Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w81 9/15 maq. 13-18
  • Re Leboha ‘Tšepo e Thabileng’ ea Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Leboha ‘Tšepo e Thabileng’ ea Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “KA LITEBOHO”
  • HO LEBOHA MOLIMO
  • TŠEPO E THABILENG E KA LEBOHUOANG
  • HO LEBOHA SE HAUFI HAHOLO
  • “Mabapi le Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe le Lebohe”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Leboha
    Tsoha!—2016
  • Hlaolela ho ba le Moea oa Teboho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Bontša Teboho?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
w81 9/15 maq. 13-18

Re Leboha ‘Tšepo e Thabileng’ ea Rōna

“Re lebeletse tšepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha khanya ea Molimo o moholo, Jesu Kreste, ‘Moloki oa rōna.”—Tite 2:13.

1, 2. Ke ka litsela life tse peli teboho e ka hlahisang thabo?

BAO a sebetsang le bona ba ne ba mo tseba e le mongoli ea masene, ea sebetsang haholo le ea thabileng. Mohlomong ba ne ba rorisa haholo koetliso ea hae le matla a ho etsa lintho. Empa eare ha a botsoa ka hona mosali enoa ea bohlale a hlokomelisa ka ho leboha ha monghali oa hae. Hobane’ng?

2 A hlalosa hore ho sa tsotellehe hore na mosebetsi oa hae ke o monyenyane kapa o tloaelehileng hakae, [monghali] o ne a mo leboha ka botebo. Kahoo a ikutloa a e-na le ho hong ho molemo a bile a hlokeha; ’me hape e le mosebetsi ea thabileng. Hoo ho bontša phello e le ’ngoe e molemo ea ho leboha. Empa teboho ha e molemo feela ho ea e amohelang; e molemo le ho motho ea e bolelang, ea hlaoletseng moea oa teboho.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaolela moea oa teboho?

3 Kajeno ho bonahala hore batho ba bangata ba amehile haholo ka bobona. Hoo ho fapane haholo le moea oa teboho, o bontšang hore na motho o nahana joang ka ba bang ’me ka nepo a bolela kananelo bakeng sa seo ba bang ba se etsang. Taba e ntlha-peli ke hore, leha ho le joalo, haeba u sebeletsa ho hlaolela thahasello e tiileng ho ba bang ’me ka bolokolohi u bolela kananelo ea hao bakeng sa tšebeletso tsa bona, liketso le boiteko, u tla thaba haholo. Ho feta moo, ho hlaolela moea oa teboho ho ka ama kamano ea hao le Jehova Molimo. Ho ka ama thabo eohle ea hao bophelong hona joale le hore na u kopanela ‘tšepo e thabileng hakae’ eo Bibele e e tšoaretseng Bakreste ba ’nete.—Tite 2:13.

“KA LITEBOHO”

4. Pono ea Bibele ka ho leboha ke efe?

4 Bibele e re khothalletsa ho hlaolela moea oa teboho. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ngolile: “Lebohang nthong tsohle; hobane ke seo Molimo o ratang le ka se etsa ho Jesu Kreste.” ’Me a eletsa Bakolosse: “Khotso ea Molimo, eo le e biletsoang ho ba ’mele o le mong, e buse pelong tsa lōna; Hape le be le teboho.” (1 Ba-Thess. 5:18; Ba-Kol. 3:15) Le hoja keletso e joalo e hlile e ama teboho ea rōna ho Molimo, e lokela ho re nea maikutlo a bohlokoa ba ho hlaolela moea oa teboho litabeng tsa tsatsi le leng le le leng tsa bophelo.

5. Pauluse a bontša moea oa teboho joang?

5 Pauluse ka boeena o ne a sa tsila-tsile ho babatsa ba entseng hantle, kapa ho ba leboha ka ho toba. Bala mantsoe a hae ho Ba-Roma 16:1-4. Serapeng seo se le seng ka teboho a babatsa Foibe e le ‘e mong oa ba sirelelitseng ba bangata,’ mohlomong a sebelisa tšusumetso eo a nang le eona motseng ho sireletsa Bakreste ba nqosoang ka phoso kapa ka ho amohela Bakreste ba tsamaeang. Joale ka ho toba Pauluse a leboha banyalani Priscilla le Akila ka ho ‘tela lihloho tsa bona’ lebitsong la hae le ba bang. U ka itekanyetsa nyakallo eo Foibe, Priscilla le Akila ba bileng le eona ka teboho e pepenene joalo. Empa hape ho ne ho le hotle hore Pauluse a itlhalose ka tsela eo. Ka tsela eo o ne a ka fumana thabo e tlisoang ke ho fana—ho fana ka hlokomelo, tlotla le khothatso. Le rōna, re ka fumana thabo e joalo ha re bontša kananelo.—Lik. 20:35; 2 Tim. 1:16-18.

6, 7. U ka bontšha teboho joang?

6 Tsatsi le leng le le leng re na le menyetla ea ho bontša teboho. E ka ’na ea e-ba bakeng sa ntho e bonolo e kang ho nahaneloa ka hlompho—mohlomong motho e mong o u bulela monyako kapa o thonaka ho hong hoo re ho lihileng. Ho le joalo, ho bua ntho e kang “kea leboha” ho lokela e be ntho e phahametseng feela tloaelo. Haeba re ikutloa re leboha ho tloha botebong ba lipelo tsa rōna, ka ’nete, ba bang ba tla ho lemoha ’me ba thabe haholo ka baka leo—’me ho be joalo le ka rōna.

7 Bohato bo botle e tla ba ho atoloha moeeng oa rōna oa teboho, mohlomong re bolela kananelo ho batho bao re ba nkileng ka tloaelo feela. Bao e ka ba ba kang basebetsi mabenkeleng, bafepi matlong a lijo kapa batho ba tsamaisang poso. Pososelo ea hao le “kea leboha” e tiileng e tla bebofatsa mosebetsi oa bona, ebe o putsang haholo. Empa ba lokeloang ke teboho ea rōna haholo ke batho ba amanang le rōna haufi bao boiteko ba bona re sekametseng ho bo hlokomoloha. Ke hangata hakae u lebohang mosali oa hao ka lijo tse hlabosang tseo a li lokisang, ka boiteko ba hae ba ho hloekisa lelapa kapa ka tlhokomelo ea hae e sebete ea bana? Ke banna ba bakae ba sebetsang tsatsi le leng le le leng ho se mohla ba utloang lentsoe la kananelo la basali ba bona, re se re sa re letho ka la bana ba bona? Bacha, na le ka nahana haholoanyane ka sohle seo batsoali ba lōna ba le etsetsang sona, ebe joale le ba leboha ho tloha botebong ba pelo? Ha le ntse le tloaela ho leboha haholo, bophelo ba lōna bo tla ena haholo. Ba bang ba tla le rata haholo ’me tlamo ea lerato e tla hōla. E, le tla thaba haholoanyane.

HO LEBOHA MOLIMO

8-10. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 100, ke hobane’ng ha re lokela ho leboha Molimo? (b) Batho ba bangata ba ema joang ntlheng ee?

8 Ha re e-na le lebaka la ho leboha se etsoang ke batho ba bang, re na le mabaka a matla haholo a ho leboha ’Mōpi oa rōna. Pesaleme ea 100 ke molumo o lumellanang oa teboho, e hlokomelisa ka hore na ke hobane’ng ha ho loketse ho leboha Molimo. Moo rea bala: “Ke eena ea re entseng.” (Pes. 100:3) Hoo ho utloahala haholo. Re ka ba le monyetla leha e le ofe oa ho thaba haeba Molimo a ne a sa bōpa bophelo ba batho le ho re lumella hore re phele? (Lik. 17:26-28) E, eona ’nete ea hore re na le bophelo ke lebaka la teboho.

9 Pesaleme ea 100:5 e-ea bolela: “Hobane Jehova o molemo.” Hoo ke ’nete ka litsela tse ngata. E seng tlase ho tsona ke hore Molimo o lokiselitse lintho tse molemo ho re boloka re phela, le ho li thabela ka nako eona eo. Re phela lefatšeng la Molimo, ’me re boloka bophelo ba rōna ka lintho tse ngata tsa lona. (Esa. 45:18; Lik. 14:15-17) Ha motsoalle a ka u fa tholoana e hlabosang le e matlafatsang, ruri u tla re, “Kea Leboha.” Empa mohloli oa pele oa tholoana eo, le oa lijo tse ling tsohle tsa rōna tsa tlhaho, ke Jehova Molimo. (Gen. 2:9, 15, 16; Pes. 104:10-15, 24; 145:15, 16) Tumellanong le litokisetso tse joalo, u ikutloa joang ka Molimo?—1 Tim. 4:3, 4.

10 Hore re lebohe Molimo ho tla bolela hore re fapane le batho ba bangata kajeno. Ba sekametse ho hlokomoloheng Molimo le seo o se entseng. Le bao tloaelo ea lelapa la bona e leng ho bua mantsoe a “teboho” a seng makae pele ba Ja ha ba bontše ka bophelo ba bona hore ba leboha Molimo ka ho tebileng. Ke seoelo ba nahanelang thato ea Molimo ha ba hlophisa bophelo ba bona. Empa na re fapane? Re lokela joalo.

11, 12. Ke leseli lefe leo Ba-Kolosse 3:15 e re neang lōna ka ho leboha?

11 Joalokaha ho boletsoe pelenyana, moapostola Pauluse o ngolile: “Khotso ea Molimo, eo le e biletsoang ho ba ’mele o le mong, e buse pelong tsa lōna; hape le be le teboho.” (Ba-Kol. 3:15) Kahoo, hore re lebohe ka ’nete ho Molimo ho ama ho fetang mantsoe a teboho. Ho hlokahala re bontše bophelong ba rōna hore rea mo leboha. Mehato e meholo ea ho etsa joalo ke ho ithuta Lentsoe la oona ho fumana hore na thato ea oona bakeng sa rōna kajeno ke efe, ebe rea e etsa.—Joh. 13:17.

12 Mantsoe a Pauluse ho Ba-Kolosse 3:15 a lokela ho re hopotsa hape hore Jehova Molimo o bitsitse batho ka bomong hammoho ho thea ’mele o kopaneng oa Bakreste. Bana ke ba hlokometseng hore ke baetsalibe, empa ba ananela hore tšoarelo ea Molimo e ka fumaneha motheong oa sehlabelo sa topollo sa Jesu. (Ba-Roma 6:17, 23; 7:22-25) Nahana hore na seo se lokela ho bolela eng ho uena. U ka ema u hloekile pel’a Molimo. Leo ke le leng lebaka hape leo re lokelang ho leboha Molimo.—Tšen. 7:10, 14.

13. Teboho e fetela pejana ho bophelo ba rōna ba kajeno joang?

13 Leha ho le joalo, re ka nahana hantle hore na meea ea rōna ea teboho ke ntho e amanang feela le bophelo ba rōna ba tsatsi le leng le le leng hona joale. Na ke feela taba ea ho ananela haholo seo ba bang ba re etsetsang sona, batho hammoho le Molimo ka booona? Che, hobane teboho ea Mokreste e ama nako e tlang, tšepo ea hae. Pauluse o ngolile: “Re ntse re lebeletse tšepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha khanya ea Molimo o moholo, Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna.”—Tite 2:13.

TŠEPO E THABILENG E KA LEBOHUOANG

14, 15. ‘Tšepo e thabileng’ e ne e le efe e boletsoeng ke Pauluse ho Tite 2:13?

14 ‘Tšepo e thabileng’ eo Pauluse a neng a e-na le eona le eo a e lebohang ke efe? Ke tebello e thabileng ea ho tsosetsoa leholimong, hore moo e be sebopuoa sa moea se sa boleng le ’musi hammoho le Jesu Kreste ‘’musong oa hae oa leholimo.’ (2 Tim. 4:18) Tite le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba Kolosse le Thessalonika le bona ba ne ba e-na le eona tšepo eo.

15 Kahoo Pauluse o ne a ka ngolla Ba-Kolosse tjena: “Re leboha Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste, merapelong eo re sa phetseng ho le rapella ka eona; re ntse re utloa tumelo ea lōna ho Jesu Kreste, le lerato la lōna ho bahalaleli bohle, ka baka la tšepo eo le e beetsoeng maholimong, eo le e utloileng pele.” (Ba-Kol. 1:3-6) Ka lebaka le letle, Pauluse o ne a phehella bana ba bilelitsoeng bophelo leholimong: “Hape le be le teboho.”—Ba-Kol. 3:15.

16. “Tšepo” eo e ne e tla phethahala neng?

16 ‘Tšepo e thabileng’ eo ea ho tsosetsoa bophelong ba leholimo e ne e tla phethahala neng? Pauluse o ne a tseba hore e ke ke ea e-ba ho fihlela ho etsahala liphetoho tsa nakong e tlang. A ngola hore “rōna ba tla beng ba ntse ba phela mohla Morena a tlang, ha re na ho etella pele ba ithobaletseng.” Joale “ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.” Kahoo e ke ke ea e-ba ho fihlela ho beng teng (pa·rou·siʹa, ka Segerike) ha Kreste ha ho qaleha.—1 Ba-Thess. 4:15-17, phet. e ncha.

17, 18. Ke hobane’ng ha nako ea rōna e le ea bohlokoa haholo mabapi le ‘tšepo e thabileng’?

17 Hoo ho kenyelletsa lintho tse re thabisang. Jesu o hlile a bolela hore ho ba teng ha hae ho tla tšoauoa ka pontšo e entsoeng ka lintho tse ngata tse akarelletsang lintoa tse sa tloaelehang, litšisinyeho tsa lefatše, litlala le lintho tse ling tse bonahetseng ka ho hlaka ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše ea selemo sa 1914. (Matt. 24:3-14) Hape hoa hlokomeleha hore ho tsoha ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba ea leholimong ho hlileng ha boleloa ho tla etsahala pele Morena Jesu Kreste a nka bohato ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang. (Matt. 24:21; Tšen. 2:26, 27) Ka baka leo, re phela nakong eo ka eona Pauluse, Tite le ba bang, ba neng ba le kopanong le Kreste empa ba ile ba shoa, ba amohelang ‘tšepo e thabileng’ ea bona.

18 Tsoho eo hape ke karolo ea “ho hlaha ha khanya ea Molimo o moholo, Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna.” (Tite 2:13) A tšehelitsoe ke Molimo, Jesu o hlaha kapa o tla leseling ka hore o ahlola le ho putsa ba shoeleng kopanong le Kreste. Ntlheng ena Mangolo a itse o tla “theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste ba tla tsoha” ho ba le eena leholimong. (1 Ba-Thess. 4:16) Ho thoe’ng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba salletseng lefatšeng ba ntse ba phela? Ha e mong le e mong a shoa o tla ‘fetoha hang,’ o tla neoa ’mele oa moea ’me a nkeloe leholimong, a putsoe ka “moqhaka oa bophelo.”—1 Ba-Thess. 4:17; 2 Tim. 4:1, 8; 1 Ba-Kor. 15:44, 50-57; Jak. 1:12.

19. Ke bo-mang hape ba nang le tšepo e thabileng?

19 Sena se finyelloang ke ’Moloki oa rōna, Kreste Jesu, le sona ke pontšo ea khanya ea Molimo. Empa ho bontšoa ha khanya ea Molimo ka Kreste ho tla phetha ho hong ho hongata, hoo e leng habohlokoa ho Bakreste ba kajeno ba tsebang hore ha baa tlotsoa ka moea oa Molimo le ho khetheloa bophelo leholimong. Bana ke Bakreste ba tšepahalang ba nang le tšepo e thabileng ea bophelo bo sa feleng paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng. Haeba ke seo u se lebelletseng, nahana ka lebaka le khethehileng leo u nang le lona joale la teboho.

HO LEBOHA SE HAUFI HAHOLO

20, 21. Jesu ho hlile ha boleloa hore o tla phetha eng ha a le teng?

20 Ka makholo-kholo a lilemo barapeli ba ’nete ba Jehova ba ’nile ba mamella le ho loana le tsamaiso ea lintho e khopo e busang eo karolo ea eona e setsing e bileng bolumeli ba bohata. Bakreste ba ’nete ba tsebile ho fumana thabo e ngata ka ho sebeletsa Jehova, empa ba sitoa ho thaba ka ho phethahetseng ha feela tsamaiso ena e khopo le bolumeli ba eona ba bohata li sa le teng. Leha ho le joalo, ho na le lebaka le khethehileng la thabo le teboho hona joale! Ke lefe?

21 Ha a ngolla Ba-Thessalonika ka boteng ba Kreste, moapostola Pauluse o ne a bululetsoe ho tšepisa hore nako ena e tla tlisa liphetoho tse babatsehang. Tabeng e ’ngoe, Kreste o ne a tla nka bohato ho felisa ‘ka ho hlaha ha hae’ mekha ea bolumeli ba bohata e bitsoang ‘motho oa sebe.’ Hoo haholo-holo ke bokoenehi ba anti-Kreste bo hlophisitsoeng ke baetapele ba bolumeli, haholo baruti ba Bojakane.—2 Ba-Thess. 2:3-8.

22, 23. Ke hobane’ng ha bofelo ba bolumeli ba bohata e le ntho e ka lebohuoang?

22 Ho fela ha bolumeli ba bohata e tla ba lebaka la teboho ho Molimo. A tšehelitsoe ke Jehova Molimo, Jesu o tla timetsa bohle “ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (2 Ba-Thess. 1:6-10) Re phela nakong ea ha Kreste a le teng le ho ‘hlaheng ha khanya ea Molimo o moholo, Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna.’ Ho bolela hore re phela nakong ea ha ho felisoa hona ha bolumeli ba bohata le bohle ba sa sebeletseng ’Mōpi ka ’nete ho tla etsahala. Haeba Pauluse a ne a ka ngolla Ba-Thessalonika morao koo hore, “Lebohang nthong tsohle,” nahana hore na re na le lebaka le khethehileng hakaakang ho etsa joalo hona joale!—1 Ba-Thess. 5:18.

23 Ho felisoa ha bolumeli ba bohata e tla ba lehlohonolo. Ho tla beng ho felile ke lithuto tse thetsang tse bolokileng ba limillione tšabong—ka meea e sa shoeng e hlokofatsoang liheleng, kapa ka meea ea bafu. (Joh. 8:32) Batho bohle ba utloang ba tla ‘utloa Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna’ ’me ba sebeletse Jehova. Hoo ho tla tlisa kopano le khotso. Na eo hase ntho ea ho lebohuoa.

24, 25. Ke mahlohonolo afe a mang a haufi bakeng sa batho ba utloang?

24 Ha bao ba sa utloeng “evangeli” ba se ba felile, batho ba tla ithuta ’me ba latele tsela tsa ho loka. (Esa. 11:9; 26:9) Mohlomong u tla ho fumana ho khotsofatsa le hona joale ho bua le lelapa la hao hore na hoo ho tla etsa phapang e kaakang. Ho bapiseng le seo le se bonang hona joale mosebetsing oa lōna, kapa ha le sebelisana le bahlanka ba ’muso, kapa ha le tsamaea sebakeng seo le sa se tloaelang.

25 Taolo e ncha e tla boela e tšoauoe ka mahlohonolo a bonahalang a tsoang ho Molimo. O tla tlosa ho kula le lefu. (Tšen. 21:1-4) O tla hlohonolofatsa mosebetsi oa matsoho a rōna e le hore re ka thabela tse hlokahalang bophelong ka bongata. (Pes. 67:6; bapisa Esaia 65:21-25.) Ho tla be ho be le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo tse bōpiloeng ke Molimo; Jehova o tla bona hore ho ba joalo, joaloka paradeiseng ea pele ha liphoofolo li ne li ja limela ’me li sa ntše batho kotsi.

26. U na le mabaka afe bakeng sa ho leboha le ho thaba?

26 Mahlohonolo ao a haufi haholo. U ka ’na ua phela ho a bona. Kahoo, re phela nakong e babatsehang hakaakang! Ho sa tsotellehe ho hloka thabo le teboho ho tšoaeang batho ka kakaretso kajeno, re na le mabaka a mangata a ho leboha Molimo, haholo bakeng sa tšepo e thabileng eo re nang le eona. A re mo leboheng ka mehla ka seo.

[Setšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Ba nang le ‘tšepo e thabileng’ ba shoang kopanong le Morena ‘ho beng teng’ ha hae ba ke ke ba robala lefung. Lefung ba tla tsosoa, ba fetohe “ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ea morao.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela