Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/1 maq. 5-7
  • Na ho Tsuba ha ba Bang ho ka u Ntša Kotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Tsuba ha ba Bang ho ka u Ntša Kotsi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KAMOO BA S’O TSOALOE BA TSOANG KOTSI
  • PHELLO BANENG BA BANYENYANE
  • PHELLO HO BATHO BA BAHOLO
  • SE BONTŠOANG KE BOPAKI
  • Na ba Hōlisa Lefu?
    Tsoha!—1988
  • Na u ka Rata ea Pel’a Hao ua ba ua Tsuba?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lisakerete—Na Ua li Nena?
    Tsoha!—1996
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/1 maq. 5-7

Na ho Tsuba ha ba Bang ho ka u Ntša Kotsi?

BATHO ba limillione ba hlokofala haholo ’me hangata e le kotsi e bolaeang hobane e mong a ile a tsuba. Ka mohlala, ha ’mè a tsuba, lesea la hae le ka popelong hangata le tsoa kotsi. Ha e le hantle, le ka bolaoa le pele le tsoaloa.

U ka ’na ua botsa, ‘Hoo ho etsahala joang? Mosi o ka ntša ngoana ea sebakeng se sireletsehileng ka hare ho ’mè oa hae kotsi joang?’

KAMOO BA S’O TSOALOE BA TSOANG KOTSI

Hang kamor’a ho hula, bokoali bo tsoang mosing bo kena maling a ’mè ea tsubang. Sethethefatsi sena se matla se sesefatsa methapo ea mali e ka popelong ea hae, kahoo se amoha lesea moea o hloekileng le lijo tse matlafatsang tse hlokahalang. Ka nako eona eo, semoko ka bonolo se fetela ho ngoana ka mokhujoana. Se nka karolo e ’ngoe ea moea o hloekileng oa bohlokoa maling a lesea o hlokahalang bakeng sa khōlo le tsoelopele e loketseng.

Ho khahlisang ntlheng ena ke boithuto ba lingaka tsa Manyesemane Univesithing ea Oxford. Li bolela hore ha ’mè oa lona a tsuba, ngoana o bonoa a “kha moea ka popelong, . . . a hlile a utloisoa bohloko ke khaello ea nakoana ea moea o hloekileng.”

Liphello tse bohloko li ngotsoe ka ho hlaka. “Ho tsuba nakong ea kemaro ho baka kholofalo ea pele ngoana a tsoaloa e matla hoo ngoana ea thomehang a shoang, kapa lesea le shoang nakoana kamor’a ho hlaha,” kamoo ho hlokomelang makasine ea Family Health. Masea a tsoaloang ke bo-’mè ba tsubang a talimane le kotsi e phahameng ea ho shoa kapele kamor’a ho hlaha. ’Me a mocheng oa ho hlaha ba le banyenyane bo sa tloaelehang.”

Ho phaella moo, lefu la tšohanyetso lea phahamisoa ha ’mè a tsuba—bafuputsi ba re ka 52 lekholong. Ho bonahala bana ba bo-’mè ba tsubang ba na le kholofalo e ipatileng bokong ba bona, ’me ena e ka khathatsana le ho phefumoloha ’me ea isa lefung la tšohanyetso.

Haeba ho tsuba ha ’mè ho ka ntša ngoana ea s’o hlahe kotsi, ngoana o angoa joang ke mosi ha a se a tsoetsoe.

PHELLO BANENG BA BANYENYANE

Ha e le hantle, batsoali ba tsubang ba khothalletsa bana ba bona ho tsuba ka mokhoa o sa tobang. “Phello ho bana ba banyenyane ea ho tsuba ha batsoali ho hakanngoa ho tšoana le ha ngoana a tsuba lisakarete tse tharo kapa tse hlano ka letsatsi,” kamoo ho hlalosang setsebi sa matšoafo Dr. Alfred Munzer. ’Me bakeng sa matšoafo a tetemang a ngoana e monyenyane, eo ke chefu e ngata! Ruri, joaloka motsoali, u ka koata haholo ho tseba hore motho e mong o ne a tsubisa ngoana oa hao lisakarete tse hlano ka letsatsi!

Empa na bana ba hlile ba tsoa kotsi ke mosi oa batsoali ba tsubang? The Journal of the American Medical Association e akarelitse liphuputso tsa bongaka potsong ena, e re:

‘Masea ao bo-’m’a oona ba tsubang a mocheng oa ho amoheloa lipetlele ka lefu la masobana a matšoafo kapa letsoejana ho feta masea ao bo-’m’a oona ba sa tsubeng. Boithuto bo bong bo bontšitse hore menyetla ea letsoejana kapa lefu la masobana a matšoafo ho ngoana oa lesea e menahane habeli haeba batsoali ka bobeli ba tsuba. . . . Boithuto bo bong bo bontša hore ho hlaha khafetsa ha lipontšo tsa phokolo ea ho phefumoloha ho bana ho amana ka ho toba le mosi oa koae o tikolohong eo ngoana a leng ho eona. Hape, bana ba moo mosi oa koae o leng teng pelo tsa bona li otla ka potlako le mali a bona a phahama ka mokhoa o tšoanang le liphetoho tse bang ho ba tsubang.’

Ea tsubang, ka baka la monyaka oo a ikutloang hore o o fumana ka ho tsuba, o ikhethela ho senya bophelo ba hae. Empa na u nka e le boitšoaro bo lokileng hore a senye le bophelo ba bana ba hae?

PHELLO HO BATHO BA BAHOLO

Ho joang haeba u le motho e moholo ea sa tsubeng? Na u ntšoa kotsi ke mosi oa ba bang?

Ha u lula pel’a motho ea tsubang, phello e ka itšoanela hantle leha u ne u tsuba. Today’s Health e hlokometse hore ‘boithuto bo bontšitse hore, kaha ea tsubang ka karolelano o hlile o tsuba karolo e nyenyane feela ea sakarete ea hae boholo ba nako eo a e hotelitseng, ea sa tsubeng a ka qobelloa khahlanong le thato ea hae ho phefumoloha karolo e ntseng e batla e lekana le ea motho ea tsubang ea lutseng pel’a hae ea semoko, tire le bokoali.’

Dr. John L. Pool o hlalositse mabapi le phello ea ho eketsoa ho fokolang feela ha semoko moeeng. A bolela hore ha semoko tekanyo ea sona e ‘feta likarolo tse robeli millioneng (moea o hloekileng o na le e le ’ngoe ho tse ’nè), ka ho tiileng moea o hloekileng o fihlang matšoafong le pelong o theohile.’ Semoko se ka ba sekae moeeng ka ntlong e tletseng mosi?

Philip Abelson, e le mohlophisi oa Science, o ile a ngola karolong ea mohlophisi ea makasine eo: ‘Ntlong e se nang moea o lekaneng o kenang le o tsoang, ho tiea ha semoko ho ka fihla ka bonolo tekanyong ea makholo a mangata millioneng, kahoo ho pepesetsa ba tsubang le ba sa tsubeng ba teng kotsing ea chefu.’ Tekanyo e kaalo ea semoko e phahametse meeli e lumelloang ke molao.

Empa na mosi ona o ka u ntša kotsi? O ka ho etsa ka sebele! mohlomong ho phefumoloha mosi hoa u kulisa. Ba tsubang ba ke ke ba makatsoa ke hona, kaha, ha ba tsuba ka lekhetlo la pele, ba bangata ho bona ba ile ba nyokholoha, ba bile ba hlatsa.

’Nete ke hore, ho batho ba jeoang ke lefu la pelo, ho phefumoloha moea ka ntlong e tletseng mosi ho kotsi. “Ke khoreletso ea sebele bophelong.” Eo ke qeto e fihletsoeng ka boithuto bo kopanetsoeng bo neng bo tsamaisoa ke Dr. Wilbert S. Aronow California.

Boithuto bo sa tsoa etsoa ka banna le basali ba lilemong tse bohareng ba 2 100 bo senotse hore le bona batho ba baholo ba phelang hantle ba tsoa kotsi ha ba qobelloa ho phefumoloha mosi oa ba bang ka makhetlo a mangata. Bana ba sa tsubeng ba fumanoe ba tsoile kotsi e tšoanang ea mecha ea moea e ka hare ho matšoafo a ba tsubang. “Ena ke tšenyo e tiileng e etsahallang batho ba ikhethetseng ho se tsube,” kamoo ho hlalositseng ea ithutetseng ’mele oa motho James R. White.

Ho hatisang ho ea pele kotsi ea ho qobelloa ho phefumoloha mosi oa koae ke boithuto bo entsoeng Erie County, Pennsylvania. Ho ea ka New York Times, boithuto bona “bo senotse hore basali ba sa tsubeng ba banna ba tsubang ba shoa karolelanong ba le lilemo tse ’ne pele ho basali ba sa tsubeng bao le banna ba bona ba sa tsubeng.”

SE BONTŠOANG KE BOPAKI

Bopaki bo ke ke ba phehisoa khang: Haeba ha u tsube empa u tlameha ho phefumoloha mosi oa ba bang, o ka u ntša kotsi. Hona ho ntse ho fetoha ’nete e hlokomelehang le nako. Ke kahoo linaha tse ngata Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika le metseng e makholo e meholo ho nang le thibelo eitseng ea ho tsuba libakeng tse sebelisoang ke bohle. Hape, lifeme tse ling li qobella hore ho tsujoe feela sebakeng se boletsoeng. ’Me ka baka la mosebetsi o theohang ka baka la ho tsuba, beng ba mesebetsi ba bangata ba fa basebeletsi ba bona libonase tsa liranta tse makholo ha ba ka tlohela ho tsuba.

Ba bangata ba sa tsubeng ba ’nile ba hlahlela linyeoe tse ngata ka boiteko ba ho batla ho pholosoa litšileng tse bakoang ke ba tsubang. Nyeoeng e ’ngoe, moahloli a hlokomelisa hore ho tsuba ho thibetsoe mechineng e meng ea lifeme kaha thepa ha e sebetse hantle ha mosi oa koae o le teng. Eaba o liha kahlolo ea hore, haeba ho tsuba ho ka thibeloa ka baka la mochine, ho ka etsoa joalo le bakeng sa batho.

Ba bang ba tsubang ba ikutloa ba tlatlapuoa ka baka la melao e joalo khahlanong le mokhoa oa bona. Ba ho nka e le khatello. Joalokaha e mong a itse: “Ho tsuba, hantle, hase sebe.”

Empa na hona e hlile ke ’nete, hore hase sebe? Na motho a ka tsuba a ba a khahlisa Molimo ’me a rata le motho e mong?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

HO TSUBA HO AMOHA NGOANA EA HŌLANG MOEA O HLOEKILENG LE PHEPO E HLOKAHALANG BAKENG SA KHŌLO E LOKETSENG

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

HA HO TSUJOE HO SENYA THEPA HO TSUBA HO KOTSI LE BATHONG

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela