Rebeka—A Hlohonolofatsoa ke Jehova
JEHOVA MOLIMO a tsamaisa ho khethoa ha Rebeka e le mosali oa mora oa Abrahama Isaaka. Empa Rebeka o ile a khethoa hobane’ng? Litšoaneleho tsa hae li tlameha hore ebe e ne e le tse lakatsehang ka ho fetisisa ponong ea Molimo. O tlameha e be o ne a loketse bakeng sa morero oa hae e le ’mè oa sechaba se neng se tla fetoha se bitsoang ka lebitso la Jehova.
Ke kamor’a lefu la mosali ea ratoang oa hae Sara moo Abrahama a lokisetsang ho fumanela mora oa hae Isaaka mosali, eo joale a neng a le lilemo tse ka bang 40. A sa rate ha mora oa hae a ka tlamahana le eo e seng morapeli oa Jehova, Abrahama a kōpa molaoli oa ntlo ea hae, mohlomong mohlanka oa hae ea tšepahalang Eliazare, ho nka leeto le eang Mesopotamia e ka holimo. Ha a nee mohlanka oa hae litaelo tsa letho tse tobileng tse tla mo tataisa. ‘Lengeloi la Jehova le tla etsa joalo,’ Abrahama a bolela joalo ka tšepo. O ne a tšepa hore Ea Holimo-limo ka mokhoa o mong o tla qoolla har’a mehahabo ngoanana ea tšoanelehang hore e ka ba oa Isaaka.—Gen. 24:1-9.
Mohlanka oa Abrahama o nka likamele tse 10 tse laetsoeng limpho tsa bohlokoa. A e-na le batlatsi ba hae, o nka leeto le nkang matsatsi, qetellong a fihla motseng oa Nakore sekhutlong se ka holimo sa Mesopotamia. A khathetse ’me a nyoriloe, o fihla nakong ea mantsiboea, ha baroetsana ba motse ba tla ho tla kha metsi selibeng. Ke monyetla o motle hakaakang hore a nke bohato ka taelo ea monghali oa hae! Empa o tla tseba joang hore na ke ngoanana ofe eo a tla mo khetha? O leba ho Jehova, a rapela hore khetho e bontšoe ka pontšo—hore ngoanana ea khethiloeng, ha a kōpuoa hore a mo fe metsi a ho noa, a ithaopele le ho noesa likamele tsa hae.—Gen. 24:10-14.
JEHOVA O ARABELA THAPELO
Pele mohlanka a qeta ho rapela, ho tla ngoanana ea motle haholo a beile nkho mahetleng. Ho se tsebeng ha mohlanka, ke Rebeka, ngoana oa ea tsoalanang le Abrahama. Mohlanka o lebisa kōpo ea hae ho eena. “Ak’u mpe hle metsinyana a nkho ea hao.” Na moroetsana eo e tla ba mokhethoa oa Jehova? Ka mosa, Rebeka a arabela: “Noa, monghali.” Ka potlako a inamisa nkho ea hae ’me a mo nea a noa. “Ke tla khella le likamele tsa hao, le tsona li ke li noe, li kholoe,” kamoo a boletseng. Eaba Rebeka ka potlako o tšela metsi a nkho ea hae ka nthong e noelang ’me a khutlela selibeng hangata ho ea khella likamele tse leshome metsi. Ke mosebetsi o mokaakang! Kamele e ka ’na ea noa ligalone tse fihlang bosupeng ka letsatsi.—Gen. 24:15-20.
Mohlanka o hlokomela hore ho tla fihlela moo thapelo ea hae bakeng sa tataiso e arabetsoe. Tlhokomelo ea hae e lebisitsoe ho moroetsana ea nang le litšoaneleho tse lakatsehang tsa mosa, boithaopo le mahlaha-hlaha. Hoba a mo nee lesale la nko la gauda le theko e boima le lipetja tse peli tse ntle tsa gauda, o mo botsa hore na ke ngoana oa mang le hore na e be ho ka etsahala hore ba hlole bosiu ha ntat’ae. Ka bonolo, o itsebahatsa a bile a re: “Re na le mooko, le furu e ngata ho rōna, le sebaka moo ho ka robaloang teng.” A tletsoe ke teboho ho Jehova, mohlanka o oma ka hloho ’me o boka Ea Holimo-limo.—Gen. 24:21-27.
Ha ho pelaelo ea letho pelong ea Rebeka ka ho amohela monna enoa. O mathela lapeng ho ea lokisetsa moeti ea sa lebelloang le ho bolella lelapa se etsahetseng. Ha ba utloile taba, khaitseli ea hae Labane o mathela selibeng ho ea amohela moeti. Ho lokisetsoa mokete lapeng. Ha ho lea mong lapeng habo Rebeka ea botsitseng hore na moeti ke mang kapa hore na o tlile ka’ng. Ba amehile haholo ka ho mo amohela ka mofuthu eena le batlatsi ba hae le ka ho fepa likamele tsa hae.—Gen. 24:28-32.
Mohlanka oa Abrahama, leha ho le joalo, o hopotse ntho e le ’ngoe feela—ho phethahatsa thōmo ea hae ka botšepehi tumellanong le tataiso ea lengeloi la Jehova. Pele a lumela ho ja, mohlanka o ipolela hore na ke mang ’me o hlalosa seo a se rōmiloeng. O bolela ka hore o ile a kōpa pontšo e tsoang ho Jehova le kamoo Rebeka a ileng a itšoara tumellanong le pontšo.—Gen. 24:33-49.
JEHOVA O TSAMAISA LITABA
Lelapa la habo Rebeka le tla etsa joang? Mohlanka o tsietsing hakaakang! Ba tletse ho makala le hlompho, Labane le Bethuele, ntate, ba hlokomela hore hona hohle ho tsoa ho Jehova. Ba arabela: “Bona, Rebeka o pel’a hao, mo nke, u ee le eena, e be mosali oa mor’a mong a hao, kamoo Jehova a boletseng kateng.”—Gen. 24:50, 51.
Thabo e ba khōlō ka lapeng. Mohlanka o ntša limpho tsa bohlokoa bakeng sa Rebeka, ’mè oa hae le khaitseliee. Bohle joale ba ja lijo. Ho ea ka mokhoa oa mehleng eo, liketso tsena lapeng habo Rebeka ke tumellano ea lenyalo.—Gen. 24:52-54a.
Empa, joale, ’mè oa Rebeka le khaitseli ba kōpa hore a hlole matsatsi a 10 pele ba mo lumella hore a tsamaee. Mohlanka o tsitlella hore ba tsamaee ka le latelang. Qetellong, ba re Rebeka a etse qeto. Baa mo bitsa ’me ba re ho eena: “A u tla ea le monna enoa na?” Motsotsong ona mohlanka o tlameha e be o sitoa le ho hema feela! Na o tla tlohela lehae hang-hang ho ea ho monna eo ho seng mohla a kileng a ’mona? Rebeka o tla arabela ka hore’ng? Na oa utloisisa, ’me na kahoo o tla hle a lumellane le khetho ea Jehova? Rebeka a arabela, “ke tla ea.” Ha ho tieho, ha ho tika-tiko, ha ho pelaelo, ha ho maemo! Ke moroetsana ea tsotehang hakaakang! (Gen. 24:8, 54b-58) Hase feela hore o motle, o mosa, oa utloisisa, o mahlaha-hlaha le ho amohela baeti; Rebeka hape o ikemiselitse, o bonela pele ’me o na le tumelo e sa sisinyeheng. O lemoha letsoho la Jehova tabeng ena, ’me ha a tsila-tsile ho sebetsa tumellanong le thato ea hae. A tseba hore ntat’ae moholo Abrahama o rutile Isaaka tseleng ea ho tšaba Ea matla ’ohle, Rebeka ha a na lebaka la ho ameha hore na o tla mo tšoara joang joaloka mosali.
Moroetsana enoa o tsamaea a hlohonolofalitsoe ke lelapa: “Oho, khaitseli ea rōna, u be ’m’a likete tsa likete-kete, ’me litloholo tsa hao li rue likhoro tsa lira tsa tsona.” Makhabunyane a hae a tsamaea le eena ka likamele.—Gen. 24:59-61.
Matsatsi hamorao, ha ho pholile mantsiboea, Isaaka o hlokomela mokoloko o tlang oa likamele. Ka nako e tšoanang, Rebeka oa mo bona. Ka bokhabane le ka tšoanelo o theoha kameleng. Ha a bolelloa hore na monna eo ke mang, oa ikhurumetsa ka lesira, kahoo a bontša boikokobetso le hlompho ho monna oa hae. Kannete, ngoanana ea utloisisitseng ho latela ketello pele ea Jehova, ho palama le mohlanka ho ea naheng eo a sa e tsebeng ho kopana le monna eo a sa mo tsebeng ntle ho tika-tiko kapa potso, ke mosali ea lokelang ke ho ratoa. Tlaleho ea Bibele e re: “A mo rata; ’me Isaaka a tšeliseha bakeng sa ’m’ae.”—Gen. 24:62-67.
Rebeka o ipaka e le mosali ea hlileng a hlokoang ke Isaaka. Moea oa hae o chesehang, o mafolo-folo, o sebetsang le oa boiteko o mo thabisa hape ha ka tšoanelo a thiba sekheo se siiloeng bophelong ba hae ka lefu la ’m’ae. Lilemo-lemo kamor’a lenyalo la bona, Isaaka o ntse a thabisoa ke moratuoa oa hae Rebeka. O tšaba hore a ka lahleheloa ke eena. Ha tlala e mo tlama hore a ahelle har’a Bafilista, o nahana ka botle ba Rebeka. Isaaka o tšohile hore o tla shoa, a nahana hore monna e mong a ka ’na a mo bolaea hore a iphumanele mosali oa hae. Kahoo, boitekong ba ho thibela sena, Isaaka o bolela hore ke khaitseli ea hae.—Gen. 26:1-11.
REBEKA HA E LE ’MÈ
Ho tšoana le Sara, Rebeka o lula a se na bana ka nako e telele. Isaaka a ’na a kōpa Jehova lebitsong la Rebeka. Qetellong, kamor’a lilemo tse 20 lenyalong, o mo etsetsa bashemane ba mafahla Esau le Jakobo. Pele a beleha, Rebeka o tseba hore o tla ba le mafahla. Boimana ba hae bo boima haholo. “Haeba ho ka tsela ena, ebe ke phelela’ng?” o bua joalo ha a utloa bana ba thala ka mpeng ea hae. Rebeka o fumana tšepiso ea Molimo hore lihlopha tsa lichaba tse peli li tla ikarola li tsoa maleng a hae, hore se seng se tla ba matla ho feta se seng le hore e moholo o tla sebeletsa e monyenyane. Ha a lebale tšepiso ena.—Gen. 25:21-23.
Hoba bashemane ba babeli ba hlahe, Rebeka o bea tšepo ea hae le lerato ho Jakobo, ’me kamor’a nako Esau o bile o nyelisa tokelo ea hae ea tsoalo. (Gen. 25:28-34) Ho feta lilemo, ’me ho fihla letsatsi leo ka lona Rebeka a nkang mehato ea botho ho sebetsa tumellanong ie tšepiso ea Jehova ea boprofeta. O utloa monna oa hae ea tsofetseng le ea foufetseng Isaaka a bitsa mora oa hae e moholo, Esau. Pele a shoa, Isaaka o hopotse ho khetha le ho hlohonolofatsa mohlahlami oa hae. E le selelekela sa ho fana ka tlhohonolofatso, Isaaka o rōma Esau ho ea mo tsomela phoofolo le ho mo lokisetsa sejo se monate ka eona.—Gen. 27:1-4.
A tseba hore Esau ha se mokhethoa oa Jehova, Rebeka o batla ho fumanela tlhohonolofatso e lakatsehang bakeng sa Jakobo. Ha Esau a ea tsoma, Rebeka o laela Jakobo hore na a ka fumana tlhohonolofatso joang, eo ka tokelo e leng ea hae. Jakobo oa ipelaetsa, a tsohile hore ntat’ae oa sefofu o tla mo tseba ha a mo phopholetsa ebe joale oa mo rohaka. Empa Rebeka o ikemiselitse ho feta leha e le neng pele. “Thohako e ka tlang ho uena e be holim’a ka, mora oa me,” o bua joalo ka kholiseho. “Uena . . . mamela lentsoe la me.” ’Me Jakobo a fela a mamela.—Gen. 27:5-14.
Kamor’a moo Rebeka o etsa hore Jakobo a apare liaparo tsa Esau, tse nkhang meru, masimo le naha. Hape o nka matlalo a bonolo le a thellang a likonyana ’me o a tlamella matsohong a Jakobo le molaleng, e le hore matsohong a Isaaka a ka utloahala joaloka Esau. O itlhahisa ho Isaaka a nkile sejo se hlabosang se lokisitsoeng ke ’m’ae. Leano la Rebeka lea atleha. Jakobo a fumana tlhohonolofatso ea ntat’ae, a beoa e le mojalefa ea nepahetseng oa Isaaka le Abrahama.—Gen. 27:15-29.
Hamorao, Rebeka o utloa hore Esau o rera ho bolaea Jakobo, o boetse o nka bohato bo ikemiselitseng lebitsong la Jakobo. Ka baka la khothalletso ea hae, Isaaka o rōmela Jakobo naheng ea habo Rebeka ho ea batla mosali. Rebeka o ananela hore Jakobo o tlameha ho fumana mosali ea molemo. Eena le Isaaka ba hlomohile haholo hore Esau o inketse basali ba babeli ba Bakanana ba lehloeo.—Gen. 26:34, 35; 27:41-46; 28:1-5.
Rebeka o tlameha a be a ile a hloloheloa Jakobo haholo kamor’a hore a tsamaee. Mohlomong o ne a tšepile hore o tla khutla kapele. Empa Jakobo a lula koo ka lilemo tse 20. Ha ho tlaleho ea letho ka Bibeleng ea hore Rebeka o kile a bona Jakobo mora oa hae ea ratoang hape. Haeba ha a ka a mo bona, nahana ka thabo eo Rebeka le Jakobo ba tla ba le eona ha ba kopana hape ha ba tsosoa bafung. E tla ba ho thabisang hakaakang ho Rebeka ho ithuta hore o bile le tokelo e khōlō ea ho ba sehokelo se isang ho Messia kapa Kreste ea tšepisitsoeng!
Kannete, Rebeka ea motle, ea seli le ea ikemiselitseng ea ileng a fumana mohau oa Jehova, ke mohlala o motle bakeng sa baroetsana, basali le bo-’mè kajeno. Tumelo ea hae e ne e babatseha ka sebele.