Jarisa Jehova Lipelaelo Tsa Hao
NA MONNA ea febileng le ea bolaileng a ka tšoenngoa ke lipelaelo? Kannete ho joalo, haeba a e-na le letsoalo. Morena Davida o ne a e-na le letsoalo. Leha ho le joalo, nakong eo a neng a hatelletsoe ke litakatso, morena enoa oa boholo-holo oa Moheberu a feba le mosali e mong ea bitsoang Bathe-Sheba. Boemo bo ile ba thatafala haholo ha mosali eo a ima, ’me qetellong a ikutloa a tlamehile ho lokisetsa hore monna oa mosali eo a bolaoe hore a nyale mosali eo.
Ha a hlaphoheloa kelellong, na u ka nahana kamoo a ileng a tšoenyeha kateng kelellong, bohloko boo a ileng a bo fumana letsoalong la hae? Koana, ha rea lokela ho nahana ka taba eo hobane, Davida ka boeena o re hlalosetsa eona. Ke liketsahalo tsena tse bohloko tse entseng hore a ngole Pesaleme ea mashome a mahlano a motso o le mong.
Davida o ile a sebetsana joang le ho hlokofatsoa hoo? Pesaleme e re bolella hore o ile a ipolela ho Molimo oa hae, Jehova, a bolela seo a se entseng ’me a bontša pako ea ’nete e tsoang pelong. Kamor’a moo a kopa Molimo hore o mo thuse ho ba le moea o motle. O itse: “Oho Molimo o bope kahare ho ’na pelo e hloekileng, o boele o lokise ka hare ho ’na moea o tiileng.” (Pesaleme ea 51:10) Ka tsela eo, o ile a ‘lahlela lipelaelo tsohle tsa hae ho Jehova.’—1 Petrose 5:7.
Na Molimo o thusa motho ea entseng sebe se joalo? Davida o ne a kholisehile hore o ka ho etsa hoo. O ile a re: “Sehlabelo se ratoang ke Molimo, ke moea o robehileng, Molimo ha o khese pelo e robehileng, e hlomohileng.” (Pesaleme ea 51:17) Histori e bontša hore bophelong bohle ba hae Davida o ile a utloa liphello tsa seo a se entseng. Empa ka baka la pako ea hae e tsoang pelong, ’Mopi oa hae ha a ka a mo lahla. O ile a thusoa ho jara mathata a hae.
Ho ka ’na ha etsahala hore re se bolaee. Leha ho le joalo ha ho le ea mong oa rona ea hlokang lipelaelo. Bohle rea sitoa, ’me letsoalo le molato ke moroalo o boima. Ho phaella moo, e batla e le e mong le e mong oa rona ea khathatsoang ke bophelo, ho tura ha lintho, mohlomong ho holisa bana, mosebetsi, bothata ba ho phelisana le ba bang, bokhopo, melato, le lintho tse kang tseo. Na u leka ho jara mathata ao kaofela u le mong? Ruri, ha ua lokela ho etsa joalo. U tla thaba ha u ka latela keletso ena ea Mangolo: “Jarisa Jehova phahlo ea hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisingoe.”—Pesaleme ea 55:22.
Kamoo U ka Kopang Thuso ea Jehova
Re ka jarisa Jehova phahlo ea rona joang? Bonneteng, re lokela ho mo rapela re buisane le eena mathata a rona. Buka ea Liproverbia e re nea keletso e ntle tabeng ena. E re bolella hore: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u seke ua itšepa hlalefo ea hao.” (Liproverbia 3:5) Ka baka leo, haeba re batla thuso ea Jehova, re lokela ho tšepa bohlale ba hae e seng ba rona. Re lokela ho ithuta taba ena.
Ka mohlala, naheng e ’ngoe Bakreste ba ne ba tobane le hloriso e matla. Ho ea ka peho, qalehong feela ba ile ba rapella thuso ea Jehova, empa e se ka kutloisiso. Ba ne ba sa utloisise hore hobane’ng ba lokela ho feta har’a mathata joalo ’me ba leka ho bolella Jehova seo ba ratang hore a ba etsetse sona.
Leha ho le joalo, ba matlafala ’me ba ithuta ho nka ho hlorisetsoa ho loka e le tokelo. Ka hona ba ne ba tšoana le baapostola ba boholo-holo, bao eitseng hoba baeta-pele ba Bajode ba ba otle “ba tloha khotla ba thabile ka hobane ba entsoe ba tšoaneloang ke ho hlabisoa lihlong ka baka la lebitso la Jesu.” (Liketso 5:41) Joale Bakreste bana ba kajeno ba ikokobelitseng ba ineela hlorisong leha e le efe eo Satane a ba tlisetsang eona ’me Jehova oa ba thusa. Ba tšepa Jehova hore a sebetse litaba ka tsela ea hae, ’me ba eme ka boikokobetso ho fihlela nako ea hae e fihla ho ba lokolla. Ka kholiseho ba lahlela lipelaelo tsa bona tsohle ho eena.—Liproverbia 14:26.
Ho phaella moo, ho jarisa Jehova lipelaelo tsa rona ho hloka tumelo hore a re thuse ’me o tla etsa joalo. Mosali e mong o ile a ithuta thuto ena hantle. O ne a khathatsoa ke lipelaelo, hobane le hoja a ne a rata ho sebeletsa Jehova, o ne a lemalletse ho tsuba koae. O ile a rapela a kopa thuso empa o ile a ’na a tsoela pele ho tsuba. Ka mor’a nako eitseng o ile a khona ho bolela ka thabo: “Ke qetetse ke khaolitse ho tsuba!” Ke ka baka la’ng a ile a hloleha ho khaotsa nakong e fetileng? O ile a lumela: “Ke ne ke rapela Molimo hore o nthuse ka ’nete ke ne ke sa kholoe hore a ka nthusa.” Ebile feela kamor’a hore a kope ka tumelo a ileng a fumana thuso.—Ba-Heberu 11:6.
Joale, haeba re lakatsa hore Jehova a re thuse ho jara lipelaelo tsa rona, ho na le lintho tseo re lokelang ho li etsa. Jesu o ile a bontša hona ha a ne a re: “Tlong ho ’na, lona bohle ba khathatseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lona phomolo.”—Mattheu 11:28, 29.
Ho na le maele a reng, ‘Molimo o tsosa moketa o itsosang.’ Mantsoe a ka holimo a Jesu a bontša hore ka sebele, ‘Molimo o thusa ba ratang ho thusa ba bang.’ Jesu o fane ka phomolo—khatholoho lipelaelong—ho bao feela ba neng ba rata ho ‘nka joko ea hae,’ hoo ke hore ho ikokobeletsa tsamaiso ea Kreste le ho sebeletsa Molimo le baahelani ba bona joaloka ha Jesu a entse.—Mattheu 9:35-38; Jakobo 1:27; 1 Johanne 3:17.
Jehova o Thusa Joang?
Joale he, haeba re khathatsoa ke lipelaelo tse kholo ’me re rapela Molimo ka tumelo e tiileng, ’me re bontša hore tumelo eo ke ea sebele ka ho leka ho etsa thato ea hae, re mo sebeletsa ’me re thusa baahelani ba rona, ke thuso ea mofuta ofe eo re ka e lebellang?
Ho ka ’na ha etsahala hore Molimo o tla tlosa ka ho feletseng bothata bo re bakelang lipelaelo. Hoo ho ile ha ’na ha etsahala nako le nako. Kapa ho ka etsahala hore o re nee bohlale bo hlokahalang ho rarolla bothata ka borona kapa re bone tsela e molemo ea ho bo lokisa. Joale re tla hlokomela ’nete ea maele a Bibele: “Ea itšepelang pelo ea hae ke lehlanya; empa ea tsamaeang bohlaleng o tla phomola.”—Liproverbia 28:26.
Re ka fumana joang bohlale bo joalo ba Molimo? Ho kopanela libokeng tsa batho ba Molimo le ho bala Bibele le libuka tsa Bibele ke litsela tse peli tse tlang kelellong. Joaloka ha ho boletse ’mè e mong oa Mokreste ea neng a tšoenyeha ka baka la monna oa hae oa letahoa, “ho bala Molula-Qhooa le ho ithuta ’ona le ho sebelisa seo o se bolelang ke hona ho nthusitseng ho feta tsohle.”—Ba-Heberu 10:24, 25; Lipesaleme 119:97-104.
Kapa, Jehova a ka re thusa ka baena ba rona ba Bakreste. Moholo o ile a fumana lengolo le tsoang ho batho ba babeli phuthehong ea habo ’me karolo ea lona e re: “Rea u leboha ka makhetlo ao u ileng oa re mamela le hore thusa mathateng a rona a botho le ho re khothatsa ha re tepelletse, le ho re etela ha re kula, le ho tla ha re u bitsa le ho hlokomela malapa a rona ha re le lipetlele. Re leboha Jehova ha re e-na le moena ea re hlokomelang ka pelo eohle joaloka uena.”
Ka hona, haeba u e-na le mathata, ke ka baka la’ng ha u sa a kopanele le ba holileng tsebong phuthehong ea heno? Jehova a ka u thusa ka bona, ’me u tla bona ’nete ea maele a boholo-holo: “Motsoalle oa motho o mo rata ka mehla; e ba ngoan’abo tlokotsing ea hae.”—Liproverbia 17:17.
Empa, ha se ka mehla Jehova a tlosang bothata bo re bakelang matšoenyeho. Empa ka ho re matlafatsa ka Lentsoe la hae Bibele, moea o halalelang kapa baena ba rona ba Bakreste o ka re thusa ho bona bothata le tsela e loketseng ’me re bo lokise ka bohlale. Ka tsela ena, re ka elelloa seo moapostola Pauluse a se boletseng: “Nka etsa tsohle ka Kreste ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13) Ka hona leha mathata a ntse a le teng, Jehova o boloka tšepiso ea hae: “Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.”—Ba-Heberu 13:5.
Alma o ile a fumana hona e le ’nete. Ke mosali oa Mokreste eo lilemong tse fetileng a ileng a hlaheloa ke kotsi ea koloi e ileng ea mo holofatsa ho tloha lethekeng ho isa maotong. O opeloa haholo, empa tsebo ea hore haufinyane Molimo o tla tlosa bohloko le matšoenyeho ke tšeliso le thuso ho eena. Mothating ona o re: “Ke rapela Jehova hore a nthuse hore ke mamelle letsatsi le leng le le leng. Joale, ha letsatsi leo le fetile, kea atametse ka letsatsi le le leng!”
Alma ha fosoe ke seboka leha se le seng sa phutheho ea Bokreste, ’me o sebelisa monyetla o mong le o mong o mo bulehelang ho kopanela le ba bang tšepo eo a nang le eona ka bokamoso. Ka tsela ena o utloa tšehetso ea Jehova ha a lahlela mathata a hae ho eena.
Thuso leha e le efe eo Jehova a fanang ka eona, re ka kholoa hore ke eo re e hlokang, ’me e re lekane. Moapstola Pauluse o ile a bolela ka tieo: “’Me re tseba hore lintho tsohle li sebelisana hamolemo molemong oa ba ratang Molimo.” (Ba-Roma 8:28) Ekasita le mathateng a maholo, re ka bona thuso ea Jehova Molimo. Pauluse o re boleletse: “Le se ke la belaela letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo ka kopo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lona le mehopolo ea lona ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
Kahoo, ho sa tsotellehe lipelaelo tsa rona kapa mathata, ka tieo a re lateleng keletso ea moapostola Petrose: “Ka baka leo, le ke le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lona holim’a oona; hobane oa le hlokomela.”—1 Petrose 5:6, 7.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Jehova o tšepisitse hore o tla re thusa ho jara mathata a rona. Na u na le a mang a mathata ana:
◻ Boloetse?
◻ Ho Tepella?
◻ Letsoalo le molato?
◻ Ho ikutloa u se molemo?
◻ Ho hloleha ho itšoara?
◻ Hloriso kapa khatello
◻ Ho khetholloa ka baka la moloko, boemo ba bophelo kapa bong?
◻ Ho hatelloa ke mathata a letsatsi le leng le le leng?
◻ Ho khathatseha ka bokamoso?
◻ Litšobotsi tse thata ho li lokisa?
Haeba ho joalo, hobane’ng u leka ho a lokisa u le mong? Lipelaelo tsa joalo li ka ba bobebe haholo ho li jara haeba re amohela thuso ea Jehova.