Cheseho ea Boromuoa—Letšoao la Bakreste ba ’Nete
“BA NE ba se na sebaka le sa ho ja.” Mantsoe ana a akaretsa lebelo le cheseho tsa Jesu Kreste ha a phethahatsa kabelo ea boromuoa e tsoang ho Ntate oa hae oa leholimo. (Mar. 6:31) O ne a le ka moea ohle hoo a neng a ka re: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.” (Joh. 4:34) Jesu o ne a nyolosa a theosa a bolela ‘litaba tse molemo.’ (Luka 8:1) E bile pontšo e kaakang ea cheseho ea boromuoa!
Ho potlakisa mosebetsi ona, Jesu ka thapelo a khetha barutuoa ba 12 ’me a ba rōma ka selemo sa 31 C.E. A ba laela: “Le se ke la ea ho ba-lichaba, . . . le mpe le ee linkung tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng. Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 10:5-7) Ka nako eo ha hoa ka ba fanoa feela ka litaelo tse phethahetseng tsa hore na mosebetsi o etsoe joang empa hape mantsoe ana a lekanyetsa ka ho tobileng hore na boboleli ba bona bo etsoe sebakeng sefe. Libakeng tsena bona le Morena oa bona ba sebetsa ka cheseho ho fihlela ka selemo sa 33 C.E.
Ba hopotse ka meeli e seiloeng, ba bang ho barutuoa ba Jesu mohlomong ba ile ba makatsoa ke seo a ileng a se bua pelenyana ho lefu la hae. Jesu a ba nea “pontšo” e tšoaeang bofelo ba ‘tsamaiso ea lintho’ ’me a bolela pele ho nako hore ‘litaba tse molemo’ li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le “bopaki” ho lichaba tsohle pele bofelo bo tla. Hamorao, Jesu ea tsositsoeng a hatisa ho barutuoa ba hae hore ba ne ba lokela ho ‘etsa barutuoa ka batho ba lichaba tsohle.’ Qetellong, pelenyana a nyoloha, a re ho barutuoa ba hae: “Le tla fuoa matla mohla Moea o Halalelang o tlang ho lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Matt. 24:3, 14; 28:19; Lik. 1:8.
Ka ho tla ha Pentekonta ea 33 C.E. ha tla le moea o halalelang o neng o tšepisitsoe hore o tla tšolloa, ’me Petrose a neoa matla a ho sebelisa sa pele ho “linotlolo tsa ’muso.” Ka baka leo, Bajode le baproselite ba ka bang 3 000 ea e-ba Ba-Kreste. (Matt. 16:18, 19; Lik. 2:1-4; 14-41) Ka lilemo tse hlahlamang tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, Petrose a sebelisa “linotlolo” tse ling hape tse peli, hoo e leng hore kannete mosebetsi oa boromuoa o ne o fihla ho lichaba tsohle. (Lik. 8:14-17; 10:23-48) Ebile ’nete hakaakang hore moea o halalelang o ne o fane ka “matla” hoo e leng hore moea oa boromuoa o neng o bontšitsoe ke Jesu o ile oa boela oa totobala! Tlaleho ea mosebetsi oa boromuoa oa Bakreste bana ba pele, joalokaha e fumanoa bukeng ea Bibele ea Liketso, e fana ka bopaki bo totobetseng ba cheseho e matla. E tlameha ebe moapostola Pauluse o ne a qhojoa ke thabo hore a re, hoo e ka bang ka 61 C.E., ‘litaba tse molemo’ li ne li ‘boleletsoe babōpuoa bohle ba tlas’a leholimo.’—Ba-Kol. 1:23.
CHESEHO EA BOROMUOA EA TSOSOLOSOA KAJENO
Leha ho le joalo, ka bokoenehi bo hlileng ba boleloa le ho felloa ke moea oa Molimo ho tsamaeang le bona, moea oo oa boromuoa oa batla o nyamela ho hang ka lilemo tse fetang 1 700. Bakeng sa oona, Bojakane ba balehela lerumong la ntoa, likoloni, le mekhoa e meng eo e seng ea Mangolo ho etsa “basokolohi” ba bona. Na cheseho ea boromuoa ea Kreste le barutuoa ba hae ba ’nete e ne e ile ka ho sa feleng? Ho ne ho ke ke ha e-ba joalo, hobane Jesu ka boeena o ne a hlile a bolela hore litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki ho lichaba tsohle nakong ea ho ba teng ha hae, ho qalileng ka 1914.
Ka bo-1870 ha totobala hore moea o halalelang oa Molimo o na le Charles T. Russell le liithuti tse tiileng tsa Bibele tse neng li kopanela le eena. Ka tsela ea teng, cheseho ea ’nete ea boromuoa ea boela ea totobala. Kapele ecclesias (liphutheho) tsa Liithuti tsa Bibele tsa hlaha hohle lefatšeng la Amerika e ka Leboea. Ofisi ea pele ea lekala ea Watch Tower Society ka ntle ho United States ea theoa London, England, ka 1900. Russell a nka maeto a ho bolela ho ea Europe, ’me ho la bobeli, ka 1903, ofisi ea lekala ea Mokhatlo ea theoa Jeremane. selemong se latelang ha theoa lekala le leng, ka lekhetlo lena Australia, moo mosebetsi oa boromuoa o neng o qalile ka selemo se fetileng. Ka 1911 le 1912, Russell le ba bang ba pota lefatše, ba bolela libakeng tse kang Singapore, Philippines, China le Japane. Ruri, cheseho ea boromuoa e neng e bontšitsoe ke Jesu ea boela ea totobala. Leha ho le joalo, joaloka tabeng ea Jesu, cheseho ea bona ea ho paka ea fehla khanyetso e matla ea Satane. Eaba joale mosebetsi oa boromuoa o ba le mathata a oona le liteko.
Ka 1915 Moena Russell a fana ka maikutlo a hore ho sa na le mosebetsi o mongata oa boromuoa o sa ntsaneng o tla etsoa. Empa ka 1916 a phetha tsela ea hae ea lefatšeng. Na sehlopha sena se senyenyane sa Bakreste ba hlorisoang se ne se tla tsoela pele ho bontša cheseho ea boromuoa? Ba fela ba ho etsa. J. F. Rutherford, mookameli oa bobeli oa Mokhatlo, ka matla a khothaletsa Bakreste bana bohle (bao kajeno ba tsejoang e le Lipaki tsa Jehova) ho kopanela ka cheseho mosebetsing oa boromuoa. Ba neng ba e-na le hona ho fallela linaheng lisele ba khothalletsoa ho etsa joalo, ke kahoo lihlotšoana li ileng tsa ea Afrika, India, Burma, Thailand, China le lihleke-hlekeng tse ngata tsa maoatle. Nakong eo ka eona ho qhomang Ntoa ea II ea lefatše, bonyane mosebetsi oa boromuoa o ne o etsoa linaheng tse fetang 60. Ba bang ba ileng ba ea linaheng tsena tse hole ba sa ntsane ba sebeletsa moo, kamorao ho lilemo tse 40 kapa 50!
TOKISETSO E NCHA E PHAHAMISA MOSEBETSI OA BOROMUOA HOSELE
Ntoa ea II ea Lefatše ea thibela haholo mosebetsi oa boromuoa o etsoang linaheng tse ngata ho tsena. Na ntoa eo e ne e tla kenella ka ho toba ho Harmagedone? (Tšen. 16:14, 16) Na mosebetsi oa boromuoa o neng o qaliloe ke Jesu o ne o fihlile qetellong ea oona? Lipotso tsena li ile tsa rarolloa ke kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea Tšenolo 17:8, e ileng ea fanoa puong ea phatlalatsa “Peace—Can It Last?” kopanong ea 1942 ea Lipaki tsa Jehova. Ka puo ena Lipaki tsa ithuta hore ho tla ba le nako ea khotso ea kamorao ho ntoa. A hopotse sena, N. H. Knorr, mookameli oa boraro oa Mokhatlo oa Watch Tower, hammoho le ba bang bohle ba batsamaisi ba Watch Tower Society, ba rala litokisetso tsa ho iphumantša molemo oa nako ea khotso eo joale ba neng ba e lebelletse.
Ha lokisetsoa sekolo seo ka ho khethehileng se neng se reretsoe ho koetlisa tšebeletso ea boromuoa linaheng lisele, ho phaella koetlisiso e khōlō bakeng sa liphutheho tsa mosebetsi oa boromuoa sebakeng ka seng. Ka la 1 Tlhakola, 1943, sehlopha sa pele sa thupelo ea Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower sa qala. Hona ho ne ho emela tumelo e kaakang! Ho hang ho ne ho se linaha tseo ho tsona ho ka rōmeloang baromuoa bana. Leha ho le joalo, ka tšepo ea hore ho tla ba le nako ea khotso e tla sebelisoa, ba ne ba koetlisoa.
Qetellong, boholo ba baromuoa ba sehlopha sa pele sa Sekolo sa Gileade ba e-ba le hona ho kena linaheng tsa Amerika e Hare le e ka boroa le lihleke-hleke tsa Caribbean, moo ba ea ho ea sebelisa seo ba se koetliselitsoeng ho thusa ba bang. Mehleng eo, ho ne ho lokela hore bo hlōloe mathata a mangata. Ho fumana sebaka sa bululo, puo, meetlo, lijo, khanyetso ea baruti le litumelo tsa tumela-khoela kaofela tsa phaella mathateng ao baromuoa bana ba bacha ba neng ba lokela ho a loantša ka katleho. Ho tse ngata ho linaha tsena, ke motho a le mong feela kapa ba babeli ba neng ba thahasella kapa a le mafolo-folo mosebetsing oa bopaki ba Bokreste ha baromuoa ba fihla. Ho sa tsotellehe litšitiso tsohle, leha ho le joalo, boholo ba baromuoa bao bo sa ntsane bo sebeletsa linaheng tseo. Ba thabile hakaakang hore hona joale ho teng ba 380 000 ba Lipaki ba sebeletsang hammoho le bona Amerika e Hare le e ka boroa le Caribbean!
Sekolo sa Gileade se ile sa lokisa baromuoa bana joang? Moromuoa e mong, ea sebelelitseng Bochabela ka lilemo tse 24, o-oa hlalosa: “Kaha kofuto e khōlō ea rōna tšimong ea boromuoa e ne e tla ba Bibele, boithuto ba buka ka buka ’me hangata temana ka temana ba Bibele, hammoho le lithupelo tse amanang le eona tsa histori, “geography”, le tsela eo ho neng ho pheloa ka eona mehleng ea Bibele, khopolong ea ka e bile karolo ea bohlokoa haholo ea koetliso ea ka. Ho phaella moo, re ne re e-na le linako tsa ho itloaetsa ho chorisa matla a rōna a ho bua le ho ruta batho. Re ne re thusoa ho bona hore na re ka etsa litokiso life ho thabela bophelo tikolohong e ncha. Ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa haholo ke ho phela ka likhoeli tse hlano Gileade le ‘lelapa’ le leholo la batho ba tsoang metsamaong e sa tšoaneng. Hona ha nthusa ho lokisa ho phela le ‘lelapa’ la baromuoa le akarelletsang litho tse tsoang tikolohong e sa tšoaneng. Ha lilemo li ntse li feta, thuto ea Gileade e entsoe hore e lumellane le linako le hore e be e sebetsang haholoanyane ho thusa baromuoa ba bacha ho itokisetsa likabelo tsa bona linaheng lisele.
Ke bo-mang, he, ba ka tšoanelehelang ho fumana koetliso e khethehileng joalo? Ka kakaretso, litlhokahalo ke hore ba etsang likōpo ba be pakeng tsa lilemo tse 21 le 40, ho se batho ba itšetlehileng ka bona bakeng sa bophelo kapa litlameho tse ling tse ka ba thibelang ho sebeletsa kae kapa kae lefatšeng. E ka ’na ea e-ba masooa, kapa bonyane ba be ba nyalane nako ea lilemo tse peli, ’me ’meleng ba phele hantle. Bonyane ba be ba e-na le lilemo tse tharo ba kolobelitsoe, nakong ea hona joale ba sebelelitse e le baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng ntle ho khaotso ka lilemo tse peli. Bakōpi hape ba tlameha ho ba le moea oa sebele oa boromuoa, ba sa khannoa ke moea oa ho itekela ntho e ’ngoe e ncha empa, ho e-na le hoo, ke takatso ea ho etsa mosebetsi oo ba o abetsoeng. Hona ho ba hloka hore ba susumetsoe ke lerato le tebileng bakeng sa Jehova Molimo le batho ba kang bona likabelong tseo ba li filoeng. Ba khannoa ke lerato la mofuta ona, ba ka khotsofala kannete kabelong ea bona, le haeba lintho li ke ke tsa e-ba mofuthu ho latela kamoo ba neng ba tloaetse pele ho moo.—Luka 10:27.
NA U NA LE CHESEHO EA ’NETE EA BOROMUOA?
Ka ho totobetseng, ke ba ’maloa feela ho Lipaki tsa Jehova ba ka sebeletsang e le baromuoa linaheng lisele. Leha ho le joalo, bahlanka bohle ba ineetseng ba Jehova Molimo ba lokela ho ba le cheseho e joalo ea boromuoa. Ho ke ke ha latoloa, leha ho le joalo, hore ho hlokahala masene a mangata haholo ho boloka cheseho eo, hobane ho ba le litšitiso tse ngata.
Ka linako tse ling Lipaki tse nyenyane tse sekolong se phahameng li bolela hore takatso ea tsona ke ho etsa mosebetsi oa boromuoa oa nako e tletseng sepheo sa bona, leha e le linaheng tsa habo bona kapa linaheng lisele. Empa ha ho fihlile nako ea hore joale ba tšoanelehele mosebetsi oo o khethehileng, cheseho eane ea pele e se e ile. Ho etsahetse joang? Ebe ba lumelletse moea oa lefatše hore o ba khelose? Moea oa lefatše ke oa boikhotsofatso, ho lelekisa menyaka le ho hloea mosebetsi o boima le boikarabelo. Moea ona o amme ba bang ho isa moo ba sa khotsofatsoeng ho hang ke mosebetsi o entsoeng hantle. Ho ba bangata lefatšeng, mosebetsi e lokela ho ba “bokhabane,” “ntho e kenyang thabo e ngata,” kapa e “hapang mahlo.” Ho seng joalo, ha o ba hape ho hang. Ka baka leo, bahlankana le baroetsana ba Bakreste ba lokela ho ipotsa: Na ho rata bophelo bo bonolo ho ikhohlile ka ’na? Na moea oa lefatše—kapa ntho e ’ngoe hape—e hlapolotse cheseho ea ka bakeng sa mosebetsi oa boromuoa?
Ho sa tsotellehe hore na u lilemo li kae, le haeba ha u boemong ba hore u ke ke ua kopanela ka nako e tletseng mosebetsing oa boromuoa leha e le naheng ea heno kapa hosele, ho ka ba molemo hore o itlhahlobe ho lekanyetsa hore na u na le moea oa ’nete oa boromuoa kapa che. Haeba u ikutloa hore ka mokhoa o mong o itseng cheseho ea hao ea boromuoa e-ea haelloa, u ka etsa joang ka hona?
Mohlomong ho hlahloba Liketso khaolo ea bone ho ka u thusa ho bona libaka tseo ho hlokahalang hore li hlokomeloe e le hore u ka etsisa haholoanyane cheseho ea boromuoa ea Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Hlokomela hore, ho ea ka temana ea 13, bahanyetsi ba ile ba hlokomela hore baapostola “ba kile ba tsamaea le Jesu.” Mohlomong lintho tse phehelloang bophelong bona li thibetse ‘ho tsamaea ha hao le Jesu’ ka boithuto ba Bibele ho fihlela moo joale u lahlehetsoeng ke cheseho e ’ngoe eo u kileng ua ba le eona.
Temana 23 e bontša hore, le kamor’a hore ba be molekong, kapele kamoo ho neng ho ka khoneha, baapostola ba teana le balumeli ba bang ho khothatsana moeeng le ho hahana chesehong. Ha bo bapisoa, ha motho a lumella boikhathollo le liketso tse ling tse sa fosahalang ka botsona hore li mo thibele ho ba teng libokeng kamehla le Bakreste ba bang, cheseho ea ’nete ea boromuoa e tla mo lahlehela butle-butle. Thapelo e ntle e tlalehiloeng litemaneng tsa 24 ho ea ho 30 e fana ka tataiso e tsoelang pele ho ba batlang cheseho e ngatanyana. Hlokomela kamoo barutuoa ba Jesu ba ileng ba rapella sebete sa hore ba bue. Na u batla matla a moea oa Molimo hore a u thuse ho eketsa cheseho ea hao ka matla joalokaha ho entse balumeli bao thapelong eo? Haeba ho joalo, joale u ka lebella liphello tse tšoanang le tse tlalehiloeng temaneng ea 31. Jehova a arabela thapelo ea bona, ba tlatsoa ka moea o halalelang ’me ba “bolela lentsoe la Molimo ka matla.”
Jesu o itse ‘litaba tse molemo’ li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki. Ka ho etsa mosebetsi oo o nang le tokelo, Bakreste ba bang ba bontša cheseho ea boromuoa libakeng tsa habo bona, ba bang masimong a sele. Ka cheseho, “ba bolela lentsoe la Molimo ka matla.”
Ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova, molaetsa oa ’Muso o boleloa hona joale linaheng tse fetang 200, ha ho bapisoa le tse 54 ha ho ne ho theoa Sekolo sa Gileade. Bophelo ba moromuoa ke ba mofuta ofe? Seo ba se hlokang nameng se fumaneha joang? Ba phela hokae? Mathata a puo ba a sebetsa joang? Haeba u nahana ka ho nkela tšebeletso ea boromuoa naheng esele, tlaleho e latelang e tla u nea matla a tiileng ka ho khethehileng.