Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 1/1 maq. 3-4
  • Na Bibele ea Hlile ea Bolela Tseko ea Matla ea Hona Joale?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele ea Hlile ea Bolela Tseko ea Matla ea Hona Joale?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HA HO KHAOTSO MOJAONG OA LIHLOMO
  • HO TSAMAEA HA MEBUSO EA LEFATŠE
  • Tsekisano ea Matla—Phello ke Efe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Batho ba Batla Litharollo
    Tsoha!—1988
  • Merero ea Motho ea ho Finyella Tšireletseho ea Machaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Keketseho e Hlollang
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 1/1 maq. 3-4

Na Bibele ea Hlile ea Bolela Tseko ea Matla ea Hona Joale?

MATLA A LIPOLOTIKI a bile teng lefatšeng ka likete tsa lilemo. Ho ile ha bonahala eka aa nyamela ho ea qetellong ea bo-1960 le ka bo-1970, ha ho neng ho bonahala e ka ke ‘moea o mocha’ likamanong tsa lichaba (o bitsoang détente) o etsa hore ba bang ba lumele hore khohlano e khōlō pakeng tsa Bochabela le Bophirimela e-ea kokobela. Leha ho le joalo, liketsahalo tsa haufi tjena li bontšitse hore tseko ea matla hase ntho e seng e fetile.

Boikhopolo ba Amerika bo ile ba ntšoa kotsi haholo ke taba ea batšoaruoa ba Iran, ’me hona ha hotetsa tlhase ea ho tsoha molota moeeng oa bochaba oa United States. Joale ha latela ho khethoa ha Ronald Reagan e le mookameli e mocha oa U.S. E ’ngoe ea lintho tse tsekilisang setulo sa hae sebakeng ke ho hlomela ho potlakileng ha Soviet Union. Le pele ho khethoa mookameli oa U.S., moeta-pele oa Soviet Union Leonid Brezhnev o ile a nka bohato, a bolela ka khatiso hore: “Ha ho pelaelo ntle ho eng kapa eng hore United States e ke ke ea hlola e fumana bophahamo sesoleng.”

Ha hoa mo nka nako hoba a khethoe Mong. Reagan le eena a bua ka matla joalo, a bolela hore ho lokisoa ha likamano pakeng tsa lichaba ke tsela e ileng ea sebelisoa ke Soviet Union “ho phehella merero ea eona.” A bolela hore baeta-pele ba Soviet ba sa ntsane ba tsoile letšolo bakeng sa “phutuhelano ea lefatše” ’me ho tlalehoa a ile a re “hoo ba ho hlokomelang e le boitšoaro feela ke ho tla ntšetsa pele tsela ea bona, ho bolelang hore ba ipoloketse tokelo ea ho etsa tlōlo ea molao leha e le ka tsela efe, ho qala leshano, ho qhekella e le hore ba ka ho fumana.” Moscow le eona ea akhela lejoe ka ho bitsa tlhaselo ea Mookameli Reagan “leano le sa tšoanelehang.” Ha e tlaleha ka ntoa ena ea mantsoe, Le Monde ea France ea bolela hore puo e sebelisitsoeng ke ea “ho kenyetsana marumo ka likobong.”

HA HO KHAOTSO MOJAONG OA LIHLOMO

Ho ea ka “International Institute for Strategic Studies,” ho ea qetellong ea bo-1970 Soviet Union e ile ea tela karolo ea 11 ho ea ho ea 14 lekholong ea seo e se fumanang bakeng sa ho senyeheloa sesoleng, ha ho bapisoa le 5 lekholong United States. Kahoo hona joale U.S.S.R. e phahametse U.S.A. lihlomong tsa ntoa. E na le lihlomo tse ngatanyana tse betsetsoang hole lichabeng, lihlomo tse betsetsoang hole ka likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi, likepe tse khōlō (empa e seng ho joalo ka lifofane), lifofane tsa ntoa le litanka. Ho phaella moo, ka Tšitoe 1980 Soviet e ne e e-na le banna le basali mabothong a sesole ba 3 658 000 ha ho bapisoa le 2 050 000 mabothong a U.S.

Puso e ncha ea Mong. Reagan e rera ho phekola boemo bona. Molaetseng oa hae oa pele sesoleng sa Amerika, Mongoli oa Tšireletso Caspar Weinberger o ile a bolela hore thōmo ea hae ke ‘ho hlomella Amerika hape.” Ha hona joale ho hakantsoe hore Soviet Union e senyeheloa ke libillione tse 165 tsa lidolara ka selemo mabothong a eona a hlometseng, United States e rera ho nyolla chelete ea eona ea sesole ho e isa ho libillione tse 157,9 tsa lidolara ka selemo sena, e ntse e eketsa selemo le selemo ho fihlela e fihla ho libillione tse 250 tsa lidolara ka 1984.

Ka baka la polelo ea Mong. Brezhnev ea hore ‘ha ho mohla United States e tla fihla bophahamong sesoleng,’ ho bonahala ho totobetse hore U.S.S.R. e tla nyolla tšenyehelo ea eona le eona ea sesole. Ho feta moo, metsoalle ea mebuso ena e ’meli e meholo (e kang litho tsa North Atlantic Treaty Organization [NATO] le tsa Warsaw Pact) ho bonahala le eona e tla latela. Ntle ho pelaelo, he, mojao oa lihlomo o sa ntsane o tsoela pele—ka boiphetetso!

HO TSAMAEA HA MEBUSO EA LEFATŠE

Mahlakore ana ka bobeli tsekisanong ea hona joale ea matla a se a ntse a e-na le lihlomo tse lekaneng ho senya moloko ’ohle oa motho ka makhetlo a mangata, ho akarelletsa banna le basali ba ineetseng ho Molimo o matla ’ohle, Jehova. Kahoo ha ho makatse hore Lentsoe la Molimo, Bibele, le bua ka boemo ba hona joale. ’Me hamolemo haholoanyane, le re bontša pheletso.

Buka ea Bibele ea Daniele (likhaolo 2 le 7) e hlalosa tatelano ea mebuso ea lefatše e tšoantšetsoang ka likarolo tse sa tšoaneng tsa setšoantšo se seholo, hape le ka libatana tse ’nè. Tsena li emela Bababylona, Bamede le Bapersia, Bagerike le Baroma ka mebuso ea lefatše, oa morao o tla kenella le ho ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.a

Khaolong ea 11, boprofeta ba Daniele bo bontša tsekisano bakeng sa matla a lefatše pakeng tsa “marena” a mabeli a tšoantšetso. Ke “morena oa leboea” le “morena oa boroa,” me tsekisano ena ea puso ea lefatše e fella “nakong ea bofelo.” (tem. ea 40) “Marena” ana a tšoantšetsa bo-mang? Pheletso ea bora ba bona e tla ba efe? Re tla buisana ka lipotso tsena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa tlhaloso e qaqileng ea boprofeta bona, ka kōpo bona Molula-Qhooa oa November 1, 1981, maqephe 27, le maqephe 92 ho ea ho 98 a buka Our Incoming World Government—Gods Kingdom, e hatisitsoeng ka 1977, ke Watch Tower Bible and Tract Society ea Pennsylvania.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela