Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w82 9/15 maq. 16-21
  • ’Musa le Tšepo ea Tsoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Musa le Tšepo ea Tsoho
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Tsoho ea Pele’
  • Nako ea ‘Tsoho ea Pele’
  • Tsoho ea Lefatšeng
  • Tsoho le Kahlolo
  • Tiea ‘Litabeng Tse Molemo’!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Tsoho—Thuto e U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Tšepo ea Tsoho—E Bolela’ng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Tšepo ea Tsoho e na le Matla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
w82 9/15 maq. 16-21

’Musa le Tšepo ea Tsoho

“Ke u laela ke hona haholo pel’a Molimo, le pel’a Morena Jesu Kreste, ea tlang ho ahlola ba phelang le ba shoeleng mohla a hlahang ka ’muso oa hae.”—2 Timothea 4:1.

1. Ka palo ea batho ba kileng ba phela, ke hobane’ng ha tšepo ea tsoho e le ea bohlokoa hakaale, empa ho tla lipotso life mohopolong?

HO NA Le likhakanyo tse sa tšoaneng ka palo ea batho ba kileng ba phela lefatšeng tse tlohang ho libillione tse 14 ho isa ho libillione tse 20. Ho sa tsotellehe hore na palo e nepahetseng ke efe, ho na le linnete tse peli: (1) Jehova Molimo o tseba palo e nepahetseng ea batho ba kileng ba phela, ’me o na le matla a ho khutlisetsa leha e le bafe bao a ikhethelang bona bophelong; (2) baahi ba lefatše la kajeno bao ho seng ba kileng ba lekana le bona ba libillione tse 4,4 ho bonahala e le karolo e nyenyane feela ea palo e feletseng ea batho ba kileng ba phela. Qeto ke e ke keng ea baleheloa: palo e khōlō haholo ea batho ke e shoeleng ’me e itšetlehile ka tsoho bakeng sa tšepo leha e le efe ea bophelo ba kamoso. Ba shoele ka lebaka lefe? Hona tšepo ke efe ea hore ba tla ke ba phele hape?

2. Petrose o itse’ng ka tsoho ea Kreste le kamoo A amanang le tšepo ea tsoho?

2 Selemong sa 36 C.E. moapostola Petrose o itse: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang. . . . Molimo o mo tsositse [Jesu] bafung ka letsatsi la boraro, ’me o mo hlahisitse pontšeng, e seng ho sechaba kaofela, e le ho lipaki tseo Molimo o li khethileng pele, e leng rōna bao re jeleng, re noeleng le eena, hobane a tsohe bafung. O re laetse ho bolella sechaba, le ho paka hore ke eena ea beiloeng ke Molimo ho ahlola ba phelang le ba shoeleng. Baprofeta bohle ba ’moletse ka taba ea hore, e mong le e mong ea lumelang ho eena, o tla bona tšoarelo ea libe ka lebitso la hae.”—Liketso 10:34-42.

3. (a) Ke hobane’ng ha ho shoele batho ba libillione tse ngata hakaale? (b) Hlalosa hore na ke joang lefu le tsoho tsa Kreste e leng motheo oa tšepo ea tsoho.

3 E, lebaka la ho bokelloa ha bafu ba batho ba libillione ka mabitleng ke sebe se futsitsoeng ho motho oa pele Adama. ‘Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, . . . lefu le busitse ka motho a le mong.’ (Ba-Roma 5:12, 17) Empa Kreste o shoele a mpa a phelisoa “ka nqeng ea moea.” (1 Petrose 3:18) Ka ho lumela maling a tšolotsoeng a hae, “e mong le e mong,” ho “ba phelang le ba shoeleng,” a ka fumana ‘tšoarelo ea libe’ le ho lopolloa pusong e hatellang ea Morena Lefu. Hore ho be joalo, batho ba bangata ho tla hlokahala hore ba tsosoe. Joale Pauluse o-oa ngola: “Hobane lefu ha le hlahile ka motho, [Adama], tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho [Jesu].” (1 Ba-Korinthe 15:21) Kreste o tiisitse sena, a re ho Maretha: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela.” (Johanne 11:25) Lefu la Kreste le tsoho ea hae ke tsona motheo oa tšepo ea tsoho.

‘Tsoho ea Pele’

4, 5. (a) Johanne o ngotse eng ka ‘tsoho ea pele,’ ’me ke matla afe le setulo tse neoang ba kopanelang tsohong ee? (b) Jesu a re’ng ho baapostola ba tšepahalang ba 11 ka setulo sa bona sa kamoso?

4 Bibele e bontša hore Kreste ha a na ho ahlola “ba phelang le ba shoeleng” a le mong. Ha a hlalosa pono e bululetsoeng, moapostola Johanne a ngola: “Eaba ke bona literone, ’me ba bang ba lula holim’a tsona, ba filoe matla a ho ahlola; ka bona le meea ea ba khaotsoeng lihloho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentsoe la Molimo, le ba sa kang ba khumamela sebata [phutheho ea Satane ea lipolotiki], leha e le setšoantšo sa sona, ba sa kang ba amohela letšoao la sona liphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, ’me ba busa le Kreste lilemo tse sekete. Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; hobane lefu la bobeli ha le na matla hlolim’a ba joalo, empa e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”—Tšenolo 20:4, 6.

5 Ba balelloang har’a ba pele ba marena ana a kamoso le baahloli ba shoeleng e le lipaki tse tšepahalang tsa Jesu le Ntate oa hae, Jehova, ke baapostola ba 11 ba tšepahalang. Ho Luka 22:28-30, Jesu o hlalosa bana e le ba lutseng literoneng le eena ’musong oa hae, ‘ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele [eo e seng ea boprista, e emelang batho ka kakaretso].’

6. Ke baahloli ba bakae ba batlatsi ba tla thusa Kreste ha a ahlola ba phelang le ba shoeleng, ’me ba fetoha ho ba eng ha ba tsosoa?

6 Mangolo a mang a bontša hore tokelo ena e khethehileng ea ho ba marena le baahloli le Kreste ’musong oa hae e lekanyelitsoe ho “mohlatsoana” oa Bakreste ba tšepahalang ba 144 000 ‘ba lopollotsoeng lefatšeng,’ “ba lopolotsoeng har’a batho.” (Luka 12:32; Tšenolo 14:1-4) Bana ba tela tšepo e loketseng le ea tlhaho ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e le hore ba ka ‘tšoana le eena [Kreste] . . . tsohong ea hae.’ (Ba-Roma 6:5) Pauluse a boela a ngola ka ba joalo: “Ho tla ba joalo le tsohong ea bafu. ’Mele o jalloa ho boleng, o tla tsohela ho se bole . . . o jaloa e le ’mele oa nama, o tla tsoha e le ’mele oa moea . . . nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo, . . . ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng.”—1 Ba-Korinthe 15:42-53.

7. Buka e hlalosang mantsoe e bolela eng ka ho se shoe, hona Pauluse le Petrose ba ile ba ngola eng ka tšepo ea leholimo?

7 Ho khahlisang, The New International Dictionary of New Testament Theology e shanofatsa maikutlo ao e seng a Mangolo a hore motho e mong le e mong o na le moea o sa shoeng, e re: “Moea o sa shoeng hase ntho eo bohle ba e ruang hona joale empa ke seo Bakreste ba tla se fumana nakong e tlang. Ho ea ka 1 Ba-Kor. 15:42, 52 ff., ke feela kamorao ho phetoho ea tsoho balumeli ‘ba aparang’ seaparo sa ho se shoe . . . ho se shoe ho ke ke ha etsahala tsoho e sa ba teng.” Ha e le hantle, moputso oa ho se shoe ha o neoe Bakreste bohle empa feela ba kopanelang “tsohong ea pele” ea bafu. Bana ba boloketsoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, . . . leholimong.’—Bona Ba-Roma 8:20-22; Ba-Filippi 3:10, 11; 1 Petrose 1:3, 4.

Nako ea ‘Tsoho ea Pele’

8. (a) Ho ea ka Mangolo, ‘tsoho ea pele’ e ne e tla etsahala neng? (b) Hlalosa se boleloang ke 1 Ba-Thessalonika 4:14-17 le 1 Ba-Korinthe 15:51, 52.

8 Mangolo a tlamahanya ‘tsoho ena ea pele’ le ‘ho ba teng [parousia, ka Segerike] ha Kreste.’ (1 Ba-Korinthe 15:23) Moapostola Pauluse o ngola hore: “Morena ka sebele o tla theoha leholimong ka mohoo, ka lentsoe la arekangeloi, le ka terompeta ea Molimo, ’me ba shoetseng ho Kreste [ho tloha ka lekholo la pele la lilemo le ho tla fihlela ho keneng ha Kreste tempeleng, ea moea ka 1918] ba tla tsoha pele.” Pauluse joale o tsoela pele ho bolela hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba ‘phelang le ho salla ho tla ha Morena’ le bao ka lebaka leo ba shoang nakong ea parousia, ba tla tsosoa hang-hang ’me ‘ba tla nkeloa marung ho khahlanyetsa Morena sebakeng.’ (1 Ba-Thessalonika 4:14-17) Ha ho hlokahale hore ba “robale” mabitleng, ba emetse tsoho. Lefung ba “fetoha . . . ka ho panya ha leihlo.”—1 Ba-Korinthe 15:51, 52.

9. (a) Kreste o qalile ho ba teng a sa bonahale neng? (b) Ho ne ho tla etsahala Joang ha a le teng, hona ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba shoang ha Kreste a le teng ba ka nkoa ba le “lehlohonolo”?

9 Liketsahalo tse phethahatsang boprofeta ba Bibele li bontša hore ho ba teng ha Kreste kapa parousia ho qalile ka selemo sa bohlokoa sa 1914. (Mattheu 24:3, 7-14) Ka nako eo ‘mebuso ea lefatše [ea] fetoha ’muso oa Morena oa rona [Jehova] le oa Kreste oa hae.’ Kamorao ho ketsahalo ena e sisinyang lefatse, ha fihla ‘nako ea hore bafu ba ahloloe.’ Kahlolo ena le moputso ho ba tšoanelehang tsa qala ka ba kopanelang “tsohong ea pele” ho tloha nakong ea ha Kreste a kene tempeleng ho ea pele. (Tšenolo 11:15-18) Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba shoang ba tšepahetse kamorao ho ho hlongoa ha ’muso oa Molimo ba bitsoa ba “lehlohonolo.” Hobane’ng? Hobane ea bona ke tsoho ea hang-hang, e ba lumellang hore ka ho panya ha leihlo ba nke litšoanelo tsa bona tse ncha le Kreste Jesu leholimong.—Tšenolo 14:13.

10. Ke ka mabaka afe tsoho ea ba 144 000 e boleloang e le ‘tsoho ea pele’?

10 Tsoho ea palo e feletseng ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba bilelitsoeng ho ea busa le Kreste leholimong ka nepo e bitsoa ‘tsoho ea pele.’ Ho joalo hobane e etella pele tsoho e isang bophelong lefatšeng ea batho ka kakaretso, ba 144 000 ba fetoha “lithakangoaha ho Molimo le ho Konyana.” (Tšenolo 14:1, 4; Jakobo 1:18) Hona ho ba bea setulong sa bohlokoa, kaha ha ho batho ba bang ba ka ‘phethehang’ ntle ho baprista, marena le baahloli bana ba 144 000. (Ba-Heberu 11:40b; Tšenolo 22:1, 2) Ho feta moo, ke tsoho e phahametseng tsoho leha e le efe lefatšeng, ba 144 000 ba tsosetsoa ‘tsohong e tšoanang le ea Kreste’ ea ho ea bophelong ba ho se senyehe le ho se bole e le bara ba Molimo ba moea.—Ba-Roma 6:5.

Tsoho ea Lefatšeng

11. Ke tsoho efe e tsoelang pele e boleloang ho Tšenolo, khaolo ea 20?

11 Haeba ho na le ‘tsoho ea pele,’ ka ho utloahalang ho tlameha ho be le tsoho ea morao. Ha a hlalosa se tla etsahala ka letsatsi la kahlolo la lilemo tse sekete le boletsoeng pelenyana hona khaolong ena, moapostola Johanne o-oa ngola:

“Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pel’a terone; ha phetloa libuka; ha phetloa le buka e ’ngoe, e leng buka ea bophelo; ’me bafu ba ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona.”—Tšenolo 20:12.

12, 13. (a) Ke hobane’ng ha ho sa utloahale ho bolela hore bafu ba bang ba ke ke ba tsoha ho fihlela kamorao ho lilemo tse sekete? (b) Joale, polelo “ha ba a ka ba tsoha,” e bolela eng joalokaha e sebelisitsoe ho Tšenolo 20:5? (c) Ho tla lekanyetsoa joang hore na ke bo-mang ba tla qetella ba ngotsoe ka mabitso “bukeng ea bophelo”?

12 “Bafu” bana ba itšoanela hantle le “bafu ba bang” ba boleloang Re 20temaneng ea bohlano ea khaolo eona eo, le bao ho boleloang ka bona hore “ha ba ka ba tsoha lilemo tse sekete li e-so ho phethehe. Hona ho bolela hore ba tla tsoha pele letsatsi la kahlolo la lilemo tse sekete le fela, hobane ba kopanelang “tsohong ea pele” ba neoa “matla a ho ahlola” ’me e tla ba “baprista” le ho ‘busa e le marena’ le Kreste ka “lilemo tse sekete.” (Tšenolo 20:4-6) Ba tla ahlola le ho busa Joaloka marena holim’a bo-mang, hona e tla ba baprista lebitsong la bo-mang haeba “bafu ba bang” ba ke ke ba tsosoa ho fihlela qetellong ea lilemo tse sekete?

13 Ka baka leo, polelo “ha ba ka ba tsoha” e tlameha ho supa boemo qetellong ea Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse 1 000. Ho bolela hore batho bana ba “tsoha” ka hore ba qetella ba fumane botho bo phethahetseng. Ba tla phethahala joaloka Adama le Eva tšimong ea Edene. Joale Jehova o tla lekanyetsa joang hore na ke mabitso a bafe a tla ngoloa “bukeng ea bophelo”? E tla ba ka teko ea ho qetela ho batho. (Tšenolo 20:7-10, 12, 15) Ba ipakang ba tšepahala ho Molimo tekong ea ho qetela Jehova ka boeena o tla ‘bolela hore ba lokile’ ’me ba tla kena “tokollong ea khanya ea bana ba Molimo” lefatšeng. (Ba-Roma 8:21, 33) Ba tla fumana tiiso ea bomolimo ea bophelo bo sa feleng, ho fapana le Adama ea ileng a hlōleha tlas’a teko ’me kahoo a thibeloa ho fetela ‘sefateng sa bophelo’ ke likerubime tse rōmetsoeng ke Molimo.—Genese 2:9; 3:22-24.

14. Ke ka lintlha life ho tsoha ha batho lefatšeng lilemong tse sekete e tla ba ho isang menyetleng e molemo haholoanyane?

14 Kaha “bafu ba bang” kaofela ba tla tsosoa pusong ea Kreste ea lilemo tse 1 000 kahoo ba tla ba le monyetla oa ho ipaka ba tšoaneloa ke hore mabitso a bona a ngoloe ka ho sa feleng ‘bukeng ea bophelo’ ea Jehova le oa ho phela ka ho sa feleng tlas’a ’muso oa Molimo, tsoho ea bona ke e ba neang monyetla o molemo ho feta batho ba ileng ba tsosoa mehleng ea Bibele empa ba ileng ba shoa hape. (1 Marena 17:17-24; 2 Marena 4:17-37; 13:20, 21; Mattheu 9:18, 23-26; Luka 7:11-15; Johanne 11:38-44; Liketso 9:36-41; 20:7-12) E ne e le ka hore ba fumane ‘tsoho e molemo’ tlas’a ’muso, kapa “motse,” oa Messia banna le basali ba khale ba ileng ba tšepahala ho Jehova ho fihlela lefung.—Ba-Heberu 11:10, 13, 14, 35.

Tsoho le Kahlolo

15, 16. (a) Na Letsatsi la Kahlolo ke ntho e ka tšohuoang? Hlalosa. (b) Ho tla ahlola bo-mang, hona motheong ofe?

15 Re bone hore “bafu ba bang” ba tsosoa lilemong tse sekete e le hore ba ka ‘ahloloa ka mesebetsi ea bona’ ea nakong eo. (Tšenolo 20:12) Maikutlo a sisimosang a letsatsi la tsuo ha e mong le e mong ea kileng a phela a tla ikarabella ka libe tsa hae tsa nakong e fetileng ha a theoa Bibeleng. Se fuperoeng ke taba se bontša hore “libuka” tse halalelang, kapa libuka tsa molao, li tla phetloa le hore bafu ba tsositsoeng ba tla ahloloa “ka tse ngoliloeng libukeng tseo, e leng ka mesebetsi ea bona,” ke hore, ho ea ka kutlo ea bona kapa ho se utloe ha bona litaelo tse halalelang joalo.

16 Ho tla ahlola bo-mang? Moapostola Pauluse o ngolile hore Kreste Jesu ‘o tla ahlola ba phelang le ba shoeleng,’ hape a bile a bua ka ‘Kreste a hlaha ka ’muso oa hae.’ (2 Timothea 4:1) Ba tla beng ba lutse “literoneng” le Kreste ’musong oa hae oa lilemo tse sekete e tla ba baahloli hammoho le eena ba 144 000. (Luka 22:28-30; Tšenolo 20:4, 6) Pauluse a ngola: “Na ha le tsebe hoba bahalaleli ba tla ahlola lefatše?”—1 Ba-Korinthe 6:2.

17, 18. (a) Na Johanne 5:29 le Tšenolo 20:12 lia hanyetsana? Hlalosa. (b) Ke ka kutloisiso efe ba bang ba “tla tsohela tsuo”?

17 Ha a bua ka se tla etsahala pusong ea hae ea lilemo tse sekete, eo hape e leng Letsatsi la Kahlolo la lilemo tse 1 000, Jesu a re: “Hobane Ntate ha a ahlole motho le a mong, empa o neile Mora kahlolo eohle, . . . Se makaleng ke hoo; hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ’me ba tla tsoa ho ’ona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ’me ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Johanne 5:22-29.

18 Na hona ho hanyetsa Tšenolo 20:12, moo re balang hore bafu ba tla ‘ahloloa ka tse ngoliloeng libukeng,’ e leng libuka tse ke keng tsa “phetloa” ho fihlela lilemong tse sekete? Le hanyanyane. Mantsoe a Jesu ho Johanne khaolo ea bohlano a tlameha ho utloisisoa leseling la seo a ileng a se senolela Johanne hamorao. (Tšenolo 1:1) “Ba entseng hantle” le “ba entseng hampe” ba tla ba har’a “bafu” ba tla ‘ahloloa e mong le e mong ka mesebetsi’ ea hae eo a e entseng hoba a tsosoe. (Tšenolo 20:13) Ha a bapisa ho “tsohela bophelo” le ‘ho tsohela tsuo [kahlolo (a·naʹsta·sis kriʹseos, ka Segerike)],’ Jesu o ne a bua ka se tla hlaha qetellong ea litsoho tse joalo. Thayer’s Greek-English Lexicon e hlalosa a·naʹsta·sis kriʹseos e le tsoho “e lateloang ke tsuo.” Motho ha a tsosoe e le hore a tsuoe, empa tsoho ea hae e tla lateloa ke kahlolo ea tsuo haeba a hana ho latela “tse ngoliloeng libukeng tseo” ’me kahoo a sitoa hore lebitso la hae le ’ngoloe bukeng ea bophelo.’ Kahoo o tla shoa “lefu la bobeli,” ho se tšepo ea nakong e tlang ea tsoho.—Tšenolo 20:14, 15; 21:8.

19. Le se ngotsoeng botlaseng ba leqephe. (a) Phetolelo ea Bibele ea Sefora e ngola Johanne 5:29 joang, hona ke neng feela ho tla totobala hore tsoho e bile ea “bophelo” kapa ea “tsuo”? (b) Na “ba lokileng” le “ba sa lokang” ba boleloang ho Liketso 24:15 ba tsohela “bophelo” le “tsuo” ka ho latellena? Hlalosa.

19 Hoa khahlisa ho hlokomela hore Ecumenical Translation ea Sefora (e hatisitsoeng ke sehlopha sa liithuti tsa Mak’hatholike le Maprostanta) e ngola Johanne 5:29 tjena: “Ba entseng hamolemo ba tla tsohela tsohong e isang bophelong; ba entseng bobe, tsohong e isang kahlolong.” Ke feela se tla hlaha qetellong ea tsoho ea motho se tla hlakisa hore ho tsebahale hore na tsoho ea hae e ne e le ‘ho tsohela bophelo’ kapa ‘ho tsohela tsuo.’a

20. (a) Ke bo-mang bao ho tla hlokahala hore ba noe “metsi a bophelo,” hona hobane’ng? (b) Ho tla hlahlobuoa potso efe sehloohong se latelang?

20 Bafu ba tsositsoeng le “bongata bo boholo” bo pholohileng ‘mahlomola a maholo’ a haufi ho tla hlokahala hore ba noe “metsi a bophelo,” ke hore, ka teboho ba amohele sehlabelo sa topollo sa Kreste le litokisetso tse ling tsohle tseo Jehova a li etsang ho lopolla batho sebeng le lefung. (Tšenolo 7:9, 10, 14, 17; 22:1, 2) Litokisetso tsena li tla laoloa ke Kreste le baprista le baahloli hammoho le eena ba 144 000 ’Musong oa lilemo tse sekete. Empa na bafu bohle ba tla khutlela ho tla ahloloa ho akarelletsoa le ba bolailoeng “mahlomoleng a maholo” a atamelang? Sehlooho se latelang se tla kena tabeng ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ba tsohelang ‘tsohong ea bophelo’ kapa ‘tsohong ea tsuo’ ba se ke ba nkoa e le ntho e le ’ngoe le “ba lokileng” le ba sa “lokang” ba boleloang ke Pauluse ho Liketso 24:15. Pauluse o bua ka boemo boo batho ba leng ho bona ha ba tsosoa, bo theiloeng boitšoarong ba bona pele ho lefu. “Ba lokileng” ba tla tlameha hore ba ’ne ba tsoelepele tseleng ea bona ea liketso tse lokileng ka ho mamela lintho tse ngotsoeng “libukeng.” Ho seng joalo ho tsoha ha bona ho tla fetoha ‘ho tsohela tsuo.’ Ho fapaneng le hoo, haeba leha e le bafe “ba sa lokang” ba baka, ba amohela sehlabelo sa topollo sa Kreste ’me ba mamela lintho tse ngotsoeng “libukeng,” tsoho ea bona e tla ipaka ho ba ea “bophelo.”

LIPOTSO TSA TLHAHLOBO

□ Ke ka tsela efe Kreste e leng “tsoho le bophelo”?

□ Ke bo-mang ba nang le kabelo “tsohong ea pele,” hona ba tla thusa Morena Jesu Kreste mesebetsing efe?

□ Ke hobane’ng ha mantsoe ‘tsoho ea pele’ a loketse?

□ Ke ka tsela efe “bafu ba bang” ba ‘tsohang’ kamorao ho lilemo tse sekete, hona ke ka taba efe tsoho ea bona e phahametseng ea batho ba tsositsoeng mehleng ea Bibele ba tsosetsoa bophelo ba lefatšeng?

□ Ke motheong ofe bafu ba tsositsoeng ba tla ahloloa, hona ba tla hloka eng hore ba lopolloe sebeng le lefung?

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 17]

“Moea o sa shoeng hase ntho eo bohle ba e ruang hona joale empa ke seo Bakreste ba tla se fumana nakong e tlang. . . . ho se shoe ho ke ke ha etsahala tsoho e sa ba teng.”—The New International Dictionary of New Testament Theology

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Bibele e bontša hore ba bangata ba tla tsohela bophelo lefatšeng

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela