Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 2/15 maq. 14-15
  • Ka Matla a Jehova Feela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Matla a Jehova Feela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Tsela ea Bophelo Kapa Tsela ea Lefu—Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • “U ba Bolelle Lentsoe Lena”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • “Ke Tla Khotsofatsa Moea o Khathetseng”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 2/15 maq. 14-15

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Ka Matla a Jehova Feela

BAPROFETA ba Baheberu e ne e se batho ba nang le matla a fetang a batho empa e le batho ba “ikutloang joale ka rōna.” (Jak. 5:17) Empa ba ne ba atisa ho thulana le khanyetso e matla e tsoang ho batho bahabo bona. Ntle ho thuso ea Molimo, ba ne ba ke ke ba atleha ho phethahatsa thōmo ea bona. Empa ba fela ba hlōla ka matla a Jehova. Hona ho bontšoa ka tšoantšiso tabeng ea moprofeta Jeremia.

Pel’a mahlo a baholo ba sechaba sa habo le baholo har’a baprista, Jeremia a choatla pitsa ea letsopa. Ha a hlalosa bohlokoa ba ketso ena, a re: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ke tla pshatla sechaba sena le motse ona joalo, joale ka ha ho pshatloa pitsa ea ’mōpi, eo e sa tl’o ka e kopanngoa. ’Me ho tla patoa litopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patoang.” (Jer. 19:1-11) Ha a tloha Tofethe khohlong ea mora Hinomme, Jeremia a ea ka lebaleng la tempele ’me ha a le moo a bolela molaetsa oa Jehova oa kahlolo moo ho utloang batho bohle ba bokaneng teng.—Jer. 19:14, 15.

Mohlokomeli e moholo oa tempele, Pashkure, a nka bohato bo potlakileng ka Jeremia. A nyelisa moprofeta pontšeng ka ho mo jabela le ka ho mo kenya metšoasong ka Monyakong oa Benjamine. Hoba a lokolloe metšoasong ka le hlahlamang, Jeremia a bolela kahlolo ea Jehova ho Pashkure.—Jer. 20:1-6.

Liphihlelo tse joalo li ile tsa ama Jeremia joang? A ikutloa a nyahame haholo ka ho etsoa thohako ka baka la ho tsebahatsa molaetsa oa Molimo. A ikutloa eka a ka tlohela. Empa a sitoa. Tlas’a matla a susumetsang a moea oa Molimo, a tlameha feela hore a ’ne a bue. Lentsoe la Jehova la ipaka e le ‘mollo o tukang o koalletsoeng masapong a hae.’ Jeremia a hlokomela hore ka matla a hae, o ne a ke ke a tseba ho tsoela pele a bolela ho mo bakelang khathatso e ngata hakana ea botho. A re: “Oho, Jehova, u kile ua nthetsa, ka thetsoa; u kile ua ntiisetsa matla, ka hlōloa.” (Jer. 20:7-9) Moprofeta o ne a thetsitsoe ka kutloisiso ea hore o bile le hona ho finyella seo a neng a ke ke a se finyella ka matla a hae. Ea Matla ’ohle o ne a ipakile a le matla ho feta mefokolo ea Jeremia.

Hona ho ka ipakahatsa ho khothatsa hakaakang ho rōna kajeno! Rōna, le rōna, re ka ’na ra talimana le khanyetso le ho songoa ha re bolela molaetsa oa Molimo o ka Mangolong. Empa ka thuso ea Molimo, re ka atleha ho phethahatsa thōmo eo re e filoeng ke Jesu Kreste re le barutuoa ba hae. (Matt. 28:19, 20) Boemo ba rōna bo ka tšoana le ba moapostola Pauluse, ea itseng: “Mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.”—2 Ba-Kor. 12:10.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela