Ho Nyarela ka Litabeng
Sesosa sa ho se Utloane ha Kereke
● Baruti ba babeli ba sehlopha se seholo sa United Church ea ma-Protestanta ba hlahisa hore phutheho ea bona e ntlheng ea ho qhalana. Hobane’ng? Ho se lumellane ho hoholo. Hona ho bonahetse haufinyane libōkeng tsa Lekhotla le Tloaelehileng la bolumeli mane Halifax. Likoranta li tlalehile ho se lumellane ka khang ea ho ntša limpa, tšebelisano ea bopolotiki le tse ling. Peho e ’ngoe e ile ea biletsa ho khethoa ha basodoma le ho amoheloa ha maemo a mang a ba likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo le ho se tšepehe hore ho etsahale. Baruti ba bang ba buile khahlanong le litšebetso tse joalo ka hore li khahlanong le mangolo. Empa hobane’ng ho se utloane? Temoso e nehelanoe ho seo koranta e ’ngoe e se tlalehileng: “Manqosa a itse a iphumane a le tsietsing ka ho leka ho kopanya taelo e hloioang ke Boevangeli le tsela ea motho ea bophelo.”
Bothata hantle mona ke haeba baetapele ba bolumeli ba amohela Bibele, “e seng joalo ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo.” (1 Ba-Thess. 2:13) Ha ho entsoe joalo, liqeto ha se tse thata. Ha a ngola tlas’a tšusumetso, moapostola Pauluse o hlokometse pono ea Bakreste ba pele ha a eletsa: “Le se ke la lahleha. Ha e le ba litšila le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo. ’Me ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona.” Ba fetohile ha ba e-ba Bakreste. (1 Ba-Kor. 6:9-11) Empa batho ba bang ba ka fetola Bokreste ho e-na le hore ba sokolle ba khopo. Ha se ho makatsang ha ba hloka kutloano e bile ba qhalana!
Tšabo le Bophelo bo Botle
● Ha a ne e bolela kopanong ea lichaba tsohle ea lingaka koana Davos, Switzerland, Profesa Hans Schäfer oa sekolo se phahameng sa Heidelberg o itse tšabo ke kotsi e tšabehang khahlanong le bophelo bo botle. Koranta ea Jeremane “Frankfurter Allgemeine Zeitung” e itse: “Tšabo e na le khatello e tlisang boloetse ho motho: tšabo ea bokamoso, tšabo ea ho nyenyefatsoa, tšabo ea ho tlontlolloa, tšabo ea balaoli ba motho ’me ka linako tse ling esita le tšabo ea molekane oa lenyalo.” Tšabo e sebetsa methapong ea litho tsa ’mele ho senya bophelo bo botle. Haeba tšabo e le e ’ngoe ea litšobotsi tsa kholo tsa kotsi, teng tšepo ke tšobotsi e molemohali ea ho boloka bophelo bo botle,” Profesa Schäfer o boletse joalo. “Thuto ea bophelo bo botle e lokela ho tsamaisoa tumellanong le litaelo tse molemo,” e leng ho ke keng ha etsahala “ntle ho ho tsosolosa Iinnete tsa bohlokoa tsa bolumeli ba khale.”
“Linnete tsa bohlokoa tsa bolumeli ba khale” li teng ka Bibeleng; li tsoa ho ’Mopi oa motho ’me boemong ba tšabo li bea khotso ea kelello. “Le se ke la belaela letho,” ke keletso ea bomolimo, “empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lona ho Jesu Kreste.”—Ba-FiI. 4:6, 7.
Ho phekola ka Libuka
● Sehloho se reng “Buka e molemo ke moriana o molemo” se hlahile morao tjena koranteng ea bongaka e bitsoang “The Doctor Game.” Ngaka ea Canada e ngotseng taba e Itse: “Ena e bitsoa tšebeliso ea libuka le lintho tse ling tse baloang bakeng sa ho phekola boloetse [bibliotherapy]. Na ho na le matla? Koranta e bolela ka batho ba ’maloa ba hlileng ba thusoa haholo ke ho bala ho e-na le ho thusoa ke lipilisi tse ngata. Ngaka e elelitse e mong oa bakuli ba eona, ka ho re:
“U ntse u na le sehlabi, ua khathala e bile ua opeloa ka lilemo tsena tse leshome. Empa u sa ntsane u phela. Lingaka tse fapaneng li u hlahlobile ka ‘X-ray’ ho tloha hlohong ho ea monoaneng oa leoto ’me ha lia ka tsa fumana letho le phoso. U hlahlobiloe ka Iihlahlobo tsohle tse ngotsoeng libukeng. U na le meriana e mengata ka tlung ea hao hoo u ka khonang ho bula lebenkele la meriana. Ke hobane’ng ha u sa tlohele hohle, ua mpa ua Iphumanela karete ea ho ba setho sa sebaka sa polokelo ea Iibuka ’me ua bala libuka tse ling tse molemo?”
Hono ho ne ho tla hle ho be molemo haholo holane buka e rekisoang haholo lefatšeng, Bibele, e le e qalang lethathameng la libuka tse lokelang ho baloa. Hape le teng e ne e tla fana ka tšepo e tlileng ea bokamoso. Ha e bolela ka litaba tsa meriana kajeno, ngaka ea qetella ka hore: “Ka bomalimabe, meriana ea lekholo la bo-20 la lilemo e neile batho khopolo e fosahetseng ea seo bophelo bo botle bo leng sona. E hlahisitse sechaba sa batho ba lumelang hore ba kula.”