“Bongata bo Boholo” bo Etsa Tšebeletso e Halalelang Hokae?
“Ke ka lebaka lena ba leng pel’a terone ea Molimo ’me ba o etsetsa tšebeletso ea bomolimo motšehare le bosiu sehalalelong sa oona.”—Tšen, 7:15, “The Emphasised Bible” ea Rotherham.
1. Taba ke efe ka “bongata” ka kakaretso mabapi le bolumeli ba lefatše?
BOLUMELI boa oa. Tumellanong le hoo, ba bang teng “litšebeletsong tse halalelang” mehahong ea likereke le litempeleng ba ntse ba theoha. Hona ho hlokomeleha kannete linaheng tse ipitsang Bojakane. Ba sa tšepahaleng, ba lekhonono, ba sa ikamahanyeng le ba sa lumeleng hore Molimo o teng le ba hananang le bolumeli ba ntse ba eketseha. Ha ho boiteko ba letho ba ho tsosolosa bolumeli bo tla ba tsosolosa. Ho joalo le ka “bongata” ka kakaretso.
2. Re thahasella “bongata” bofe, joalokaha bo bonoe pele ponong ke monna moholo ea neng a leleketsoe Sehleke-hlekeng sa Patmose ke ’Muso oa Roma?
2 Leha ho le joalo, re khahloa ke bongata bo khethehileng, “bongata bo boholo” bo hlileng ba bonoa ke monna e moholo ea neng a leleketsoe sehleke-hlekeng sa Patmose ke ’Muso oa Roma. Kamor’a ho bona pono ea Baiseraele ba moea ba 144 000 o ngola, a re: “Ka mora’ tseo, ka talima ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna o lutseng teroneng, le ea Konyana.”—Tšen. 7:9, 10.
3. Ke hobane’ng ha bao ba “bongata bo boholo” boo ba bonoa ba apere ka tšoanelo, ’me ke hobane’ng ha ka kakaretso ho nahanoa hore ba leholimong?
3 ‘Bongata bona bo boholo’ bo lutse sebakeng se hlomphehang hakaakang, hona bo bonahala ka mokhoa o hlomphehang hakaakang! Le hona mehleng ea kajeno ho loketse hore mofo a eme moo morena a lutseng teng teroneng ea hae. Empa mona bao ba “bongata bo boholo” ba bonoa ba eme pel’a terone ea Molimo ka booona. Hape, e le hore ba ka tšoanela boemo, ba apere liaparo tse tšoeu tse se nang letheba. Na ba bonoa ba eme ’mokeng o mong o etsetsoang sepaka-pakeng feela? Che, hobane Tšenolo 7:15 (ED) e re “ba . . . mo sebeletsa pontšeng motšehare le bosiu tempeleng [na·osʹ ka Segerike sa temana ea pele] ea hae.” Joale, na hona ho bolela hore bao ba “bongata bo boholo” ba qetella ba ile leholimong moo Molimo o leng teng oo ba o bolelang hore “poloko” ke ea oona? Karabelo e fanoang hangata ke hore E! Hobane’ng? Hobane ho boleloa hore ke “tempeleng ea oona” kapa “sehalalelong sa oona” (Rotherham), moo ba o sebeletsang pontšeng kapa ka “tšebeletso e halalelang.”
4. Potso e lutse lentsoeng lefe la Segerike sa pele, ’me le sebelisitsoe mabapi le eng ho Johanne 2:19-21?
4 Leha ho le joalo, na maikutlo ao a lumellana le linnete tse qaqisitsoeng bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo? Hape, ka bao kajeno ba inkang e le “bongata bo boholo” bo ntseng bo bōpeha hona joale, na ba lebelletse ho ea leholimong ’me e be libopuoa tsa moea joaloka mangeloi? Hona na ba batla ho ea leholimong? Ba tla u bolella hore Che! ’me ha ba inke e le ba tsoetsoeng ka moea oa Molimo ho ea tšepong e joalo ea leholimo. Potso e lutse lentsoeng la pele la Segerike leo ka mekhoa e sa tšoaneng le fetoletsoeng e le “tente,” “tempele,” le “sehalalelo.” Ka mohlala, tlalehong ea Bibele moo Jesu Kreste a ileng a leleka ba neng ba ananya lichelete le bahoebi tempeleng ea Heroda lentsoe la pele la Segerike le sebelisitsoeng ke na·osʹ. Moo rea bala: “Jesu a arabela, ‘Qhaqhang sehalalelo [na·osʹ] sena, ’me ke tla se tsosa ka matsatsi a mararo.’ Bajode ba arabela, ‘Ho nkiloe lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng ho haha sehalalelo [na·osʹ] sena: na u tla se tsosa ka matsatsi a mararo?’ Empa o ne a bua ka sehalalelo [na·osʹ] seo e leng ’mele oa hae.” (Joh. 2:19-21, The Jerusalem Bible) Ka “sehalalelo,” Bajode bao ba ne ba bolela eng?
5. (a) Ke mohaho ofe oo Bajode ba neng ba sa o bolele ha ba re o hahiloe ka lilemo tse 46? (b) Lentsoe na·osʹ le tlameha ebe le sebetsa ho eng joalokaha le sebelisitsoe ho Esaia 66:6?
5 Ka sebele e seng kamore e ka hare e neng e e-na le likamore tse ka hare, Sehalalelo le Sehalalelisiso. Ba ne ba bolela mohaho oa tempele kaofela ha oona, ho akarelletsa mabala, ao le leng la oona ba ananyang lichelete le bahoebi ba neng ba sebeletsa ho lona. Tempele ea Heroda kaofela ha eona e ile ea ripitloa ke Ba-Roma ka 70 C.E. Ho fapana le tempele ea pele ea Salomone e ileng ea senngoa ka 607 B.C.E., tempele ea Heroda ha ho mohla e kileng ea tsosolosoa. Ka tempele e Jerusalema, Esaia 66:6 e re, ka bohlokoa ba boprofeta: “Lentsoe le lerata le tsoa motseng, lentsoe le tsoa tempeleng [na·osʹ phetolelong ea Segerike ea Septuagint], ke lentsoe la Jehova ea busetsang ho lira tsa hae ka liketso tsa tsona.” (The New English Bible) “Utloa! mohoo o tsoang motseng, Utloa! o tsoa tempeleng [na·osʹ], Utloa! MORENA o itefetsa ho lira tsa Hae.” (The Jewish Publication Society of America) Ka ho totobetseng tempele, sehalalelo, kapa na·osʹ, ha e bolele feela sehalalelo se ka hare, empa sebaka sohle sa tempele ka mehaho eohle ea sona.
6. Bosiung ba Paseka ea 33 C.E., ke bopaki bofe ba bohata boo Bajode ba bo entseng ka Jesu le na·osʹ ea Jerusalema?
6 Bosiung ba Paseka, Nisane 14, 33 C.E., Bajode ba bang ba paka ka pel’a baprista ba baholo le Lekhotla la Bajode, empa haeba Bajode bana ba ile ba phela ho fihlela ka selemo sa 70 C.E., ba pakeloa hore bopaki ba bona bo tsoang Jesu Kreste bosiung bane bo bohloko e ne e le ba bohata. Ba paka hore: “Re mo utloile a re: Ke tla qhaqha tempele [na·osʹ] ena e entsoeng ka matsoho, ke hahe e ’ngoe ka matsatsi a mararo, e sa etsoang ka matsoho.” (Mar. 14:58) Ho etsa hore Jesu a bolaoe ha hoa ka ha boloka tempele ea bona hore e ka qhaqhoa ho hang ka 70 C.E.
7. (a) Bajode ba ile ba soma Jesu ea khokhothetsoeng ka hore’ng Calvary? (b) Judase moeki o ile a qetella a lahletse chelete ea keko hokae?
7 Hamorao, hona mohla letsatsi leo, ha Bajode ba babe ba bona Jesu enoa a khokhothetsoe sefateng ka ntle ho Jerusalema, mohlomong ba ile ba ikutloa hore o sitisitsoe ho phethahatseng seo ka phoso ba neng ba nahanne hore o se buile. “Ba fetang ba ne ba mo nyefola, ba mo sisinyetsa lihloho, ba re: Uena, ea qhaqhang tempele [na·osʹ], u reng u tla e tsosa ka matsatsi a mararo, ipholose he! Ha u le Mor’a Molimo, theoha sefapanong!” (Matt. 27:39, 40; Mar. 15:29, 30) Empa pele Jesu a khokhotheloa morutuoa ea neng a mo ekile ho lira tsa hae tse nyoretsoeng mali ka lichelete tse 30 tsa silevera a leka ho itokolla. Enoa e ne e le Judase Iskariota e mong oa baapostola ba 12. A leka ho khutlisa chelete ea keko, empa ba mo neileng eona ba hana ho e nka. A sitoa ho itokolla ka tsela ena, moeki a etsa joang? Mattheu 27:5 ea tlaleha: “Judase a lahlela chelete ka sehalalelong [na·osʹ] ’me a ba tlohela; eaba o tloha a ea iphanyeha.” (Good News Bible; The Jerusalem Bible; Literal Translation of the Holy Bible ea Young) Ke hobane’ng ha liphetolelo tse ling tsa kajeno li ile tsa fetolela na·osʹ e le “tempele”?
8. Ke hobane’ng, ka ho totobetseng bafetoleli ba bangata ba Bibele ba ileng ba sebelisa lentsoe “tempele” mona bakeng sa “sehalalelo”?
8 Ka ho totobetseng hobane li ne li hlokomela hore lentsoe la Segerike mona le ne le sa bolele sehalalelo se ka hare, le likarolo tsa sona tsa Sehalalelo le Sehalalelisiso, tseo ka ho tsona moprista e moholo a neng a tlisa mali a mahlabelo mohla Letsatsi la Lipheko la selemo le selemo. Le ne le bolela tempele le mabala ’ohle a eona.
9. (a) Kahoo, na “bongata bo boholo” bo lokela ho ba leholimong e le hore bo ka sebeletsa Molimo ho na·osʹ ea oona? (b) Ho ea ka Tšenolo 3:12, na na·osʹ e na le tlhaloso e lekanyelitsoeng?
9 Kahoo “bongata bo boholo” mohlomong ho ka boleloa hore bo ka “tempeleng,” kapa na·osʹ, ea Molimo ’me leha ho le joalo bo se leholimong e le libopuoa tsa moea le Baiseraele ba moea ba 144 000 ba etsang “mohlatsoana” oa Molimo. (Tšen. 7:1-9, 15; Luka 12:32) Na·osʹ hape e ka ba le kutloisiso e lekanyelitsoeng, hobane Jesu Kreste o buile le phutheho ea lekholong la pele la lilemo e Filadelfia, Asia Minor, ’me a re: “Ea hlōlang, ke tla mo etsa tšiea tempeleng [na·osʹ] ea Molimo oa ka, ’me ha a sa tla hlola a e-tsoa teng; ’me ke tla ngola holim’a hae lebitso la Molimo oa ka, le lebitso la motse oa Molimo oa ka, e leng Jerusalema e mocha, ea theohang leholimong ho Molimo oa ka, le lebitso la ka le lecha.”—Tšen. 3:12.
10. Ke ka litsela life Tšenolo 7:9-17 e bontšang hore “bongata bo boholo” bo sitoa ho ba phuthehong ea na·osʹ eo e lekanyelitsoeng?
10 Ho ngoloa ho joalo ho litho tsa “bongata bo boholo” ha hoa boleloa le ho boleloa ho Tšenolo 7:9-17, leha e le hore ba boleloa hore ba entsoe ‘litšiea’ tempeleng ea Molimo. Bao ba entsoeng ‘litšiea’ tsa tšoantšetso ke Baiseraele ba 144 000 ba moea ba meleko e 12.
11, 12. (a) Ke ka tsela efe Iseraele ea moea e lekanyelitsoeng e fapaneng le “bongata bo boholo” ka mabitso? (b) Ho ea ka Tšenolo 14:1-5, ke joang lebitso la motse o theohang ho Molimo le tšoanelang ba 144 000?
11 Ho fapana le “bongata bo boholo” bo se nang palo, lenane lena le baliloeng la Baiseraele ba moea le na le lebitso la Jesu le lebitso la Ntat’ae le ngotsoe ho bona. Hape ba ngotsoe le lebitso la motse oa Molimo, Jerusalema e mocha, o theohang leholimong ho Molimo. Joalokaha Thaba ea Sione e ne e amana le Jerusalema ea boholo-holo, kahoo Thaba ea Sione ea moea e amana le Jerusalema e Mocha enoa eo e leng oa leholimo. Tumellanong le sena, moapostola Johanne o bile le pono ea bobeli ea Baiseraele ba moea ba 144 000, ’me ha a tlaleha sena a ngola:
12 “Ka bona Konyana [Jesu Kreste] e eme thabeng ea Sione, e e-na le ba ngoliloeng lebitso la ntat’a eona liphatleng tsa bona, . . . ba bina ho kang sefela se secha pel’a terone, . . . ’Me ho no ho se ba ka ithutang sefela seo, ha e se ba likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsoeng lefatšeng. . . . ke ba lopolotsoeng har’a batho, e be lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.”—Tšen. 14:1-5.
13. (a) Na bao ba “bongata bo boholo” ba tšoana le ba 144 000 ho emeng Thabeng ea Sione ea leholimo? (b) Na ba ‘lopolotsoe har’a batho e le lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana’?
13 Na tlhaloso eo e qaqileng e boetse e tšoanela le “bongata bo boholo” ba lichaba tsohle ba Tšenolo 7:9-17? Che, hobane ha ho kae kapa kae moo ho boleloang hore bo eme Thabeng ea Sione ea leholimo. (Ba-Heb. 12:22) Bo khetholloa ho ba binang “sefela se secha.” Ha ho boleloe hore bo ‘lopolotsoe lefatšeng,’ ba ‘lopolotsoe har’a batho ho ba lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.’ Ka baka leo, bao ba “bongata bo boholo” ba lebelletse ho sala lefatšeng ka ho sa feleng le ho nka karolo ho le tliseng boemong ba Paradeise. Ha se ba sehlopha sa ba 144 000 ba “lopolotsoeng” ba qalehileng ka letsatsi la Pentekonta la 33 C.E., letsatsi leo ka lona moprista e moholo oa Mojode a neng a hlahisa “lilopotsia” tsa kotulo ea koro tempeleng e Jerusalema. Mohla letsatsi leo Moprista e Moholoanyane Jesu Kreste, o lefile theko ho Molimo leholimong ka mali a hae a tšolotsoeng, ’me Molimo oa mo sebelisetsa ho ba mocha oo ka oona ho ileng ha tšolloa moea o halalelang hona letsatsing leo holim’a barutuoa ba 120 ba neng ba eme ’me hamorao holim’a Bajode le basokolohi ba Bojode ba 3 000 ba ileng ba baka ’me ba kolobetsoa mohla letsatsi leo.—Lik. khaoh. 2; Joele 2:28, 29; Ba-Heb. 4:15, 16.
‘TIISO EA MOLIMO O PHELANG’ E-EA KHETHOLLA
14. Le hoja ba 144 000 le “bongata bo boholo” ba tlisoa boemong ba polokeho, tiiso e etsa phapang ea eng pakeng tsa bona?
14 Ntho e ’ngoe e hlokomelehang e khethollang ba 144 000 ba “lopolotsoeng” ho “bongata bo boholo” bo apereng liaparo tse telele tse tšoeu ke se bitsoang ‘tiiso ea Molimo o phelang.’ Tšenolo khaolo ea 7, e sebetsanang le Baiseraele ba moea ba 144 000 le “bongata bo boholo,” e bontša hore ke feela ba 144 000 ba tšoailoeng “liphatleng tsa bona” ka ‘tiiso’ eo e le “bahlanka ba Molimo oa rōna.” Hona ho bontša hore ho boetse ho na le phapang libakeng tseo ba li khethetsoeng tokisetsong tse qetellang tsa Molimo, mabapi le leholimo le lefatše. Hona ho lula e le ’nete le hoja bohle ba tlisoa boemong bo bolokehileng, hobane bao ba “bongata bo boholo” hammoho le ba 144 000 ba amohela Jesu Kreste e le “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Joh. 1:29, 36; 1 Joh. 2:1, 2) Ka tsela ena bao ba “bongata bo boholo . . . ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšen. 7:9, 14) Hona ha ba nea tlotla ea ho rapela Jehova tempeleng ea hae ea moea, e neng e tšoantšelitsoe ke moaho ’ohle oa tempele ea Jerusalema ea boholo-holo.—Joh. 4:21-24.
15. Ho atamela nako ea hore ho etsoe mohoo ofe oa tšireletso, ’me ke sefefo sefe se kotsi se sa ntsaneng se emisitsoe, hona hobane’ng?
15 Nako ea atamela ea ha batho ka kakaretso ba tla re, hantle-ntle ho tsamaiso ea lefatše ea liphutheho tseo e leng khale li iphahamisitse: “Re oeleng holimo, le re pate pel’a sefahleho sa ea lutseng teroneng le pel’a bohale ba Konyana. Hobane letsatsi le leholo la khalefo ea eona le chabile, ’me ho ka ema mang?” (Tšen. 6:16, 17) Sefefo se tloha se qhoma. Hona ho bontšoa ka mantsoe a latelang a pono: “Ka mora’ tseo [’na moapostola Johanne] ka bona mangeloi a mane a eme likhutlong tse ’ne tsa lefatše, a thibetse meea e mene ea lefatše, hore ho se ke ha e-ba moea o fokelang lefatšeng, le leoatleng, leha e le sefateng se le seng. Ka bona lengeloi le leng [la bohlano] le nyoloha bochaba-tsatsi, le tšoere letšoao [tiiso] la Molimo o phelang; la phahamisa lentsoe, la hoeletsa mangeloi a mane a neng a neiloe taelo ea ho senya lefatše le leoatle, la re: Le se ke la senya lefatše, leha e le leoatle, leha e le lifate, re e-so ho tšoaee bahlanka ba Molimo oa rōna liphatleng tsa bona.”—Tšen. 7:1-4, bapisa NW.
16. Ke hobane’ng ha “bongata bo boholo” le hoja bo sa tiisoa bo sa tsoe kotsi ke sefefo se lokolloang ho bontša bohale ba Konyana?
16 Ha ho lea mong ho “bongata bo boholo” eo ho boleloang hore o na le tiiso eo e leng ‘tiiso ea Molimo o phelang,’ ke feela “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba 144 000. Ke hobane’ng ha bao ba “bongata bo boholo” ho se lea mong ho bona ea angoang ke tšenyo eo e bohale e tlisoang ke ho lokolloa ha “meea e mene” e lokolloang likhutlong tse ’ne tsa lefatše? Hape, ke hobane’ng ha bao ba “bongata bo boholo” bo sa tiisoang ba sa utloe ‘bohale ba Konyana’ ha ho tiisitsoe ba 144 000? Ke hobane “ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Tšen. 7:14) Hona joale ba amohela melemo ea topollo ea hae ea sehlabelo ’me baa batla tlhatsuo libeng tsa bona ka ho hlatsuoa maling a hae a phekolang libe. Ha ba batle tšireletso mekhatlong e ikhapetseng ka botebo ea batho ba fokolang, empa ba lebelletse Jehova Molimo le Mora oa hae ea kang Konyana, Jesu Kreste. Kahoo ba hoa ka teboho ba re: “Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”—Tšen. 7:9, 10.
17. Mabapi le khang ea Puso ea Bokahohle, “bongata bo boholo” bo tšepahala ho mang, ’me bo etsa tšebeletso e halalelang hokae, hona ho mang?
17 Ho theosa ho ea fihla ho khaoloeng ha khang ea bohlokoa kahohle ea Puso ea Bokahohle ba tšepahala ’musong oa Jehova ka Kreste Konyana. “Ke ka lebaka leo ba leng pel’a terone ea Molimo, ’me ba o sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng [na·osʹ] ea oona.” (Tšen. 7:15) Moo ba kopanela le masala a pholohileng a ba 144 000 ba tiisitsoeng e le “bahlanka ba Molimo oa rōna.”
“BA TSOA MAHLOMOLENG A MAHOLO”
18. Bao ba “bongata bo boholo” ho boleloa hore ba tsoa ho eng, ’me ho hlahisa potso efe?
18 Ho akarelletsoang ‘polokong’ eo “bongata bo boholo” bo e utloang ke ho tsoa ha bona ho se profetoang ke Tšenolo 7:14: “Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo; ba hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” Hantle-ntle joale ‘mahlomola a maholo’ ana ke eng? Bakeng sa lentsoe “mahlomola,” liphetolelo tse ling tsa Bibele li baleha tjena: “tubeho,”a “tsietsi,”b “hloriso,”c “khatello,”d le “tlhokofatso.”e Empa liphetolelo tse ling tse ngata li re “mahlomola.”
19, 20. (a) Ke eng se boleloang ke lentsoe la Selatine le fetoleloang e le “mahlomola”? (b) Tlhaloso ea Robertson e re’ng ka lentsoe lee ho Tšenolo 7:14, ’me boprofeta ba Jesu bo sebelisa lentsoe lee joang?
19 Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng ka mekhoa e sa tšoaneng joalo ke thlipʹsis. Le hlalosa phihlelo e mpe. Lentsoe la Selatine bakeng sa “mahlomola” ke tribulum, e bolelang ‘ntho e polang.’
20 Ka polelo “mahlomola a maholo” kamoo e sebelisitsoeng ho Tšenolo 7:14, Word Pictures in the New Testament ea Robertson (Moqolo VI, maqephe 352, 353) e-ea hlalosa: “Ho bonahala e le tlokotsi e kholo (Matt. 13:19 ff., 24:21; Mar. 13:19), mohlomong ho tla ba le liketsahalo tse latellanang pele ho kahlolo ea ho qetela.” Mattheu 24:21 pele e bua ka ho timetsoa ha Jerusalema ea boholo-holo ka 70 C.E. ’me e baleha tjena: “Hobane oo, mahlomola [thlipʹsis] a tla ba maholo, ha e sa le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.” Mareka 13:19 e baleha tjena: “Hobane mehla eo e tla ba ea mahlomola [thlipʹsis] ao ho e-song ho ka ho bonoa a makalo ha e sa le tšimolohong ea hlolo, ha Molimo o no o hlola lintho, ho fihlela joale, ’me ho ke ke ha e-ba teng a joalo le ka mohla o le mong.” Mahlomola ana e ne e tlameha ho ba karolo ea “pontšo ea mohla tseo tsohle li tla etsahala e tla ba eng?” (Mar. 13:4) “Tseo tsohle” li ne li tla akarelletsa ho qeteloa ha ho tiisoa ha Baiseraele ba moea ba 144 000.—Tšen. 7:1-8.
21. Lentsoe la bohlokoa le sebelisitsoeng la Segerike ho Septuagint Version ke lefe ho Daniele 12:1, ’me Mikaele ke mang?
21 Septuagint Version ea Segerike ea Mangolo a Seheberu e sebelisa lentsoe thlipʹsis ha e supa ketsahalo e tšoanang le e ho Daniele 12:1 ’me e re: ‘Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno, o tla hlaha, ’me matsatsi a matsoalo [thlipʹsis] a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihlela nakong eo.” Ho ea ka Tšenolo 12:7, Mikaele o lumellana le Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng.
22. Na “mahlomola” ke pontšo ea ho se thabe ha Molimo ho “bongata bo boholo,” ’me ho tsoa ha bona ho oona ho bolela eng?
22 Ho sena sohle ho ka bonoa hore ‘mahlomola a maholo’ hase pontšo ea bohale ba Molimo kapa bobe ho “bongata bo boholo,” ka morero oa ho bo laea le ho bo hloekisa likamanong tsa bona le tsamaiso ena e khopo ea lintho. ‘Mahlomola a maholo’ a hlileng a boleloa ke khathatso ea lefatše, “mahlomola” a ho qetela holim’a lefatše lena le ahlotsoeng. Ke sefefo sa tšoantšetso se ileng sa thijoa ke mangeloi a mane likhutlong tse ’ne tsa lefatše ho fihlela ha ho tšoailoe oa ho qetela oa Baiseraele ba moea ba 144 000 e le thepa e “lopolotsoeng” ea Jehova Molimo, “bahlanka ba Molimo oa rōna” ba ke keng ba isoa sebakeng se seng. Ho tsoa ha “bongata bo boholo” “mahlomoleng a maholo” ho bolela hore baa a pholoha.
23. “Bongata bo boholo” bo pholohang bo tla bōpa qaleho ea ntho efe e ncha, hona ho lebelletsoe eng ka pele?
23 E tla ba tokelo e thabisang hakaakang bakeng sa “bongata bo boholo” bo pholositsoeng ho tsoela pele ho ‘sebeletsa Molimo ka tšebeletso e halalelang motšehare le bosiu tempeleng ea oona,’ mabaleng a lefatšeng a tokisetso ea hae ea tempele e kholo! “Maholimo a macha” a tla be a theiloe holim’a bona, ’me e tla ba qaleho ea “lefatše le lecha” leo ho loka ho tla ikahela ho lona ka ho sa feleng. (2 Pet. 3:13) Paradeise e ncha e tla qala ho khanya holim’a lefatše le hloekisitsoeng, ’me ho lona ho ke ke ha e-ba teng Diabolose ea ba lekang hore ba fetohele ho se lokeng ha mofuta ofe kapa ofe. Ka thabo, ka sebele, ke tebello e beiloeng ka pel’a “bongata bo boholo” bo tla pholoha ‘ntoa ea letsatsi le leholo ea Molimo o matla ’ohle’ Harmagedone!—Tšen. 16:13-16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Emphatic Diaglott.
b The Bible in Living English; The New Testament in Modern Speech.
c An American Translation; Good News Bible; The Jerusalem Bible.
d The New Testament in Modern English ea Phillips.
e The New English Bible.
[Lebokose le leqepheng la 17]
Lentsoe la Segerike na·osʹ hangata le bua ka sehalalelo se ka hare se emelang leholimo ka bolona
● EMPA ke tempele (na·osʹ) kaofela e neng e hahiloe ka lilemo tse 46
● Ke tempele (na·osʹ) kaofela e timelitsoeng e le kahlolo ea Molimo
● Ke tempeleng (na·osʹ) e ka ntle moo Judase a lahletseng lichelete tse 30 tsa silevera
● KAHOO hoa lumelleha hore “bongata bo boholo” bo sebeletsa Molimo mabaleng a lefatšeng a tempele ea moea
[Lebokose le leqepheng la 20]
Ke batlotsuoa ba 144 000 feela ba—
● entsoeng litšiea tempeleng ea Molimo
● e leng “mohlatsoana” o nang le palo
● ba ngoliloeng lebitso la Ntate, Konyana le Jerusalema e Mocha
● emeng Thabeng ea Sione ea leholimo
● “lopolotsoeng lefatšeng . . . har’a batho”
● e leng “lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana”
● tšoailoeng ka ‘tiiso ea Molimo o phelang’
[Lebokose le leqepheng la 21]
“Bongata bo boholo” bo filoe tokelo ea ho
● baleha liphutheho tse ahlotsoeng tsa tsamaiso ea lefatše
● fumana topollo ka topollo ea Konyana
● ema bo amoheleha ka pel’a terone ea Molimo
● etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang tempeleng ea oona ea moea
● pholoha “mahlomola” a ho qetela lefatšeng lena le tsoiloeng
● ba motheo oa tsamaiso ea “lefatše le lecha” le hloekileng
● kopanela ka ho sa feleng Paradeiseng ea lefatše
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Tokisetso ea Tempele ea Jehova
SEHALALELO SE KA HARE
“BONGATA BO BOHOLO” KA MAKALA A LIPALEMA
ALETARE KA BAPRISTA TŠEBELETSONG