Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 3/15 maq. 5-9
  • Mesaletsa ea Tsa Boholo-holo e Epolotsoeng e Tiisa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mesaletsa ea Tsa Boholo-holo e Epolotsoeng e Tiisa Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TŠIMOLOHO EA LEFATŠE LE MOTHO
  • MESALETSA EA TSA BOHOLO-HOLO LE ABRAHAMA
  • HO TIISOA MABITSO
  • MEKHOA LE MELAO
  • MESALETSA EA TSA BOHOLO-HOLO LE MANGOLO A SEGERIKE
  • Ebla—Ho Sibolloa Motse oa Boholo-holo o Neng o Lebetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Abrahama—Moprofeta le Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Mari—Motse o Moholo oa Boholo-holo oa Lehoatateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Lintho Tsa Khale Tse Epolotsoeng li Tšehetsa Bibele?
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 3/15 maq. 5-9

Mesaletsa ea Tsa Boholo-holo e Epolotsoeng e Tiisa Bibele

HO BATHO ba baikhohomosi bao ka manganga ba ileng ba hana ho hlokomela hore ke Messia ’me ba nyelisa barutuoa ba hae, Jesu o itse: “Bao ha ba ka khutsa, majoe a ka hoa.” (Luka 19:40) Ka thabo, Jesu o bile le barutuoa ba ileng ba hana ho khutsa ’me o sa ntsane a e-na le bona. Leha ho le joalo, ka tsela e ’ngoe, majoe ao e neng e le lipaki tse khutsitseng tsa liketsahalo tsa Bibele a ’nileng a hoa, a paka hore Bibele ea tšepahala. Thuto ea mahlale e lumelletseng majoe a joalo hore a buelle Bibele e bitsoa mesaletsa ea tsa boholo-holo e epolotsoeng, e ithutoang ho latela thuto ea mahlale.

Bukeng ea hae e khabane Light from the Ancient Past, Jack Finegan o re tsebisa hore “thuto ea mahlale ea mesaletsa ea tsa boholo-holo tse epolotsoeng ea kajeno ho ka boleloa hore e qalehile ka 1798, ha liithuti tsa Mafora tse fetang lekholo li tsamaea le Napoleon ha a futuhela Egepeta.” Ka 1822 ea ithutileng ka Egepeta oa Lefora Champollion a atleha ho qhaqholla mongolo oa sekhale o neng o le lejoeng la Rosetta. Qetellong ea lekholo la lilemo la bo19 ho ne ho epolloa ka mokhoa o nang le tsamaiso mesaletsa ea tsa boholo-holo Egepeta, Assyria, Babylona le Palestina, ’me ho ntse ho tsoela pele ho tla fihlela kajeno. Na kharafu ea baepolli e tiisitse tlaleho ea Bibele?

TŠIMOLOHO EA LEFATŠE LE MOTHO

Ho hong ho sibollotsoeng mabitleng a Egepeta ho re lumella ho bapisa tlhaloso ea Bibele ea tšimoloho ea motho le tlaleho ea pōpo e ka ho Book of the Dead ea Baegepeta, e ka bonoang ka galaseng Polokelong ea lintho tsa bohlokoa ea Louvre e Paris. A ngola ho Supplément au Dictionnaire de la Bible, e hlomphuoang, Louis Speleers, mohlokomeli oa ntlo ea polokelo ea lintho tsa bohlokoa ea Cinquantenaire e Brussels, Belgium, oa hlalosa: “Book of the Dead e pheta hore ka letsatsi le leng [molimo oa letsatsi] Ra o ile a sia Leihlo la hae la bomolimo le khanya leholimong. Shu le Tefnut ba mo tlisetsa Leihlo la hae, le ileng la qalisa ho lla, ’me batho ba hlaha meokhong ea Ra.”

Ho hong ho sibollotsoeng ha ho epolloa mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo ho etsang hore ho etsoe papiso e khahlisang ka tlaleho ea Bibele ke letoto la matlapa a supileng a letsopa a nang le Enuma elish, kapa “Thothokiso ea Pōpo” ea Masumeria le Bababylona. Ka tlaleho ena ea boholo-holo, Marduke, molimo oa motse oa Babylona, a hlōla molimo oa mosali oa tšimolohong Tiamat ’me a mo khabela koto tse peli. “Ka sekoto se seng a etsa sekhurumelo sa maholimo, ka se seng a etsa lefatše le tiileng. Ha a qetile, a hlophisa tse phelang. . . . Joale ‘hore melimo e tle e phele lefatšeng hore e thabe lipelong tsa eona’ Marduke a bōpa batho.”—Larousse Encyclopedia of Mythology.

Na u lumela hore motho o tsoile meokhong ea Ra? Baegepeta ba bangata ba tsoetseng pele haholo le ba rutehileng ba ne ba ho lumela. Kapa na u lumela hore ’mele o arotsoeng oa molimo oa mosali o ile oa hlahisa maholimo le lefatše? Ena ke mehlala e ’meli feela ea litšōmo tsa pōpo tse neng li lumeloa ke meloko ea batho ba latellanang mehleng e fetileng.

Kajeno, batho ba bangata ba rutehileng haholo ba re kōpa hore re lumele hore bokahohleng le bophelo bohle li tlile ka tšohanyetso feela, ho se Boleng bo phahameng bo kenellang bo phelang, ho sa tsotellehe ’nete ea hore mohlalefi oa Lefora Louis Pasteur o ile a paka ka ho nang le qeto hore bophelo bo hlahisoa ke bophelo. Na hase ho utloahalang haholo ho amohela tlaleho ea Bibele e bolelang ka bonolo hore bokahohleng bo bonahalang ke pontšo ea ‘matla a maholo’ a Molimo (kaha Einstein le ba bang ba bontšitse hore ntho e teng ke mohloli oa matla)? Hona na ha ho utloahale ho lumela hore Mangolo a Halalelang, a bontšang hore bophelo bohle bo teng ka baka la hobane Molimo o le teng, oona Mohloli o moholo oa bophelo, le hore motho o ‘entsoe ka ho tšoana le Molimo’?—Gen. 1:27; Pes. 36:9; Esa. 40:26-28; Jer. 10:10-13.

MESALETSA EA TSA BOHOLO-HOLO LE ABRAHAMA

Motšoantšisi ea ka sehlohong oa Bibele ke Abrahama. Hase feela hore ke moholo-holo oa bangoli bohle ba Bibele, oa Bajode le oa Maarabia a mangata, empa hape o bitsoa “ntat’a bohle ba lumelang.” (Ba-Roma 4:11) Ho feta moo, batho ba lichaba tsohle ba lokela ho thahasella ho tseba hore na tlaleho ea Bibele ka Abrahama ke ea ’nete. Hobane’ng? Hobane ke eena eo Molimo o mo tšepisitseng hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Gen. 22:16-18) Haeba re lakatsa ho ba har’a “ba lumelang” ba tla hlohonolofatsoa ka leloko la Abrahama, bopaki bo bontšang ho nepahala ha lintlha tse qaqileng tse fanoang ka Bibeleng ka bophelo ba Abrahama le mehla li lokela ho re khahla ho feta leha e le eng.

Bibele e re tsebisa hore Abrahama (ka nako eo a bitsoa Abrame) o hōletse “Ure oa Bakalde.” (Gen. 11:27, 29) Na see ke sebaka sa tšōmong? Lipeke le lifocholo tsa baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo li fumane eng? Hoo e ka bang ka 1854, J. E. Taylor ka ho se tiise o ile a amahanya Ure le Tell el-Muqayyar (“Thaba ea Bitume”), limaele tse seng kae ka bophirimela ho Eufrate. Ka 1869, Jules Oppert oa Lefora ea ithutileng ka tsa Bochabela o fane ka tlaleho Collège de France, Paris, eo ka ho khethehileng e tsebahatsang sebaka e le Ure, motheong oa meqomo ea letsopa e ngotsoeng e fumanoeng moo ke Taylor. Joale, hamoraonyana haholo, ho tloha ka 1922 ho ea ho 1934, moepolli oa mesaletsa ea tsa boholo-holo oa Lenyesemane Sir Leonard Woolley ha a ka a tiisa boitsebiso bona feela empa a boela a sibolla hore Ure e ileng ea tloheloa ke Abrahama e ne e le motse o hōlang le o tsoetseng pele haholo o nang le matlo a monate le tora e khōlō ea tempele, e nehetsoeng borapeling ba molimo oa khoeli Nanna, kapa Sin. E ne e le khale bangoli ba lipale ba ne ba bolele hore ba belaela ka motse oa Ure o boleloang ka Bibeleng mabapi le Abrahama. Empa kharafu ea baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ea paka hore Bibele ke ’nete.

Baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo hape ba pakile mekhoa e mengata e boleloang ka tlalehong ea Bibele ka Abrahama. Ka mohlala, Nuzu, kapa Nuzi, motse oa boholo-holo oa Hurrian ka boroa bo ka bochabela ho Nineve, ho fumanoe matlapa a letsopa a tiisang mekhoa e kang ena: Makhoba a fetoha majalefa a batsoali ba se nang bana (bapisa lipolelo tsa Abrahama ka mohlanka oa hae Eliezere—Genese 15:1-4); mosali oa nyopa a tlameha ho nea monna oa hae serethe (Sara, kapa Sarai, a nea Agare Abrahama—Genese 16:1, 2); le mesebetsi ea khoebo e etsoa khorong ea motse (bapisa ho reka ha Abrahama tšimo le lehaha la Makpela, haufi le Hebron—Genese 23:1-20). Mehlala ea kamoo tse epollotsoeng Nuzi li tšehetsang Bibele e tlala likarolo tse tharo tse nyenyane tse hatisitsoeng bukeng ea Sefora Supplément au Dictionnaire de la Bible. (Moqolo VI, likarolo 663-672) Encyclopædia Britannica ea bolela: “Se fumanoeng Nuzi se hlakisitse likarolo tse ngata tse thata litabeng tse phetoang tsa mehleng ea bapatriareka tsa Genese.”

HO TIISOA MABITSO

Moepolli oa mesaletsa ea tsa boholo-holo oa Lefora André Parrot o chekile haholo sebakeng sa motse oa boholo-holo oa Mari oa moreneng, o Eufrate e Hare. Motse oa moreneng oa Mari e ne e le oa mebuso e meng e matla Mesopotamia e Kaholimo mathoasong a sekete sa bobeli sa lilemo B.C.E., ho fihlela ha o hapuoa ’me o timetsoa ke Morena Hammurabi oa Babylona. Masuping a ntlo e khōlō ea moreneng e fumanoeng moo, sehlopha sa Mafora sa baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo se fumane matlapa a letsopa a fetang 20 000. A mang a matlapa ana a ngotsoeng ka mongolo oa khale a bolela metse e nang le mabitso a kang Pelege, Seruge, Nakore, Terah le Harane. Ka ho khahlisang, mabitso ana kaofela a hlaha tlalehong ea Genese e le mabitso a beng ka Abrahama.—Gen. 11:17-26.

Ha a hlalosa ka ho tšoana hona ha mabitso ana a pele, John Bright oa ngola ho History of Israel ea hae: “Mabakeng ana ’ohle ha ho kae kapa kae . . . moo ho boleloang ka bapatriareka ba Bibele ka bobona. Empa ho ba teng ha bopaki bo joalo ka bongata bo tsoang libukeng tsa mehleng eo ho bontša ka ho hlakileng hore mabitso a bona a lumellanang hantle le mabitso a moloko oa Baamore oa mehleng ea mathoasong a sekete sa bobeli sa lilemo, ho fapana le a mehla leha e le efe ea kamorao ho moo. Litaba tsa bapatriareka, ka tsela eo ke tsa ’nete ntlheng ena.”

Haufi haholo hoo e ka bang ka 1976, baepolli ba tsa mesaletsa ea tsa boholo-holo ba Mataliana le Masyria, ba tsebile, Syria e ka leboea, motse oa boholo-holo oa moreneng oa Ebla. Ho tšoana le Mari, Ebla ha e boleloe ka Bibeleng, empa mabitso ka bobeli a bonahala libukeng tsa morao ho isa mehleng ea bapatriareka. Ebe kharafu ea moepolli e fumane eng sebakeng see se secha? Ntlong ea polokelo ea libuka ea ntlo ea borena, ho fumanoe likete tsa matlapa a letsopa, a ho tloha qetellong ea sekete sa boraro kapa sa bobeli sa lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Ha e tlaleha ka hona ho sibollotsoeng tokollong ea eona ea la 19 Tlhakubele, 1979, koranta ea beke le beke ea Sefora Le Point eitse: “Mabitso a tšoana haholo [le a ka Mangolong]. Bibeleng re fumana ‘Abrahama;’ matlapeng a Ebla, ‘Ab-ra-um;’ Esau—E-sa-um; Mikael—Mi-ki-ilu; Davida—Da-u-dum; Ishmael—Ish-ma-ilum; Iseraele—Ish-ra-ilu. Polokelo ea lintho tsa khale ea Ebla hape e na le mabitso a Sodoma le Gomorrha, metse e boleloang ka Bibeleng, empa eo ho ba ha eona ha pale e leng khale ho belaelloa ke liithuti. . . . Ho feta moo, matlapa a thathamisa metse ka tatelano e tšoanang hantle le eo e boleloang ka eona ka Testamenteng ea Khale: Sodoma, Gomorrha, Adma, Tseboime le Bela [Gen. 14:2].” Ho ea ka Boyce Rensberger, ha a ngola ho New York Times, ‘liithuti tse ling tsa Bibele li lumela hore [matlapa a Ebla] a hlōlisana le Moqolo oa Leoatle le Shoeleng ho tiiseng le ho eketseng tsebo ea bophelo ba mehleng ea Bibele.’

MEKHOA LE MELAO

Mesaletsa e epolotsoeng ea tsa boholo-holo e entse ho hongata ho hlalosa mekhoa e boletsoeng ka Bibeleng, kahoo e bontša ho nepahala ha tlaleho ea Bibele. Mohlala o mong oa sena ke tlaleho e ho Genese khaolo ea 31, moo ho tlalehoang hore mosali oa Jakobo Ragele o ile a “utsoa literafime tsa ntat’ae,” Labane. (Tem. 19) Ho boleloa hore na ke hobane’ng ha Labane a ile a nka boikhathatso ba hore a phallele morali oa hae le monna oa hae ka matsatsi a supileng. E ne e le hore a khutlise “melimo” ea hae. (Litem. 23, 30) Ka ho khahlisang, ho se sibollotsoeng ka mesaletsa e epolotsoeng ea tsa boholo-holo motseng oa boholo-holo oa Mesopotamia e ka leboea oa Nuzi ho senotse ho ba teng ha molao oa bopatriareka oo ka oona ho ba le melimo ea lelapa ho neng ho nea monna litokelo tsa bojalefa la mohoehali oa hae ea shoeleng. Ha motho a hopola hore Labane e ne e le letsoalloa la Mesopotamia e ka leboea le ka bophirima le kamoo a neng a entse Jakobo ka bolotsana kateng, ho tseba sena ho fana ka leseli la bosholu bo makatsang ba Ragele le ba boiteko bo matla ba Labane ho khutlisa “melimo” ea hae. Ntlo ea polokelo ea lintho tsa bohlokoa e Louvre, Paris, e na le “melimo ea malapa” e joalo e mengata e fumanoeng metseng e sa tšoaneng ea Mesopotamia. Bonyenyane ba eona [lisenthimethara tse 10 ho ea ho tse 15] le eona e thusa ho hlalosa kamoo Ragele a ileng a tseba ho pata literafime ka ho lula holim’a qhana e li kentseng ’me a hana ho ema ha Labane a batla.—Litem. 34, 35.

Le leng la matlotlo a bohlokoa ntlong ea polokelo ea lintho tsa bohlokoa ea Louvre ke lejoe le phahameng le letšo le ka bang limithara tse 2,25 bolelele leo ho tloaelehileng hore le bitsoe “Molao oa Hammurabi.” Setšoantšong seo ho sona ho bontšoang Morena Hammurabi oa Babylona a amohela matla ho molimo oa letsatsi Shamash, ho na le melao e ngotsoeng e 282 ka likarolo tsa mongolo oa mehleng eo. Kaha ho boleloa hore Hammurabi o ile a busa ho tloha ka 1728 ho ea ho 1686 B.C.E., basomi ba bang ba Bibele ba ’nile ba bolela hore Moshe, ea tlalehileng melao ea Iseraele ho feta lilemo tse lekholo hamorao, o mpile feela a utsoa molaong ea morena enoa oa Babylona. A shanofatsa qoso ena, W. J. Martin oa ngola bukeng Documents from Old Testament Times:

“Ho sa tsotellehe ho tšoana ho hongata, ha ho lebaka la ho nahana hore Baheberu ba ile ba kalima ka ho toba ho Bababylona. Le moo lihlopha tse peli tsa melao li fapanang hanyenyane mongolong, li fapana haholo moeeng. Ka mohlala, Molaong oa Hammurabi, bosholu le ho amohela lintho tse utsoitsoeng kotlo ea teng e ne e le lefu (Melao 6 le 22), empa melaong ea Iseraele kotlo e ne e le matšeliso. (Ex. 22:1; Lev. 6:1-5) Ha molao oa Moshe o ne o hanela ho neelana ka lekhoba le balehileng ho mong a lona (Deut. 23:15, 16), melao ea Babylona e ne e otla ka lefu mang kapa mang ea amohelang lekhoba le balehileng.—Melao 15, 16, 19.”

Ho Supplément au Dictionnaire de la Bible, ea ithutetseng tsa Bochabela oa Lefora Joseph Plessis o ngolile: “Ha ho bonahale eka moetsi oa molao oa Moheberu o ile a sebelisa melao e sa tšoaneng ea Babylonia le Assyria. Ha ho letho bukeng ea hae le ipakang hore le kalimiloe. Le hoja ho le teng ho tšoana ho khahlisang, hase ho hongata hoo ho ke keng ha hlalosoa habonolo ka melao ea mekhoa e meng e kopanetsoe ke batho ba tsoang sebakeng se le seng.”

Ha Molao oa Hammurabi o bontša moea oa boiphetetso, molao oa Moshe o re: “U se ke ua hloea oa heno pelong ea hao; . . . U se ke ua iphetetsa, ’me u se ke ua bolokela bana ba sechaba sa heno lonya. Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Lev. 19:17, 18) Kahoo ha hoa paka feela hore Moshe ha a ka a kalima ho Hammurabi empa ho bapisa melao ea Bibele le e entsoeng matlapeng le majoeng a malelele a epolotsoeng ke baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo e bontša hore melao ea Bibele e phahametse e neng e busa lichaba tse ling tsa boholo-holo.

MESALETSA EA TSA BOHOLO-HOLO LE MANGOLO A SEGERIKE

Ho thoe’ng ka Mangolo a Segerike, ao ka tloaelo a bitsoang “Testamente e Ncha”? Na mesaletsa e epolotsoeng ea tsa boholo-holo e pakile ho nepahala ha karolo ena ea bohlokoa ea Bibele? Ho ’nile ha ngoloa libuka tse bontšang hore tiiso e joalo e teng. Hoo e ka bang ka 1890, seithuti sa Bibele sa Lefora F. Vigouroux o hatisitse buka e nang le maqephe a fetang 400 e reng “Le Nouveau Testament et les découvertes archéologiques modernes” (Testamente e Ncha le se Sibolotsoeng ke Mesaletsa e Epolotsoeng ea Kajeno). Ho eona o fane ka bopaki bo bongata bo tšehetsang Lievangeli, Liketso tsa Baapostola le mangolo a ka Mangolong a Segerike. Ka 1895, W. M. Ramsay, o hatisitse buka ea hae e tsoetseng pele St. Paul the Traveller and the Roman Citizen, e fanang ka taba e ngata ea bohlokoa haholo e bontšang bonnete ba Mangolo a Bakreste a Segerike.

Haufi haholo, libuka tse ling tse ngata le litaba tsa boithuto li ’nile tsa hatisoa tse bontšang kamoo mesaletsa e epolotsoeng ea tsa boholo-holo e bontšitseng bonnete ba Bibele eohle. Bukeng ea hae The Archaeology of the New Testament, e hatisitsoeng pele ka 1970, E. M. Blaiklock o ngotse: “Lipontšo tse matla tsa bonnete paleng ea Bibele li rutile bangoli ba lipale ho hlompha matla a Testamente ea Khale le e Ncha, le ho thabela ho nepahala, kameho e tebileng ka ’nete, le temohisiso e bululetsoeng ea pale ea bangoli ba sa tšoaneng ba fileng Bibele libuka tsa eona tsa pale.’

E, mesaletsa ea tsa boholo-holo e epollotsoeng ka ho hlakileng e tšehetsa Bibele. Makala a mang a thuto ea mahlale ho joang ka oona?

[’Mapa o leqepheng la 6]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Haran

Ebla

Mari

Nuzi

Babylon

Lagash

Ur

Sumer

Persian Gulf

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Tempele e fumanoeng Ure oa Kaldea ea boholo-holo

[Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Molimo oa lelapa (o fumanoe Lagash)

Molao oa Hammurabi

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela