Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/15 maq. 8-13
  • Ho ho Uena ho Iketsetsa Thabo ea ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ho Uena ho Iketsetsa Thabo ea ’Nete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • THABO LE SEO U SE HLOKANG MOEENG
  • THABO—E TLANG KA HO UTLOA LE HO ETSA
  • THABO—PAKANE KAPA PHELLO?
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ke Hokae Moo ho ka Fumanoang Thabo ea Sebele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/15 maq. 8-13

Ho ho Uena ho Iketsetsa Thabo ea ’Nete

“Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”—Pes. 144:15.

1. Ke hobane’ng ha u lokela ho nahana ka hore na u thabisoa ke eng?

HO HLOKAHALA eng hore u thabe? Ke ho isa kae thabo ea hao e lekanyetsoang ke maemo a u potileng, ke lintho tse bonahalang kapa batho ba bang? Na Molimo le Bibele oa ameha hore u thabe? A re nahaneng ka litaba tsena, kaha bohle re rata ho thaba.

2, 3. (a) Ke joang lintho kapa batho ba bang ba ka tlatsetsang hore u thabe? (b) Maikutlo a Molimo ka see ke afe?

2 Ho totobetse hore lintho tse hlahang ka ntle tse kang ho thabela lijo tse ngata tse hlabosang tikolohong e nyakallisang, li ka tlatsetsa ho re thabisa. Hona re ka ho ananela haholo haeba nakong e fetileng re bile tlaleng halelele. Ha ho hanane le thato ea Molimo hore re thabisoe ke lijo tse hlabosang. Morena Salomone o ile a ngola tlas’a pululelo ea Molimo:

“Ke lemohile hobane ha ho letho le ka bang molemo ho bona, ha e se ho itumela le ho iketsetsa boiketlo ka tšiu tsa bophelo ba bona; ke lemohile hape hoba, ere ha motho a e-ja lijo, kapa a e-noa, le ho latsoa boiketlo ka mokhathala oohle oa hae, le teng e sa le neo ea Molimo.”—Moek. 3:12, 13; bapisa Pesaleme ea 104:14, 15.

3 Batho ba bang le bona ba ka tlatsetsa thabong ea rōna. Ke ntho e khotsofatsang hakaakang ho ba le baratuoa ba re tsotellang, le haeba ke ba lelapa kapa metsoalle e haufi!—Pes. 127:3-5; 128:3.

4. Ke hobane’ng ha ho ba le lintho kapa metsoalle ha hao e se tiiso ea hore u thabile? (Liprov. 23:4, 5; Moek. 5:11; Luka 12:16-20)

4 Empa mohlomong u tseba hantle hore ho ba le lintho tse bonahalang le metsoalle e haufi ha ho tiise hore motho o tla ba le thabo ea ’nete le e sa feleng. Batho ba bang ba na le lijo tse matlafatsang ka bongata ’me ba potiloe ke menono ea kajeno; empa thabo ea ba balehela. Lilemo tse peli pele a shoa, J. P. Getty oa moruihali oa oli o ile a hlokomela: “Chelete ha ho moo e hlileng e amanang le thabo. Mohlomong e amana le ho se thabe.”a (1 Tim. 6:9, 10) Leha e le hore chelete e tla tlatsetsa hore re thabe ka ’nete haeba ba ipolelang hore baa re hlokomela e le batho bao botsoalle ba bona bo rekoang ka mokhoa o itseng.—Liprov. 19:6.

5. Ke hobane’ng ha thabo e le ntho e ntlha-peli?

5 Ho hlokomelehile hore, ka tsela e ’ngoe, thabo ke ntho e ntlha-peli haholo. Le hoja lentsoe “thabo” le ka hopotsa ka maemo a nyakallisang, hantle-ntle e ka hōla mobung o mong le o mong, ea phela tlas’a maemo leha e le afe, ea lahlehisa tikoloho leha e le efe. Thabo haholo-holo hase seo re nang le sona ho feta hore na re seng. Ke ka baka leo ba bangata ba phelang har’a menono ba hlileng ba sa thabang, ha ba bang ba nang le lintho tse fokolang bao bophelo ba bona bo leng bonolo ba thabile. Ho feta moo, mohlomong u ’nile ua kopana le batho ba lipetlele kapa ba holofetseng ba shebahalang ba hlasimolohile, ba elile lifahleho, ba thabile. Ke ’nete, ha ba khahlisoe ke ho kula kapa ho holofala ’me ba ka thabela ha ho ka ba ka tsela e ’ngoe. (Lik. 3:1-8) Empa ba fumana lebaka la ho thaba bophelong.

THABO LE SEO U SE HLOKANG MOEENG

6, 7. (a) Ba bangata ba fositse hokae ha ba batla thabo? (b) Na u ka nahana ka mehlala e tobileng ea see?

6 Batho ba bangata ba lakatsa boemo ba ba thabileng, ba batla ho ba joalo le bona. Ba ka leka ho phekola ho se thabe ha bona ka mekhoa ea maiketsetso—lithethefatsi, tšebeliso e matla ea tahi, likamano tsa botona le botšehali tseo e seng tsa molao, botsoa—’me ba ’na ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha thabo e ba balehela. Thabo leha e le efe eo ba e fumanang ka lintho tse joalo e fetoha thabo ea bohata, eo, ha e lekoa, e se nang thuso joaloka chelete e entsoeng ka bolotsana.

7 Bopaki ba histori e telele le se etsahalletseng batho ba limillione ba phelang hona joale bo paka hore re ke ke ra furalla melao ea boitšoaro le metheo eaba re thaba ka ho sa feleng. Ba ‘shoeleng meea, ba ineeletseng bokhopo, tsohle tse litšila ba li tsoetse pelo’ ha baa thaba. (Ba-Ef. 4:17-19; Ba-Roma 13:13) Tsela e joalo, ka potlako kapa hamorao, e phaella ka masoabi, e lahlela mekoallo tseleng e isang thabong. Na u ka nahana ka liketsahalo tsa sebele tse tlatsang seo? Ka lehlakoreng le leng, ho etsa lintho ka tsela ea Molimo—tumellanong le melao ea oona ea boitšoaro—ho theola mathata a bophelo ’me kahoo ho hleka lintho tse thibelang tsela ea rōna hore re fihle thabong. Empa ho qoba mathata feela ka bohona hase tiiso ea hore re tla thaba. Ho hlokahala ho fetang moo. Re ka tiisa hore ho joalo, hobane Moetsi oa rōna o re bolella joalo.

8, 9. (a) Re hloka eng ea motheo? (b) Jesu a re’ng ka see?

8 Ho hlokahala re hlaolele kamano le ’Mōpi, ho ithuta thato ea hae le merero le ho li amohela e le rōna. E, re hloka hoo. Bukeng ea hae Man, God and Magic, Dr. Ivar Lissner o supa hore “phapang ea bohlokoa pakeng tsa motho le libatana” ke hore “motho ha a khotsofalle feela ho robala, ho ja le ho iphuthumatsa.” Rōna batho re na le “tšusumetso e matla le e futsitsoeng” e ka bitsoang “boemo ba moea.” Ha e le hantle, Dr. Lissner o tlaleha hore ‘tsoelopele eohle ea batho e ’nile ea mela ho nyoreloeng Molimo.’—Lik. 17:26-28.

9 Jesu a lumela tšusumetso ena ea bohlokoa, a re: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng,” kapa ba hlokomelang ba bile ba nka bohato ka tlala ea bona ea moea. (Matt. 5:3) Ho bonolo, leha ho le joalo, ho hlokomoloha tlhokahalo eo. Le eo e leng khale a amana le Molimo a ka ’na a felloa ke kananelo ea hore na kamano ena e hlahisa thabo e kaakang. A ka bona ba bang ba nang le menono kapa ba phehellang mesebetsi eitseng le boithabiso. Eaba ka mohono o ikutloa hore, ‘Mohlomong ke haelloa ke ho hong.’ Haeba a latela tsela ea bona ka ho senyeheloa ke nako kapa thahasello e neetsoeng kamanong ea hae le Molimo, bophelo ba hae, ka kutloisiso ea nama, ba bonahala bo fapane haholo, bo le tumellanong haholo le mekhoa e teng ka nako eo. Empa na o tla thaba kannete? Motho ea lapileng, ho e-na le ho ja, a ka ’na a itsoela ka koloi kapa a shebella baesekopo. Liketso tse joalo li ka ’na tsa mo lebatsa kapa tsa mo qabola. Empa na li tla mo khorisa?

10. Thabo e amana joang le ho hlokomela ha hao tlhokahalo ee?

10 Vermont Royster, eo e neng e le mohlophisi oa The Wall Street Journal, o ile a hlalosa ka tsoelopele ea motho mahlaleng a sebelisoang. Eaba oa phaella:

“Ntho e makatsang ke ena. Boitekong ba motho e le eena, ba litsieleho tsa hae, ba sebaka sa hae bokahohleng, re pejana hanyenyane ho feta qalehong ea nako. Re sa saletsoe ke lipotso tsa hore na re bo-mang le hore na ke hobane’ng re leng seo re leng sona le hore na re ea kae.”—“Science Digest.”

U ka ananela hore ba khelohileng, ba haelloang ke likarabo, ba ke ke ba ikutloa ba khotsofetse ka ho feletseng kapa ba thabile. Empa, ha re ela hloko e fetisisang seo re se hlokang moeeng ’me re batla kutloisiso Lentsoeng la Molimo, re bona hore na sebaka sa rōna se hokae. Bophelo ba rōna bo na le tataiso e khōloanyane, bo bolela ho holoanyane, le monyetla o moholoanyane oa thabo.

11. Ke hobane’ng ha u tla thaba haholoanyane ha u ela hloko melao ea Molimo? (Pes. 19:7, 8, 11)

11 Ka tsela e ’ngoe hape, re phaella thabo ea rōna ka ho hlokomela seo re se hlokang moeeng le ka ho amana le Molimo. Re se re boletse hore ho amohela melao ea boitšoaro ea Molimo ho re thusa ho qoba mathata, empa ho etsa joalo ho fetela pejana. Re hlile re hloka melao e utloahalang le e lumellanang ea seo e leng sa bohlokoa. Lentsoe la Molimo le koala sekheo seo ka ho phethahetseng. ’Me melao ea Molimo e lumellana le kelello eo re e futsitseng ea letsoalo. Kahoo ha re lumellana le eona re ikutloa hamolemo, re futhumetse haholo, re na le khotso e ngata. (Pes. 1:1-4; Ba-Roma 2:14, 15) Re ka ba ra thusa bana ba rōna ho thaba ka ho kopanela melao ea Molimo le bona. Dr. Robert Coles oa Univesithi ea Harvard o ile a hlokomela ka bacha:

‘Ha ba hloke taeo feela ho thapisa boikutlo ba bona bo feteletseng empa hape taeo e amanang le melao ea boitšoaro e boletsoeng le e hlakisitsoeng. Ba hloka ho hong hoo ba ka ho lumelang ho fetang takatso tsa bona le litšusumetso. . . . Ba hloka pono e khōloanyane ea lefatše, molao oa boitšoaro, kamoo ho leng kateng—tumelo e itlhalosang ho se boleloang ke bophelo boo re bo phelang kaofela.’

12. Ke ’nete efe ea motheo eo u ka e fumanang ka thabo ea hao?

12 Ho lekane ho bolela hore thabo ea ’nete e amana le ho hlokomela seo re se hlokang moeeng le ho amana le Molimo, joalokaha ka nepo Bibele e bontša: “Ho lehlohonolo motho ea beang tšepo ea hae ho Jehova,” ea “tšabelang ho eena,” ke hore ‘ka ho tšaba Jehova,’ ea tsamaeang ‘molaong oa Jehova,’ le ea ‘batlang Jehova ka pelo ea hae eohle.’ (Pes. 40:4; 34:8; 112:1; 119:1, 2) Molimo ruri o batla ho re atolosetsa lerato la oona le ho kena kamanong le rōna. Na ka mehla re bontša hore re nka ho amana le oona e le habohlokoa?—Ba-Roma 8:38, 39.

THABO—E TLANG KA HO UTLOA LE HO ETSA

13. Jesu o re lemohisitse haholo joang ka ho thaba?

13 Ka nako e ’ngoe mosali ea utloileng Jesu a ruta a hoeletsa: “Ho lehlohonolo popelo e u emereng, le matsoele ao u a antseng.” (Luka 11:27) Mohlomong, o ne a hlokomela hore Bibele e phahamisa bo’mè, ’me kahoo a nahana hore Maria o ne a le lehlohonolo kapa a ka thaba ka ho khethehileng hore mora oa hae Jesu ke moruti ea motle hakaalo le ea lokileng. Empa Jesu o ne a tseba hore ho na le thabo e khōlō ho feta ea ntate kapa ’mè, le ho ba ’mè oa Messia. A arabela: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.”—Luka 11:28.

14, 15. ‘Ho utloa lentsoe la Molimo’ ho ama eng ka lehlakoreng la hao?

14 Hlokomela khatiso e entsoeng ke Jesu ka ho ameha ka—ho utloa kapa ho bala—“lentsoe la Molimo.” Nako le nako re tiisetsoa ka Bibeleng ka molemo oa ho tšoareha ka Lentsoe la Molimo. Pesaleme ea pele e bua tjena ka ‘motho ea thabileng’: “o ithabela molaong oa Jehova, molao oa oona a o nahana motšehare le bosiu.” (Pes. 1:1, 2) Kahoo re ka botsa, ‘Na ke fumana thabo mohloling oo?’

15 Mangolo a tšoana le ntlo ea polokelo ea thabo, hobane a entša mohopolo le pelo. A phelisa moea. A fana ka tšepo. A supa tsela e isang bophelong bo beang litholoana le bo nyakalletseng. A na le mehopolo ea Molimo eo re ka nahanang ka eona neng kapa neng. Ke motheo oa bohlale ba ’nete.—Bapisa Liproverbia 3:13-18.

16. Joale ke joang, ka ho lokisa, u ka eketsang thabo?

16 Ho na le lingoliloeng tse ngata haholo tseo re ka li balang—likoranta, limakasine tsa litaba, libuka tsa litaba, libuka tsa histori, limakasine tse buang ka ntlo kapa mesebetsi e meng ea matsoho. Le hoja tse ling ho tsona li le monate ’me li na le sebaka sa tsona, re ka ipotsa: ‘Molemong oa thabo ea ka, na nka lokisa kemiso ea ka ea ho bala kapa mekhoa ea ho bala hore ke bale le ho thabela Lentsoe la Molimo haholoanyane?’ E, u le balla monate fela. U bale karolo ea lona tsatsi le leng le le leng, ho latela kemiso haeba u rata. Bala Bibele ka tatelano ea libuka tsa eona. Bala Mangolo ka lithuso tsa bohlokoa tsa Bibele. Bala phetolelo e ’ngoe nako le nako, kapa ka puo e ’ngoe haeba u tseba lipuo tse ling. E, ho bala Lentsoe la Molimo haholo e tla ba bohato bo isang thabong.—Tšen. 1:3.

17, 18. Tšobotsi e ’ngoe ea ho ‘boloka Lentsoe la Molimo’ e ka phaellang thabong ea hao ke efe?

17 ‘Ho boloka lentsoe la Molimo,’ Jesu o itse le hona ho sa ameha thabong ea rōna. Pelenyana re hlokometse hore hona ho ipaka e le ’nete ka hore kahoo re qoba mathata. Empa ke ’nete hape le ka lintlha tse ling.

18 Batho ba bangata kajeno ba hlile ba amehile haholo ka “’NA.” Ba ichebile bobona haholo boitekong ba bona le likamehong. Leha ho le joalo, na ba hlile ba thabile? Ha ho bapisoa, Lentsoe la Molimo le phefumoloha moea oa ho thahasella ba bang, oa ho fana, oa ho thusa batho ba bang. Hona re ka ho bona ho entsoe mohlala ho Jehova ka boeena, hobane ke eena Ea ‘ratileng lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, . . . a mpe a be le bophelo bo sa feleng.’ Jehova o bitsoa ‘Molimo o thabileng.’ (Joh. 3:16; 1 Tim. 1:11, NW) Ka ho tšoanang, “Kreste . . . ha a ka a batla tse mo khahlisang,” empa a shoa lebitsong la rōna.—Ba-Roma 15:3; Ba-Gal. 1:3-5.

19-21. (a) Hona u ka ho etsa ka botlalo haholoanyane joang? (b) Ke hobane’ng ha u nahana hore hona ho tla u thabisa haholoanyane?

19 Ho fana ha rōna ho ka nka libopeho tse ngata, ’me ho lokela joalo. Empa ha ho hlokahale hore e be ntho e ’ngoe e majabajaba ’me e se be ntho e ’ngoe e reretsoeng thōtlōlō. Jesu o elelitse:

“Enore ha u etsa ’moka oa motšehare, leha e le oa ho lalla, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao, leha e le banab’eno, leha e le baheno, leha e le barui bao u ahisaneng le bona; e se re mohlomong le bona ba u bitsa, ba ananya tsa hao. Empa enore ha u etsa ’mōka, u bitse bahloki, le lihole, ie lihlotsa, le lifofu; ’me u tla ba motho ea lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka u buseletsang ka sona; ’me tsa hao li tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.”—Luka 14:12-14.

20 Hoo ho hatisa ’nete ea hore thabo e tlisoa ke ho fana. (Lik. 20:35) Mabapi le sejo kapa ho hong, na u ka nahana hore na u ka sebelisa keletso ea Jesu joang? Haeba u monna, mosali kapa setho se seng sa sehlopha sa lelapa, ke hobane’ng ha u sa ho etse sepheo sa hao kajeno ho bua kamoo u ka sebelisang thlahiso ea Jesu? Joale u bone hore na u tla thaba hakaakang.

21 Mokhoa o mong oo u ka finyellang thabo e joalo ke ka hore u kopanele le ba bang linnete tsa Bibele tse ka eketsang thabo ea bona. Nahana hore na u tla ikutloa joang ha u fumana motho ea hlileng a lapileng moeeng ’me u mo thusa ho thulana le tlhokahalo eo. (Lik. 13:48, 52) Ke ’nete, ho ka ’na ha hloka boiteko bo phehellang ho fumana motho ea joalo le tlhokomelo e ngata e tiisetsoang ho mo thusa hore a amohele lijo tsa moea tse tsoang Lentsoeng la Molimo. Empa o tla fumana mantsoe a Jesu e le a ’nete: “empa haholo ho lehlohonolo ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.” (Luka 11:28; Joh. 13:17) ’Me, le uena, u tla thaba haholoanyane ka hore u iteletse ho thabisa e mong.

THABO—PAKANE KAPA PHELLO?

22-24. (a) Thabo e lokela ho ba pakane ea hao ho isa kae? (b) Joale, thabo ea ’nete u ka e fumana joang? (Liprov. 8:32-35)

22 Re hlokometse hore thabo hase haholo-holo bophelo ba ho rua, empa ba ho ba teng le ho thabela. Hangata e hloka hore re lokise pono ea rōna e le hore re ka khotsofalla seo re nang le sona, re ananela hore “borapeli, ha bo e-na le ho kholoa ha pelo, ke leruo le leholo.” (1 Tim. 6:6) Empa ke ho isa kae moo re lokelang ho fetola thabo pakane, tlhoro eo re ka e fihlelang?

23 Ha e le hantle, seo re buisaneng ka sona ka ho tla kamanong le Molimo le ho fana se lokela ho re thusa ho bona sena: Thabo hase eona taba-taba eo re lokelang ho e phehella. Ha e tle ka hore re e etse sepheo ka boeona, empa ke ntho e hlahisoang ke ho phela ka pel’a Molimo, re bontša litšoaneleho tsa oona le ho sebetsa kamoo o ratang ha re etsa. Ke tholoana ea lerato le tšebeletso. Thabo e ’nile ea tšoantšoa le serurubele. Ha re se lelekisa ka cheseho, re batla ho se kola, se tla re balehela ka mehla. Ha re se lebala ’me re tsoela pele ka khotso tumellanong le thato ea Molimo, “serurubele” seo se tla tla ’me se lule lehetleng ho rōna.—Ba-Roma 12:9-21.

24 Ka baka leo, ke ’nete hore thabo haholo-holo e itšetlehile ka uena. Se ka e lelekisa ka cheseho e le pakane e khōlō bophelong. Ho e-na le hoo, hlokomela seo u se hlokang moeeng, seo u se hlokang ho ithuta ka ’Mōpi oa hao le ho mo rapela. Ho latela melao ea hae ea boitšoaro ho tla u sireletsa mathateng a mangata ’me ho u tsitsise ka ho hlokahalang bophelong. Sebeletsa ho ba le kamano e haufi le Jehova Molimo, hobane u tla khotsofala le ho thaba ka ho tšoana le ‘Molimo o thabileng.’ Iphe nako e ngata bophelong ba hao ea ho ‘utloa lentsoe la Molimo.’ Joale u utloe moputso oa ho fana, ho thusa ba bang ho tseba Jehova le merero ea hae. Ruri u tla fumana, joaloka ba bang ba limillione kajeno, hore kahoo u tla be u fumane lehlohonolo la thabo e ngata.—Pes. 146:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hape hlokomela tlhaloso ea mohlalefi oa kelello J. Brothers leqepheng la 6.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela