Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 8/1 maq. 8-10
  • Na u ka Rata ea Pel’a Hao ua ba ua Tsuba?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u ka Rata ea Pel’a Hao ua ba ua Tsuba?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • NA HO LUMELLANA LE HO RATA EA PEL’A HAO?
  • NA KE SEBE HO TSUBA LEKUNUTUNG?
  • HO TLOHELOA KA BAKA LA BOFOKOLI?
  • Na ho Tsuba ha ba Bang ho ka u Ntša Kotsi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Khaotsa ho Tsuba?
    Tsoha!—2000
  • Na ba Hōlisa Lefu?
    Tsoha!—1988
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba ka ho Tsuba?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 8/1 maq. 8-10

Na u ka Rata ea Pel’a Hao ua ba ua Tsuba?

Batho ba tsubang ha ba silafatse feela moea oo ba bang ba o phefumolohang empa hape ba senya bophelo ba bona ka bobona. Ba ne ba ka phela hantle bona ka bobona ha ba ka khaotsa ho tsuba. ’Me ba ne ba tla boloka chelete e ngata ka ho se silafatse—mohlomong ho fihlela $700 ka selemo bakeng sa tšenyehelo ea lisakarete feela. Tsela feela e utloahalang bakeng sa ea tsubang ke hore a khaotse ho tsuba.

Nahana ka litšila tse mosing o tsoang qetellong ea koae e tukang. Ke chefu e fetang le mosi o huloang ke ea tsubang. Mosi o tsoang ho motho e mong o na le karolo e imenang habeli ea tire le bokoali, e imenang hahlano ea semoko le e imenang ha 50 ea “ammonia” ho feta mosi o tobileng, re sa bue letho ka lichefu tse ling.

Ho hotetsoa ha lisakarete tse 10 ka koloing e koetsoeng ho phahamisa semoko ka likarolo tse 100 millioneng, bophahamo bo fetang bo lumeletsoeng ke melao ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika bakeng sa botle ba moea. ‘Moketeng oa sebele mehahong ea sekolo,’ kamoo ho hlokometseng New York Times, ‘tekanyo ea likaroloana tsa moea o tsoang mosing oa lisakarete e phahama ka makhetlo a 40 ho feta tekanyetso ea moea o motle ea Linaha tse Kopaneng tsa Amerika.’ ’Me, joalokaha ho hlokomelehile ka holimo, kotsi e etsetsoang ba qobelloang ho phefumoloha mosi o joalo hangata e tiisitsoe hantle.

NA HO LUMELLANA LE HO RATA EA PEL’A HAO?

Bibele e re u ‘rate oa heno joale ka ha u ithata’ e ho bolela e le ‘molao oo e leng morena,’ kahoo e hatisa bohlokoa ba molao ona. (Jak. 2:8) Na ke ho bontša hore u rata ea pel’a hao ha ka boomo u qhalla lithōle ka ha hae kapa u mo tšoela mahlong ka sekhohlela? U ka ’na ua re, “ha ho joalo!” Na ho etsa ea pel’a hao linthō tsee e ka ba sebe?

Tlhaloso ea sebe e thusa ho arabela potso ena: “Sebe ke ho tlōla molao”—molao oa Molimo—kamoo ho bolelang Bibele. (1 Joh. 3:4) Kahoo ho lihela ho ea pel’a hao ntho e ’ngoe e hanyetsoang e kang sekhohlela mahlong kapa lithōle serapeng sa hae e ka ba sebe. Ke ho tlōla ‘molao oo e leng morena’ o reng, “Rata oa heno joale ka ha u ithata.”

Empa hona ho amana kae le ho tsuba? Dr. Isaac Asimov, sehloohong sa mohlophisi ho Cancer News, ka matla o bontša hore na ho joalo joang. A re, ‘Ha motho e mong a tsuba moo ke leng teng, bobe ba hae ha bo etsoe lekunutung. Litšila tseo a li ntšang li fumana tsela ea ho kena matšoafong a ka le maling a ka. Se mo nkhelang se nkhela le ’na ’me sea nkhomarela. ’Me, o phahamisa menyetla ea hore ke tšoaroe ke lefu la pelo le kankere ea matšoafo.’

Karabelong ea ba tsubang ba tsekang tokoloho ea ho tsuba moo ba bang ba leng teng, Dr. Asimov o re: ‘O ikutloa hore o tlameha ho tsuba le hore ha ke hana ke mo amoha bolokolohi ba hae, na joale eena o tla ikutloa hore o tlameha ho mamella ha ke tlameha ho mo raha “maling a mpa” le hore ka ho hana o nkamoha bolokolohi ba ka? ha re ho behe ka tsela ena: Bolokolohi ba hao ba ho tsuba bo fella moo ho qalang matšoafo a ka.’

Ha ho potso, ho raha motho maling a mpa, ho mo tšoela ka sekhohlela mahlong, kapa ho qhalla lithōle ka serapeng sa hae ha ho lumellane le ho rata ea pel’a hao. Ho joalo le ka ho tsuba. Ke ho kenakenana le litokelo tsa ba bang—ho ba ntša kotsi ho e-na le ho ba rata. E, ho tsuba ke sebe.

Leha ho le joalo, ea tsubang a ka ’na a hlalosa: “Kea hlokomela hore ho tsuba ho kotsi. Ke ka baka leo ho seng mohla ke tsubang moo batho ba leng teng.” Kahoo, haeba motho a tsuba feela lekunutung, na ke sebe? Ha ho e mong hape ea tsoang kotsi.

NA KE SEBE HO TSUBA LEKUNUTUNG?

Empa nahana: Bophelo ba ea tsubang bo ameha hampe. Hona ke mang eo e hlileng e leng mohloli oa bophelo ba rōna? “Seliba sa bophelo se ho uena [Jehova Molimo],” kamoo ho arabelang Bibele. “Ke oona o fang bohle bophelo le phefumoloho.” (Pes. 36:9; Lik. 17:25) E, bophelo ba rōna e hlile ke mpho e tsotehang e tsoang ho Molimo.

Re bontša ho ananela mpho ea Molimo ea bophelo joang? Ka ho etsa se ka e senyang? Le hanyenyane! ho etsa joalo ka boomo e ka ba phoso. Tabeng e joalo, hlahloba polelo ea Joseph Califano, eo e kileng ea e-ba Mongoli oa tsa Bophelo oa Thuto le Boiketlo U.S.: “Kajeno ha ho pelaelo ea hore ruri ho tsuba ke ho ipolaea ka mokhoa o iketlileng haholo.”

Ho senya bophelo ba motho ka boomo ke phoso—ke sebe. Bibele e laela Bakreste le hore ba se ke ba silafatsa ’mele ea bona. E phehella hore: “Re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama.” (2 Ba-Kor. 7:1) Hore ea tsubang a utloe molao ona, o tlameha ho tlohela mokhoa oa koae, kaha e silafatsa e le kannete. E silafatsa menoana, meno, phefumoloho, liaparo tsa ea tsubang—hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e kopanang le eona.

Empa ho thoe’ng haeba ea tsubang a batla ho tlohela, empa a se a ho lemalletse hoo a sitoang? Na Molimo ka mohau o tla utloisisa hoo, kaha Jesu Kreste o itse, “moea o mafolo-folo, empa nama eona ea fokola”?—Matt. 26:41.

HO TLOHELOA KA BAKA LA BOFOKOLI?

Ha ho pelaelo ka hona, ho tlohela ho tsuba ho ka ba thata haholo. Ba ho lemalletseng ba ’nile ba re, “ho bile bonolo haholo ho tlohela ‘heroin’ ho feta ho tlohela lisakarete.” Boikutlo bo tlisoang ke ho tlohela bo tšoarella haleletsana koaeng. “Ho ba bangata, ho e nyoreloa ho tšoarella bonyane khoeli,” kamoo ho hlokomelang makasine ea Science 80, “’me ho bao e ka bang karolo ea bohlano ho tsoela pele lilemo tse hlano ho isa ho tse robong kamor’a ho tlohela.”

Hona ho thusa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba bang ba tlohela ho tsuba ka nakoana, empa ba qalise hape. Ba robong ho ba 10 ba tsubang ba batla ho ho tlohela. Empa ho tlohela koae ke ntoa ea letsatsi le leng le le leng, ka linako tse ling e tšoarella ka lilemo. Ba limillione ba e hlōtse ntoa. Ba mashome a limillione ba loanne ’me ba hlōtsoe. Haeba motho o lekile ho tlohela ’me a hlōloa, na ke bohlale ho nka hore Molimo o tla utloisisa ’me a mo tšoarele bofokoli bona?

Mohloli oa bothata ke hore motho a ka ’na a thabela ho tsuba. Empa hoo ha ho beele mokhoa lebaka ha Molimo o o nyatsa. Bibele e bolela hore, ho e-na le “ho thabela menate ea libe e felang kapele,” Moshe ka bohlale a ikhethela ho sebeletsa Molimo. (Ba-Heb. 11:24-26) Molimo o lebelletse hore bahlanka ba oona ba loantše le ho hlōla mekhoa e hananang le melao ea hae, ka thuso ea oona.

Nka bofebe e le mohlala. Ke mokhoa o ka ’nang oa bonahala o thabisa ka nakoana. ’Me ha bo etsoa, ho lakatsa ha motho likamano tsa botona le botšehali le batho ba fapaneng ho ka ba matla joaloka ho phehella leha e le hofe ha sakarete. Empa bofebe ke ho tlōla molao oa Molimo, ’me mekhoa ea ka boomo le e sa bakeloeng ea bofebe e ke ke ea fumantšoa molemo ka neo ea Molimo ea bophelo bo sa feleng. Leha e le bona ba tsoelang pele ho tsuba.—Ba-Heb. 13:4; Ba-Roma 6:23.

Ho hloka boiteko ba sebele ho utloa melao ea Molimo. Hona e bile ’nete le ho Mora oa Molimo, Jesu Kreste. O kene bohlokong bo fetisisang, a qetella a shoele lefu le tšabehang. Empa a lula a tšepahetse ho Molimo. Ho batho ba bang, mahlomola ao baa a utloang e le hore ba ka tlohela ho tsuba a ka ’na a bonahala a le thata joaloka ho mamella mahlomola ao Kreste a fetileng ho oona. Empa mokhoa oa koae o ka hlōloa. Joang?

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela