Buka e Thusang Batho
MOSEBETSI o ka sehloohong oa barutuoa ba Kreste ke ho ruta ba bang ka Molimo le merero ea oona. (Matt. 28:19, 20; Lik. 1:8) Hoba e lokolloe ka 1978, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e bile thuso e khōlō ho etseng mosebetsi ona. Buka ena ke khutsufatso ea Bibele e ngotsoeng ka puo e bonolo. Litšoantšo tsa eona tse ngata tse khōlō tse mebala li sebeletsa e le lithuso tse ntle tsa ho ruta. Phihlelo e latelang e tsoang West Berlin e bontša kamoo buka ena e bileng thuso kateng ho thusa batho.
“Ka nako e telele re ne re reka hlapi ’marakeng ho banyalani ba banyenyane ba botsoalle. Re ne re atisa ho kena moqoqong, haholo kaha mosali e ne e le moimana ’me rōna re na le mora e monyenyane. Ka Pulungoana 1979 ngoana oa bona a hlaha ’me ra ba etsetsa mpho ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Ra ngola mantsoe a seng makae a khothatso, re kōpa hore ba se ke ba balla mora oa bona buka a le mong empa ba e hlahlobe ka bobona. Ra ba bolella hore buka e hlalosa Bibele ka mantsoe a bonolo, le hore ke Bibele feela e ka re fang tšepo e khanyang ka bokamoso.
“Likhoeli tse peli hamorao lebenkele la bona le ne le le sieo ’marakeng. Ka hosasane ’marakeng la ba teng hape ’me ka botsa hore na lapa le ne le kula. Monna a re: ‘Le re file buka eane, na ha ho joalo? Joale la qala ho hong.’ Joale a hlalosa hore ba tla koala lebenkele la bona la hlapi kaha ho thata haholo mosebetsing oo ho tšepahala ho ba bokellang chelete ea ’muso. Hamorao ra utloa ho latelang:
“Batsoali ba monna e ne e le Lipaki tsa Jehova ka lilemo tse 30, empa a ikhula phuthehong, haholo kamor’a ho teana le mosali oa hae ea neng a hanyetsa seo a se lumelang. Empa kamor’a ho fumana buka ea Lipale tsa Bibele mosali a e bala a sa khathatsoe ke letho, a khahloa haholo ’me a lakatsa ho ithuta Bibele.
“Hona hoo, mosali enoa a bua le eo a ahisaneng le eena bocha ka seo a ithutileng sona ’me a fumana hore monna eo e kile ea e-ba Paki. Leha ho le joalo, eitse ha a falla a se ke a kopana le Lipaki tsa Jehova. Joale monna eo a teana le mosali eo a neng a phela le eena ka nako eo, ’me o ne a sa rate Lipaki. Empa thahasello ea monna ea boela ea tsoha, ’me mosali eo a neng a phela le eena le eena a thahasella.
“Liphello: Joale monna oa lebenkele la hlapi le mosali oa hae ba ithuta Bibele le ntate oa monna, ba ba teng libokeng le ho tsoela pele hantle. Bao ba ahileng le bona bona? Le bona, ba qalisa ho ithuta Bibele, ba ngolisa lenyalo la bona ka molao ’me hape ba ba teng libokeng ’me ba tsoela pele hantle.”
Linaheng tse ngata matichere a sekolo a sebelisa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e le buka ea ho ithuta bakeng sa ho ruta lihlopha tsa bona. Hangata ho hlahile ka baka la bana ba sekolo ba ikhathatsang ka bohlale ho hlahisa buka likolong tsa bona. Tlaleho e tsoang Sweden e re:
“Litlhahiso tse fanoeng likopanong tsa potoloho tsa ho ea le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele sekolong le ho e bala teng ka nako ea liphomolo tsa sekolo motšehare e le ho tsosa thahasello ea bao ho ithutoang le bona e sebelisitsoe ke bacha ba bangata ba Lipaki. Ba bang ba bile le hona ho fana ka buka ho bohle bao ba balang le bona. Hape re utloile liphihlelo tsa matichere a sebelisang buka ena e le buka ea ho ithuta, ba bala likarolo ho eona ka lentsoe le phahameng sehlopheng.
“Ka mohlala, ngoanana ea lilemo li robeli a nea tichere ea hae buka. Bohle bao a balang le bona ba khothalletsoa ho isa buka hae ho e bontša batsoali ba bona. Kaofela ha bona, ntle ho a le mong, ba lumelloa ho e reka. Eare ha tichere e qala ho bala buka ka sehlopheng tichere e khōlō ea sekolo ea ipelaetsa. Ea hlahisa taba sebokeng sa baemeli ba Lekhotla la Thuto ie litsebi tse ling tsa mokhatlo. Ba nka buka, ba e bala ’me ba bolela hore ba e fumana e le ntle haholo ’me e ruta. Tichere ea neoa tumello ea ho sebelisa buka sehlopheng hape.”
Nigeria Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele libakeng tse ling e tsejoa e le “Buka eane.” Batho ba bile ba tla ho Lipaki ba e batla. Paki ea moo ea ngola:
“Mathoasong a Loetse, ha re fumana libuka tsa rōna tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele mona llogbo, ba nang le bana ho rōna ba kenang sekolo ra fa e mong le e mong buka ea hae. Ka thabo bana ba ea le libuka tsa bona sekolong. Ha ba bona buka, matichere kaofela a li batla. Eaba tichere e kholo e fumana buka, a e bala ’me a khothalletsa hore e be buka e sebelisoang ho ithuta ho se bitsoang Tsebo ea Bibele lihlopheng.
“Nakoana kamor’a mona, a etsa hore e be tlamo ho sebelisa buka ena sekolong sa hae, ’me malapa a rōna a futuheloa ke bana ba sekolo ba batlang libuka tsa bona. Ra tsamaisa tse 120. Kaha li ne li sa lekana bakeng sa se hlokoang, Lipaki tse ling tsa ba tsa fana ka tsa tsona. Empa tsa se ke tsa lekana leha ho le joalo. Ra ea liphuthehong tse haufi le moo hore re fumane libuka tse ling, ’me, nakong ea ha re ngola, ho tsamaisitsoe libuka tse 182.
“Batsoali ba hanyetsang thuto ea Lipaki tsa Jehova ba ne ba le lekhonono, qalehong, hore ba rekele bana ba bona libuka. Empa joale ba utloa hore ke buka e abetsoeng ho ithuta sekolong. Bana, karolong ea bona ba thabela lithuto tsa bona bukeng. Ka tlaleho e tsoang sekolong, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e sebelisoa ka makhetlo a mararo ka letsatsi ’me hona joale ba Paleng 62, ‘Khathatso Tlung ea Davida.’ Matichere a re buka ke buka e ntle haholo ea ho ithuta eo ba kileng ba ba le eona ho e sebelisa ho ruta bana Bibele.”
Buka e ipakile e thusa ka litsela tse sa tšoaneng. Tlaleho e tsoang Malaysia e phahamisa melemo ea eona e sebetsang ho bana ba sekolo karolong eo ea lefatše.
“Mosebeletsi oa nako e tletseng o bolela ka se seng sa liithuti tsa hae tsa Bibele, tichere sekolong sa mathomo sa Sechaena, ea ileng a thabela ho bala Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka Senyesemane le Sechaena hoo e ileng ea etsa qeto ea ho e sebelisa sekolong ha ho phomotsoe, e etsa hore bana ba bale lipale tse ling. Hona ha e-ba le phello e sebetsang haholo, e ba khutsisa ’me e ba thusa hore ba ithute ka bobona. Ka tumello ea tichere e khōlō le ea batsoali ba bona, ka khoeli e ’ngoe tichere ea thabela ho fana ka libuka tse 33 ho bao a ba rutang.”
Tsela e ka sehloohong eo ka eona Lipaki tsa Jehova li rutang ba bang ka Molimo le merero ea oona ke ka ho tsamaisa lithuto tse sa lefelloeng tsa Bibele tsa mahae le bona. ’Me Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e sebelisoa ka liphello tse ntle ho tse ngata tsa lithuto tsena. Paki ea Texas Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, ea tlaleha:
“’Na le mosali oa ka re cheseha haholo ke Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me re lekile ho hong ho hocha le lithuto tsa rōna [liithuti tsa Bibele] tse nang le bana. Metsotso ea pele e 20 re ithuta le lelapa kaofela ka buka ena, ’me ha ho mohla re kileng ra bona karabelo e mofuthu hakaalo. Lelapa le leng le na le bana ba 11 ’me bohle ba lokile ba bile ba lebelletse, ka lifahleho tse bososelang, ho kopanela thutong. Joale re fetele thutong ea mehla ka buka ’Nete e isang Bophelong bo sa feleng ’me cheseho ea bona e ba jare ho kenella le thutong ena. Ka liphello tseo re bileng le tsona, ka pelo tsohle re khothalletsa mokhoa ona oa thuto.”
Hangata ho ka ithutoa lintho tsa bohlokoa ka tlaleho ea Bibele. Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e thusa ho etsa sena. Moemeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova Papua New Guinea o bolela ka phihlelo ea naheng eo.
“Morali e moholo oa lelapa ke Maria. O ananela ’nete ea Bibele, empa ka linako tse ling o iketsa lerabelenyana. Mantsiboeeng a mang banana ba babeli ba tsoang ka mose ho tsela ba tla mo lata ’me ba tsamaea kaofela. Ka hora ea borobong bosiu ba ne ba s’o khutlele lapeng, eaba ’mè oa hae oa koala monyako a ea paqama, a se ke a robala. Hoo e ka bang bosiu bo boholo ’mè a utloa lerata le leholo monyako ’me a re Maria a kene ’me a lule tafoleng. A khutsitse ’mè a nka buka ea Lipale tsa Bibele ’me a e phetla paleng ea Dina ’me a kōpa morali oa hae hore a e bale. Ha a qeta, Maria a bokolla ’me a mo tšepisa hore ha a sa tla ipea kotsing joalo.”
Ka ho hlakileng, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ke buka e thusang batho hohle lefatšeng. Na uena le metsoalle ea hao, bao u ahisaneng le bona le beng ka uena le na le eona? Haeba ha ho joalo, ke’ng ha le sa iphumanele eona ’me le fe e mong le e mong e le ’ngoe? Le bona e tla ba thusa.