Ho Nyarela ka Litabeng
“Kotsi e Theolang Botho”
● London “Daily Telegraph” e sa tsoa hatisa karo-karolo e entsoeng ka “disco” e entsoeng ke setsebi sa eona sa bongaka. O boletse hore tlas’a mabone a halimang le meropa e lerata ea “disco,” thabo e fetoha lehabea. “Kutloisiso eohle ea tekanyetso, boithibo lia fela, lekoko le koahelang la tsoelo pele lea nyamela ’me tlhaho ea motho e bonahala ka botala, bobatana le sehlōlō tsa eona kaofela,” kamoo a ngotseng. ‘Ha moea oa “disco” o ekellelitsoe ka tahi e nang le lithethefatsi mohlomong liphello e ba tlokotsi. Ke Iitho tse tona tse hlileng li bang kotsi haholo khahlanong le boithabiso tlas’a tšusumetso ea kotsi ena e theolang botho tsoelopeleng.’
Bibele e hlile ea re lemosa hore ho tla ba teng “kotsi e theolang bothong” joalo “mehleng ea qetello” ka baka la hobane batho ‘ba tla hloka boitšoaro, ba be bohale . . . e be ba ratang menate ea nama e seng ba ratang Molimo.’—2 Tim. 3:1-4.
Karolo ea Molimo bakeng sa Hlobo
● Batho ba ’nile ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo o bōpile likokoanyana tse nyenyane tse bakang hlobo. Ntlheng ena, hoa khahlisa ho hlokomela hore bukeng ea morao tjena, “The Medusa and the Snail,” Lewis Thomas, M.D., o totobatsa hore karolo ea hlobo ke e khutlisetsang lintho boemong ba hore ii ka sebetsa hantle hape, e seng ho kulisa. Le maloetseng a kang “meningitis,” Dr. Thomas o lumela hore boloetse bo tla “feela joaloka kotsi.” A ngola hore: “E sa le sephiri hore batho ba bang ba tšoaroa ke ‘meningitis,’ empa ha ho bonahale eka hona ho hlaha e le boikhethelo bo khethehileng ba kokoana tse bakang hlobo; mohlomong ho ee ho etsahale hore tšebetso ea ho itšireletsa ea mokuli e bile le phoso ka tsela e ’ngoe e khethehileng.”
Na likokoana-hloko li lokela ho talingoa e le sera sa motho sa tlhaho? Dr. Thomas oa hlalosa: “Ke ’nete, hore re pota-potiloe ke likokoana-hloko hohle; li teng karolong e khōlō haholo ea mobu, le moeeng li ngata. Empa ho hang hase ’nete hore e hlile ke lira tsa rōna tsa tlhaho. Ka sebele, ho tla e le mohlolo ho hlokomela hore likokoanyana tse nyenyane joalo tse fokolang tsa Lefatše li na le thahasello ho rōna. Moo ho tloaelehileng hore likokoanyana tse bakang hlobo li kopane le lintho tse khōlō tse phelang ke nakong ea hoba tsena tse khōlō tse phelang li shoe, tseleng ea ho khutlisetsa metsoako ea bophelo hore e boele e sebetse. Hona ho bonahala ka ho totobetseng e le eona taba-khōlō ea likokoana-hloko ka kakaretso, ’me ha ho kae kapa kae moo li amanang le ho kula.”
Likokoanyana tsa hlobo li ne li sa etsetsoa ho kulisa batho. Ha batho ba ntse ba tsoela pele ho ithuta ka pōpo ea Molimo, ba hlokomela haholoanyane bohlale bo boholo bo bontšitsoeng ke Jehova le Iinthong tse nyenyane tse phelang.—Pes. 104:24.
Oa Thuto ea Bolumeli o Ngolla Mopapa
● Mopapa John Paul II o laetse hore baprista ba tšoarelle boitlaming ba ho se nyale ba molao. Melao e mecha e thatafalletsa baprista haholo hore ba ka lokolloa likanong tsa bona tsa ho se nyale. New York “Times” e itse: “Haesale a khethiloe ka Mphalane 1978, Mopapa o hanne ho amohela kōpo leha e le efe ea ho itokolla ho tse 6 000 tse amohetsoeng Vatican.” Ka baka la boikutlo bona, setsebi sa thuto ea bolumeli se tsebisahalang sa Lejeremane sa Mok’hatholike Hans Küng o ngotse lengolo le latelang le eang ho mopapa ka ho se nyale ha baruti:
“Jesu le Pauluse ba fana ka bolokolohi bo totobetseng [ba ho se nyale] ho e mong le e mong: ‘E mong le e mong ea ka ho amohelang a ho etse’ (Mattheu 19:12); ‘E mong le e mong o na le neo ea hae e khethehileng e tsoang ho Molimo, e mong mpho ea ho hong le e mong neo ea ho hong hosele’ (1 Ba-Korinthe 7:7). Bolokolohi bona bo fanoeng ka ho totobetseng—ho se nyale e le neo e lokolohileng—e hanyetsana le molao oa botho oa ho se nyale bakeng sa baruti.
“Mokhoa oa boholo-holo o tiisa Mangolo: Petrose—eo, ho lokafatsoeng ha setulo sa hao, u hlileng u ipiletsang ho eena—le baapostola ba ne ba nyetse ’me ba lula ba ntse ba nyetse—Pauluse o tiisa sena hantle—le ho lateleng ha bona Jesu ka mokhoa o phethahetseng. [1 Ba-Kor. 9:5] Ho theosa le makholo a pele a lilemo hona ha sala e le mohlala bakeng sa babishopo le baprista: ‘E se be ea nyetseng ho feta hanngoe’ (1 Timothea 3:2) . . . Ke makholong a morao a lilemo neo ea ho se nyale, e qalehileng libakeng tseo baitlami ba neng ba phela ho tsona, e ileng ea se utloisisoe hantle e le thibelo ea ho nyala ’me kahoo ea fetela basebeletsing bohle ba bolumeli.”—“National Catholic Reporter,” Motšeanong 16, 1980.