U ka Teba Hakae ho Boloka Seriti?
NA U bona ho tšoana pakeng tsa ho ikhonya mala le ho itekanya le batho ba u fetang ka matla? Kapa pakeng tsa ho kena molatong o boima bakeng sa mokete o majaba-jaba oa bolumeli, le ho hana ho lumela hore u hlōtsoe ke khang? Ho tšoana ke hore e ’ngoe le e ’ngoe linthong tsena mohlomong e susumetsoa ke ho ipolokela seriti.
Ho ipolokela seriti ke eng? Ka Sesotho, lentsoe “seriti” le sebelisoa ka nako e ’ngoe ho amana le “hlompheho.” Kahoo ho boloka seriti ho bolela ho ‘ipolokela hlompheho,’ haholo ha ho le teng ntho e ka ’nang ea tlontlolla. Na hona ho phoso? Koana, ho itlhompha ha ho hlile ha ho phoso. Ha Jesu a ne a re laela hore ‘re rate bahabo rōna joalokaha re ithata’ o ne a bontša hore re ne re tla ameha ka mokhoa o itseng ka bōrōna. (Matt. 22:39) Ho itlhompha ho re thusa ho ipoloka re hloekile, re tšepahala re bile re le khabane. Ke mang ea ratang hore batho ba mo nahane a le litšila, a sa tšepahale, a bile a se khabane?
Ho ipolokela seriti ho feta-feta moo, leha ho le joalo. Ho bolela hore botumo ba rōna kapa hlompheho ke eona ntho ea bohlokoa haholo. Japane, ka mohlala, kamoo motho e mong a ileng a hlokomela, “lihlong li na le sebaka se hlokomelehang . . . seo ‘letsoalo le hloekileng,’ ‘ho ba boemong bo botle le Molimo,’ le ho qoba sebe se nang le sona lichabeng tsa Bophirima.” Ho qoba lihlong, kapa ho ipolokela seriti, motho a ka itokisetsa ho etsa sehlabelo, joalokaha Mokreste a ka etsa sehlabelo ho boloka letsoalo le letle. Ka nako e ’ngoe Japane, ba bang ba ne ba ikhonya mala, ha lihlong li ba nanarela. Na u ka teba hakaalo feela hore u se ke ua itlosa seriti?
SEO BATHO BA SE ETSANG KA BAKA LA “SERITI”
Bochabela, batho ba bang ba sa ntsane ba ipolaea ha ba utloa hore ba tloha ba tlontloloha, le hoja ba se ba sa ho etse ka ho ikhonya mala. Ba etsa le mahlabelo a mang. Moketeng oa Buddha, libakeng tse ling, ho tloaelehile hore malapa a sebelise chelete eohle ea lijo ea beke sejong se le seng feela sa mokete e le hore le se tlontlolohe pel’a bao le ahileng le bona. Libakeng tse ling, monna a ka isa moeti ho ea ja ntlong ea lijo e lefeloang haboima haholo motseng ho ea mo thabisa. Mohlomong monna o ikimelitse kahoo, ’me mohlomong moeti le eena o ne a ka ikhethela ho ja lapeng. Empa ea etetsoeng o ikutloa hore o tlameha ho etsa joalo e le hore a ka boloka seriti.
Naheng e ’ngoe, ke moetlo hore ha morali a nyaloa, ntate a fane ka ntlo e kentsoeng thepa bakeng sa lelapa leo le lecha. Ntate o ba le “seriti” haeba a ka e kenya thepa e ntle haholo. Kahoo, batho ba bang ba kena melatong e boima hore ba etse sena. Ka tloaelo, monna o tla ntša bohali bakeng sa mosali oa hae e mocha. Hore a be le “seriti,” mohlankana le eena a ka kena molatong feela hore a ntše bohali bo bongata. Leha ho le joalo, ntat’a monyaluoa, eo mohlomong a seng a ntse a qoetse melatong kamor’a ho kenya ntlo thepa, o tla khutlisa bohali. Ha a batle ho tloha seriti ka ho amohela chelete.
Na u ka teba hakaalo hore u ipolokele seriti? Ba bangata baa ho etsa. Ho teng litsela tse ling hape, tseo motho a ka angoang ke tsona ke takatso ea ho boloka seriti. Naheng e ’ngoe ea Bochabela, ha motho a rata hore e be Mokreste, hangata o tsekisoa hore o tla lahleheloa ke seriti sa lelapa ka baka la ho ‘kena bolumeling ba Bophirima.’ Koana, Bokreste ha se “bolumeli ba Bophirima,” empa ke tsela eo bo talingoang ka eona moo. Le hoja re sa batle ho baka likhopiso ntle ho mabaka, ho totobetse hore ha ho bohlale ho tlohela ho etsa seo re tsebang hore se nepahetse ka baka la “seriti.”
TŠEKAMELO EA LEFATŠE LOHLE
Tšekamelo ea ho rata ho boloka seriti ha e bonoe Bochabela feela; e lefatšeng ka bophara. Nka ka mohlala taba ea ho itekanya le batho ba u fetang ka matla. Nahana ka monna ea nang le koloi e loketseng seo a se hlokang ka mokhoa o motle. Ka tsatsi le leng eo a ahisaneng le eena o reka e ncha, e theko e boima. Monna oa pele, ea neng a khotsofetse hantle ke koloi ea hae, joale ha a sa khotsofetse. Hobane’ng? E se e mo hlabisa lihlong. Ea eo a ahisaneng le eena e ncha e etsa hore koloi ea hae e shebahale e tsofetse. Joale o reka koloi e ncha eo a sa e hlokeng mohlomong a ke ke a khona le ho e lefella. Sepheo sa hae, ho hlajoa ke lihlong ka pel’a eo a ahisaneng le eena, se tšoana le se neng se etsa hore batho ba bang ba Bochabela ba ikhonye mala.
Hape, na u kile ua halefisoa ke ha motho e mong a u eletsa? Na u ile ua ipotsa: “Ha hoa loka! Ke mang hore a ’nyatse? Ha se letho eena ka boeena!” U ne u itokafatsa. Hobane’ng? Hobane boikhantšo ba hao, kapa hlompheho, e ne e amehile.
Ka linako tse ling motho a ka itela haholo ka boiteko ba ho boloka seriti. Mohlomong o etsa sebe se matla. A ke ke a ikisa ho ba bang ho ea se lumela le hore taba e lokisoe. Ha phoso e hlahela ka tsela e ’ngoe ’me Bakreste ba hōlileng tsebong ba e bua le eena, o e latola kaofela ha eona. Ka baka la lihlong kapa manganga, o bile o utloisisa hore a ka mpa a arohana le phutheho ea Bokreste, kahoo a bea kotsing kamano ea hae le ’Mōpi oa hae le tšepo ea hae ea bophelo bo sa feleng. Na u ka teba hakaalo hore u boloke seriti?
Ha motho e mong a ka u siteloa teng? Na ho bonolo hore u mo tšoarele? Kapa u batla “toka”? Ka linako tse ling Mokreste a ka ’na a siteloa e mong. Motho ea khopisitsoeng a bea taba ho baholo ba phutheho, ’me moetsalibe oa nyatsuoa le ho busetsoa. Empa ea sitetsoeng o sitoa ho lebala taba. O nahana hore balebeli ba bile bonolo haholo ’me o ikutloa hore bohloko boo a bo utloileng ha boa nahaneloa ka ho teba. Ke hobane’ng ha a nahana joalo? Na ebe ke hobane kutloisiso ea hae ea seriti se amehileng ke ea bohlokoa ho eena ho feta ho khutlisoa ha moena ea sitiloeng? Ka mantsoe a mang, na “seriti” sa hae, kapa hlompheho, se hloka hore moetsalibe a utloe bohloko?
Ho ka ’na ha boleloa mehlala e meng e mengata. Na u kile ua kopana le motho ea hanang ho lumela hore o fositse, leha mabaka a totobetse ho mang le mang? Kapa na u tseba motho ea sa rateng ho eletsoa, ea utloang bohloko le ho khopeha ha a etsa litlhahiso tse sa amoheleheng ho ba bang, kapa ea manganga le ea sa sutheng maikutlong a hae? Na u tloaelane le motho ea ikhantšang haholo ka mosebetsi oa hae o phahameng o hlomphehang kapa thuto ea hae e phahameng, kapa, ho fapana le moo, ea lihlong kaha ha a ea ruteha hakaalo? Litšobotsi tsena tsohle e ka ba lipontšo tsa ho ameha ka “seriti,” kapa hlompheho ea botho.
Kahoo, ke hantle ha Mokreste a ipotsa: “Nka teba hakae ho boloka seriti? Ha e le hantle, ke lokela ho talima taba ee eohle ea ho boloka seriti joang?”