Pono e Leka-lekaneng ea ho Boloka Seriti
BIBELE e bontša hore takatso ea ho boloka seriti e ntse e batla e le thak’a motho. Ha e le hantle, sona sebe sa pele sa batho se ile sa lateloa ke boiteko ba ho boloka seriti.
Mohlomong u tloaelane le tsela eo ka eona Adama le Eva, batsoali ba rōna ba pele, ba ileng ba siteloa Molimo ka ho ja tholoana e hanetsoeng. Qetellong, ba tlameha ho ikarabella ka bonokoane ba bona. Boitšoaro ba bona ea e-ba bo thahasellisang. Ha Adama a qobelloa ho ipolela, a leka ho bea molato ho Eva le eena Jehova Molimo ka boeena. A re: “Mosali eo u ’neileng eena hore a lule le ’na, ke eena ea mphileng tsa sefate, ka li ja.” Eva, le eena, a leka ho baleha molato. A re: “Noha e nthetsitse, ’me ke jele.”—Gen. 3:8-13.
Na u kile ua kena molekong oa hore u itšoare ka tsela e joalo? Ha u talimane le ntho e ’ngoe e phoso eo u e entseng, na u ile ua leka ho bea molato ho ba bang? Batho ba bang ba ka etsa sohle ho e-na le hore ba bolele phatlalatsa hore “Ntšoarele. Ke fositse.” Leha ho le joalo, ho leka ho boloka seriti ha ho fetole litaba. Adama le Eva ba otloa ka baka la sebe sa bona ho sa tsotellehe mabaka a bona.—Gen. 3:16-19.
Ananiase le Safira ke banyalani ba bang ba neng ba amehile haholo ka “seriti.” Ba leka ho thetsa phutheho ea pele ea Bokreste ka ho bolela leshano le feteletseng, mohlomong ba batla ho ikahela botumo, “seriti” sa bona, har’a balumeli ba bang. Ho se khahloe ha Molimo ha bontšoa ha o etsa hore ba shoe. (Lik. 5:1-11) Na Jehova a ke ke a talima litaba tseleng e tšoanang kajeno haeba, ka mohlala, Mokreste ka bohata a ipolela hore o etsa ho fetang hoo a hlileng a ho etsang tšebeletsong ea Molimo? Kapa, na Jehova a ke ke a soabisoa ke haeba, ka tsela leha e le efe, re leka ho ikaketsa ka seo re hlileng re seng sona?—Jak. 3:17.
NA HO HLOKAHALA HORE MOKRESTE A BOLOKE SERITI
Ho ameha ka “seriti” ho bonahala hangata ho tlisa liphello tse mpe. Ke kahobane ho theiloe motheong o fosahetseng. Ho bea maikutlo a hore botumo ba motho ke ba bohlokoa haholo. Hona ha hoa nepahala. Hape, ho boloka seriti ho ka ’na ha theoa boikhohomosong, kapa maikutlong a fetelelitsoeng a hore na motho o hlile o tšoaneleha hakae. Hona ha ho khahlise Jehova.—Liprov. 16:18.
Ke ’nete, Bibele e fela e re: “Botumo bo botle bo molemo ho e-na le oli e nkhang hamonate.” (Moek. 7:1) Hona, leha ho le joalo, ho supa botumo boo motho a bo fumanang, haholo mahlong a Jehova, ka baka la bophelo ba mesebetsi e metle. Ha ho amane kae kapa kae le hlompheho eo motho a ipatlelang eona ho ba bang le haeba a e lokela kapa che.
Hape ke ’nete hore hore motho e be moholo oa Mokreste monna o lokela ho ba “le bopaki bo botle bo tsoang ho ba kantle.” (1 Tim. 3:7) “Bopaki bo botle” bona, leha ho le joalo, bo be ka baka la boitšoaro ba hae ba Bokreste le lelapa le nang le molao, e seng kahobane a e-na le lengolo la likolo tse phahameng, mosebetsi o phahameng, kapa a senyeheloa ke chelete metsoalleng ea hae.
Ka ho totobetseng Jesu Kreste o ne a sa nke “seriti” sa hae hae ka pel’a ba bang e le sa bohlokoa haholo. Ha a ne a bolela har’a bafumanehi, balekhetho le baetsalibe ho e-na le ho tloaelana le baeta-pele ba bolumeli, ho bonahala hona ho ile ha mo theola haholo mahlong a banna bana ba ikhohomosang. (Joh. 7:45-48) Empa Jesu ha a ka a theoha ho etseng thato ea Ntat’ae oa leholimo kaha o ne a sa ipatlele khanya. Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng o itse: “Ekare ha ke ithorisa e le ’na, thoriso ea ka hase letho.” (Joh. 8:49-54) O ne a khotsofalletse hore Ntate oa hae a mo tlotlise. Leha ho le joalo, liketso tsa Jesu li ile tsa mo fumanela botumo bo botle pel’a Molimo le batho ba monahano o nepahetseng.
Ke ’nete le ho rōna. Ha re leka ho itlotlisa, haholo ka ho pata lintho, kapa ka ho itlhahisa kahosele, hona ka ho hlakileng ho fosahetse ’me hase ha molemo oa letho qetellong. Ho molemo haholo ho ameha ka tsela eo Molimo o re talimang ka eona. Jesu ka boeena o itse: “Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong.”—Matt. 5:11, 12.
Ho bile joalo ho Jesu, haholo hoba a tšoaroe. Baeta-pele ba bolumeli ba mo nqosa le ho leka ho silafatsa botumo ba hae ka lipaki tsa bohata. Kamor’a moo a tšehuoa le ho songoa. A tlamelloa ka moqhaka oa meutloa, a apesoa kobo ea purepera ho nyelisoa ’nete ea hore ke Morena. (Mar. 14:55-65; 15:17-20) Joale, ha Jesu a shoa, babusi ba neng ba ikutloa hore ba hlōtse ba pota-pota sefate sa tlhokofatso ba mo soma. Le tsela eo a shoeleng ka eona Bajode ba ile ba e talima e le e lihlong haholo. (Luka 23:32-38; Ba-Gal. 3:13) Ho sena sohle, na Jesu o ile a leka ho sireletsa botumo ba hae kapa ho boloka seriti? Che. Ho e-na le hoo, Mangolo a re bolella hore ‘ha a ka a re letho ka lihlong.’ (Ba-Heb. 12:2) Hoo e neng e le habohlokoa haholo mahlong a hae e ne e le ho tlotlisoa ha lebitso la ntate oa hae. (Joh. 17:4, 11) ’Me bakeng sa tsela ena e ntle ea boitšoaro, moputso oa Kreste o bile moholo ka sebele maholimong. Ke mohlala o tsotehang hakaakang hore re ka o etsisa kajeno!—1 Pet. 2:21, 22.
KAMOO HO KA SEBETSOANG BOTHATA BA “SERITI”
Mokreste joale a ka sebetsa bothata ba ho boloka seriti joang? Ka sebele, taba e ka nahanoa ka mahlakore a mabeli: tšebelisano ea rōna le ba bang, le hore na re italima joang.
Ha ho sebelisanoa le ba bang, Mokreste o lokela ho leka ho qoba ho ba bea boemong boo ba tla ikutloa ba tlameha ho itlosa lihlong. (Matt. 7:12) Kahoo, lerato le ho nahanela ho tla etsa hore molebeli ea eletsang kapa ea khalemelang a ho etse ka mosa, ka tsela e nahanelang—ka “moea o mosa.” (Ba-Gal. 6:1) Mokreste ea bolellang ea sa lumelang ‘litaba tse molemo’ o tla etsa joalo ka bohlale “ka mosa le ka hlompho.” (1 Pet. 3:15) Ka tsela ena a ke ke a utloisa bohloko kapa a soabisa ea sa lumelang ha motho eo a bua lintho tse sa nepahalang kapa a fumana hore tumelo eo a e ratang haholo ke ea bohata. Ho phaella moo, Mokreste a se ke a senya botumo ba motho e mong ka ho mo seba ho kotsi.—Liprov. 16:28.
Ha re italima, re lokela ho hlokomela hore ho hlokahala khōlō ea Bokreste ho qoba leraba la ho boloka seriti. Le eena Jobo o ile a oela ho lona. Ho ke keng ha hanyetsoa, o ne a le khatellong e boima. Mahlomola a hae a ne a akarelletsa ho kula ho sisimosang, ho shoelloa ke lelapa le ho nyahamisoa ke mosali oa hae. Joale metsoalle ka lebitso e meraro ea tla ho tla mo nqosa hore o sitiloe ka lenyele. Ke nakong eo moo Jobo a ileng a phasoloha ka bohale a itokofatsa. A ‘ipea ea lokileng ho feta Molimo.’ (Jobo 32:2) Empa ha Jobo a utloa mabaka a bohlale a Elihu ’me haholo likhopotso tsa Jehova ka boeena, monahano oa hae oa khutlela malulong. Jobo joale a tlotlisa Molimo ho e-na le ho leka ho ipea seriti le ho leka ho itokafatsa. Ka baka leo, a hlohonolofatsoa haholo.—Jobo 42:1-6, 12, 13.
Kahoo, ho hlokahala hore Mokreste a itlhahlobe ka hloko. Hangata ho thata ho hlokomela hore ho hlileng ho amehang ke ho ipolokela seriti. Hoa etsahala hore ka ho leka ho thetsa ba bang, le rōna rea ithetsa. Pelo e mano ’me e ka re etsa joalo. (Jer. 17:9) Ho joalo ka ho khethehileng ha re hatelletsoe maikutlong kapa ntho e hlaha ka tšohanyetso feela. Ho lokolisa monahano oa rōna ka thapelo, leha ho le joalo, ho tla re thusa ho bona boemo ba ’nete. (Pes. 139:23, 24) ’Me hang ha re ho hlokomela, joaloka Jobo, re ka thusoa hore re leka-lekane ke Lentsoe la Molimo le ke baena ba rōna ba Bakreste.
Hangata ha re tšoenngoe ke maikutlo a bahanyetsi, empa a ba haufi le rōna. Lebitsong la ‘litaba tse molemo,’ Mokreste ea hōlileng tsebong a ka mamella litšomo motseng oa habo. Empa a ka ho fumana ho le thata ho lumela phoso kapa ho bolela sebe ka phuthehong ’me, kamoo a nahanang, a ipea kotsing ea ho lahleheloa ke hlompheho eo Bakreste bahabo ba nang le eona ho eena. Mohlomong a ka soaba haholo haeba bana ba hae ba ka fosa, ’me a leka ho e koahela.
Hona ho ka ba ha etsahalla le molebeli oa Mokreste. Ka sebele, leha ho le joalo, moholo ea boemong bona ea bolelang bothata ba hae pepenene o sebeletsa molemo oa phutheho ’me o beela ba bang mohlala o motle. Batho ba nahanang ka nepo ba tla mo hlompha ka baka la botšepehi ba hae. Ka lehlakoreng le leng, ho leka ho qoba molato, kapa ho koahela seo eena kapa lelapa la hae le se entseng, ke bokoala. Hape ho ka isa leshanong. Li nyatseha ka bobeli ho Molimo.—Tšen. 21:8.
LITŠOANELEHO TSE THARO TSA BOHLOKOA TSA BOKRESTE
Kahoo, ho hlokahala hore re hlaolele litšoaneleho tse tla re thusa ho hlōla takatso ea ho itlosa lihlong. Ke life? Botšepehi ke e ’ngoe. (Ba-Heb. 13:18) Haeba re nka botšepehi e le ba bohlokoa, re ke ke ra rata ho ikaketsa, ho kang ho akarelletsoang ke ho boloka seriti. Hona ho ka ’na ha e-ba thata. Ke ka baka leo hape re hlokang boikokobeto le sebete ho re thusa ho lula re tšepahala, ho rōna ka bōrōna le ho ba bang. (Liprov. 15:33; 1 Ba-Kor. 16:13) Ho phaella moo, boikokobetso bo tla hlōla boikhohomoso ba bohata bo re etsang hore re batle ho boloka seriti.
E, sebete, botšepehi le boikokobetso li tla re thusa ho qoba leraba la ho ipolokela seriti. Pauluse o re ba bang ba ne ba mo talima e le lehlanya. (1 Ba-Kor. 4:10) Na ua tsotella ha batho ba u talima u le lehlanya ha u tseba pelong ea hao hore u etsa thato ea Molimo? Kapa na ho tšaba maikutlo a batho ba bang ho u thibela ho etsa se nepahetseng? Bacha ke bona ba hlileng ba hlokang sebete, botšepehi le boikokobetso ho emela metheo e nepahetseng ho fapana le ho ipolokela seriti le ho ea le mohibi.—1 Pet. 4:4.
Jesu o tšoantšitse ba sebeletsang Molimo le “bahlanka ba se nang thuso.” (Luka 17:10) Na u italima ka tsela eo? Kapa na u inka u hlile u le oa bohlokoa? Pauluse o re khothallelitse ‘ho se itekanye boholo bo tlolisang.’ (Ba-Roma 12:3) Hape a re khothalletsa hore ‘re se ke ra etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa.’—Ba-Fil. 2:3.
Mangolo a bontša ka ho hlakileng hore ha ho sebaka ka phuthehong ea Bokreste bakeng sa ho ipolokela seriti, kapa ho ipatlela hlompho. Litšoaneleho tseo tsa Bokreste tsa boikokobetso, sebete le botšephei li hanyetsana le ho ipolokela seriti ka ho phethahetseng. Ho ka ’na ha e-ba thata ho nahana ka tsela ena, haholo haeba re hōletse sebakeng se nkang ho ipolokela seriti e le se phahameng haholo. Empa, ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, Bakreste ba tseba ho fetoha tseleng eo ba etsang lintho ka eona. Le oona ‘matla a susumetsang likelello tsa bona’ a ka fetoha, haeba ba hlile ba batla. (Ba-Ef. 4:23) Kahoo hlokomela likotsi tsa ho ipolokela seriti. Hlokomela hore ke leraba la nama e oeleng, ’me, ka mekhoa eohle, ho qobe!