Thuto ea Mahlale e Paka ho Nepahala ha Bibele
NA SE sibolloang ke bahlalefi se hanyetsana le Bibele? Ha ho arabeloa, ho tlameha hore pele ho boleloe hore Bibele ha se buka ea thuto ea mahlale. Leha ho le joalo, ha e fapohela litabeng tsa mahlale, e hanana le maikutlo a khopolo-taba a batho le maikutlo. Ho sibolloa ha melao ea bokahohleng nako le nako ho ’nile ha tiisa ho nepahala ha Mangolo a Halalelang le bonnete ba mongoli oa Bibele oa pesaleme, ea ileng a bua tjena ka Molimo: “Kakaretso ea lentsoe la hao ke ’nete.” (Pes. 119:160) A re ke re hlahlobeng makala a linaleli, bongaka, limela, likarolo le mokhoa oa bophelo linthong tse phelang, ho bona hore na le moo thuto ea mahlale e hlile e tiisa ho nepahala ha Bibele.
LINALELI
Hoa tsebisahala hore likhaolo tsa pele tsa Genese li ’nile tsa songoa le ho hlaseloa habohloko. Khanyetsanong le lipolelo tse etsoang ke baruti ba bangata ba Bojakane tsa hore Genese empa e le feela pokello ea lithothokiso le litšōmo, lekholong la bohlano la lilemo “fatere oa kereke” e K’hatholike e bile e le morutehi Augustine o ile a bolela hore tlaleho ea Genese “ha se feela mokhoa oa bongoli moo lintho li boleloang ka papiso, . . . empa ho tloha qalong ho isa qetellong e pheta linnete tseo ruri li etsahetseng, joaloka bukeng ea Marena le libuka tse ling tsa lipale.” (De Genesi ad litteram, VIII, 1, 2) Tlhahlobo ea khaolo ea pele ea Genese e tla senola hore Bibele e ne e etelletse pele hole maikutlo a neng a le teng ka nako eo.
Khale pele Aristotle (384-322 B.C.E.), ea neng a lumela hore linaleli li khokhothelletsoe sebakeng joaloka lipekere, Genese (1:6-8) e hlalositse sekoahelo sa leholimo e le “sebaka,” kapa “tiiso” (Douay Version). Lentsoe “tiiso” le fetolela lentsoe la Selatine firmare, le bolelang ho nea botsitso, ho tiisa, kapa ho bea ka matla a sa sisinyeheng. Jerome o sebelisitse tlhaloso ena ho Vulgate ea Selatine ha a fetolela lentsoe la Seheberu raqia leo, ho fapana le moo, le bolelang “sebaka se alehileng,” “sebaka.” Ho ea ka T. Moreux, eo e neng e le hlooho ea ntlo ea moo ho hōlisoang ponahalo ea linaleli le tse sebakeng ea Bourges, ea France, “sebaka sena, seo ho rōna e leng leholimo, se ngotsoe ka lengolong la Seheberu ka lentsoe leo Septuagint [ea Segerike], e susumelitsoe ke maikutlo a bolepi a neng a laola ka nako eo, e le fetoletse ka stereoma, tiiso, sekhurumelo se tiileng. Ha ho moo Moshe a fanang ka maikutlo a joalo. Lentsoe la Seheberu raqia le mpa feela le fetisa maikutlo a boahlamo kapa, hamolemo haholo, sebaka se ahlameng.” Bibele ka baka leo e re hlaloselitse ka nepo e khōlō, sebaka se ahlameng se ka holim’a rōna.
Genese e bua ka maseli a khanyetsang lefatšeng “ho arohanya motšehare le bosiu.” (Gen. 1:14-18) Joale, mantsoe ao a ngotsoe ke Moshe lekholong la bo16 la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Hlokomela a mang feela a maikutlo a makatsang a neng a le teng ka nako eo ka taba ena. Paul Couderc, oa thuto ea linaleli oa ntlo ea moo ho holisoang ponahalo ea linaleli Paris, o ngotse: “Ho tla fihlela lekholong la bohlano la lilemo pele ho mehla e tloaelehileng ea rōna, batho ba ne ba e-na le maikutlo a lahlehileng ka taba-taba e amanang le motšehare le bosiu. Ho bona, khanya e ne e le mosi o khanyang oa metsi, ha lefifi e ne e le mosi oa metsi o motšo o neng o nyoloha fatše ka shoalane.” Ho fapana hakaakang le polelo e tobileng empa e le e nepahetseng thutong ea mahlale e entsoeng ka Bibeleng ka hore na motšehare le bosiu li bakoa ke eng lefatšeng la rōna!
Ba phetseng ha Bibele e ntse e ngoloa ba ne ba e-na le maikutlo a mohlolo ka sebopeho le motheo oa lefatše. Ho latela ba ithutetseng linaleli ba Baegepeta ba boholo-holo, “bokahohle ke lebokose le beiloeng ka mokhoa o sekametseng ka leboea le ka boroa, ho tšoana le Egepeta. Lefatše le ka tlase, le batla le tšoana le beisini ’me Egepeta e le eona e setsing. . . . Lintlheng tsa lona tse ’nè litlhoro tse phahameng haholo li tšoere leholimo. Leholimo ke sekoahelo sa tšepe, se sephara kapa se menehetseng kantle, se nang le masoba. Ho oona ho leketla linaleli, joaloka mabone a leketlileng ka likhole.”
Na likhopolo tse joalo tsa bongoana li ile tsa tloheloa makholong a lilemo hamorao? Le hanyenyane. Ea ithutileng linaleli le mohlalefi oa Legerike Anaximander (lekholo la botšelela la lilemo B.C.E.) o ne a nka hore: “Lefatše le tšoana le kotopo, e bophara ka makhetlo a mararo ho feta botebo ba eona, ke karolo e ka holimo feela e nang le baahi. Empa lefatše lena le eme le le leng sebakeng, ’me sebaka sa leholimo ke sebaka se feela se setsing seo le leng ho sona, le sa tšehetsoa ke letho, kotopo ea rōna, Lefatše, e le sebakeng se lekanang ka hohle le lintlha tsa leholimo.” Lekholo la lilemo hamorao, Anaxagoras o ne a lumela hore lefatše le khoeli li bataletse.
Bibele e ne e nkile bohato bo pele haholo ho maikutlo a neng a rutoa ka nako eo. Lekholong la bo15 la lilemo pele ho Mehla e Tloaelehileng, e hlalositse ’Mopi a ‘alile lefatše holim’a sebaka se feela,’ ’me lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. ea bua ka “phikoloho ea lefatše.” (Jobo 26:7; Esa. 40:22) Na lefatše ha lea ka la bonahala hantle ka tsela eo ho uena thelevisheneng ea hao ha ba fofang sebakeng ba le nka foto ba le khoeling?
BONGAKA LE LIMELA
Bibele e bua ka limela le lifate tse neng li hōla linaheng tse sa tšoaneng. Ka mohlala, ka nepo e bua ka matla a phekolang a balsamo, e fumanoang lifateng tse ngata tse tala ka linako tsohle. A ngola ho Encyclopedic Dictionary of the Bible ea Sefora, C. E. Martin o oa hlalosa: “Marotholi a manyenyane a lero a intša sefateng sena, empa ho fumana a mang hape, metoa e theosang e sehloa botenyeng ba sefate, ho lumella lero ho tšoloha habobebe . . . Le ne le e-na le botumo ba ho thetha bohloko le ho folisa maqeba; sehlare sa Gileade, se tsebisahalang ka maqeba, se boleloa ka kutloisiso ea tšoantšo ke Jeremia (8:22; 46:11; 51:8); hape le boleloa ka thothokiso ka puo ea kajeno.” Bangoli ba bangata ba lipale ba Maroma le Magerike, ba kang Pliny le Diodorus oa Sicily, ba boletse ka balsamo ena.
Ho ea ka tlaleho ea Bibele, lekholong la borobong la lilemo B.C.E. moprofeta oa Moheberu Jonase o ile a etela Ninive, motse o moholo oa Assyria ea boholo-holo. Ka baka la mosebetsi oa hae oa boromuoa, “batho ba Ninive ba lumela ho Molimo.” (Jonase 3:5) Hamorao, a emisa ka bochabela ho motse ’me a sireletsoa letsatsi ka monyaku, o ileng oa mela bosiu, e le hore o ka sireletsa hloho ea Jonase. (Jonase 4:6, 10, 11) Na ke ’nete hore monyaku (Cucurbita lagenaria) o ka hōla ka potlako e kaalo? Bible Dictionary ea Sefora, e hatisitsoeng ka taelo ea F. Vigouroux, e bolela se latelang: ‘Hoa tsebahala hore monyaku o hōla ka potlako e khōlō linaheng tse chesang le hore o sebelisetsoa ho koahela ka botala marako a matlo le ho etsa moriti moo e khomaretseng teng, joaloka limela tse ling tse itšoarellang, o sireletsa mochesong ka makhapetla a oona a matenya. . . . Molilong oa tšoantšetso o fumanoang meahong e ka tlas’a lefatše o theiloeng tabeng ea Jonase, ka mehla ho bontšoa semela sona sena.’ Kahoo ho ne ho lumellana hantle le ’nete ena hore monyaku o hōlang kapele o ka etsoa hore o hole ka mohlolo ka bosiu bo le bong ke matla a Jehova e le hore o sireletse Jonase mahlaseling a letsatsi le chesang.
E hlalosa qetello ea lihlopha tsa lichaba tse neng li hanyetsa borena ba Molimo, Bibele e bolela hore li tla tšoana le “mooko [galgal ka Seheberu] oa lithaba ha moea o foka.” (Esa. 17:13) Encyclopædia Judaica e re: “Galgal ea Bibele e jala peō ea eona ka mokhoa o hlollang. Qetellong ea selemo e itlhomolla lefatšeng, ’me makala a eona a hlabang, a kang liseile, a fofa moeeng ’me a jala lipeō.” Nogah Hareuveni, mongoli oa buka e bitsoang “Ecologie dans la Bible” (Kamano ea lintho ka Bibeleng), e bua ka mooko oa galgal e ngola: “Semela se nang le lebitso lena se qala ho hōla ka potlako ka Tlhakubele. . . . Ka libeke tse seng kae galgal ena e neng e bonahala e se na lebaka e fetoha senatla se meutloa, makhapetla a eona le lipalesa li potiloe ke meutloa. Lehlabula, semela se qala ho omella, empa se bonahala se itsetsepetse ka matla haholo se tšosa hoo ho bonahalang ho se bonolo ho se tlosa. Ha galgal e butsoitse, ho etsahala ntho e ’ngoe e mohlolo pakeng tsa lehlaka le metso ka tlas’a mobu: metso le lehlaka lia ikarola, ’me ho hlokahala moea o mosesaane feela oa lehlabula hore o fefole semela kaofela ha sona.” Joale, ho tšoana le mooko ona, o bonahalang o tšosa empa o ka fefoloa habonolo hakana ke moea, ba hanyetsang borena ba Molimo ba tla fieloa. Papiso ea Bibele e reng ‘joale ka mooko’ e nepahetse.
LIKAROLO LE MOKHOA OA BOPHELO LINTHONG TSE PHELANG
Haeba Bibele e simoloha ho ’Mōpi oa motho, re lokela ho fumana maqepheng a eona bopaki bo kholisang ba hore ha e-ea etsoa ka bohlale ba motho. Joalokaha re se re bone, batho ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba e-na le maikutlo a mohlolo ka tšimoloho ea motho. Ka ho tšoanang, libuka tsa bongaka ho tloha Egepeta oa boholo-holo li senola ho hloka tsebo bo hoholo lebaleng la bongaka. Le hoja Moshe a ne a ‘rutiloe bohlale bohle joa ba-Egepeta,’ o ngotse hore motho o entsoe “ka lerōle la lefatše,” e seng ka meokho ea Ra. (Gen. 2:7; Lik. 7:22) Na bohlale ba bongaka kajeno bo tiisitse ’nete ea hore motho o entsoe ka metsoako ea matsoai a tsoang mobung oa lefatše?
Bukeng eo ba e kopanetseng Les oligoéléments, Andrée Goudot le Didier Bertrand, litho tsa Sekolo sa Temo sa Fora, baa re tsebisa hore: metsoako ea matsoai ’ohle a fumanehang mobung a teng ho motho. Hona hohle ho fumanoang lehohong la lefatše ke bopaki ba hore motho kannete o entsoe ka lerōle, kamoo Bibele e bolelang.
Ka makholo-kholo a lilemo, Bibele e boletse hore mali a sebopuoa a emela bophelo ba sona, kapa moea. “Mali ke moea oa nama tsohle.” (Lev. 17:14) Na boemo bona boa utloahala bongakeng? Na ke ’nete ea thuto ea mahlale hore mali a ameha haholo tšebetsong ea bophelo. Ho feta moo, thuto ea mahlale e sibollotse haufinyane hore mali a motho e mong le e mong a khethehile ho eena ’me ke a hae a le mong. Léone Bourdel, setsebi sa Sekolo se Phahameng sa Thuto ea bophelo ba Motho sa Fora, o ngola ka mokhoa o latelang: “Motsoako oa lefutso kemolong ke o entsoeng ka tsela eo mali a rōna e leng a rōna re le bang, ho se mohla a tšoanang leha e le le a batsoali ba rōna, kapa oona a bana ba rōna. ’Me re etsa oona mali ana bophelong bohle ba rōna. Ha e le hantle, ho sa tsotellehe hore na re ka tšeloa mali a batho ba bang hakae, ha ho mohla re tla fetola mali ao mofani a re fileng oona hore e be a rōna; ke mali a rōna a imelang a mang ka mehla ’me a nchafatsoa ka ho sa feleng le ka ho tšoanang.”
MABAKA A HO LUMELA BIBELE
Ha re bea taba ea Aldous Huxley ka mantsoe a mang, moo a qotsitsoeng pelenyana, ‘ho fumana mabaka a molemo bakeng sa seo motho a se lumelang ka mabaka a mang a molemo’ ke oona morero oa puisano ena ea potso “Na u Lokela ho Lumela Bibele?”
Pele, re bone hore Bibele ka boeona ha e re hloke hore re lumele ka bofofu. E re memela ho sebelisa ‘matla a rōna a ho nahana’ le ho ‘tsebisisa sohle.’ (Ba-Roma 12:1, 2; 1 Ba-Thess. 5:21) Re bone hore mesaletsa e epolotsoeng ea tsa boholo-holo e tšehetsa bonnete ba pale ba Bibele. Ho feta moo, ho bontšitsoe ka mehlala e ’maloa, hore tlaleho ea Mangolo ke e utloahalang bohlaleng bo tebileng ho fihlela lintlheng tse fokolang ka ho fetisisa.
Ana ke “mabaka a molemo” a ho lumela Bibele. Empa ho sa na le ‘mabaka a mang a molemo’—ha e le hantle, mabaka a bileng a leng molemonyana haholo, hobane ho totobetse hore ho lumela ho Molimo le ho itšetleha ka lentsoe la oona ho ke ke ha ema feela ho se sibolloang ka mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo tse epolotsoeng le thutong ea lipatlisiso ka tsa mahlale. Ho phaella ho beng ha eona ea bohlokoa haholo e le tataiso boitšoarong, Bibele ke eona buka feela e re senolelang thato ea Molimo le morero oa oona bakeng sa batho. E, Buka ena e bululetsoeng ke Molimo har’a Libuka e re nea tšepo ea sebele bakeng sa bokamoso ba lefatše la rōna le batho ba holim’a lona, joalokaha sehloho se qetellang letotong lena se tla bontša.
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Maikutlo a Baegepeta ka bokahohle
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
“Mooko” o meutloa