‘Khōlo e Matla’ Lihleke-hlekeng Tsa Likhoa
Le hoja mehaho e mecha ea lekala bakeng sa Lipaki tsa Jehova Solomon Islands e khahleha, liketsahalo tse entseng hore e hahuoe li khahleha ho feta moo.
LILEMONG tse fetileng tse mashome a mararo, moo hona joale ho emeng mohaho o bosoeu ba lebese o mekato e ’meli e ne e le sekhoa se teteaneng. Teronkong ea motse o haufi le moo mohlankana ea neng a tšoaretsoe liketso tsa tlōlo ea molao o ne a bala ka matla buka “’Nete e be ea Molimo,” eo a neng a e kalimiloe ke motšoaruoa e mong. Ka thuso ea thuso ena ea Bibele e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, Clem Fa’abasua pelong ea hae ha qala ho hōla kananelo ea lintho tsa moea. A lakatsa ho tseba haholo. Empa ho ne ho se Paki e ’ngoe Solomon Islands.
Clem a ngola a kōpa libuka tse ling ’me kapele a qala ho ithuta Bibele ka ngollano le Paki ea Australia. Kae le kae moo Clem a neng a ea teng o ne a buisana le batho ka seo a ithutang sona. Boiteko ba hae e ne e le bona feela tlhase ea leseli la moea lihleke-hlekeng tsena tsa likhoa tse ka Pacific e ka boroa lik’hilomithara tse 1 600 ka leboea le ka bochabela ho Australia.
Le litorong tsa hae feela ha ho mohla Clem a neng a kile a nahana hore ka lilemo tse mashome a mararo lentsoe la hae le le leng le tla be le tlatsitsoe ke a mang a fetang 500, le hore ka 1981 mokete oa Sehopotso oa selemo le selemo o tla ba le batho ba 2 624 ba bokane liphuthehong tse 31 Solomons! Leha e le hore Clem o ne a ka lumela hore lilemo tse 30 hantle hona khoeling eo ho tloha ha a ne a le litlamong o tla be a lutse ofising ea lekala e hahiloeng bocha a emetse lenaneo la ho khakoloa ha eona hore le qale.
Boemo Solomon Islands bo tšoana le ba Asia Minor lekholong la pele la lilemo ha Bokreste bo tsoela pele ka potlako. Tlaleho ea Bibele e baleha tjena: “Lentsoe la Morena la ‘na la ata.” (Liketso 19:20) Khōlo e matla ea Lentsoe la Molimo lihleke-hlekeng e hlile ea totobala ka liketsahalo tse potolohileng lenaneo la khakolo—la 20, le la 21 Phuptjane, 1981.
Ba neng ba Tlile ho tla Khakola ke Bo-mang?
Lipaki tse ngata li ne li bolokile chelete nako e teletsana ho nka leeto la lihora tse supileng ho tloha sehleke-hlekeng se haufi sa Malaita ho tla motseng ona oa Honiara sehleke-hlekeng sa Guadalcanal. Ba fihla ba nkile mekotla ea meroho, “taro,” “sweet potato,” “cassava” le likhoho le likolobe tseo e leng hona li tla bolaoa. Ho ne ho lokiselitsoe lijo Moqebelo mantsiboea ’me phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e batla ho tlisa karolo ea eona.
Clem, le hoja a se a hōlile ’me ho hang a sa utloe ka litsebeng, o sa ntsane a neela lihora tse ngata ka khoeli e le pula-maliboho ea khethehileng ho thusa ho jala Lentsoe la Molimo. A bolella ba 688 ba neng ba le teng lenaneong la khakolo ka pale ea hae ea mathata a mehleng ea pele. Hamorao ha bapaloa theipi ea e mong eo le eena a nkileng karolo e khōlō mathoasong a bo-1950—Les Carnie.
Khale ka 1955, Les Carnie a tlaleha, ‘Leetong le leng le boima la lik’hilomithara tse 14 ka tlameha ho loana le mekhoabo, likoena le menoang pele nka fihla sebakeng.’ Ke eena Paki ea pele e tsoang mose e ileng ea tla Solomon Islands. Ka thuso ea hae ba bangata ba baahi ba lihleke-hleke ba bona lithuto tsa bohata le boikaketsi ba bolumeli ba neano. Ba ne ba bone ha lihleke-hleke tsa bona li qoela ka har’a mali nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše ka lichaba tse peli tsa “bolumeli,” hobane Guadalcanal ebile setsi sa ntoa bakeng sa Pacific e ka boroa.
Ka letsatsi le leng, ha Carnie a le seketsoaneng, moshemane eo a sa mo tsebeng oa moo a lula kamorao ho eena ’me a bua ka lentsoe le phahameng. A re: “Litumelo tse ngata haholo, hase ’nete. Li re ‘u se ke ua bolaea,’ empa kaofela lia loana. ’Na ha ke li rate. ’Na tumelo ea ka e tšoana le ea hao. Na u tla mphumanela Bibele?” Moshemane eo o ne a utloile joang? A re, “bashemane ba bang ba mpoleletse.” Kahoo Lentsoe la Molimo ’le ne le hōla ’me le ata ka mekhoa e sa tšoaneng.
Baruti ba Lentsoe la Molimo
Monna e mosesaane ea sefahleho se cheleng ke letsatsi, ea moriri o moputsoa, John Cutforth, a buisana le bongata bo tlileng moketeng. Ke eena molebeli ea tsamaeang oa pele ho sebeletsa Solomons. A bolela ka maeto a hae ho ea qetellong ea bo-1950 ho ea sehleke-hlekeng sa Malaita. Hona ho bolela leeto la letsatsi kaofela ka seketsoana, ho latela lihora tse 10 tsa ho tsamaea ka maoto motho a hloa lithaba ka litselana tse likhoeng. Hangata a kolobile ho fihlela ka hare ke lipula tsa linaha tse chesang. Libaka tse ngata tsa Solomon Islands li ba le pula ea linoko tse 10 ho isa ho 12 khoeli le khoeli.
John a ruta ba bang ho jala Lentsoe la Molimo. A thaba haholo ha a bona ba bangata ba neng ba tsamaea le eena maetong ao a boima ho tšelela sehlekehlekeng sa Malaita, ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi kamorao ho lilemo tse fetang 20. A hopola linako tseo ka tsona batho ba thabelang ba neng ba ba sesisa bosiu ba shebile ba botsa lipotso. Qetellong baena ba bang ba ne ba tlameha ho phomola hanyenyane feela ha e mong a ntse a arabela lipotso tsa Bibele. Empa mamello ena ea fumana moputso oa eona.
‘Ke tsamaisa lipuisano tsa Bibele le batho ba 60! Hona joale ke na le batho ba fetang 655 ba thahasellang ho ithuta Bibele. Ke kōpa ho rōmelloa thuso!’ Ke kamoo ho ileng ha ngola pula-maliboho e mong ea khethehileng lengolong la hae le neng le ea ho Mokhatlo ka 1959. Jim Smith, le eena o ile a rōmela molaetsa oa theipi lenaneong la mokete oa ho khakola, a hopola nako eo ka eona ha batho ba fetang 1 000 ba sehleke-hleke sa Malaita Leboea ba etsa qeto ka nako e le ’ngoe hore ba tlohela bolumeli ba bona ba khale ’me ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova (le hoja e se bona kaofela ba ileng ba tsoela pele le ho ba Lipaki). Ba bangata ho bona ba rutoa ka lipolelo tsa litšoantšo tse entsoeng blakborotong ho hlōla bothata ba ho se tsebe ho bala le ho ngola.
Metse e Batla ho Ithuta Kaofela
Lentsoe la Molimo la ‘hōla ka matla’ ka baka la metse e neng e batla ho ithuta kaofela ka cheseho le Lipaki. Har’a ba neng ba tlile ho tla thusa ho ruta bamameli bana ba chesehang ke banyalani ba neng ba tsoa United States, Charles le Carolyn Isbill, ba ileng ba lula nakoana Solomons. Lenaneong la mokete ba bolela kamoo mathata a ’mele a ho tsamaea lihora tse telele litseleng tse mpe le ho mamella lijo tsa mofuta o le mong ho ileng ha putsoa haholo ka takatso e matla ea ba bacha ba neng ba amohela ’nete ea Bibele, le lerato la baena ba neng ba ee ba tsamaee le bona.
Leha e le eona thibelo ea lilemo tse 20 limakasineng tsa Molula-qhooa le Tsoha! ha e ka ea thibela khōlo ea moea. Ha thibelo e tlosoa ka 1974 ’me ho tsamaisoa ha limakasine ho tloha ho 3 000 ka 1975 ho ea ho tse fetang 12 000 lilemo tse tharo hamorao, ha totobala hore ho tla hlokahala sebaka se seholo bakeng sa ho boloka le ho rōmela lintho. Empa mohaho o hlokahalang o ne o tla hahuoa ke mang? Batho ba nang le tsebo ea mesebetsi ha ba bangata hakaalo Solomon Islands ’me baena ba nang le tsebo e joalo ba tšoarehile ka ho feletseng ho hlokomeleng malapa a bona.
Basebetsi ba Mohaho
Ha etsoa qeto ea hore ho sebelisoe baena ba banyenyane ba 10 tlas’a taolo ea Paki ea Australia ea sehahi, Rodney Fraser. Empa bongata ba bahlankana bana ho ne ho se mohla ba kileng ba sebelisa thepa ea ho haha! Empa seo ba ileng ba se phetha se ne se hlolla. Ba tlameha ho epa lejoe sebaka sa limithara tse 139 habeli ho fihla botebong bo nkang bophahamo ba bona habeli. Hona ba ho etsa ka peke, focholo le kiribaee. Sehlopha sa fetoha se sebetsang se matahane ’me sa ithuta ho tšela konkreiti le ho bea litene.
Ba tsoang liphuthehong tsa lihleke-hleke ba thusa mafelong a beke. Lipaki tse tsoang libakeng tse ka ntle tsa tlatsetsa ka lijo le chelete. Lipaki tse ling tse tsoang Australia tsa kenella mosebetsing ’me tsa thusa ho potlakisa tšebetso. Qetellong, kamorao ho nako e ka etsang lilemo tse tharo ho sebetsoa, bohle ba ne ba ka kopanela ka thabo ho bona mohaho o felileng. Mohaho o lutse sebakeng se mothule qeteIlong ea tsela, o likiloe ke lifate le lihlahla tse thunyang lipalesa. O fana ka ponahalo e lokelang tšebeliso ea oona.
Lipaki tse thabileng tsa Solomon Islands tse ileng tsa nka leeto la ho tsamaea le mohaho tsa bolela hore: “Lekala la rōna ke mohaho o motle haholo motseng!”
Kannete ‘lentsoe la Jehova le hōlile ka matla’ Solomon Islands. Mehaho e metle ea lekala e tla ema e le khopotso ea tšusumetso e hōlang ea Lentsoe la Molimo lipelong tsa batho lihleke-hlekeng tsena tsa likhoa.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
John Cutforth, e mong oa balebeli ba pele ba tsamaeang ho etela Solomon Islands, a ruta linnete tsa Bibele