Na u ka Thusa Bahlolohali le Likhutsana ‘Mahlomoleng a Bona’?
1, 2. (a) Phapang ke efe ea ho ‘sheba’ motho ea tsietsoeng le ho ‘mo hlokomela’? (b) Ho ea ka Jakobo 1:27 borapeli ba ’nete bo tlisa boikarabelo bofe?
PHAPANG e khōlō pakeng tsa ho sheba motho ea tsietsoeng le ho mo hlokomela. Borapeli ba ’nete bo lokela ho fetola batho hore e se be bashebelli ba hlokang thahasello empa e be ba hlokomelang ka thuso balumeli bahabo bona, hobane “borapeli bo hloekileng, bo se nang sekoli mahlong a Molimo Ntat’a rōna, ke ha motho a lekola likhutsana le basali ba bahlolohali mahlomoleng a bona, ’me a ipoloka lefatšeng a se na le lethebanyana.”—Jak. 1:27.
2 Ho Jakobo 1:27 lentsoe la pele la Segerike le fetoletsoeng e le “lekola” le hlalosoa e le ‘ho hlokomela, ho nea.’ Le fana ka maikutlo a ho etela motho e mong ho ea mo thusa kamoo ho hlokahalang. Hona ho ananeloa ka matla.
BANA E KA BA THUSO EA BOHLOKOA
3, 4. (a) Ho ea ka 1 Timothea 5:4, ke bo-mang ba lokelang ho ameha ka ho thusa bahlolohali? (b) Ke ka tsela efe bana ba batsoali ba se nang balekane ba ka thusang, ’me ho tšehetsa ho molemo haholo hoo bana bana ba ka fanang ka hona ke hofe?
3 Moapostola Pauluse o bontša ba lokelang ho ameha ka ho thusa bahlolohali ha a re: “Ekare ha mohlolohali e mong a e-na le bana, kapa litloholo, bao ba ithute pele ho baballa ba ntlo ea bona, le ho etsa ba ba tsoetseng kamoo bona ba ba entseng kateng; hobane hona ke ho khahlehang pel’a Molimo.” (1 Tim. 5:4) Le hoja polelo ena e ama bana ba baholo, le bona ba tlase lilemong ba ka ithuta ho bontša boineelo ho Molimo ka ho ‘etsa kamoo ba entsoeng’ ke batsoali ba bona, ba ba etselitseng ho hongata hakana. Empa joang? Bana ba bang ba thusa ka lichelete, joalokaha e mong a ile a etsa ka ho fana ka chelete eohle eo a neng a e fumane ha ntse a sebetsa hanakoana hore a lefe molato o hlahileng ka tšohanyetso. ’M’ae a re ka sefahleho se khanyang, “ho fana ho tjena ha mora ea lilemo li 14, ho nkhothatsa hoo ke felloang ke puo.”
4 Le haeba bana ba se na hona ho ntša chelete, ba ka fana ka lintho tsa bohlokoa haholo, kananelo le kutlo. (Liprov. 23:22; Ba-Ef. 6:1-3) Batsoali ba bangata ba se nang balekane ba ipotsa, “Na ke hōlisa bana ba ka hantle?” Nahana ka thabo ea motsoali e mong ea se nang molekane eo ngoana oa hae e monyenyane a ileng a mo ngolla karete, a re: “Ke u rata haholo ’me kea tseba hore u leka ka matla.” Haeba u ngoana oa motsoali ea se nang molekane, na u sa tsoa mo bolella kamoo u ananelang boitelo ba hae bakeng sa hao? Na u utloa kapele? Na u tseba se boleloang ke ho hlatsoa lijana ka hlompho, ho qhala lithole, ho etsa mosebetsi oa sekolo, ho fihla lapeng ka nako, ho hloekisa ’me ka holim’a tsohle, ho ithuta lithuto tsa Bibele ka mehla? Kutlo e ithaopeloang joalo ke tšehetso e ntle haholo eo u ka e neang motsoali oa hao.
KAMOO PHUTHEHO E KA THUSANG
5. (a) Ho bontša “khopolo e le ’ngoe” ho bolela eng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakana? (b) Ke ka litsela life phutheho ea rōna e ka bontšang “khopolo e le ’ngoe” joalo ho batsoali ba se nang balekane?
5 “Ho thata ’me ka linako tse ling kea imeloa,” kamoo ho ileng ha bolela motsoali ea se nang molekane ea nang le bana ba tšeletseng, ho akarelletsa mafahla a likhoeli li 17. “Leha ho le joalo, hang kamor’a nako e mong ho baena kapa bokhaitseli [ka phuthehong] o tla re ho ’na: ‘Joan, u etsa mosebetsi o motle. O tla tšoaneleha kamoso.’ Ho tseba feela hore ba bang ba nahana ka uena le hore ba u tsotella ho thusa haholo.” Hona ho bontša kamoo bohle ba ka thusang. “Bohle,” kamoo ho phehellang moapostola Petrose “le be le khopolo e le ’ngoe le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa.” (1 Pet. 3:8) Ipee sebakeng sa ba bang. Lentsoe le mosa, pososelo e tlohang botebong ba pelo, e ka bolela ho hongata. U be pelo-nolo ho e-na le ho nyatsa.
6. Ke hobane’ng ha motho ea etsang joaloka ea hlalosoang ho 1 Johanne 3:17 a ka nyatsehang kannete mahlong a Molimo?
6 Lerato la sebele le akarelletsa ho fetang mantsoe a mosa feela. Pelenyana a phehella Bakreste hore ba kenye lerato la bona ketsong ka liketso, moapostola Johanne o ngolile: “Empa motho ha a na le lintho tsa bophelo ba lefatše, ’me a bona ngoan’abo a hloka, ’me a mo koalla pelo ea hae, lerato la Molimo le lutse joang ho eena?” (1 Joh. 3:17) Lentsoe la pele bakeng sa “bona” le fetoletsoeng moo le ne le sa bolele ho nyemotsa feela empa ho shebisisa. Le sebelisetsoa molaoli ha a hlahloba makhotla. Ka sebele, enoa o sheba ka thahasello bakeng sa lintlha tse qaqileng. Kahoo nahana ka pono eo Johanne a fanang ka eona: Motho ea nang le mokhoa oa ho thusa, kamor’a ho shebisisa ka hloko moena oa hae o lemoha hore oa hloka, joale o mo koalla pelo ea hae. O hana ho mo thusa. Ke ho bata ho hokaakang! Ka teboho, likarabelo tse seng ntle joalo lia oeloa har’a Lipaki tsa Jehova. Litlaleho tse se nang palo li bontša ho fana ha bona ho ‘ba hlokang.’
7. Ha malapa a hlokang a batsoali ba se nang balekane a hlokomolohuoa, bothata e atisa hore e be bofe, ’me bo ka hlōloa joang?
7 Leha ho le joalo, ho ’nile ha e-ba le ho hlokomoloha. Hangata hona ho etsahetse hobane ho ile ha hlōlehuoa ho “bona” tlhokahalo. ‘Temoho e seli’ e nang le thahasello mabapi le ba hlokang, e ne e haella. Ho joang, boemo ke bofe phuthehong ea heno? Na kannete le falimehetse maemo a bahlolohali le likhutsana? Ke neng u kileng ua ba atamela ka mokhoa o matlanyana ho feta tumeliso feela? Na ho teng bao u kileng ua ba memela lijong kapa ’mōka oa boithabiso ho ba tseba hamolemo? Lipotso tse joalo li re thusa ho bona hore na re hlile re “bona” boemo ba malapa a nang le batsoali ba se nang balekane.
8. Ba bang ka phuthehong ba ’nile ba thusa malapa a hlokang a batsoali ba se nang balekane joang?
8 Ha ho hlokahale leruo hore motho a thuse. Ba bangata, ba bona hore ho hlile hoa hlokahala, ba ’nile ba kopanela lijo tse salletseng kapa ba fana ka liaparo tse seng li haella bana ba bona. Ba bang ba bile ba rutile batsoali ba se nang balekane mahlale, a kang ho rōka, e le hore ba ka tsoella hamolemonyana. Maele a Senyesemane a boholo-holo a re: ‘U fe motho hlapi ’me u tla mo fepa ka letsatsi le le leng. Mo rute ho tšoasa lihlapi u mo fepa bophelong bohle.’ Motsoali e mong ea se nang molekane o kile a ngola: “Khaitseli o mphile mochine o rōkang, masela a mabeli a mpontša le hore na ho rōkoa joang. Ke bolokile liranta tse makholo ho tloha ka nako eo.”
9. Ke pono efe e leka-lekaneng eo malapa a nang le batsoali ka bomong a lokelang ho ba le eona ka thuso e tsoang ho ba bang?
9 Leha ho le joalo, na batsoali ba se nang balekane ba lokela ho lebella “mophula” oa thuso ebe joale ba nyahama ha ba sa e fumane? Motho o tlameha ho lekalekanya lintho. Le hoja ba leboha thuso leha e le efe e fanoang, motho a ke a ipotse, “Na ke etsa sohle ho sebetsa boemo?” Joalokaha motsoali e mong ea se nang molekane a kile a ho bolela: “Ha ho na ea ka nkang lelapa le leng. Ha u sa ithuse, ha u amohele boikarabelo ba hao ka botlalo. U tlameha ho ithuta ho ikemela ka bouena.” Ho na le mehlala ea Bibele ea bahlolohali ba tšepahalang ba neng ba itetse, ho e-na le ho lebella ho sebeletsoa ke ba bang. (Luka 2:36-38; Mar. 12:42-44) Motsoali e mong ea se nang molekane ea futsanehileng ea ileng a loana ntoa ka lilemo tse telele ho hōlisa bana ba babeli o ne a e-na le mokhabiso leboteng ha hae o reng: “Ba isetsang ba bang khanya bophelong ba bona ba ke ke ba e hloka ka bobona.” Ka lilemo tse 12, e le ’moleli oa Evangeli oa nako e tletseng, o entse hona hoo. O itetse, ’me hona joale, a le lilemo li 73, o ntse a iteletse ho thusa ba bang. Ka baka leo, ha ho mohla a kileng a hloka.—Liprov. 11:25.
10. Ke bopaki bofe bo teng hore bo-khaitseli ba hōlileng tsebong ba ne ba nka karolo e khōlō ho thuseng bahlolohali le likhutsana lekholong la pele la lilemo?
10 Basali ba hōlileng tsebong ntle ho pelaelo ba ne ba nka karolo e khōlō ho thuseng bahlolohali le likhutsana lekholong la pele la lilemo. Bahlolohali ba bang ho boleloa ba ne ba ‘thusa ba mahlomoleng,’ mohlomong ho akarelletsa le malapa a nang le batsoali ba se nang balekane. (1 Tim. 5:10) Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma, karolo ea bone ho ba lumelisoang ke moapostola Pauluse e bile basali ba neng ba sebelelitse ka botšepehi le phutheho kapa lebitsong la eona. Ba bang ba hlile ba boleloa e le ba sebelitseng ka matla kapa ba entseng liketso “Moreneng.” (Ba-Roma 16:3-15) Mosali Foibe, “lekhabunyane la kereke” (ka ho totobetseng o ne a sebeletsa ka tsela ea ho hlokomela ka boithatelo se hlokoang ke ba bang), o hlalosoa e le ea ‘thusitseng ba bangata.’ Ntle ho pelaelo, o ile a ikhathatsa ho thusa ba “bangata,” e leng ho neng ho matlafatsa phutheho. Kajeno, ho tšoana le Foibe, basali ba hōlileng tsebong ba Bakreste ba fana ka khothatso e lerato le thuso, ho akarelletsa mehloli e bonahalang ho thusa “ba mahlomoleng.”—Ba-Roma 16:1, 2.
11. (a) Ke thuso ea mofuta ofe eo bo-khaitseli ba hōlileng tsebong ba ka e neang batsoali ba se nang balekane? (b) U ka fana ka mohlala ofe, hona na u tseba liketsahalo tse ling?
11 Basali ba bangata ba hōlileng ba Bakreste ba fana ka thuso ea moea le ea maikutlo ka ho ‘ruta se molemo,’ e le hore ‘ba ka hlalefisa basali ba bacha’ ka ho ba nea keletso e nang le kutloisiso. (Tite 2:3-5) E le mohlala, ’mè e mong ea se nang molekane o ne a tletse likeleli kamor’a ho utloa puo ea Bibele ka lenyalo. Mosali ea seng a hōlile oa Mokreste a botsa hore na molato ke eng. “Ke lumela hore ke ikutloela bohloko,” ea e-ba karabelo e meokho. Mosali ea moholo a qala ho buisana le eena. O ne a tseba hore na motho o ikutloa a tepeletse hakae, kaha eena ka boeena o ne a lahliloe ke monna oa hae lilemo tse 20 pelenyana. Mosali e monyenyane a re: “E ne e le thuso ea ka e khōlō. A buisana le ’na haholo ’me a ’memela ho kopanela le eena mosebetsing oa boboleli. Ke moratuoa ho ’na.” Basali ba bangata ba Bakreste ba hōlileng tsebong ba finyelletse ba joalo ’me ba fetoha matšeliso ho bona, ba bile ba buisana le bona ka litaba tsa botho haholo tseo monna oa Mokreste, ka boeena, a neng a ke ke a li sebetsa ka tšoanelo.
BAHOLO—LE ‘THABISE LIPELO TSA BAHLOLOHALI’
12. Baholo ba ka ‘thabisa lipelo tsa bahlolohali’ joang?
12 “Ka kenya thabo pelong ea mosali oa mohlolohali,” kamoo ho boletseng Jobo oa mehleng ea pele ho Bokreste. (Jobo 29:13) O ne a ‘utloa’ bohloko bo utluoang ke bahlolohali. Ho e-na le ho bo eketsa ka lentsoe le se nang monahano kapa ketso, o ne a sebeletsa ho ba hlasimolla pelong. Baholo ka liphuthehong tsa Bokreste kajeno ba ka etsa ho tšoanang ka ho tiisetsa ba joalo hore phutheho ke lelapa le pelo e mofuthu, ka ho ba etsa hore ba ikutloe hore ke karolo ea eona. Balebeli ba ka kopanela lengolo le tšelisang le bontšang mahlohonolo a tlisoang ke ho tšepahala. “Khopolo e le ’ngoe” e tla ba thusa hore ba utloisise likhatello tse boima maikutlong le kelellong tse hlasetseng batsoali ba bangata ba se nang balekane. (1 Pet. 3:8) Ka baka leo, ba hlokang ba tla ikutloa ba lokolohile ho tla ho bona bakeng sa thuso. E mong le e mong ho banna bana ba moea ruri a ka tšoana le “tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla, joale ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joale ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.”—Esa. 32:1, 2.
13. Batsoali ba se nang balekane ba ka atamela baholo hobane’ng bakeng sa thuso ha ba etsa liqeto tsa bohlokoa, ’me ho ka fanoa ka thuso ea mofuta ofe?
13 Bibele e ne e hlile ea bolela hore Molimo o tla khutlisetsa “baeletsi” ba bohlale har’a batho ba hae ba boholo-holo. (Esa. 1:26) Ka ho tšoanang, kajeno batsoali ba se nang balekane ba ka ea ho baholo bakeng sa keletso ha ba etsa liqeto tsa bohlokoa. Ha ba atameloa, baholo ba fane ka ‘tataiso e bohlale,’ ba thusa ea botsang ho hlokomela metheo ea Bibele e amehang tabeng eo ho buisanoang ka eona. Leha ho le joalo, karolo ea moholo kapa mang kapa mang ea atameloang ho thusa ke ea ‘moeletsi,’ e seng ea etsetsang ba bang liqeto.—Liprov. 11:14; Ba-Gal. 6:5.
14. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ‘tsosa’ motho ea nkang bohato bo fasohetseng? (b) Lentsoe la Segerike bakeng sa ‘ho tsosa’ le ne le sebelisoa joang lekholong la pele la lilemo, ’me ho tseba hoo ho lokela ho ama tsela eo ‘tsoso’ e joalo e etsoang ka eona joang?
14 Moholo a ka hlokomela hore, ka baka la likhatello, motsoali ea se nang molekane o ‘oela a sa hlokomela,’ joalokaha mohlomong a laetsana le motho ea sa lumelang. Mohlomong motho ha a hlokomele ka ho feletseng botebo ba bohato bo joalo. Bibele e khothalletsa hore, “banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa.” (Ba-Gal. 6:1) Kahoo baholo le ba bang ba ka thibela ‘ho oela molatong’ ka ho oela tseleng ea boithatelo. Lentsoe la Segerike bakeng sa “tsose” le boetse le bolela ‘ho rōka.’ (Mar. 1:19) Lekholong la pele la lilemo, le ne le sebelisetsoa ho hlalosa ho kopanngoa ha lesapo le robehileng. Ngaka, le hoja e tlameha ho sebelisa matla a itseng, e ne e tlameha ho tšoara ka hloko e fetisisang le ka bonolo ha e kopanya lesapo! Sepheo e le ho ‘rokahanya’ kotsi, e seng ho e etsa hore e be mpe haholo. Kahoo baholo ba ratang ho fihla lipelong tsa ba joalo ka “moea o mosa” ba tla beelana mabaka le motho ka bonolo empa ka mokhoa o hlakileng, ba mo thusa ho bona hore na ke hobane’ng ha ho sebelisa keletso ea Lentsoe la Molimo ho le lithahasellong tsa hae tse molemo, kahoo ba mo rokahanya moeeng.
15. (a) Ke neng baholo ba ka hlophisang thuso bakeng sa bahlolohali ba hlokang? (b) Ke hobane’ng ha baholo ba hloka ho thusoa ke ba bang ka phuthehong?
15 Ka linako tse ling baholo ba ka tlameha ho hlophisa thuso bakeng sa bahlolohali ba jeoang ke bolutu. Trinidad, mohlolohali oa Mokreste ea lilemo li 79 a jeoa ke kankere e bolaeang ’me a hloka hore a hlokomeloe bosiu le motšehare. Le hoja a ne a fumana thuso e nyenyane ea ’muso, ho ne ho se beng ka eena ba ka mo thusang. Ho thibela hore mosebetsi ona o moholo o jaroe ke ba seng bakae ba fokolang, baholo ba lokisetsa sehlopha sa basali ba Bakreste ba ileng ba ithaopela ho thusa. Ka likhoeli tse fetang botšelela basali bana ba phehela le ho hloekisetsa ngoan’abo bona moeeng, ba mo isa moo ho hlokahalang hore a ee teng, ba hlatsoa liaparo tsa hae le hona ho mo hlatsoa ha a se a sitoa le ho sisinyeha. Ona e ne e le mohlala oa lerato le hlileng la khahla bao a ahisaneng le bona kannete. Ka tlhaho baholo ba ke ke ba etsa sohle se hlokahalang maemong a joalo. Hangata ba na le malapa a bona ao ba lokelang ho a hlokomela. Empa ba thabela ho etsa seo ba ka se etsang, ’me ba ananela ha ba bang ba ikhathatsa ka ho thusa maemong a mofuta ona.
BAENA—‘LOELANG LIKHUTSANA’
16. (a) Kameho e khōlō ea batsoali ba se nang balekane ba basali ke efe ka bara ba bona? (b) Ke bo-mang ba ka thusang, hona joang?
16 ’Mè ea lelapeng la motsoali ea se nang molekane ka tlhaho o amehile ka bosieo ba tšusumetso ea ntate ka lapeng, haholo ho bara. Banna ba ka phuthehong ba ke ba ikutloe joaloka Jobo, ea itseng: “Ke ne ke loela . . . khutsana e hlokileng mothusi.” (Jobo 29:12) Hangata ho hlileng ho hlokahalang ke thahasello ea sebele. Bashemane bana ba ka ba ba mengoa hore ba kopanele le uena bopaking, mesebetsing e meng Holong ea ’Muso le hona boithabisong bo hahang. Tlhokomelo ena e ka “loela” moshemane tseleng ea bolefatše le ho mo hulela phuthehong.
17. (a) Mohlala o motle oa ea neng a ‘loela likhutsana’ ke mang, hona ka phello efe? (b) Ha ho thusoa bana ba bang, moena ea nyetseng o lokela ho hopola eng?
17 Moapostola Petrose ke e mong ea ileng a ‘loela bashemane ba likhutsana.’ A iketsa motsoalle oa Johanne Mareka, a bile a mo bitsa “Mareka, mora oa ka.” (1 Pet. 5:13) ’Mè oa Mareka, Maria, mohlomong e ne e le motsoali ea se nang molekane, hobane tlaleho e re Petrose o ile a ea tlung ea hae, e seng ea monna oa hae. (Lik. 12:12) Ntle ho pelaelo setsoalle se setle sa moea seo Mareka a bileng le sona le Petrose le banna ba bang ba Bakreste e bile thuso ho beng ha hae moromuoa ea bileng a ngola buka ea Bibele. Ke mohlala o motle oa bashemane ba hōlisoang ke bo’mè feela. Ka tlhaho, moena leha e le ofe ea nyetseng o tla hlokomela hore o na le tlamo e tlang pele ea Mangolo—ho hlokomela lelapa la hae pele. Ha a ntse a sa hlokomoloha ‘bao e leng ba hae,’ molemo o mongata o ka tlisoa ke ho bontša thahasello ho bashemane ba likhutsana ho isa moo ho leng molemo le ho ea kamoo boemo ba motho bo ho lumellang.—1 Tim. 5:8.
MOTHEO OA THUSO E JOALO—LERATO LE ITETSENG
18. (a) Ke lerato la mofuta ofe le khethollang Bokreste ba ’nete, ’me Jesu o le bontšitse joang? (b) Re ka bontša lerato le joalo joang?
18 Pontšo ea Bokreste ba sebele hase lerato feela, empa lerato le itetseng. Jesu o itse ho barutuoa ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Joh. 13:34, 35) Mohlala oa hae oa ho nea o ne o lokela ho ba tekanyetso. “Ha a ka a batla se mo khahlisang.” “O na a iketse mofumanehi ka baka la lōna.” “Ea iteletseng [ka lefu le bohloko] libe tsa rōna.” Ke feela ka ho etsisa mohlala ona oa lerato barutuoa ba hae ba neng ba ka hlokomela le ho baballa se hlokoang ke bana ba se nang bontat’a bona hammoho le bahlolohali “mahlomoleng a bona.”—Ba-Roma 15:3; 2 Ba-Kor. 8:9; Ba-Gal. 1:4; Jak. 1:27.
19, 20. (a) Na kamehla ho bonolo ho bontša lerato le itetseng? Hobane’ng ha ho le joalo kapa ho se joalo? (b) Ke bomang bao re lokelang hore re hle re amehe ka ho ba thusa?
19 Ha likhatello li ntse li tiisa matla ’me ho thatafala ho hlokomela mathata a rōna, ho bonolo ho itiisa pelo mahlomoleng a batho ba bang le ho tšoareha ka bophelo ba rōna. Le ba bang lekholong la pele la lilemo ba neng ba “rutoa ke Molimo ho ratana” ho ne ho hlokahala hore ba “hole leratong leo.” (1 Ba-Thess. 4:9, 10) Na re ke ke ra sheba ka kotloloho boikutlo ba rōna le liketso ho baena le likhaitseli tsa rōna ba Bakreste ha ba le maemong a bomalimabe? Lerato le kang la Jesu le ka re hloka hore re ba telle bophelo ba rōna. Leha ho le joalo, haeba re ithaopela ho tella banab’abo rōna bophelo ba rōna, re lokela ho ikutloa joang ka ho arolelana “bohobe” ba rōna ha re ‘bona ngoan’abo rona a hloka’?—1 Joh. 3:17.
20 Ho hlokomela boikarabelo ba rōna ba Mangolo ho re boloka re tšoarehile kaofela. Hangata re lakatsa eka re ka etsa haholoanyane bakeng sa ba bang. Leha ho le joalo, haeba ka boithatelo re etsa seo re ka se khonang, tiisa hore Jehova o tseba hore na re haelloa hakae ’me o ananela seo re se etsang. “Ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.”—Ba-Gal. 6:10.
BOHLE BA TŠOARANA KA MATSOHO HO MAMELLA MAHLOMOLA
21. (a) Batsoali ba se nang balekane ba ka etsa joang ho loana ka katleho le likhatello tsa kajeno? (b) Ba bang ka phuthehong ba ka ba thusa joang, ’me na thuso ee ke ea bohlokoa?
21 Kahoo, ha ho akaretsoa, batsoali ba se nang balekane ba ka mamella ka ho etsa ho latelang: (1) Tšepa Molimo ka ho tsoetseng pele hona joale ’me u lebelle tšepo ea bophelo bo sa feleng ha Molimo o tla khotsofatsa litakatso tsa bohle. (Pes. 37:3, 4) (2) Boloka kamano e haufi le Molimo ka ho ithuta Bibele le ka thapelo tse tiileng. (3) Tšoareha mosebetsing o molemo, ho akarelletsa bopaki ba ’Muso, ho laola lelapa le ho hōlisa bana. Lerato le itetseng le tla susumelletsa bohleba ka phuthehong ho falimehela se hlokahalang ho thusa batsoali ba se nang balekane. Joang? Ka ho ba le “khopolo e le ‘ngoe,” ka ho bontša thahasello baneng ba bona le ka ho ba thusa moeeng le nameng, ho bolela liketso tse seng kae tse ntle lebitsong la bona. Thuso e joalo ke ea bohlokoa hakae? Motsoali e mong ea neng a se na molekane o kile a re: “Ke fetile har’a lintho tse ngata tse bosula hoo ke ikhethelang ho li lebala. Leha ho le joalo, ha nke ke re: Ntle ho thuso e lerato le baena le likhaitseli ba tšepahalang nka be ke sa tsoella!”
22. Ho hlokomela bahlolohali le bana ba se nang bo-ntate ho tla fella ka’ng?
22 E, bao kannete ba ‘lekolang’ malapa a batsoali ba se nang balekane a mahlomoleng ba ke ke ba bona feela ha bana ba mamella ka botšepehi. (Jak. 1:27) Hape ba tla senola ka ho khanyang boleng ba Ntate oa rōna oa leholimo, ea “thusang mohlolohali le ngoana ea se nang ntate.”—Pes. 146:9. The Bible in Basic English.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Basali ba hōlileng ba Bakreste ba ka khothatsa le ho thusa, le ka lintho tse bonahalang
[Setšoantšo se leqepheng la 27]
Ho ithuta mahlale a itseng ho ka thusa batsoali ba se nang balekane ho loana le theko
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Na u kile oa memela lelapa la motsoali a le mong lijong, ho tloaelaneng hamolemo?