Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 maq. 23-26
  • Ho Hasoa ha ’Nete ea ’Muso Guyana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hasoa ha ’Nete ea ’Muso Guyana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • ’Nete ea ’Muso e Fihla Guyana
  • Tšebeletso Ntoeng ea II ea Lefatše le Kamor’a Ntoa
  • Ho Fihla Libakeng tse Hole
  • Ho Hlōla Litšitiso Tse Fapaneng
  • Litebello Tsa Kamoso
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 maq. 23-26

Ho Hasoa ha ’Nete ea ’Muso Guyana

GUYANA e lebōpong le ka leboea la Amerika Boroa, e kopetsoe hare ke Suriname ka bochabela, Venezuela ka bophirima le Brazil ka boroa. Guyana e ne e tsejoa e le British Guiana pele e fetoha naha e ipusang ka 1966. Ka boholo e batlile e lekana le setereke sa Idaho United States, leha baahi ba eona ba 800 000 ba bonahala ba le banyenyane haholo.

Maindia a bochabela a batla a feta halofo ea baahi kaofela ba naha eo. Baholo—holo ba bona ba ne tlisoe ba tsoa India ho tla sebetsa masimong. Baahi ba ka bang 40 lekholong ke batho ba batšo bao baholo-holo ba bona ba neng ba tlisoe ba tsoa Afrika e le makhoba. Batho ba bang kaofela ke litloholo tsa Maindia a neng a se a ntse a phela moo ha bafuputsi ba Europa ba fihla ka bo-1500, hammoho le Machaena le Mapotoketsi a kopa-kopaneng le batho ba lichaba tse ling. Puo ea molao naheng eo ke Senyesemane, empa boholo ba batho bo bua puo ea moo.

’Nete ea ’Muso e Fihla Guyana

Morao ho e ka bang mathoasong a lekholo la lilemo, ’nete ea ’Muso ea fihla kampong ea matlo a bolulo a lifate Orealla holim’a Nōka ea Courantyne. Moo Peter Johassen a fihla a nkile Molula-Qhooa ’me a kopanela likahare tsa oona le Monghali Elgin, ea ileng a ngolla Brooklyn, New York, bakeng sa ho fumana lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Le hoja Elgin a sa ka a tiisetsa linneteng tsa ’Muso tseo a ithutileng tsona, a etsa hore ba bang ba li thahaselle motseng oa New Amsterdam. Sehlotšoana se ileng sa hlongoa moo hona joale ke phutheho e hōlang ka potlako ea bahoeletsi ba ka bang 110, ’me liphutheho tse ling metseng e haufi le moo li tsoa sehlopheng sena.

Nakong eo, motse-moholong oa Georgetown, Edward Phillips a fumana libuka tsa Bibele ’me a bokella beng ka eena le metsoalle ha hae bakeng sa puisano ea Bibele ea kamehla. Ka 1908 a ngolla Watch Tower Society ’me a kōpa hore moemeli oa mokhatlo a romeloe ho chakela naha eo. Lilemo tse ’nè hamorao E. J. Coward a fihla ’me a fana ka lipuo ho batho ba makholo Liholong tsa Motse Georgetown le New Amsterdam. Kapele ba bang ba qala ho kopanela le lihlopha tse nyenyane tsa Liithuti tsa Bibele.

Ha nako e ntse e e-ea, ntlo eo sehlopha se neng se kopanela ho eona bakeng sa thuto ea Bibele Georgetown ea e-ba nyenyane. Ka baka leo ha hiroa phapusi Sommerset House, ’me ea sebelisoa e le sebaka seo phutheho e kopanelang ho sona ka lilemo tse 45, ho tloha ka 1913 ho fihlela ka 1958. Ka 1914, selemo seo Ntoa ea I ea Lefatše e qalileng ka sona, ofisi ea lekala ea Watch Tower Society ea hlongoa lapeng ha Moena Phillips.

Ha lichaba li tšoaseha ntoeng ea lefatše, British Guiana ea tšoaroa ke letsoso la ntoa kaha ka nako eo e ne e le karolo ea ’Muso oa Brithani. Baruti ba khothaletsa hore lithapelo li etsetsoe Manyesemane le metsoalle ea bona. Ka 1917 Moena Coward o ne a se a khutlile hape, ’me lengolong le eang khatisong a senola boemo ba lefatše leseling la boprofeta ba Bibele. Holong ea Motse Georgetown, a boetse a fana ka puo e matla e reng “Ho Heletsa Marako a Babylona.”

Baruti ba ile ba khopeha hoo ba ileng ba khanna babusi kamorao hore ba leleke Moena Coward le ho thibela lingoloa tse ’maloa tsa rōna, thibelo e ileng ea tšoarella ho fihlela ka 1922. O ne a hlomphuoa haholo ’me, ha a tsamaea, ba bangata ba etsa mōkōlōkō lebōpong ba hoeletsa: “Ke eena motho feela ea neng a bolela ’nete.” Ba sebetsang likepeng ba tšosa ka hore ba tla etsa seteraeke ba ipelaetsa, empa Liithuti tsa Bibele (tseo hona joale li tsejoang e le Lipaki tsa Jehova) tsa ba eletsa hore ba se etse joalo.

Lilemong tse latelang ntoa ea pele ea lefatše, ho hasoa ha ’nete ea ’Muso hoa thibeloa ho ea pele ka tšusumetso ea P. S. L. Johnson, eo e neng e le setho sa basebetsi ba ntlo-kholo Brooklyn se ileng sa koenehela ’nete. A chakela British Guiana ka makhetlo. Ka nakoana Liithuti tsa Bibele ka har’a naha tsa aroha likoto tse tharo, se seng e le se tšepahalang ho Mokhatlo, se seng e le sehlopha se hanyetsang ’me se seng sa boraro ho se moo se emeng. Leha ho le joalo, mahlohonolo a Jehova a ne a le holim’a sehlopha se tšepahalang feela ’me qetellong se ile sa atleha.

Har’a ba ileng ba sala ba tiile ho haseng ’nete ea ’Muso ka botšepehi ke Felix Powlett, eo hona joale a leng lilemo li 90. O ne a kolobetsoe ka 1916 ’me o ntse a sebeletsa e le moholo Phuthehong ea Newtown-Kitty Georgetown. Hape ho teng Malcolm Hall, hona joale o lilemo li 92, ea kolobelitsoeng ka 1915. O sebelelitse e le mosebeletsi oa pula-maliboho ka lilemo tse 31 Sehlekehlekeng sa Leguan Nōkeng ea Essequibo.

Tšebeletso Ntoeng ea II ea Lefatše le Kamor’a Ntoa

Ntoa ea bobeli le eona e ile ea ama ho hasoa ha ’nete ea ’Muso. Ka 1941, ha baboleli ba ’Muso ba 52 ba ne ba le mafolofolo, Molula-Qhooa le Consolation (e bitsoang Tsoha! hona joale) tsa thibeloa. Ka 1944 thibelo eo ea atoloha ho akarelletsa le libuka tsohle tse hatisoang ke Watch Tower Society. Empa, ho sa tsotellehe khanyetso, ho boleloa ha ’Muso ha tsoela pele.

Mathoasong a 1946, nako e ka tlase ho selemo kamor’a ntoa, ho ile ha fumanoa likōpo tsa batho ba-ntsoe-leng ba 31 370 ba ipelaetsang ka ketso ea ’muso e khahlanong le Lipaki tsa Jehova. Ka hona, ka ’Mesa, mookameli oa Watch Tower Society N. H. Knorr a etela British Guiana ’me a kopana le mongoli oa Kolone ho batla tokollo thibelong. Qetellong, ka la 12 Phuptjane, 1946, thibelo e ile ea tlosoa.

Nakong ea libeke tse leshome tse latelang bahoeletsi ba ’Muso ba 70 ba moo ba bontša thabo ea bona ka ho aba libuka le libukana tse 11 798 tse neng li thibetsoe ka lilemo tse peli. Ba sebetsa lihora tse 20 547 ba aba linnete tsa ’Muso tse ka libukeng tsena. Ha mosebetsi oa ho paka seterateng o qala ka lekhetlo la pele mona ka Phato 1946, limakasine li ile tsa tsamaisoa kapele hoo e batlang e le ka tsela e tšoanang le ho rekisoa ha likoranta tsa moo. ’Me ka 1946 moromuoa oa Gileade William Tracy a fihla ho tla thusa mosebetsing oa ho bolela.

Ho Fihla Libakeng tse Hole

Georgetown le New Amsterdam e boholo ba lihaketere tse 930 feela—sebaka se ka tlase ho limaele tse ’nè. Empa e le hore ena e na le 27 lekholong ea baahi ba Guyana. Le lilemong tsa pele bahoeletsi ba ne ba batla hore ba fihlele libaka tse hole ka molaetsa oa ’Muso. Ha Moena W. Tracy a fihla, ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo feela mona. O-oa tlaleha: “Ka hahlaula le naha, ka etsa maeto a ’maloa ke theosa ke nyolosa le lebopo ke nyolosa le linōka ho etela batho ba thahasellang ba arohaneng le ho fumana ba thahasellang bocha. Ke ne ke tsamaea ka terene ea lebopong, libese, libaesekele, likepe tse kholo tsa linōka, liketsoana le likeiti.”

Moromuoa e mong oa Gileade, John Ponting, eo e bileng mohlanka oa lekala ka 1950, o re bolella ka ho sebetsa tšimo mesikong ea mabōpo a linōka tse ngata tsa Guyana. “Re ne ree re tsamaee ka likepe tsa maeto tse tloaelehileng. Ha baahi ba metse ba ne ba sesisa likeiti tsa bona ho tla nka mangolo posong ena e tsamaeang, re ne re kōpa ‘lift’ ’me re tšelele ka mose, re tšepile hore ho na le ea tla re hlokomela ka lijo le ka bolulo. Re ne re paka motseng, ’me e re bosiu kamehla re fuoe sebaka sa ho robala. Letsatsing le hlahlamang ho be le ea re sesisang ka seketsoana ho theosa le nōka ’me ree ho hasa molaetsa oa ’Muso motseng o hlahlamang. Mantsiboeeng a mang ra etela feme ea mapolanka, mookameli a emisa mosebetsi ’me a bokella banna ho tla mamela puo ea metsotso e 15, ’me bohle ba nka libuka.”

Ka 1951 ho ne ho le teng palo-hare ea ba 279 khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba hasang ’nete ea ’Muso, ba le bangata ka makhetlo a mane ho feta lilemong tse hlano tse fetileng! Lilemong tsa morao tjena baena ba sebelisitse likepe tsa bona, Kingdom Proclaimer I le Kingdom Proclaimer II, ho fihlela basebetsi ba mabōpong a linōka le ba likotopong tse khōlō. Ho na le likotsi mosebetsing ona, joalokaha Frederick McAlman, Paki ea moo e neng e fete Gileade ka 1970, a bolela:

“Ha ke le tseleng e eang hae ke tsoa paka Nōkeng ea Pomeroon mantsiboeeng a Moqebelo o mong, ra thulana le sekepe sa liphahlo se neng se tsamaea ka lebelo le tšabehang. Moqhobi oa sekepe le basebetsi ba hae ba ne ba sa hlokomela ka lebaka la ho phunkhana ke botaoa ba joala ba ’moba. Ka betsetsoa ka ntle ho Kingdom Proclaimer I ka oela ka nōkeng tlas’a sekepe. Ka teba, ke loanela bophelo lefifing, ke ntse ke thula bokatlase ba sekepe ka hlooho linoko tse seng kae feela ho tloha pel’a sefehla-metsi se matlahali. Mohlankana ea ka sekepeng, ha a bona tsietsi ea ka, a itahlela ka nōkeng ’me a mpholosa. Ka libeke tse ’maloa ke ne ke opeloa ka lebaka la likotsi, empa ke leboha hore ke phetse!”

Leha ho le joalo, phihlelo eo, ha e ea ka ea nyahamisa Moena McAlman. O-oa hlalosa: “Ke ne ke ikemiselitse ho tsoela pele ka lebaka la batho ba pel’a nōka ba neng ba thahasella Bibele. Lik’hilomithara tse 11 ho tloha Charity Sirika ho na le sehlopha sa Thuto ea Buka ea Phutheho ’me se itšetlehile ka ’na.”

Ho Hlōla Litšitiso Tse Fapaneng

Ha seithuti sa Gileade Joy Strom a fihla ka 1959, palo ea bahoeletsi ba ’Muso British Guiana e ne e eketsehile ho fihla ho 603. Khaitseli enoa o tsoela pele ho hasa litaba tse molemo ho sa tsotellehe ho re o liphateng ka nako eohle ka lebaka la lefu la tšesefalo ea methapo. Liithuti tsa hae tsa Bibele li tla ha hae bakeng sa thuto. Selemong se ka pele ho se fetileng Joy o nehetse lihora tse 365 boboleling ’me ka karolelano o khannile lithuto tsa Bibele tse tharo ka khoeli. Ka thabo o-oa hlalosa: “Ke ile ka khona ho ea Kopanong ea Setereke ea ‘’Nete ea ’Muso.’ Ha ke paqame ka koloing e emisitsoeng ka pel’a sethalla ke ne ke khona ho bona litšoantšiso, ke utloa lipuo le ho bua le baena ba tlang ho tla mpona.”

Bothata bo tloaelehileng Guyana ke hore banyalani ba bangata ha ba nyalana ka molao, ’me ka hona ha ba ithuta linnete tsa ’Muso ho hlokahala hore ba fetole bophelo ba bona ho lumellana le litekanyetso tsa Bibele. Gordon Chase o ne a le boemong bona. Morao koo ka 1971 a odora “Make Sure of All Things; Hold Fast to What Is Fine.” Ho e-na le ho e romela, James Thompson, ea neng a sebetsa lekaleng, a e tlisa ka boeena. Thompson a eta hangatanyana a leka ho qalisa thuto, empa a sa atlehe. Qetellong ha ba ka ba hlola ba kopana.

Empa tsebo ea Bibele ea e-ba le tšusumetso. Gordon a tiisa lenyalo le motsoalle oa hae ka molao, ’me a khaotsa ho ja sejo se hlabosang sa sebaka seo se etsoang ka mali. Lilemo hamorao, ka 1979, a amohela memo ea ho ea puong ea Bibele moo sebui e neng e le James Thompson. Gordon o-oa bolela: “Ka ipata setulong se ka morao-rao holong, ke sa rate hore a mpone, empa a mpona. Kamor’a seboka a tla ho ’na a ntšoara ka letsoho ’me a re, ‘u ikemiselitse ho qala thuto ea hao ea Bibele neng?’ (joale ka ha e ka o ne a e-na le bonnete ba hore ke tla qala.) Eaba ke re: ‘Moqebelo.’ Moqebelo o latelang a tla, ’me mosali oa ka a kopanela le rōna thutong.”

Gordon a qala boboleli ba tšimo ka Phato 1979, a kolobetsoa hammoho le mosali oa hae ka Pulungoana, ka Phuptjane selemong se latelang a qala bopula-maliboho bo thusang, ’me ka Loetse 1982 a qalisa bopula-maliboho ba kamehla. Ke thabo ho bona ba bangata hona joale ba arabela joalo ’neteng ea ’Muso.

Litebello Tsa Kamoso

Le hoja mosebetsi oa ’Muso o qalile mathoasong a lekholo la lilemo, ho ne ho se phutheho e nang le Holo ea ’Muso ho fihlela ka 1958. Ka 1969 ha eketsoa ka ea bobeli, ’me ka lilemo tse 13 tse fetileng ka karolelano ho bile le Holo ea ’Muso e emang selemo se seng le se seng. ’Me tse ling li sa tla hahuoa.

Litebello tsa bokamoso bakeng sa katoloho li ea khanya. Ka Tlhakubele selemong se fetileng re bone ba 3 874 ba tlile moketeng oa Sehopotso. Selemong se ka pele ho se fetileng ho bile teng ba 2 505 Kopanong ea Setereke ea “’Nete ea ’Muso.” ’Me kopanong ea potoloho haufi tjena ho bile teng batho ba 1 235, le hoja ho e-na le bahoeletsi ba 709 feela potolohong. Liphutheho tse ling li tlaleha ho e ka bang batho ba menang bahoeletsi habeli libokeng tsa Sontaha. Pono ea bacha ba bangata e tšebeletsong ea bopula-maliboho.

’Nete ea ’Muso eo pele e fumaneng tsela ea eona kampong ea matlo a lifate e hasane le libaka tse 34 Guyana. Liphutheho tse 29 le lihlopha tse 6 tse kathōko li arotsoe ka lipotoloho tse peli. ’Me ba ka bang 140 ho bahoeletsi ba fetang 1 100 ba kopanelang mosebetsing oa ho bolela khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ba etsa joalo e le bo-pula-maliboho. Ho ntse ho e-na le mathata ho haseng ’nete ea ’Muso naheng ena, empa ka mahlohonolo a Jehova a tsoelang pele re lebelletse nako ea katoloho eo ho seng e lekanang le eona nakong e tlang.

[’Mapa o leqepheng la 23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

GUYANA

GEORGETOWN

NEW AMSTERDAM

COURANTYNE RIVER

[’Mapa]

SOUTH AMERICA

GUYANA

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Fred Phillips (mora oa Edward Phillips), Nathan Knorr le William Tracy ka 1946

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela