Bacha Lefatšeng la Kajeno
Ho Kena Bonneng Kapa Bosaling—Nako e Kotsi Haholo
NAKO e pakeng tsa bongoana le ho hōla ea bophelo e hlalositsoe e le “phihlelo e kotsi haholo ea ho hōla ha motho” kajeno. Motho ea buileng joalo, a hlalosa: “Ngoana ea kenang boholong o kotsing hobane ho tsoela pele ha meloko ho senyehile. Ka lekhetlo la pele joale o eme a le mong, a sa sireletsoa ke baholo ba hae. O tlas’a ho imeloa maikutlong ke tsoelopele, ho imeloa ke nako e tlang le ho lahloa feela ka ho feletseng.”—Ruth Aikins, ho Quality of Life—The Early Years, buka e khothallelitsoeng ke Mokhatlo oa Bongaka oa Amerika.
Phetoho e tlile ka potlako! Boitšoaro bo oele. Ho hloka tumelo ho phahame.
Bacha ba hlokang ho tataisoa, hangata ha ba fumane ho baholo ba bona matla a kholiseho, melao e tiileng kapa boitšoaro bo matla. Bacha ba bangata ba nahana hore moloko o moholo o ile oa itšoara hampe. Empa bacha ba lokela ho hopola hore le hoja meloko ea pelenyana e ile ea hlokomoloha metheo e nepahetseng, metheo eo e ne e ntse e le teng ka Bibeleng. E bontša seo batho ba ka beng ba se entse, le hore na Molimo o tloha a rarolla mathata a lefatše joang.
Molemo oa Kholiseho e Tiileng
Na bana ba hao ba u bona u le tšiea e tiileng—motho eo ba ka etsang hore bophelo ba bona bo tšoane le ba hae?
Joseph le Lois Bird ba ile ba ngola ho Power to the Parents!: “Ngoana o tsoalloa lefatšeng leo a ke keng a le utloisisa, lefatše leo a ke keng a phela ho lona ntle ho ho tšehetsoa le ho sireletsoa haholo. . . . Ho hlokahala hore a tsebe hore batho ba baholo bao e leng ba bohlokoa haholo bophelong ba hae ba fumanetse bophelo ba bona likarabo, hore ba ka etsa hore lefatše la bona le be le seo le se bolelang.”
“Bana ba rōna ba lokela ho fumana ka ho rōna matla a kholiseho, melao e tiileng le boitšoaro tseo ba bonang re phela ka tsona. Ha ba fumana ho thekesela, ho sekisetsa le boikaketsi liketsong tsa rōna, ba tla thatafalloa ke ho haha matla a hlokahallang hore ba lule ba kholisehile ha ba hōla.”
Bana ba hao ba lehlohonolo hakaakang ha lelapa la lōna le e-na le kholiseho e joalo, e theiloeng Lentsoeng la Molimo! Lentsoe leo le ka nea lelapa la lōna melao e tiileng, lipheo tse matla tsa moea, tumelo e tiileng ho Molimo, le takatso e tlamang ho fetisetsa tumelo eo e babatsehang ho bana ba hao bao u ba ratang.
‘Ho Qobelloa ho Etsa Bobe’
Khatello ea ho etsisa metsoalle ea rōna ke matla a maholo. Ngoanana ea lilemo li 16 a ngola hore: “Ha ke sa le monyenyane ho feta mona, ka mehla ke ne ke hatelleha ho etsa lintho tse mpe, tse kang ho tsuba le ho utsoa le tse ling. . . . Hantle-ntle ke ne ke sa rate ho tsuba sakarete, empa ke ne ke sa batle ha ba bang ba re ‘Jo, u ngoana, u tseke-tseke.’ . . . Joale ke hlokometse hore setsoalle se theiloeng ho sekisetseng ke setsoalle se sa tieang se felang habonolo.” Ea lilemo li 12 a re: “Ha e mong a u qobella, ntho e molemo ke hore u ba hlokomolohe kapa u tlohe ho bona, kapa u lule le metsoalle eo u e ratang.” (Listen to Us, maqephe 110, 111) Ke bohlale bo bokaakang bo tsoang ho bacha ba babeli—ho molemo ho fetola metsoalle ho e-na le ho kena molekong oa ho fosa seo u tsebang hore se nepahetse!
Khale-khale Jehova a lemosa Iseraele ka bothata bona. A bolela hore ho tloaelana le ba sa lumelang ho tla ba bakela hore ba ‘le meme,’ ’me le tla ja a mang a mahlabelo a bona. E be barali ba bona ba nyaloa ke bara ba lōna, ba ba ise borapeling ba melimo ea bohata. (Exoda 34:12-16) Dina e monyenyane a ithuta kotsi ea metsoalle ea banyefoli, empa ka masoabi ho eena. Ha a etela banana ba Kanana ka booatla, mohlankana ea neng a hlalosoa e le “ea hlomphehang ho fetisisa ho ba ntlo ea ntat’ae kaofela,” a mo silafatsa, a khannela tšollong e khōlō ea mali. (Genese 34:1-31) Temoso ea Bibele ke ea ’nete hakaakang: “Litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” (1 Ba-Korinthe 15:33) Kapa, joalokaha The Jerusalem Bible e ho bolela: “Metsoalle e mebe e senya batho ba bokhabane ka ho fetisisa.”
Maqephe a latelang a fana ka lintlha tse qaqileng, tse theiloeng Lentsoeng la Molimo. A bontša kamoo malapa a kopaneng a ka kopanang ho thulana le lefatše la kajeno.