Tšebeletso e Halalelang ‘Mehleng Ena ea Bofelo’
1. Re tseba joang hore re phela ‘mehleng ea bofelo,’ ’me Daniele 12:4 e re’ng ka see?
LESELING la boprofeta bo senotsoeng ba Bibele ha rea lokela ho ba le bothata ba ho bona hore re phela ‘mehleng ea bofelo’ e hlileng ea boleloa. Ka nako ena e thata, boprofeta ba Daniele 12:4 bo re: “Uena Daniele, u koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo; ba bangata ba tla e bala, ’me tsebo e tla eketseha.” The Jewish Publication Society of America le Leeser li baleha tjena: “Empa uena, Oho Daniele, u koahele mantsoe, ’me u tiise buka, le ho isa nakong ea bofelo; ba bangata ba tla mathela koana le koana, ’me tsebo e tla eketsoa.” “Bongata bo boholo” bo hlalosoang ka bukeng ea ho qetela ea Bibele bo fumana molemo tsebong ena ea Bibele e ekelitsoeng le kutloisiso.—Tšen. 7:9-17.
2. (a) Ke hobane’ng ha tsela eo “bongata bo boholo” bo etsang “tšebeletso e halalelang” ka eona e le ea bohlokoa? (b) Ke joang lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho sebeletsa’ le fapaneng le lentsoe le ngotsoeng e le “tšebeletso e halalelang”?
2 Ho tloha nakong eo ka eona bo bokelletsoeng ‘bongata bona bo boholo’ ka 1935 C.E., bo ’nile ba ‘etsa . . . tšebeletso e halalelang’ ho Jehova Molimo. Hore na ba e etsa joang ke habohlokoa haholo. Hobane’ng? Hobane ho baapostola ba hae ba tšepahalang ba 11 Jesu o buile tjena le bona bosiung ba ho qetela: ‘Ke le boleletse lintho tsena hore le tle le se ke la khoptjoa. Batho ba tla le leleka masynagogeng. Ha e le hantle, nako ea tla eo e mong le e mong ea le bolaeang a tla lekanya eka o etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang.’ (Joh. 16:1, 2, NW) Bakeng sa “tšebeletso e halalelang,” The Jerusalem Bible e re “mosebetsi o halalelang”; The New English Bible e re “mosebetsi oa bolumeli”; The Emphasised Bible ea Rotherham e re “tšebeletso e khethehileng.” Lentsoe la Segerike sa pele le fetoletsoeng ka tsela eo ke la·treiʹa. Leetsi la lereo leo la Segerike ke la·treuʹein. Le fapana le leetsi la Segerike di·a·ko·neinʹ, le bolelang “ho sebeletsa,” le le sebelisoang le linthong tse tloaelehileng, le tsa ka mehla le tsa lefatšeng, lintho tse sa halaleleng, joaloka ho Mattheu 8:15.
3. Ke hobane’ng ha Bajode ba neng ba tšoarelletse selekaneng sa Molao ba ile ba nahana hore ha baa fosa ka ho bolaea Jesu le ho hlorisa barutuoa ba hae?
3 Saule oa Tarese, Asia Minor, ka nako e ’ngoe e ne e le Mojode ea thetsitsoeng ea neng a hlorisa Bakreste ho fihlela ha a sokolloa. O buile ka Bajode bahabo e le “Ba-Iseraele bao ho beoa bana e leng ha bona, le khanya, le lilekane, le peo ea molao, le tšebeletso ea Molimo [tšebeletso e halalelang, la·treiʹa], le lipallo, bona bao bo-ntate [Abrahama, Isaaka le Jakobo] e leng ba bona, bona bao Kreste a tsoileng ho bona ka nama.” (Ba-Roma 9:4, 5, bapisa NW) Kaha ba ile ba tšoarella ‘tšebeletsong e halalelang’ eo e neng e beiloe selekaneng sa Molao, Bajode ba sa lumelang ba nahana hore ha ba phoso ka ho khokhothela Jesu Kreste le ka ho hlorisa barutuoa ba tšepahalang ba hae ho isa lefung.
4. Pauluse o bua joang ka tšebeletso ea baprista ka likarolong tsa tente, ’me mesebetsi eo e ne e tšoantšetsa eng?
4 Nakong eo ka eona selekane sa Molao se neng se sebetsa, ‘tšebeletso eo e halalelang’ tlas’a eona e ne e e-na le sebaka sa eona, ’me e ne e amoheleha ho Molimo. Kahoo moapostola Pauluse o e bea boemong bo phahameng ha a re: “Ha ho le joalo, selekane sa pele se ne se na le melao ea tšebeletso [e halalelang, la·treiʹa] le sehalalelo e leng sa lefatše. Hobane mohla tabernakele e emisoang, ho no ho etsoe sebaka sa pele, moo ho beiloeng kandelare, le tafole, le mahobe a pontšo, ’me baka seo se ne se bitsoa sehalalelo. ’Me ka mora’ lesira la bobeli, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitsoang sehalalelisiso; . . . Ntho tseo, ha li ne li lokisitsoe joalo, baprista ba ne ba kena ka matsatsi ’ohle sebakeng sa pele sa tabernakele, ho etsa tšebeletso ea Molimo [la·treiʹa].” (Ba-Heb. 9:1-6) Tšebeletso eo e halalelang e ne e amana le mahlabelo a neng a nyeheloa lebitsong la sechaba sa Iseraele. E ne e sa supe linthong tsa tsatsi le leng le le leng tsa batho. Joalokaha moapostola Pauluse a totobatsa, ‘tšebeletso eohle e halalelang’ joalo tlas’a selekane sa khale sa Molao e ne e tšoantšetsa, e le selelekela sa litaba tsa Bokreste.
5. Ho seo Pauluse a se bolellang Bakreste hore ba se etse ho Ba-Roma 12:1 na ke ntho e tloaelehileng, ’me o e bitsa eng?
5 Tumellanong le seo, Pauluse o itse lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma: “Ka baka leo, banab’eso, kea le rapela hle ka mehauhelo ea Molimo, hore le ke le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; ke eona tšebeletso [e halalelang, la·treiʹa] e le tšoanetseng. Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena.” (Ba-Roma 12:1, 2, bapisa le NW) Kahoo ho etsa ha bona ntho e ngoe ea mofuta oa sehlabelo e ne e tla ba ho sa tloaelehang, ntho e sa etsoeng feela ka kakaretso ka batho bao e seng Bakreste, ba tsamaiso ea lintho ea lefatše lena.
6. Ka ho kena selekaneng sa Molao ka Moshe, Baiseraele ba itlama ho etsetsa Molimo eng, ’me moshoela-tumelo Setefane a re’ng ka see?
6 Hoba sechaba sa Iseraele se lopolloe tlung ea bohlanka Egepeta ea boholo-holo, ba neoa mokhoa oa tšebeletso e halalelang e hlophisitsoeng ho Molimo. Joalokaha moshoela-tumelo oa Mokreste Setefane a boletse ka mantsoe ana: “Empa sechaba se li entseng makhoba, ke tla se ahlola, ho bolela Molimo; ka mora’ tseo li tla tloha teng, ’me li tla ntšebeletsa [la·treuʹein] naheng ena.” (Lik. 7:7) Ka ho kena selekaneng sa Molao le Jehova Molimo ka Moshe e le ’muelli oa bona, Baiseraele ba itlama ho etsetsa Ea Holimo-limo tšebeletso e halalelang. Hamorao Baiseraele ba neng ba tlamiloe ke selekane ba ikhethela ho rapela melimo e meng. “Ebile moo,” kamoo Setefane a ileng a bolela, “Molimo o ba furallang, oa ba neela ho sebeletsa [la·treuʹein] makhotla a leholimo, kamoo ho ngoliloeng kateng bukeng ea baprofeta, ho thoe: Lona ntlo ea Iseraele, na le ntlhahiselitse likhomo le mahlabelo feelleng ka lilemo tse mashome a mane na?”—Lik. 7:42.
7. (a) Hore ho tle ho finyelloe phethahatsong ea tšepiso ea Molimo, Pauluse o itse Bajode ba ne ba mo etsetsa’ng? (b) Ka seo Bajode ba neng ba se bitsa thuto, moapostola Pauluse o ne a etsetsa Molimo oa bo-ntat’ae eng?
7 E bile lilemo tse ngata kamor’a hore Jehova Molimo a hlakole selekane sa hae sa Molao le ntlo ea tlhaho ea Iseraele moo moapostola Pauluse a ileng a bua moo ho utloang lekhotla pel’a Morena Agrippa Sesarea: “Eo meloko ea rōna e leshome le metso e ’meli e lebeletseng ho etsahala ha eona, e ntse e sebeletsa [la·treuʹein] Molimo, bosiu le motšehare; ke ka baka la tšepo eo, morena Agrippa, ke nqosoang ke ba-Jode.” (Lik. 26:7) Ka baka la qoso e joalo Pauluse o ne a ka bua tjena ka pel’a ’Musisi oa Moroma Felixe moo ho leng teng banqosi ba Bajode: “Seo nka ipolelang ho uena ka sona, ke sena: Ha e le thuto eo ba reng ke thuto e khelohileng, ke fela ke sebeletsa [la·treuʹein] Molimo oa bo-ntate ka eona, ke ntse ke lumela litaba tsohle tsa molao tse ngoliloeng baprofeteng.”—Lik. 24:14; 28:22.
8. (a) “Thuto” eo “bongata bo boholo” ba kajeno bo rapelang Jehova ka eona ke efe? (b) Ke hobane’ng ha ho le teng kotsi e khōlō ka ho etsa “tšebeletso e halalelang” e khelohileng, ’me Pauluse o itse re ka sireletsoa ke eng?
8 “Thuto” eo ho neng ho thoe ke e khelohileng eo Pauluse a neng a rapela Jehova ka eona e le Molimo e ne e le Bokreste. (Lik. 11:26; 1 Pet. 4:16) Kajeno bao ba “bongata bo boholo” ba lumela pontšeng hore ke Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste, ’me ka lebaka leo ba tlameha ho ba hlokolosi haholo hore na ba leka ho sebeletsa Jehova ka tsela e halalelang joang. Ha esale ho kena ‘mehla ea bofelo’ qetellong ea ‘mehla ea Balichaba’ ka 1914, melimo ea bohata le marena a bohata a atile. (Luka 21:24, Authorized Version) Le lilemong tse fetileng tse makholo a 19 moapostola Pauluse o ho fumane ho hlokahala ho hopotsa “Bakreste” ba motseng o moholo oa ’Muso oa Roma hore: Bakoenehi ba Bajode ke “ba fetotseng ’nete ea Molimo leshano, ba rapetseng tse bōpiloeng, ba li sebelelitseng [la·treuʹein], ba furaletse ’Mopi ea bokoang ka mehla.” (Ba-Roma 1:25) A bontša seo se neng se mo sireletsa tšebeletsong e halalelang ea bohata, ha a re: “Hobane leha ho le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata—leha ho le joalo, ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna, e leng oo tsohle li tsoang ho oona, oo re leng ho oona; ’me re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle li entsoeng ka eena, le rōna re leng ka eena.”—1 Ba-Kor. 8:5, 6.
KAMOO E ETSOANG LE NAKO
9. Ke neng boiteko ba ho etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang” ho ea ka selekane sa Molao oa Moshe e bileng ho sa lokelang, hona hobane’ng?
9 Lilemong tse 1 545 tseo selekane sa Molao se neng se sebetsa ho sechaba sa Bajode, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho 33 C.E., Bajode ba tšepahalang ba ne ba etsetsa Jehova Molimo seo e neng e le “tšebeletso e halalelang” e amohelehang ho eena. Empa ha ho felisoa selekane sa molao nakong eo ka eona Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a neng a buella selekane se secha leholimng ka 33 C.E., selekane sa Molao sa Moshe e ne e se e se mokhoa oa ho etsa tšebeletso e halalelang e amohelehang ho Jehova, Molimo oa selekane se secha. (Ba-Heb. 8:10-13) Hore tšebeletso ea bona ea bolumeli e amohelehe ho Jehova Molimo, Bajode ba ne ba tlameha ho etsa ka ’Muelli e moholoanyane ho Moshe, Jesu Kreste Mora oa Molimo, ‘peo ea Abrahama.’ (Ba-Gal. 3:16) Ho ile ha suptjoa hona letsatsing lane la selemo ka 2 B.C.E. ha moprista oa Mojode ea bitsoang Zakaria a bolela hore mora oa hae ea matsatsi a robeli o tla bitsoa Johanne.
10. (a) Mohla a bolotsang mora oa hae, Zakaria a bolela hore ke morero oa Molimo hore batho ba Oona ba o etsetse eng hoba ba lokolloe ho lira tsa bona? (b) Lebitsong la selekane seo se tlamiloeng ka kano, Johanne ea e-ba selelekela sa mang?
10 Joale Zakaria ea bululetsoeng a bolela ka morero oa Molimo “hore a hauhele bo-ntata rōna, ’me a hopole selekane sa hae se halalelang, e leng kano eo a neng a anetse ntat’a rōna Abrahama, ea hore, ha re loetsoe matsohong a bao e leng lira ho rōna, re mo sebeletse [la·treuʹein], re sa tšabe letho, khalalelong le ho lokeng, pontšeng ho eena, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha rōna.” (Luka 1:59-75) Johanne mora oa Zakaria e bile selelekela sa Jesu Kreste, eo Molimo o mo sebelisitseng ha o phethahatsa selekane seo o se entseng le Abrahama o se tiisa ka kano e sa sisinyeheng.—Gen. 12:3; 22:15-18; Ba-Gal. 3:8, 16; Ba-Heb. 6:13-17.
11. (a) “Bongata bo boholo” bo leka ho etsetsa Molimo “tšebeletso e halalelang” hokae kajeno? (b) 1 Ba-Korinthe 10:31 e hlahisa potso efe ka “bongata bo boholo” boo?
11 Joaloka batho ba seng ba hlohonolofalitsoe ka selekane sa Abrahama, bao ba “bongata bo boholo” ba iphumana ba le mabaleng a lefatšeng a “tempele” ea moea ea Jehova ’me ba batla ho etsetsa Molimo oa Abrahama “tšebeletso e halalelang” ntle ho tšabo. Empa joang? Ke ’nete, mantsoe a moapostola Pauluse a ho 1 Ba-Korinthe 10:31 a sebetsa ho “bongata bo boholo” hammoho le masala a Baiseraele ba moea ba 144 000, e leng, a reng: “Leha le e-ja, leha le enoa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.”
12. Ka baka la maikutlo a rōna a sa tšoaneng le ka baka la hobane re etsa lintho tsena tse tloaelehileng tlas’a lebitso Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste, na hona ka bohona ho etsa lintho tsee “tšebeletso e halalelang,” kapa che?
12 Na ka mantsoe ao moapostola Pauluse o bolela hore lintho tsohle tseo re li etsang hona joale re le Bakreste li fetoha “tšebeletso e halalelang” (la·treiʹa) ka baka la hobane re e-na le maikutlo a sa tšoaneng ka lintho tsee? Ebe ho ka ba joalo ka lebaka lefe? Ha re e-ja, ha re e-noa leha re robala leha re etsa lintho tsohle tse etsoang ke batho ba bang ka tlamo hore ba phele, re hlile re sebeletsa mang? Rōna ka tlhaho. E, ha joale re etsa lintho tseo, re hopotse ho tlotlisoa ha Molimo. Ka baka leo ha re je ho tlōla moeli ho isa moo re tla kula kapa re be meharo; ha re noe lino tse tahang ho isa moo re tahoang; ha re robale ho tlōla ho isa moo re tla ba botsoa kapa likhoba. Leha ho le joalo hona joale ha re ja, re noa, re robala tlas’a lebitso la bolumeli la Lipaki tsa Jehova ka mokhoa o tšoanang le batho ba bang bohle kamoo ba etsang tlas’a lebitso la bolumeli ba bona, na hona ka bohona ho fetola liketso tsena tsa motheo, le tsa bohlokoa tse phelisang motho “tšebeletso e halalelang”? Che; li ka etsa joalo ka lebaka lefe?
13. Ke hobane’ng ha ho fapana ha lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova li keteka Sejo sa Morena sa mantsiboea selemo le selemo ka letsatsi le nepahetseng?
13 Koana, ha Bakreste ba Lipaki tsa Jehova ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang ba keteka Selallo sa Morena kapa Sejo sa Mantsiboea selemo le selemo, hona ho na le phapang. Ho ja ha bona bohobe bo sa lomosoang ka nako eo le ho noa veine e khubelu bosiung ba hoetla ka la 14 Nisane ke lintho tse etsoang tlas’a taelo ea Jesu Kreste ’me li hlalosa ntho e tebileng eo a li amahantseng le tsona. Kahoo ke karolo ea bohlokoa ea “tšebeletso e halalelang” e etsetsoang Molimo ke litho tsena tsa moea oa ’mele oa Kreste.—1 Ba-Kor. 11:20-26; Matt. 26:26-30; Luka 22:19, 20.
14. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho etsa lintho tse boletsoeng ho Ba-Roma 13:1-7, ’me na ka ho etsa joalo re fapana le baahi ba bang ba utloang molao ba naha?
14 Ka lehlakoreng le leng, ha Bakreste bohle bao e leng Lipaki tsa Jehova ba etsa seo moapostola Pauluse a ba laelang hore ba se etse ho Ba-Roma 13:1-7, ba etsa feela se hlokoang ho bohle bao e leng baahi kapa bajaki ba naha. Ka ho loketseng hoo re ho etsa hantle le joaloka batho ba nang le molao, ’me hona ho re thibela ho kena khathatsong ho ‘marena a maholo.’ Hape re ho etsa ka tšusumetso e phahameng, ke hore, ho lula ka letsoalo le letle le ho ananela se nepahetseng le se loketseng. Empa ha re etsa joalo tlas’a lebitso Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste ha ho iketsahalle feela hore boitšoaro ba rōna bo loketseng e be “tšebeletso e halalelang” ea Mangolo. Baahi ba bang bohle ba mamelang molao ba etsa lintho tse joalo, leha e le ntle ho tšusumetso e tšoanang le eo re nang le eona. Ebe joale re fapana kae ntlheng ee?
15. Ha re tlōla lithibelo tse entsoeng ke motho tsa borapeli ba Jehova ’me kahoo re etsa se sa etsoeng ke baahi ba bang hona ho fetoha tšebeletso ea mofuta ofe, hona hobane’ng?
15 Leha ho le joalo, ha re re mohlomong ba boholong ba naha ba re thibela ho phethahatsa borapeli ba rōna re le Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste? Ho ka ba joang ha joale re nka mantsoe a baapostola ba Kreste: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho”? (Lik. 5:29) Ha re tsoela pele ho etsa seo baahi ba bang bohle ba sa se etseng, e le hore re utloe seo Molimo o se laelang lipaki tsa hae tse ineetseng le tse kolobelitsoeng, hore li se etse ho boloka seo re se etsang e le tšebeletso e halalelang ho eena. Hona ho sala e le ’nete le haeba ba boholong le baahi ba bang ba naha ba ho bolela e le tlōlo ea molao, e le ho sa lumelloang.
16. Ke mehlala efe ea “tšebeletso e halalelang” ena e tlamang e fanoang ho Ba-Heberu 10:23-25?
16 Ka mohlala, Lentsoe la Molimo lea laela: “A re tiiseng kano ea tumelo ea rōna, re se na ho sisinyeha; hobane ea re tšepisitseng oa tšepeha. A re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang; re mpe re khothatsane, haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.”—Ba-Heb. 10:23-25.
17. Na tsela eo ka eona ‘marena a maholo’ ka molao a bitsang ho utloa ha rōna khothalletso ea Molimo e fetola tlhaho ea moea ea tsela ea rōna?
17 Ka ho ke keng ha latoloa, ho utloa ha rōna khothatso ena e bululetsoeng, le hoja re e hlokofalla matsohong a batho, ke tšebeletso e halalelang ho Boleng bo Phahameng, Jehova Molimo. ‘Marena a phahameng’ a sa khahleheng a naha a ka e bitsa kamoo a ikhethelang ho e bitsa, ka molao.—2 Tim. 2:8-10.
18. ‘Polelo ea pontšeng ea tšepo ea rōna’ e amana le ’muso ofe, ’me kahoo hona ho oela tlas’a mantsoe afe a tlamang a Jesu?
18 ‘Ho bolela pontšeng tšepo ea rōna’ ho amana le ’muso oa Molimo oa Messia o tla busa bakeng sa ho hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše. Ka ‘polelo ea pontšeng’ e joalo, Jesu Kreste ha a profeta ka ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ o buile mantsoe ana a laelang: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo [teloʹs] bo hlahang.” (Matt. 24:3, 14) “Ba tla le isa . . . pel’a babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be lipaki ho bona. E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.”—Mar. 13:4, 9, 10.
19. Ke bo-mang ba tlamehang ho phethahatsa mantsoe ao a boprofeta hore a sebetse, ’me ho etsa joalo ha bona ke karolo ea eng?
19 Ke bo-mang ba tla phethahatsa boprofeta boo e le hore bo ka pakoa e le ’nete? Ha ho ba bang ntle ho barutuoa ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Ea faneng ka boprofeta, Jesu Kreste, bona ba ileng ba neoa boprofeta. Ho hlokomela ha bona tšoanelo ea bona le ho nka karolo ho etseng hore boprofeta boo bo sebetse ke karolo ea “tšebeletso e halalelang” eo e seng eka ba ke ke ba e pota kathoko.
20. A paka hore barutuoa ba tlameha ho etsa “tšebeletso e halalelang” ena, Jesu o itse’ng ho barutuoa thabeng ea Galilea, kahoo ba phelang ‘bofelong ba lefatše’ ba tlameha ho etsa joang?
20 A tiisa ’nete ea hore barutuoa ba hae ba tla phethahatsa ‘tšebeletso ena e halalelang’ Jesu ea tsositsoeng a iponahatsa ho barutuoa ba hae ba ka bang 500 thabeng “Galilea oa lichaba” ’me a ba laela: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong [syn·telʹia] ba lefatše.” (Matt. 28:19, 20; 4:15; 1 Ba-Kor. 15:6) Ho tloha bofelong ba “mehla ea lichaba” ka 1914 re phetse “bofelong ba lefatše.” Kahoo rōna bohle barutuoa ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Jesu Kreste ea tsositsoeng le ea filoeng matla ka ho feletseng re tlas’a litaelo tsa ho phethahatsa “tšebeletso e halalelang” ena eo a e beileng holim’a rōna. Re tlameha ho etsa joalo ‘ho isa bofelong ba lefatše,’ ho se mohla re khoehlisang matsoho.
21. (a) Ho ba tla kena ho ba Jerusalema e Mocha oa leholimo, ba tla neoa litokelo life? (b) Ho ba “bongata bo boholo” ba ipakang ba tšepahala ho isa qetellong ea ‘mahlomola a maholo,’ ba tla neoa melemo efe?
21 Ka Baiseraele ba moea ba 144 00 ba fumanang ho kena motseng oa leholimo, Jerusalema e Mocha, ho ngoliloe: “Anathema ha e sa tla hlola e e-ba teng; se leng hona teng ke terone ea Molimo le ea Konyana, ’me bahlanka ba oona ba tla o sebeletsa [la·treuʹein]; ba tla bona sefahleho sa oona, ’me lebitso la oona le tla ngoloa liphatleng tsa bona.” (Tšen. 22:3, 4) Ha e le ka ba tšepahalang, ba utloang, ba etsang “bongata bo boholo” bo se nang palo, ba tla hlohonolofatsoa ka “poloko” ho tsoa “mahlomoleng a maholo” ao ‘mehla ena ea bofelo’ e tlang ho phethoa ka oona, ’me tlas’a ’muso oa lilemo tse sekete oa Konyana ea Molimo ba tla tsoela pele ‘ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalel ng’ mabaleng a lefatšeng a tempele ea oona ea moea. ’Me “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—Tšen. 7:9-17.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho Bajode, tšebeletso e halalelang kamehla e ne e amana le borapeli kutlong ea selekane sa Molao
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
“Tšebeletso e halalelang” e akarelletsa ho utloa Molimo tlas’a mahloriso, ho bolela tšepo ea rōna pontšeng, ho ruta le ho etsa barutuoa