tloha ho Babylona e Moholo e utloahetse neng, ʼme ke hobane’ng ha pitso ee e ne e loketse nakong eo?
“TLOHANG ho eena, lōna sechaba sa ka.” Pitso eo e utloahalitsoe ho tloha ka 1919, selemo seo ka sona lichaba tse neng li loana ntoeng ea 1914-1918 li ileng tsa saenela selekane sa khotso. Bolumeli bo boholo ba lefatše bo ne bo tšehelitse ntoa eo ea phikoloho. Ha e-ba joang ka bao Molimo oa Bibele o ba bitsang “sechaba sa ka”? Bakreste bana ba nang le khotso ba ne ba le botlamuoeng, le litlamong, ho Babylona e Moholo le metsoalle ea hae ea bopolotiki e neng e kene Ntoeng ea I ea Lefatše.
2. Ke pitso efe e tšoanang e ileng ea etsoa ke Jeremia pelenyana?
2 Pitso ea ho ‘tloha ho eena’ e ne e beiloe ho Tšenolo 18:4. Ho ne ho le teng pitso ea pele ho eo e ngotsoeng pelenyana ho Jeremia 51:45: “Tsoang teng, lōna sechaba sa ka, ho namolele e mong le e mong bophelo ba hae khalefong e chesang ea Jehova.”
3, 4. (a) Ho ea ka Jeremia 50:8-10, ba ne ba tlameha ho ‘baleha’ hokae? (b) Nakong ea ho phethahatsoa ha boprofeta bona ba morao, na Babylona e ne e amana le Jehova joaloka mehleng ea Nebukadnezare? Hobane’ng?
3 ‘Ho namoleloe’ ho eng? Jeremia 50:8-10 e arabela ka mokhoa o hlakileng: “Balehang Babylona le lefatšeng la ba-Kalde, le tsoele pele, joale ka liphooko tse etellang mohlape pele. Hobane bonang, ke ea tsosa, ke nyolosetse Babylona phutheho ea lichaba tse khōlō tsa lefatše la Leboea; li tla ’mōkanela, ebe hona a hapuoang: ’Me Kalde o tla etsoa khapo; bahapi ba hae kaofela ba tla khora eena, ho bolela Jehova.”
4 Nakong eo ka eona mantsoe ao a boprofeta a neng a tla phethahala, Morena Nebukadnezare oa Babylona o ne a tla be a shoele. E mong oa bahlahlami ba hae boreneng, e leng Belshatsare, mora oa Nabonidus, o ne a tla be a busa ’Musong oa Babylona ka 539 B.C.E. Kahoo seo Babylona e neng e se tšoantšelitse qalehong ea puso ea Nebukadnezare ka 625 B.C.E. se ne se tla be se fetohile. Jehova o ne a ile a bitsa Nebukadnezare “mohlanka oa ka.” (Jer. 27:6) Hape, nakong ea botlamuoa ba moprofeta oa Mojode Daniele Babylona, Jehova o ne a ile a sebelisana le Morena Nebukadnezare mabapi le litoro tse peli tsa bohlokoa tsa boprofeta. (Dan. likhaoh 2 le 4) Le ho tla fihla selemong sa 592 B.C.E., liketso tsa Morena Nebukadnezare li ne li hlile tsa boleloa boprofeteng. (Ezek. 29:17-20) Kahoo lilemong tseo bonyane ’muso oa Babylona tlas’a Nebukadnezare o ile oa sebelisetsoa ho ba kofuto ea Jehova ho phethahatsa boiphetetso ba Hae ho ʼmuso o sa tšepahaleng oa Juda le lichaba tse mathokong a eona. Mosebetsi oa Nebukadnezare tumellanong le thato ea Jehova o ne o tšoantšetsa mosebetsi oa Jesu Kreste nakong ‘ena ea bofelo,’ eo re leng ho eona hona joale.
5. Ho ea ka Esaia 44:28 ho ea ho 45:7, nakong eo Babylona e oeleng ka eona mosebetsi oa Jesu Kreste o hlile oa tšoantšetsoa ka oa mang, ʼme tlhaloso ea Daniele ea mongolo o leboteng e ile ea lumellana le se neng se boletsoe pele ke Esaia joang?
5 Ho ea ka Esaia 44:28 ho ea ho 45:7, nakong eo ho oa ha Babylona ho neng ho le haufi, mosebetsi o neng o tšoantšetsa e sa le pele seo Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a neng a tla se etsa ‘nakong ea bofelo’ o ile oa nkoa ke Cyruse e Moholo, morena oa ʼMuso oa Bamede le Bapersia. Bosiung boo ka bona Babylona e oeleng ka 539 B.C.E., moprofeta Daniele a hlalosa mongolo o leboteng o neng o bonahetse ho Morena Belshatsare: “PERES [palo ea bonngoe ea lentsoe la boraro la mongolo oa mohlolo], ʼMuso oa hao o arotsoe, ʼme o neiloe ba-Mede le ba-Persia.” Tlaleho ea Daniele ea boneng ka mahlo e tsoela pele, e re: “Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena oa ba-Kalde, a bolaoa, ʼme Dariuse [e le molekane oa Cyruse] mo-Mede a inkela ʼmuso.”—Dan. 5:28-31; 9:1, 2.
6. (a) Se neng se tšoantšetsoa ke Babylona mehleng ea BeIshatsare se beiloe bukeng efe ea Bibele ʼme kajeno ke eng? (b) Ke mang ea ileng a thea Babylona eo ea tšoantšetso, ʼme e akarelletsa bolumeli bofe?
6 Se ileng sa tšoantšetsoa ke Babylona ea boholo-holo mehleng ea eona ea ho qetela e le mofumahali oa lefatše se ngotsoe ka bukeng ea Tšenolo joalokaha e ngotsoe ke moapostola ea bululetsoeng Johanne hoo e ka bang ka 96 C.E., ha masupi a Babylona ea khale a sa eme. Ka se ngotsoeng ke Johanne ho Tšenolo 16:12 ho ea ho 19:3, hoa hlaka hore Babylona e ahlotsoeng ea mehleng ea Belshatsare e ne e tšoantša ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o ntseng o le teng. ʼMuso oo o moholo, oo hona joale o nkelletseng bolumeli bohle ba bohata bo ahlotsoeng ba lefatše, o ile oa qaloa ke “setsomi sa senatla pel’a Jehova.” E ne e le Nimrode, setloholo sa Noe, ʼme a thea motse oa Babele Nokeng ea Eufrate. (Tšen. 16:12; Gen. 10:8-10) ʼMuso oo hona joale o bitsoang Babylona e moholo o nka bolumeli bohle ‘bo khahlanong le Jehova’ ʼme hona joale bo ‘nakong ea bofelo ea bona.’—Dan. 12:4.
7. (a) ‘Babalehi’ ba tsoile neng Babylona ea boholo-holo? (b) Babalehi ba tla tloha neng ho Babylona e Moholo, ka nako eo hobane’ng?
7 Batho ba Jehova ba biletsoa hore ba ‘tlohe’ ʼmusong oo o moholo oa bolumeli oa lefatše lohle, ʼme hona ba ho etse ntle ho tieho. ʼMuso o moholo ke sona se hlileng sa tšoantšoa ke Babylona eo Jeremia a buileng ka eona khaolong ea 50 le 51. Tabeng ea ʼMuso oa boholo-holo oa Babylona, Bajode ba botlamuoeng le balekane ba bona ba ne ba ke ke ba ‘tsoa’ ho fihlela e oela ho Bamede le Bapersia ka 539 B.C.E. (Esa. 14:12-17) Leha ho le joalo, ho thoe’ng lekholong lee la bo 20 la lilemo? Ho thoe’ng ka bao kajeno Jehova a ba bitsang “sechaba sa ka”? Bana ba bolelloa ka taelo hore ba ‘tlohe’ ho Babylona e Moholo oa kajeno pele a timetsoa ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang a hlileng a boleloa ke Jesu Kreste. (Matt. 24:21, 22; Tšen. 1:1; 7:14, 15) Lebaka ke hore babalehi bana ba lokela ho qoba ho otloa le ho timetsoa le Babylona e Moholo, ʼmuso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o sa ntsaneng o eme.—Tšen. 18:4.
8. Ho tloha har’a ba bitsoang Babylona e Moholo ho tloha ka 1919 ho supa eng, ʼme ke mang ea ileng a sebelisoa ntlheng ee?
8 Ho ke ke ha hlola ho fumaneha sebaka sa ho tsoa ho Babylona e Moholo kamor’a hore bao e neng e le metsoalle ea hae ea bopolotiki ba mo fetohele ʼme ba mo felise. (Tšen. 17:15-18) Batho ba ineetseng ba Jehova ba tsoile ho eena ho tloha selemong sa kamorao ho ntoa sa 1919 C.E. Hona ha bolela hore ka kutloisiso e ʼngoe Babylona e Moholo o se a oele. Joang? Ka tsela ea tšoantšetso. Ka 1919 matla a eona a kenyang bokhobeng holim’a batho ba Jehova a ile a senngoa. Ho tloha ka nako eo ha ho mohla ba kileng ba boela ba e-ba litlamong tsa bolumeli ho Babylona e Moholo, joalokaha ba entse nakong ea ntoa ea lefatše ea 1914-1918. Tokoloho ea bona e ka tlotlisoa ho Ea ileng a bululela Jeremia hore a hle a e bolele e le karolo ea morero oa Hae. Eo ke Jehova. Ho phetha seo o sebelisitse Cyruse e Moholo oa hae, Morena Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng. Cyruse enoa oa sebele o qalile ho busa ʼmusong oa leholimo ka 1914, kamor’a ho felella ha ‘mengoaha e baloang hasupa’ joalokaha e hlile ea boleloa torong ea Nebukadnezare. (Dan. 4:1-37) Ho tloha ka 1919 Cyruse e Moholoanyane ea busang o ʼnile a lokolla batho ba limillione ba batlang tokoloho ea bolumeli ho Babylona e Moholo. Ba lutse ba tšepahala ʼmusong oa hae, ba tla sireletsoa, ba bolokoe hantle ke eena. Leha e le baruti ba Bojakane kapa baeta-pele ba bolumeli boo e seng ba Bokreste ba ke ke ba ba laola.
HO BOLELOA E SA LE PELE HO KHUTLELA MOTSENG OA MORENENG O TLHORONG EA THABA
9, 10. Na ho lokolloa Babylona e Moholo ha masala ka 1919 ho bile ka tsietsi, ʼme Jeremia 50:4, 5, 28 e bontšitse hore sepheo sa hona e ne e le sefe?
9 Kajeno lilemo tse fetang 60 hamorao ho se be motho ea nahanang hore tokoloho ea bolumeli ea sehlotšoana sa masala a nyelisoang a batho ba Jehova e bile ka tsietsi feela. E etsahetse phethahatsong ea boprofeta ba hae ba Bibele. Boprofeteng ba hae, bo fanoeng ka Jeremia ka 614 B.C.E. bo bolelang e sa le pele ho oa ha Babylona ka 539 B.C.E., rea bala:
10 “Mehleng eo le nakong eo, ho bolela Jehova, bana ba Iseraele ba tla tla, ba e-na le bana ba Juda, ba tla ea ba ntse ba lla, ba batla Jehova, Molimo oa bona. Ba tla botsa tsela ea Sione [motse oa moreneng o tlhorong ea thaba], lifahleho tsa bona ba li lebisetse teng, ba re: Tlong, le khomarele Jehova ka selekane se sa feleng, se se nang ho lebaloa. [Ka morero ofe?] Lentsoe la ba balehang le la ba phonyohang lefatšeng la Babylona le utloahala Sione, ho tsebisa ba teng tefetso ea Jehova, Molimo oa rōna, ea ho itefelletsa tempele ea hae.”—Jer. 50:4, 5, 28.
11. Na boprofeta ba Jeremia bo amana le Mokhatlo oa Masione oa Bajode, ’me linnete kajeno li bontša eng?
11 Hona ha ho supe Mokhatlong oa Basione o hlophisitsoeng ke Theodor Herzl ka 1897. Jerusalema eo Bajode ba lutseng ho eona kajeno ba e fumane ka likhoka tsa ntoa ntoeng ea Matsatsi a tšeletseng ea 1967, ʼme tlhorong ea thaba ho lutse mohaho oa bolumeli oa Islamo “Dome of the Rock” o sa hlokomeliseng ka lebitso la Jehova. Ke “Sione” efe eo masala a ileng a khutlela ho eona ka khotso ho tloha ka 1919?
12. Masala a khutletse Sione efe ka khotso ho tloha ka 1919?
12 Ke Thaba ea Sione eo moapostola oa Mokreste Johanne a e boneng Ponong lilemo tse 26 kamor’a hore Jerusalema ea Bajode e senngoe ho hang ke makhotla a Roma ka 70 C.E. Ka eona, oa ngola: “Joale, ka talima, ʼme ka bona Konyana e eme thabeng ea Sione, e e-na le ba ngoliloeng lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona, ba le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene. ʼMe ka utloa lentsoe . . . eka la ba-harepa ha ba tilinya liharepa tsa bona. Ba ne ba bina ho kang sefela se secha pel’a terone [ea Molimo], le pel’a libopuoa tse phelang tse ʼne, le pel’a baholo. ʼMe ho no ho se ba ka ithutang sefela seo, ha e se ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsoeng lefatšeng. . . . Ke ba latelang Konyana hohle moo e eang teng; ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.”—Tšen. 14:1-4.
13. (a) Litemana tse ʼmaloa hamorao, moapostola Johanne o tlaleha eng mabapi le Babylona e Moholo? (b) O ile a nyarosoa ke eng ka 1919?
13 Ho khahlisang, litemana tse ʼmaloa kamor’a ho re nea tlhaloso eo, moapostola Johanne oa ngola: “Lengeloi la bobeli la latela, le re: O oele, o oele, Babylona, motse o moholo, hobane o noesitse lichaba tsohle veine ea bohale ba bootsoa ba oona.” (Tšen. 14:8) Ho sa tsotellehe ho feba ka mokhoa oa bolumeli le mapolotiki ʼohle a lichaba, Babylona e moholo o ile a oa habohloko ka 1919, kamoo tšusumetso ea hae le matla li amehang. O ile a nyaroha ha Cyruse e Moholoanyane Konyana Jesu Kreste, a khona ho lokolla masala a Baiseraele ba moea ʼme a etsa hore a sebetse ho itsosolosa moeeng.
14. (a) Na masala a lopolotsoeng a ile a sebetsa tumellanong le lepetjo la hore “bolumeli ke mootselisi oa batho” kapa se neng se boleloa bakeng sa Selekane sa Lichaba? (b) Ba ile ba itobisa tlhorong ea thaba ea motse ofe oa moreneng?
14 Bafetoheli ba neng ba fumane bophahamo Europe e ka bochabela ka 1919 ba sebetsa ho latela lepetjo la bona, “Bolumeli ke mootselisi oa batho.” Empa tsela ea bona e ne e se tsela ea masala a Jehova, a neng a lokolotsoe ho Babylona e Moholo oa bolumeli, hore a ka e nka. Hape, ho ne ho entsoe tlhahiso ea Selekane sa Lichaba hore e inahaneloe le ho amoheloa ka 1919 Sebokeng sa Khotso, ʼme Lekhotla la Likereke tse Kopaneng tsa Kreste la Amerika la ikhethela sona, le se bitsa “pontšo ea bopolotiki ea ʼmuso oa Molimo lefatšeng.” Na masala a Jehova a ile a nka eo e le tsela ea oona? Che! Ha a tšoere kopano ea oona e akaretsang Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka la 1-8 Loetse, 1919, a se senola e le ’muso-’motoana oa Molimo ʼme a bolela pontšeng hore se tla hlōleha. A latola lintho tsohle tse neng li beoa sebakeng ke batho, a itobisa thabeng ea Sione ea leholimo, hobane a bone ka tumelo Konyana ea Molimo, Jesu Kreste, a eme e le Morena ea busang.—Tšen. 14:1-3; Ba-Heb. 12:22.
15. Ke hobane’ng ha e bile ka ho lla masala a ileng a batla Sione ea moea, ʼme a ithuta Bibele ka maikutlo afe a nchafetseng?
15 Ka hona ka meokho ea ‘ho lla’ ka thabo masala a lopolotsoeng a furalla Babylona e Moholo ʼme a batla Thaba ea Sione ea moea, moo Morena oa oona oa leholimo a neng a eme a busa ho tloha qetellong ea mehla ea Balichaba ka 1914. Tumellanong le sepheo sa oona sa puso ea leholimo, a ithuta Bibele bocha, ka pono e nchafalitsoeng, hobane joale a ne a bona ho phethahatsoa ha boprofeta bo bongatanyana ba Bibele bo neng bo amana le ʼmuso oa Molimo ka Kreste.
16. Ke joang phetetso e boleloang ke masala ho ka boleloang hore ke ea “tempele ea hae,” ʼme ke liketso life tsa ho loka tseo ba neng ba ka li pheta ka ho li lebella?
16 Ntle ho tšabo masala a tsosolositsoeng a qala ho bolela “tefetso ea Jehova, Molimo oa rōna, ea ho itefelletsa tempele ea hae.” (Jer. 50:28) Bona ka bobona e ne e le karolo ea tempele ea hae ea moea, tempele ea tšoantšetso e entsoeng ka Jesu Kreste Lejoe la Sekhutlo le Leholo le litho tse 144 000 tsa sehlopha sa tempele se tlas’a hae. (1 Ba-Kor. 3:16, 17; Ba-Ef. 2:19-22) Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše masala a sehlopha sa tempele a ne a ile a tšoaroa hampe haholo, ʼme boiteko bona bo khopo ba ho a timetsa ba fana ka lebaka le utloahalang ho Jehova hore a bontše, ka nako e loketseng, boiphetetso ba hae ho Babylona e Moholo le metsoalle ea eona. Joale o tla phethahatsa boprofeta bo bolelele ba Jeremia khahlanong le Babylona ka ho feletseng. Ka tumelo e matla ea hore litšobotsi tse tsoelang pele tsa boprofeta ba Jeremia li tla hle li phethahale, hore ho se ho ntse ho tšoana leha li phethahalitsoe, masala a tsosolositsoeng a nka mantsoe a Jeremia 51:10 ʼme a re: “Jehova o bonahalitse ho loka ha rōna; tlong, re boleleng har’a Sione mesebetsi ea Jehova, Molimo oa rōna.”
17. Ke bakeng sa mosebetsi ofe oa tefetso moo Jehova a nang le boemeli ba hae bo nakong bo lokile?
17 E le Mophetetsi, Jehova o tšoere ka letsoho boemeli ha hae ʼme o bolela morero oa hae oa ho sebelisa mantsoe ana a Jeremia 51:24: “Ke tla busetsa ho Babylona le ho baahi kaofela ba Kalde bobe bohle ba bona, boo ba ileng ba bo etsa Sione pel’a mahlo a lōna, ho bolela Jehova.”
18. Ka baka la thohako eohle e etselitsoeng lebitso le halalelang, ke ka maikutlo a mang masala a ka bolelang takatso e nepahetseng mabapi le mabifi le tšollo ea mali ea Babylona e Moholo?
18 A re hopoleng thohako eohle eo tsamaiso ea lefatše e kang ea Babylona ea bolumeli e e tliselitseng lebitso la Molimo o le mong o phelang le oa ʼnete, haholo ka ho hlorisa batho ba ineetseng ba rapelang le ba ipitsang ka lebitso la oona. Joale re ka ananela hore na ke hobane’ng ha e le morero oa Jehova ka toka hore a felise boemeli boo lefatšeng boo e bileng kofuto e khōlō e sebelisoang ke sera sa hae se seholo, Satane Diabolose. Ka hona ba emelang Sione ea leholimo lefatšeng ba mpa ba inkela pono ea Jehova litabeng ʼme ba lumellana le morero oa hae o boletsoeng ha ba re: “Botubo boo ke bo etselitsoeng, le nama tsa ka tse harotsoeng, li ke li be holim’a Babylona, ho tla bolela moahi oa Sione; mali a ka a be holim’a baahi ba Kalde, ho tla bolela Jerusalema.”—Jer. 51:35.
19. Sehlōhō lithapelong tse joalo joalokaha se ka hanyetsoa ke mang kapa mang se ka bapisoa joang le se boleloang ke Jehova, a ipuella ho Jeremia 51:36, 37?
19 Ho se be mohanyetsi ea reng lithapelo tse joalo bakeng sa Sione le Jerusalema le sehlōhō ea nahanang hore Jehova Molimo o tla be a sa loka ha a li arabela khahlanong le Babylona e Moholo oa kajeno. Ha a hlokomolohe ʼnete ea pale ea hore o sebelisitse mabifi ho barapeli ba Jehova, haesita le ho tšolla mali a bona a se nang molato. Ha a ke a ipuelle ka mantsoe a Jeremia 51:36, 37: “Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova: Bonang, ke tla u emela khotla, ke u pheteletse; ke tla omisa letša la hae [la sephethe-phethe sa khoebo], ke pshese seliba sa hae. Babylona o tla etsoa liqubu tsa majoe.”
20. Boemo ba hona joale ba lintho Babylona ea boholo-holo bo paka eng ka liketso tsa Jehova?
20 Boprofeta bo joalo, joalokaha bo boletsoe ka 614 B.C.E. kapa lilemo tse 75 pele Babylona e hapuoa, ho ne ho bonahala e le bo ke keng ba phethahala. Ka 614 B.C.E. Babylona e ne e hloella tlhorong ea matla a eona le khanya. Empa kajeno, sebaka seo ho sona ho neng ho lutse Babylona ka boikhohomoso Nokeng ea Eufrate, se paka hore Jehova o ne a sa fosa boprofeteng. Ho teng majoe a seng makae a pele a Babylona a setseng moo. Tiisetso ea Jehova ho batho ba hae ba neng ba tlatlapuoa ea ipaka e le ʼnete. A fela a ba “emela khotla” lekhotleng la bokahohle; a phethahatsa boiphetetso ba bomolimo bakeng sa bona. Ka toka a bona hore toka ea tsitsisoa.
21, 22. Ho ea ka Pesaleme ea 137:8, 9, Cyruse e Moholo o tla thabisoa ke eng haufinyane?
21 Haufi ho tla thaba tšebeletso ea molao ea Cyruse ea neng a tšoantšetsoa, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng, ho bona hore ho otlolloa litaba le Babylona e Moholo oa kajeno. Ba rapelang Jehova ba hlomohileng matsohong a eona ba na le pono ea Molimo ea toka ʼme kahoo ba ka kopanela le mopesaleme ea bululetsoeng ha a re:
22 “Morali oa Babylona, ea tlang ho etsoa lithako, ho lehlohonolo ea tlang ho busetsa ho uena seo u re entseng sona! Ho lehlohonolo motho ea tlang ho tšoara bana ba hao, a ba pshatlanye majoeng!”—Pes. 137:8, 9.
23. Na ho tla sebelisoa boemeli ba lefatšeng ha ho lihuoa Babylona e Moholo, leha ho le joalo ke mang ea nkang boikarabelo ba hona?
23 Ka nako ea teng boemeli ba batho bo tla neoa bolokolohi bo feletseng ho harola Babylona e Moholo. (Tšen. 17:15-18) Empa Jesu Kreste ka thabo o tla nka boikarabelo ba ho hlakola ʼmuso oo oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Boprofeta ba Bibele bo mo nea tlotla e le Cyruse e Moholoanyane ea lokeloang ke ho lihuoa ha Babylona e Moholo. Eena, ha a le lefatšeng e le motho oa nama, hape le balateli ba mehato ea hae ba ile ba hlomoha matsohong a eona a mabifi.—Tšen. 18:24.
24. (a) Babylona e Moholo o iponahatsa e le moikhohomosi joang mabapi le borena? (b) Ke “morali” oa mang, ʼme ke lintho life tsa tlokotsi tse tla tloha li mo oela haufinyane, hona hobane’ng?
24 Babylona e Moholo e bile botho bo emelang Boikhohomoso. (Jer. 50:31, 32) Hona joale ha se Jerusalema ea lefatšeng kapa Sione eo ho eona ho emeng “Dome of the Rock” ea Islamo, empa Thabeng ea Sione ea leholimo ke eona eo e e nkang e le sera sa eona, hobane ke hona moo Cyruse e Moholoanyane a busang e le Morena teng. Ho bontša bora bo joalo, o re: “Ke lutse ke le mofumahali.” (Tšen. 18:7) Haeba a tla bitsoa “morali” joalokaha ho ne ho bitsoa Babylona ea boholo-holo, ha e le hantle ke oa Satane Diabolose. (Joh. 8:44; Jer. 50:42; 51:33) Ho hlile ha boleloa lintho tse peli tsa tlokotsi tse tla oela sefebe sena sa bolumeli ka potlako: “Ho hloka bana le bohlolohali.” (Esa. 47:9; Tšen. 18:7, 8; Jer. 50:9) Mohlomong litho tsa hae tsa tsamaiso ea bolumeli li tla bolaoa ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang kapa li tla shoa ka hore li mo latole, li ipolela hore ha li na bolumeli ho hang. Hona ho tla mo llisa!
25. Haeba har’a rōna ho se ba batlang ho balelloa har’a “bana” bao ba Babylona, ba tla “pshatlanngoa majoeng” re lokela ho etsa joang ntle ho tieho?
25 Na har’a rōna ho na le ba batlang ho balelloa har’a “bana” ba bolumeli ba Babylona e Moholo ha ho fihla nako e beiloeng ke Molimo bakeng sa bona hore ba pshatlakanngoe “majoeng”? Haeba re sa batle ho balelloa moo, haholo haeba re ipolela hore re har’a bao Molimo o ba bitsang “sechaba sa ka,” re tla etsa joang? Ha ho letho ntle ho ho iphumantša molemo nakong e saletseng le ho utloa taelo e mohau e tsoang Lentsoeng la Molimo: “Tlohang ho eena, lōna sechaba sa ka, le se tsohe le kenella libe tsa hae, ʼme la oeloa ke likotsi tsa hae.”—Tšen. 18:4; Jer. 50:8.