Bibele Buka ea Tšepo
WILLIAM GLADSTONE, eo ho boleloang hore ke “ramolao e moholo haholo oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo,” o kile a ngola: “Thuto ea mahlale le liphuputso li entse ho hongata ho tiisa botle ba pale ba Testamente ea Khale: . . . ka ho etsa joalo li ekelitse matla a khang ea hore ka ho tsona re na le tšenolo ea Bomolimo; . . . bopaki, ha bo talingoa ka kutloisiso, se fumanehang le se hlahang, bo re tlamella ho ema moo baholo-holo ba rōna ba neng ba eme teng, holim’a lefika le sa sisinyeheng la Mangolo a Halalelang.”
Ruri Bibele e emellane le lifefo tsa nako joaloka lefika le sa sisinyeheng. Motho ea emeng holim’a lefika lena a ka bona, bophahamong ba lona bo bolelele, a sa bone feela nakong ea khale e fetileng empa hape le hole nakong e tlang. A re hlahlobeng joale bopaki bo ka hare bo pakang hore Bibele ke buka ea tšepo eo u ka e tšepang.
KUTLOANO E LIKOLOHANG SEHLOHONG SE SETSING
Libuka tse 66 tsa Bibele li ile tsa ngoloa ka nako ea makholo a 16 a lilemo ke bangoli ba sa tšoaneng ba ka bang 40. Polelo eo e baleha habonolo. Empa ak’u nahane ka eona. Na u tseba buka leha e le efe e qalileng ho ngoloa, ha re re, ho isa qetellong ea lekholo la bone la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna ’me ea ’na ea tsoela pele e ngoloa, ke batho ba bangata ba sa tšoaneng ba tsoang boemong bo fapa-fapaneng ba bophelo ho tla fihlela kajeno?
Ha ho na buka e joalo. Empa haeba e ne e le teng ’me eba e ile ea ngoloa ho tloha mehleng ea ’Muso oa Roma, ho kenella mehleng ea marena le ho kenella mehleng ea kajeno ea liriphabliki, e ngoloa ke batho ba sa tšoaneng ba kang masole, marena, baprista, batšoasi ba lihlapi, le molisana le ngaka, na u ne u ka lebella hore karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea buka eo e be le mokhoa o le mong oa motheo le ho latela sehloho se le seng se setsing? Le hanyenyane!
Leha ho le joalo Bibele e hlile e ngotsoe ka nako e lekanang le eona eo, tlas’a mebuso e sa tšoaneng ea bopolotiki, e ngoloa ke batho ba mefuta e sa tšoaneng bophelong le ho feta e boletsoeng ka holimo, e bile e le ka lipuo tse tharo. Leha ho le joalo, e lumellana kaofela ha eona. Molaetsa oa eona oa motheo o na le molumo o le mong ho tloha qalong ho isa qetellong. Na hoo ha ho tsotehe?
Tumellano e joalo e ne e ke ke ea etsahala haeba ho se teng moea o mong o sa feleng le o kopanyang e le oona o laolang sehlopha sohle se ngolang. Moea oo e ne e le matla a sebetsang a Molimo. Moapostola Petrose o ile a paka ’nete eo, a re: “Ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”—2 Pet. 1:20, 21.
Tlas’a bohlophisi bo le bong ba Molimo, bangoli bana ba Bibele ba hōlisa sehloho se le seng se setsing: Ho tumisoa ha borena ba Jehova le morero oa oona o tla qetella o phethahetse bakeng sa lefatše ka ’muso oa oona tlas’a Kreste, “Peō” e tšepisitsoeng. (Bona lebokose le leqepheng la 16.)
BUKA EA BOPROFETA
Mohlomong lebaka le leholo haholo la ho lumela hore Bibele hase lentsoe la motho empa la Molimo ke ’nete ea hore ke buka ea boprofeta bo tsotehang. Ka thepa eohle ea bona e tsoetseng pele ea thuto ea mahlale, batho ba sa ntsane ba sitoa hore ba nepe kamehla ho lepa litaba tse amanang le boemo ba leholimo re se re sa bue ka ho bolela liketsahalo tse makholo-kholo pele ho nako. Leha ho le joalo, Bibele e na le boprofeta bo baloang ka makholo bo ipakileng bo nepahetse ka ho tsotehang. Na hona ha ho bontše hore ho teng Boko bo Boholo bo potelletseng ka boprofeta bo joalo bo ileng ba bolela: “Ke ’na Molimo o matla, ’me ha ho o mong; ke ’na Molimo, ’me ha ho ea joale ka ’na. Ke ’na, ha e sa le ho hlaheng, ke bolelang tse tlang ho tla, le khale ke boletse tse e-song ho hlahe”?—Esa. 46:9, 10.
Boprofeta bo bongata ba bohlokoa haholo ka Bibeleng bo tlamahana le sehloho sa eona sa bohlokoa se setsing: Ho tumisoa ha Molimo ka ’muso oa “Peō” e tšepisitsoeng. Ho qoba pelaelo eohle ka hore na “Peō” ke efe, Molimo oa bululela baprofeta ba bangata ba fapaneng hore ba fane ka lintlha tse qaqileng ka tsoalo, bophelo le lefu tsa molopolli enoa ea tšepisitsoeng. Boprofeta bona bo buang ka “Peō” kapa “Messia”—boo ho bona ho baliloeng bo fetang 300—bohle bo phethahetse ho Jesu Kreste.a
Ba bang ba sa lumellaneng le bolumeli ba ’nile ba leka ho fana ka maikutlo a hore Kreste o ile a itohella hore a lumellane le boprofeta bona ’me kahoo a laola ka bohlale ho phethahala ha bona. Ba sa lumellaneng le bolumeli ka kakaretso ba ikakasa ka hore ba na le kutloisiso e khōlō. Empa na ke ho nahana ho nang le kelello ho bolela hore Jesu o ile a laola ka bohlale tsoalo ea hae Bethlehema (Mik. 5:2; Matt. 2:1, 5, 6), a tsoalloa lelokong la Juda (Gen. 49:10; Luka 3:23, 33) hape e le ngoana ea tsoang ho Morena Davida?—Esa. 9:7; Matt. 1:1.
Ba bang ba ka ’na ba nganga hore haeba Jesu e ne e le Mora oa Molimo ’me a phetse pele leholimong, o ne a ka ’na a lokisetsa ho tsoaloa ha hae ha botho ho phethahatsa boprofeta bo joalo. Ke ’nete, empa ea sa lumellaneng le bolumeli ha a ka sebelisa khang eo o tla be a lahla morero oa hae, oo hantle-ntle e leng ho latola hore Jesu o kile a ba le sebopeho se seng ntle ho sa botho.
Hona ho thoe’ng ka maemo a amanang le lefu la Jesu: ho otloa ha hae, ho tšoeloa ka mathe, ho khokhotheloa sefateng, ’me (ntho e ’ngoe e sa tloaelehang bakeng sa batho ba bolaeloang sefateng) hore a se ke a rojoa lesapo le le leng? (Esa. 50:6; Mik. 5:1; Esa. 53:5; Pes. 34:20; Matt. 27:26, 30; Luka 23:33; Joh. 19:33-36) Na Jesu o ile a laola lintho tsee tsohle ka bohlale? Ho ke ke ha etsahala! Kahoo bona e ne e le boprofeta ba ’nete bo ngotsoeng lilemo tse fetang 700 pele bo phethahala. Bopaki bo matla, ka sebele bo emelang ho tšepahala ha Bibele!
Boprofeta bo bong bo tsotehang haholo, le boo ho phethahala ha bona ho tiisitsoeng haholo ke pale ea lefatše, ke ho bolela ha Jesu pele ho nako ho oa ha Jerusalema. Bona hase boprofeta boo lepolotiki leha e le lefe le masene le bolelang liketsahalo pele ho nako le neng le ka bo etsa, ha ho talingoa ho hohlana hoo Bajode ba neng ba le ho bona tlas’a puso ea Baroma. Bo ne bo akarelletsa lintlha tse qaqileng tseo ho seng ’moleli oa liketsahalo tsa kamoso ea neng a ka li bona e sa le pele. Ke mang ea neng a ka nahana hore, ka 66 C.E., molaoli oa Moroma Cestius Gallus o ne a tla hula mabotho a hae Jerusalema “ntle ho lebaka leha e le lefe lefatšeng,” joalokaha Josephus a bolela, ka nako eo ka eona motse o neng o lokile hore o ka oela matsohong a hae habonolo? Empa Jesu o ne a ile a bolela pele ho nako ka monyetla o joalo hore batho ba ka baleha motseng o thibelletsoeng. (Luka 21:20-22) Barutuoa ba hae, ba neng ba lebelletse pontšo ena, ba tseba ho pholoha ka tsela eo. Joale, hoo e ka bang lilemo tse ’ne hamorao, ka 70 C.E., timetso e feletseng ea Jerusalema le tempele ea eona ea etsahala, joalokaha Jesu a ne a boetse a boletse pele ho nako.—Luka 19:41-44; Matt. 24:2.
Boprofeta ba Jesu ka ho timetsoa ha Jerusalema ea lekholong la pele ke ba bohlokoa haholo ho rōna, hobane bo lohellane le boprofeta ba hae ka bofelo ba tsamaiso ea hona joale e khopo le ho hlongoa ha ’muso oa Molimo matsohong a “Peō” e tšepisitsoeng. Joalokaha Jesu a file Bakreste ba lekholong la pele la lilemo pontšo e ba nolofalelitseng hore ba tsebe ka bofelo ba Jerusalema ha bo le haufi le hore ba balehe, ka ho joalo o neile Bakreste ba phelang kajeno pontšo eo ka eona ba ka tsebang hore ’muso oa hae o haufi.
Hoba a bue ka lintoa tsa machaba, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, litlala, mafu a seoa le mahloriso a Bakreste ba ’nete, Jesu o boletse ‘ho tsieleha ha lichaba [e seng Bajode feela],’ ’me a bolela hore batho ‘ba tla ba le matsoalo ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng [e seng Jerusalema feela].’ (Luka 21:10-19, 25, 26) Lipolelo tsena ka botsona li shanofatsa maikutlo a hore boprofeta ba hae bo ile ba phethahala ka ho feletseng ka ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. Boprofeta ba hae ka ho totobetseng bo ne bo ahlame haholo le ho atolohela nakong ea ha e se Jerusalema e koenehileng feela e tla timetsoa empa le bolumeli bohle ba bohata le tsamaiso eohle ea Satane e khopo ea lintho ho hleka tsela bakeng sa ‘lefatše le lecha la ho loka leo re le emetseng ka pallo ea Molimo.’—2 Pet. 3:13.
Hona ho tiisoa ke potso eo baapostola ba Jesu ba ileng ba mo botsa eona, e reng: “Ak’u re bolelle: lintho tsee [tseo a neng a sa tsoa li bolela ka ho timetsoa ha Jerusalema] li tla etsahala neng? Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao le ea ho fela ha mehla ea kajeno.”—Matt. 24:3, phet. e ncha.
Ho boetseng ho bontšang hore mohopolo oa Jesu o ne o feta hole ho timetsoa ha Jerusalema ho fetela nakong ea ha a ne a tla tla hape ka matla ’me ’muso oa Molimo o tla hlongoa, o itse: “Ke moo ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka leru, ka matla le ka khanya e kholo. . . . Bonang sefate sa feiga le lifate tsohle. Ha le li bona li se li hlahisa mahlaku, le ee le tsebe le lōna hoba lehlabula le haufi. Ka mokhoa o joalo le lōna, etlare ha le bona tseo [lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, litlala, mahloriso a Bakreste, tsieleho ea lichaba] li hlaha le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:10-31.
Joalokaha kannete boprofeta ba Jesu ka ho timetsoa ha Jerusalema bo ile ba phethahala ho fihlela ntlheng ea ho qetela, le bona boprofeta ba hae ka bofelo ba tsamaiso e khopo ea hona joale ea lintho bo tla phethahala. Ho tloha ka 1914, re bona bopaki bo sa feleng ba hore boprofeta ba Jesu bo tlalehiloeng ho Mattheu likhaolo 24 le 25, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21 boa phethahala. Kamor’a ho bolela hore “tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi,” Jesu a phaella: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Matt. 24:8, 14.
E, nako ea hona joale ea ‘tsieleho’ ke selelekela sa phethahatso ea tšepo e khanyang. “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li boleloa “lefatšeng lohle” kajeno ke Lipaki tsa Jehova. Li bolela hole le haufi litaba tse khōlō ho feta tsohle, hore haufi borena ba Jehova Molimo bo tla tumisoa le hore morero oa hae ka lefatše o tla phethahatsoa, ha ’Muso oa “Peō” Jesu Kreste, o timetsa ba khopo ’me o bona hore thato ea Molimo e etsoa lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. (Matt. 6:9, 10) Joale banna bohle le basali ba ratang ho loka, ba pholohang bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho le limillione tsa ba tla tsosoa, ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Joh. 5:28, 29.
Ho joalo ke tšepo e hlollang eo batho ba e tšoaretsoeng ke Bibele. Bahlalefi, le mapolotiki a lefatše lena ba ke ke ba fana ka tšepo e joalo. Ke hobane’ng ha u ka hana buka feela ea tšepo e teng kajeno, BIBELE? Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa hore u tsebe Bibele hamolemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa karolo e ’ngoe ea boprofeta bona ba Messia, bona buka “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial,” maqephe 343-345, e hatisitsoeng ke Watch Tower Society.
[Lebokose le leqepheng la 16]
BIBELE E HŌLISA SEHLOHO SE LE SENG SA BOHLOKOA:
Ho tumisoa ha borena ba Jehova Molimo le morero oa hae ka lefatše o tla qetella o phethahetse ka ’muso oa hae tlas’a Kreste, “Peō” e tšepisitsoeng
’NETE EA BOHLOKOA:
“Tšimolohong Molimo . . .”—Gen. 1:1
MOLIMO OA QALISA MOTHO HANTLE:
“Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”—Gen. 1:31
MOLIMO O NE O RERILE PARADEISE EA LEFATŠE LOHLE:
“Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.”—Gen. 1:27, 28; 2:8
MOTHO OA PELE EA E-BA LERABELE ’ME A FETISETSA LEFU HO BANA BA HAE:
“Joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle.”—Ba-Roma 5:12
MOLIMO OA TŠEPISA TOPOLLO KA “PEŌ”:
“Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao [Abrahama].”—Gen. 22:17, 18; bapisa Genese 3:15
KRESTE KE “PEŌ” E TŠEPISITSOENG:
“Joale, lipallo li etselitsoe Abrahama le leloko la hae; ha ho thoe, meloko, joale ka hoja ho boleloa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itsoe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.”—Ba-Gal. 3:16
’MUSO OA MOLIMO TLAS’A “PEŌ” O TLA PHETHAHATSA MORERO OA MOLIMO BAKENG SA LEFATŠE:
“Joale, lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Matt. 6:9, 10; Tšen. 12:10
HO TIMETSOA HA MARABELE ’OHLE HO TLA TUMISA LEBITSO LE BORENA BA MOLIMO:
“A ba ke ba tsielehe, ba shoe motlopo ka mehla, ba fele ba hlabiloe ke lihlong! Ba tle ba tsebe hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, u rena u ’notši lefatšeng lohle.”—Pes. 83:17, 18
PUSO EA ’MUSO EA KRESTE EA LILEMO TSE 1 000 E TLA KHUTLISETSA PARADEISE HAR’A BATHO:
“Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla holim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Tšen. 20:6
LIPHELLO TSA SEBE Ll TLA FELISOA:
“Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 21:3, 4
TAOLO E KHUTLISOE ’ME MOLIMO O QETELLE O TUMISITSOE:
“Hamorao ho tla tla bofelo, mohla [Kreste] a busetsang ’muso ho Molimo Ntate, ’me a felisang borena bohle, le mebuso eohle, le matla ’ohle. Hobane e ka khona a buse, a tle a be a bee lira tsohle ka tlas’a maoto a hae. Sera se tlang ho felisoa morao-rao ke lefu. . . . etlare ha tsohle li beiloe ka tlas’a hae, ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.”—1 Ba-Kor. 15:24-28