Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 1/15 maq. 4-7
  • Ha Lipelaelo Tse Tepeletsang li se li Felile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Lipelaelo Tse Tepeletsang li se li Felile
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOITEKO BA HO HLÕLA HO BELAELA
  • NA LIPELAELO KE KAROLO EA MORERO OA MOLIMO?
  • LEBAKA LE PHEKO BAKENG SA MALIMABE A LEFATŠE
  • HA LIPELAELO TSE TEPELETSANG LI NYAMETSE
  • Lahlela Matšoenyeho ’Ohle a Hao ho Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Tšoenyeha
    Tsoha!—2016
  • Lahlelang Matšoenyeho ’Ohle a Lōna ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Bibele E Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 1/15 maq. 4-7

Ha Lipelaelo Tse Tepeletsang li se li Felile

PELAELO e ’nile ea hlalosoa (ke ba bang) e le ‘ho se iketle ho bohloko ha kelello hangata ho tsoaloa ke ho kula ho haufi kapa ho lebelletsoeng.’ Kahoo, motho ea tletseng lipelaelo o-oa tepella. ’Me ke mang ea thabelang ho tepella?

BOITEKO BA HO HLÕLA HO BELAELA

Ho ba le tšepo ea ho loana ka katleho le lipelaelo tsa bophelo, ba bangata ba retelehela lithethefatsing. Ka mohlala, ka selemo se seng sa haufi tjena, Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika feela, ho ile ha lumelloa batho ke lingaka hore ba limillione tse ka bang 57 ba fumane sethethefatsi sa mofuta o le mong. Leha ho le joalo, likotsi li teng tseo ho ka nahanoang ka tsona. Ha a ngola ho New York Post ea la 26 ’Mesa, 1978, Harriet Van Horne o itse: “Basali ba fetang limillione tse 30 ba sebelisa lithethefatsi, [National Institute of Drug Abuse] ea tlaleha, ’me ba limillione tse 16 meriana e nang le tahi. Selemong se fetileng Maamerika a 200 000 a ile a kena mananeong a ba sebelisang lithethefatsi hampe, ’me kaofela ha bona ba ne ba sebelisa lithethefatsi tseo ba li filoeng ke lingaka.” Ha e le hantle, ka tsela ena ho ka eketsoa lipelaelo ho e-na le hore li loantsoe ka katleho.

Ba bang ba retelehela ho bokelloeng ha chelete ha ba nyoretsoe ho lokoloha lipelaelong. Haufinyane, setei sa motlakase sa Toronto se ile sa ekoa ke liphatlalatso tsa hore a rekise ntlo ea hae ’me chelete kaofela a reke litekete tsa lothari ($50 000, Canada). O ile a fumana feela $1 500 le litekete tse peli tsa ho eta tse ileng tsa fela hona letsatsing leo a li fumaneng ka lona. Ka ho hlakileng, ho tšepa hore ho tla fumanoa chelete e ngata ho ka baka lipelaelo ho e-na le ho li felisa.

Lipelaelo ka nako e tlang li imetse ba bangata maikutlong. Ka linako tsohle ho solla kotsi ea hore lichaba tse hlometseng ka matla li tla qetella li sebelisitse lihlomo tsa tsona tse bolaeang, ka liphello tse kotsi ho batho. Koranta ea To the Point International e buile tjena sehloohong sa mohlophisi: “Bashebelli ba bangata ba tsa ntoa ba Bophirima ba lumela hore ntoa pakeng tsa Bochabela le Bophirima e ke ke ea qojoa. . . . Ho se ho entsoe likhakanyo, tse qaqileng ka ho fetisisa, ka liphello tsa ntoa ea libetsa tsa ‘nuclear’ ea Soviet Union metseng e meholo ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika . . . Bana ba fanang ka likhopolo tsa bona ba bolela lipalo tse sithabetsang maikutlo, tse kang bafu ba limillione tse 70 tlhaselong e le ’ngoe feela.” Mantsoe a joalo ruri ha a etse letho ho nolofatsa lipelaelo ka nako e tlang.

Ho joalo. Lipelaelo lia ata le ho qophella, ’me ntle ho pelaelo motho e mong le e mong o na le mabaka a hae a botho a mo bakelang ho belaela. Na bophelo bo ne bo reretsoe ho ba ka tsela ee?

NA LIPELAELO KE KAROLO EA MORERO OA MOLIMO?

Che. E ne e se morero oa Jehova Molimo tšimolohong hore batho ba imeloe ke lipelaelo. Batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, ha baa ka ba thatafalloa ke ho fumana se hlokahalang bophelong. E, lehae la pele la batho e ne e le paradeise e neng e tletse lijo! Jehova o ne a entse hore ‘ho mele lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa.’ Paradeise e ka be e ile ea tlala lefatše ka bophara ’me motho a ka be a ile a fetisetsa ho bana ba hae phetheho e se nang boetsalibe, ka tebello ea bophelo bo sa feleng, har’a tšireletseho le nala. Empa ka ho se utloe Molimo, batho bao ba babeli ba pele ba lahleheloa ke bophelo bo sa feleng le sohle seo bo neng bo se tšepisa.—Gen. 2:9, 16, 17; 3:1-7, 17-24.

Ho sa tsotellehe sebe sa motho le ho se phethehe, leha ho le joalo, Molimo o etselitse motho tokisetso. Hoja batho ba Iseraele ea boholo-holo ba ile ba tšepahala ho eena, Jehova a tšepisa ho ba hlohonolofatsa haholo hoo ho jaloa ha peō ho neng ho fetisa ho kotuloa ha peō e jetsoeng ka baka la lijo tse ngata. (Lev. 26:3-5; bapisa Amose 9:13.) Hape, moapostola Pauluse o ne a ka bolella baahi ba Lystra hore: “Molimo . . . ha oa ka oa phetsa ho itsebahatsa ho rōna ka lipontšo, ka ho etsa batho hantle, oa re sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me oa tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.” (Lik. 14:15-17) Bakeng sa hoo, Molimo oa lokisetsa boemo ba leholimo ba lefatše e le hore bo ka likoloha ka mokhoa o tiisang hore lijo li be teng kamehla. (Moek. 1:6, 7) Tlas’a maemo a joalo, pelaelo e ne e ke ke ea e-ba teng ka tse hlokahalang bophelong.

Ntle ho ho lokisetsa haholo bakeng sa se hlokoang ke bahlanka ba oona, Jehova, “O ahlolela ea tujoang.” (Pes. 146:7) Ha ho mohla e bileng morero oa Molimo hore ‘motho a buse motho ho mo etsa hampe.’ (Moek. 8:9) Kahoo, ha thato ea Molimo e ne e etsoa lefatšeng joaloka leholimong, na ho ne ho tla ba le lebaka la lipelaelo tse tepeletsang ka se hlokahalang bophelong kapa tšireletseho le boiketlo ba ba ratang Molimo? (Matt. 6:9, 10) Che, ka sebele. Jehova ha a ka a rera hore batho ba imeloe ke lipelaelo.

LEBAKA LE PHEKO BAKENG SA MALIMABE A LEFATŠE

Jehova Molimo ha se Mohloli oa lipelaelo tse hlasetseng motho. Ho e-na le hoo, tsena li tsoetsoe ke ho se utloe ha batsoali ba rōna ba pele ba batho, Adama le Eva. Ka baka la ho se utloe Molimo, ba lahleheloa ke kamano ea bona ea pele e haufi le eena, hammoho le khutso. Adama oa moetsalibe o ne a ka fetisetsa feela ho bana ba hae sebe le ho se phethehe, hammoho le lipelaelo tsohle tse fifatsang bophelo ba motho. (Ba-Roma 5:12) Empa ho neng ho potelletse ka sena sohle e ne e le sebopuoa sa moea, Satane Diabolose. ‘Noha ena ea khale’ ea thetsa motho hore a etse sebe.—Gen. 3:14, 15; Tšen. 12:9.

Moapostola oa Mokreste Johanne o ngotse ka nako ea ha Mikaele, kapa Jesu Kreste, le mangeloi a hae ba tla lihela Diabolose le mangeloi a hae a bademona ho tsoa leholimong. (Tšen. 12:7-9) Joale moapostola a utloa lentsoe le phahamileng leholimong le reng, karolong e ‘ngoe: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšen. 12:12.

E, lebaka le teng la lipelaelo le malimabe lefatšeng. Empa na pheko e teng? Ruri e teng! Rea tiisetsoa ka Mangolong: “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane ka tlas’a maoto a lōna. Mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste o be le lōna.”—Ba-Roma 16:20.

HA LIPELAELO TSE TEPELETSANG LI NYAMETSE

Kahoo, he, Jehova Molimo ka ho phethehileng o na le hona ho felisa lipelaelo tse tepeletsang, ’me o tla fela a ho etse. Lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong, moapostola Petrose o ile a phehella Bakreste bahabo ho hopola “letsatsi la Morena [Jehova].” Le rōna ho hlokahala hore re tšepe ho phethahala ha mantsoe a latelang a moapostola: “Empa re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” Ka sebele, re lokela ho itšoara le ’nete ea hore “letsatsi la Morena” le haufi, ‘le menyakong,’ ’me re le lokele, hobane le tla bolela ho tlosoa ha tsamaiso ea lintho e khopo. Ho tla e nkela sebaka e tla ba taolo e ncha e hlollang eo Molimo o e tšepisitseng.—2 Pet. 3:10-13; Matt. 24:33, 34; Luka 21:34-36.

Tsamaiso eo e ncha ea lintho e tla felisa masoabi, ho tepella le lipelaelo tse kang kotlo. Ke mahlohonolo a makaakang ao joale a tla phallela ho batho ba utloang ka ’muso oa Molimo oa leholimo tlas’a Morena Jesu Kreste oa Messia!

Ha Jesu Kreste a ne a le lefatšeng e le motho, ka makhetlo a mabeli o ile a atisa bohobe le hlapi ho fepa ba likete. Ha ba ha e-ba le tse salang. (Mar. 6:37-44; 8:1-9) Kahoo ha ho pelaelo e tla hlahisoa ke lijo le lino tlas’a puso ea ’Muso.

Liaparo tsona? Le hona moo ha ho hlokahale pelaelo. Ha e le hantle, Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Le ka baka la liaparo le belaela ke’ng? Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona. Molimo ha o apesa joalo joang ba naha, bo bang teng kajeno, ’me hosasane bo se bo tla lahleloa seboping, na haholo o ke ke oa le apesa, lōna batho ba tumelo e nyenyane?” (Matt. 6:28-30) Karabo e totobetse. Molimo o ka ho etsa—’me o tla ho etsa, tsamaisong e ncha eo o e tšepisitseng.

Na tokisetso ea matlo a lekaneng e tla hlahisa bothata? E seng ho Jehova Molimo, ea ileng a lokisetsa batsoali ba rōna ba pele lehae la paradeise. Ruri a ka lokisetsa bolulo bo tšoanelehang bakeng sa ba mo tšepang kannete. ’Me baahi ba lefatše tsamaisong e ncha ruri ba tla thabela ho lekanang le ho ileng ha boleloa pele bakeng sa batho ba Molimo: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng.” (Esa. 65:21, 22) Ho ke ke ha e-ba le lebaka la ho belaella moo ho tla luloa teng ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng lohle.

Ho thoe’ng ka bophelo bo fokolang ba ’mele, lebaka la pelaelo e khōlō bakeng sa ba bangata? E, Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o tla tseba ho tlosa maloetse. (Deut. 7:15) Ho ea ka tlaleho e ’ngoe ea Evangeli, Mora oa Molimo, Jesu Kreste, “a folisa bohle ba seng monate; hore ho etsahale ho boletsoeng ke moprofeta Esaia, ha a re: O inketse mefokolo ea rōna, o ipelesitse maloetse a rōna.” (Matt. 8:16, 17; bapisa Esaia 53:4.) Kahoo, ha ho lebaka la ho belaela ho sa hlokahaleng ka ho tlosoa ha mefokolo tlas’a puso ea ’Muso.

Jesu ha a ka a phekola ka makhetlo a mangata feela; o tsebile ho leleka ho tepella ho tsamaeang le lefu. Joang? Ka ho tsosetsa batho bophelong. Ka mohlala, nahana ka khatholoho e khōlō ho tepelleng e tlileng ha a tsosa mora oa mohlolohali oa Naine. (Luka 7:11-17) ’Me thabo e bile e kaakang ha Jesu a tsosa motsoalle oa hae Lazaro oa Bethania! (Joh. 11:1, 30-44) Ha a le lefatšeng, Kreste o fane ka tiiso ea hore “ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae, ’me ba tla tsoa ho ’ona.” (Joh. 5:28, 29) Kannete, tšepiso eo e tla fela e phethahale, kaha Jesu o tsebile ho tsosa bafu ha a le lefatšeng.—Lik. 24:15.

“Letsatsi la Morena” le tla felisa bokhopo le lipelaelo. Hoo e tla ba lehlohonolo le lekaakang! Ho tla ba monate hakaakang ho phela ha ho se pelaelo ka lijo, liaparo le matlo, ha ho kula ho nkeloa sebaka ka bophelo bo hlasimolohileng, le ha litsoho li tla nka sebaka sa ho koloka ha batho ba leba lefung! Ka sebele, ho tla ba monate ho phela ha lipelaelo tse tepeletsang li felile.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela