Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/15 leq. 19
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikutlo le Bohelo
  • Bahlalefi le Thetso
  • ‘Tsamaiso ea Lihlopha Tsa Bohata’
  • Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lekhotleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Iphetola Hoa Lintho
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na Khopolo ea ho Iphetola ha Lintho e Lumellana le Bibele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Li Bōpiloe Kapa li Bile Teng ka ho Iphetola ha Lintho?—Karolo ea 2: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela Hore Lintho li Bōpiloe?
    Bacha Baa Botsa
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/15 leq. 19

Ho Nyarela ka Litabeng

Boikutlo le Bohelo

● “Litsing tsa bongaka har’a sechaba bopaki bo ntse bo phaellana hore bohloko, thabo . . . li ama ’mele ea rōna haholo ho feta kamoo bahlalefi ba neng ba lumela ho tla fihlela joale,” kamoo ho tlalehang New York “Times Magazine.” Boikutlo bo bobe hona joale bo bonoa bo nka karolo eitseng ‘ho tebisitseng tlase.’ Sehlooho se re: “Liphuputso li bontša hore bohale le lipelaelo ho bonahala li nka karolo ea bohlokoa ho baka lekhopho le potang molomo le tloaelehileng ka likokoana-hloko tse hlōlang matla a ho itšireletsa, li qetella li hlahisitse liso tsa molomo.”

Sehlooho se boetse se tlaleha ka se fumanoeng ke Dr. Barbara Betz, ea ithutileng ka ba qetileng sekolong sa bongaka sa John Hopkins. Ka nako e fetang lilemo tse 30, a fumana hore har’a ba phelang hantle kelellong le ba nang le boikutlo bo botle, ke karolo ea 25 lekholong feela ba hlaseloang ke pelo kapa ba tšoaroe ke kankere. Empa ho ba feto-fetohang boikutlong ba khena feela, palo e amehang ea phahamela ho 77 lekholong. O re, “botho ba hao le tsela eo u atamelang bophelo ka eona, ruri ho bonahala li ama hore na u loantša mafu joang.”

Le hoja ba bang bongakeng ba ’nile ba lieha ho lemoha kopano pakeng tsa boikutlo le bophelo, khale Bibele e ne e e hlakise, e re: “Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moea o hlomohileng o omeletsa masapo.”—Liprov. 17:22.

Bahlalefi le Thetso

● Sehloohong sa bahlophisi ba nakoana ba makasine ea “American Laboratory,” motsoaki Donald F. Calbreath, Ph.D., o ile a totobatsa litsela tse tharo tseo ho tsona ba thuto ea hore bole phelo bo ikentse ba thetsang batho ka tsona. Ea pele, thuto ea pōpo likolong e hanyetsoa hobane ho boleloa hore e amana le bolumeli. “Leha ho le joalo,” o ngola hore, “thuto ea bophelo ba motho e atileng ka lihlopheng le mananeo a koetliso ea matichere e lokela ho nkoa e le ea bolumeli hakaalo le eona. . . . Kaha ka bobeli li amana le libaka tse ke keng tsa sebetsoa feela ka ho feletseng ka liteko tsa bahlalefi, ho hlokahala tumelo ka tekanyo eitseng ho amohela lithuto tsa tsamaiso.”

Leha ho le joalo, Calbreath oa ngola: ‘Ngoana [oa sekolo] ha a tsebisoe khopolo ea hore bophelo bo ikentse e le khopolo feela. Ho etsoa Iipolelo tsa bolotsana libukeng tsa thuto ea mahlale kapele ho tloha sehlopheng sa bobeli (ho theiloe ho seo ke se balileng libukeng tsa ho ithuta tsa bana ba ka). Hore bophelo bo ikentse ho hlahisoa e le ntho ea ’nete, e seng khopolo e ka ’nang ea botsisisoa.’

Ea boraro, ho na le boiteko ba ho “mateha ntoa e le e pakeng tsa bahlalefi ba tšehetsang hore bophelo bo ikentse le ba lumelang pōpo bao e seng bahlalefi.” O re sena ke ‘ho sa tšoanelang.’ Hobane’ng? Hobane ‘khanyetso e ngata ea hore bophelo bo ikentse e tsoa ho bahlalefi, banna le basali ba fumaneng thuto e matla sekolong, ba nang le tsebo ka liphuputso le mekhoa ea mahlale ’me ba hana hore bophelo bo ikentse motheong oa tsebo ea bona ea mahlale. . . . ha bahlalefi ba tšoanelehang ba lahla khopolo ea hore bophelo bo ikentse ’me ba fana ka mabaka a khang a bohlokoa ho tšehetsa ho e lahla ha bona, mohlomong likhang tsa bona li na le ho utloahala ka mokhoa o itseng.’—Pulungoana 1980, maq. 8, 10.

‘Tsamaiso ea Lihlopha Tsa Bohata’

● Ho na le “lipontšo tse ling tse tšepisang tsa hore lihlopha-hlopha tsa baruti tse feteletseng tse ’nileng tsa khama kereke ka makholo-kholo a lilemo li qala ho oa.” Ho boletse joalo moprista oa Chache Mississauga, Ontario, Canada. A phaella hore ho ‘sibollotsoe ntho e thabisang ka mokhoa oa bosebeletsi ba Testamente e Ncha eo ho eona baruti ba khethiloeng ba nkoang e le “bahlanka ba bahlanka.”’ Empa a hlokomelisa: “Koana, hase mosebetsi o bobebe ho etsolla tsamaiso ea lihlopha e sebelitseng ho tloha Mehleng e Bohareng.” Phello ke hore re “fetotse Kereke tsamaiso e entsoeng ka bafepi ba mafolo-folo ba baruti le baji ba iphapantseng ba phutheho.”

Ho khahlisang, Lipaki tsa Jehova ka lilemo li latetse tsamaiso ea Mothei oa Bokreste hore ‘bohle le bana ba motho,’ ’me ha ho lihlopha tsa baruti har’a tsona. Hape lefatšeng lohle li tumme ka boboleli ba tsona ba evangeli bo etsetsoang bao ho ahisanoeng le bona ke litho tsohle tsa liphutheho tsa sebaka ka seng. Tokisetso eona ena e hlophisitsoeng le mosebetsi e ba entse ba nyatsehang haholo ho baruti. Empa le eena Jesu Kreste o ile a thulana le khanyetso ea baruti mehleng ea hae ho ba neng ba batla litlotla le litulo tse ba khethollang ho barapeli ba bang.—Matt. 23:8-12; 26:3-5.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela