Leleme le Rutehileng, ‘Le Khothatsang ba Khathetseng’
JEHOVA MOLIMO o tšepisitse hore: “Ke tla le nea balisa ba nkhahlisang, ba le alose ka tsebo le ka kelello.” Na hase ho hlasimollang ho hlokomeloa ke balisa ba moea ba ruileng tsebo le kelello?—Jeremia 3:15.
Ho etsa lintho ka kelello ho ama ho fetang boiketsiso. Ho hloka ho sheba ntho ka botebo. Ho Esaia 44:18, kelello e hokahane le pelo joaloka e khethollehileng ho leihlo. Kelello ena e tlohang botebong ba pelo e hlokahala haholo ha balisa ba sebetsana le “ba pelo li tepeletseng.” Esaia o boletse se hlokahalang hape, a re: “Morena Jehova o ’neile leleme le rutehileng, ke tle ke tsebe ho khothatsa ea khathetseng.”—Esaia 50:4.
Motho o tlameha ho rutoa, a rutoe ke Jehova, e le hore a ka ‘tseba mokhoa oa ho khothatsa ba khathetseng.’ Ka ho tloaelana hantle le Bibele, ba e sebelisa le ho bontša kelello e tlohang botebong ba pelo, baholo ba ka atleha ho thusa batho ba bangata ba tepeletseng. Baholo ba bangata ba ananela litlhahiso tse thusang mabapi le bolisa ba bona. Mohlomong ba ka hlokomela ka phihlelo e bohloko hore boiteko bo bong, le hoja bo entsoe ka morero o motle, bo tsoetse masoabi. Se latelang se sebetsana le mokhoa oa ho thusa batho ba tepeletseng. Ka ho hlakileng, baholo ba ne ba tla sebetsana le motho “ea sa eeng ka molao” kapa ‘ba hanang ho utloa’ ka phuthehong ka mokhoa o fapaneng.—1 Ba-Thessalonika 5:14; Tite 1:10-13.
Hangata, ho bapisa mehlala ho ka thusa motho ho bona mekhoa e lokileng le e sa lokang.
“Batšelisi ba Khathatsang”
Ha Jobo a ne a tepeletse, ba bararo ho metsoalle ea hae ba utloa ka khathatso ea hae ’me ba tla ho tla mo “utloela bohloko, le ho mo tšelisa.” (Jobo 2:11) Ka baka la ho ba le pono e fosahetseng ea litaba, ba ne ba sa hlomela hantle. Ba tla ka maikutlo a hore motho o ba mahlomoleng ka baka la bobe boo a bo entseng. Ka baka leo, ba hlolehile ho utloisisa hore na mathata ’ohle a Jobo a ne a bolela’ng. Interpreter’s Bible e hlalosa ‘matšeliso’ a bona tjena:
“A fetoha khopiso . . . Ke tlhaloso e tsoang ho batho ba sa nahaneng ka botebo, ka keletso e molemo mona le mane. . . . Joaloka motho ea lebopong la leoatle a akhela mantsoe a khothatso le le leng kapa a mabeli ho batho ba loanelang ho ipholosa bolibeng bo lefifi, ka maqhubu a maholo a bilohang a batlang ho ba amoha phefumoloho. Seo Jobo a neng a se hloka ke khothatso ea pelo e nang le botho. Empa seo joale a se fumanang ke letoto la lipuo tsa boikaketsi tse boleloang ka mantsoe a monate empa a sa tsoe botebong ba pelo.”
Lipolelo tse ling tse khopisang e bile life? Elifaze ka ho se nahanele a re: ‘Bona, u ’nile ua tiisa batho ba bang, joale uena, ha tsietsi e u hlahetse, u-ua fokola. Na ha u itšepise ka ho hloka molato ha hao ke’ng? Bildade a phaella: ‘Empa ha u ka batla Molimo, o tla u ela hloko.’ Ke ho se nahanele ho hokaakang! Haholo-holo ka ha Jobo o ne a se a ntse a tšepa Molimo. U ka be u ile ua ikutloa joang? Ho e-na le ho tšelisa, mantsoe ao a neng a bonahala eka a lokiselitsoe hantle ka morero, a ne a ‘thuhakanya’ ho Jobo. Hase feela a ileng a bokolla, a re, “hoja le lutse litulong tsa ka!’’—Jobo 4:3-6; 8:5, 6; 16:2, 4, 5; 19:2.
Ha e le hantle, ha ho moholo oa phutheho oa Mokreste ea tla batla ho sebelisa maikutlo kapa bohlale bo bululetsoeng ke bademona ba ‘metsoalle’ eo. (Jobo 4:15, 16) Empa, ka nako tse ling, balisa ba tšelisang ba tlameha ho ikhopotsa ho se etse liphoso tse joalo. Ha ba leka ho thusa “ba “pelo li tepeletseng, baholo ba tšoanela ho fuputsa hore na ke hobane’ng ha motho a sa ikutloe hamonate. Mohlomong ea tepeletseng o nahana hore o se a lahlehetsoe ke moea oa Molimo. Baholo ba tseba ka mehlala ea mangolo, e kang oa Davida, hore boitšoaro ba sebe boa tepeletsa. (Pesaleme ea 38:1-6) Ba ka ’na ba bala le motho likarolo tsa Bibele tse sebetsanang le boitšoaro ba Bokreste ’me mohlomong ba botse, ‘ponong ea seo Bibele e se buang, na u na le lebaka leha e le lefe le tiileng la ho ikutloa hore Molimo o u amohile moea oa oona? Ho e-na le ho bolella motho hore ha ho letho le phoso leo a le entseng kapa mohlomong ho mo bolella hore ho na le seo a se entseng, ho ka ba molemo ho tlohella motho hore a iketsetse qeto. A ka ’na a hlokomela hore ha a ikutloe molato oa letho. Kapa, haeba a ile a etsa lintho tse phoso, baholo ba ka mo thusa hore a “etsetse maoto a [hae] litsela tse lokileng,” ’me a boele a thabele kamohelo e bososelang ea Jehova.—Ba-Heberu 12:12, 13.
Batho ba tepeletseng hangata ba ikutloa ba le molato ntle ho lebaka. Kelello e tla thusa baholo ho hlokomela maemo a joalo. Mokreste e mong ea tepeletseng ea ileng a ananela ka ho teba ho eteloa ke balisa ba ratehang ba hae ho ea mo thusa, o ne a khotsoe hore o lahlehetsoe ke moea oa Molimo. Ntlheng e ’ngoe moholo o itse, “Ka sebele, leka ho nahana ka thata ’me u bone “ka sebele, leka ho nahana ka thata ’me u bone haeba ho na le phoso eo u e entseng.” Eaba mosali o lula moo ’me o-oa lla: “Empa ha ke hopole letho. Na le batla hore ke iqapele ho hong? Na hoo ho tla thusa?” Baholo ba utloisisa ’me ba leka matsapa a ho thusa.
Baeletsi ba Jobo ba ne ba se ba entse qeto ea hore Jobo o na le bobe boo a bo entseng. Baholo ba tsebang “ho khothatsa ea khathetseng” ba tla sebetsa boemo ka bong ba sa ‘phake ho ahlola, leha e le ho ea ka tšobotsi.’ (1 Timothea 5:21) Ha ba botsa lipotso tse batlisisang ha ba qose, empa ba etsa joalo ka tsela ea kutloelo bohloko, ba ipea kannete sebakeng sa hae.
Baeletsi ba Nang le Kelello
Elihu, leha a ne a toba ka nako tse ling keletsong ea hae, o bontšitse kelello. E ne e le momameli ea molemo. Ha a ka a ‘araba a e-so ho utloe,’ hoo Bibele ka ho toba e ho bitsang ‘bothoto le ho ipakela lihlong.’ (Liproverbia 18:13) O ile a rorisa Jobo ka baka la botšepehi ba hae ’me a mo khothaletsa ho itlhalosa. Kelello e joalo ea eketsa ‘thuto’ mantsoeng a Elihu.—Jobo 32:4, 11; 33:5-7, 32; Liproverbia 16:23.
Jehova ke mohlala o phahameng oa moeletsi ea nang le kelello. Mokhoa oo a sebetsaneng le moprofeta Jonase ka oona o bontša ho ba le boikokobetso le kutloelo-bohloko. Jonase o ile a halefa ha Jehova a khetha ho se timetse Baninive ’me e le mokhoa oa ho phethahatsa molaetsa oa boprofeta oa timetso. Jonase a tepella hoo a ileng a batla ho shoa. Joale Jehova a sebetsana le eena joang? Na o ile a re: ‘Jonase, u ichebile bouena. Na ha u na lerato pelong ea hao? Sohle seo u se nahanang ke mokhoa oo u shebahalang mahlong a ba bang ka oona!’ Polelo e joalo e ka ’na ea be e bile ’nete. Empa hantle e ka be e ile ea mo etsa hore a ikutloe e le ea molato ka ho fetisisa le ea tepeletseng. Jehova o ile a etsa joang?
Jehova a botsa: “Na ke hantle ha u hloname na?” E, potso e bonolo e reretsoeng hore a nahane. Ha ho qoso. Ha ho tsuo. Leha Jonase a sa ka a arabela kapele, Jehova ha a ka a mo tela, empa a mo melisetsa semela se seholo ho mo sireletsa lebatameng la letsatsi. Eaba Jehova o sebelisa papiso e ileng ea ama pelo ea Jonase. A bolaea semela se seholo. Ha Jonase a halefisitsoe ke ho shoa ha semela, Jehova a mo thusa ho bona kamoo bophelo ba Baninive e leng ba bohlokoa kateng ho feta ba semela sane. Na o ne a ke ke a ba utloela bohloko ho feta ho shoa ha semela se pala? Habonolo, empa ka mokhoa o sebetsang!—Jonase 4:1-11.
Ha baholo ba thoothelloa ho khothatsa ba pelo li tepeletseng, ho hlokahala hore ba etsise Jehova le Elihu. Ba tlale lithoriso tsa sebele. Sebelisa lipolelo le lipotso tse bonolo le tse tobileng. Sebelisa puo e utloisisoang habonolo. U tobe taba, empa u qobe lipotso tse tšosoang. Lipapiso tse tla etsa hore motho a nahane kapa a amehe maikutlo ka mokhoa o mong o fapaneng (ka mohlala, ho halefa ha Jonase ha semela se shoele), li ka sebelisoa ho thusa motho ka mong ho bona phoso ea monahano oa hae. Empa hopola: “Polelo e builoeng ka motsotso o tšoanelehang, e joale ka liapole tsa gauda pitsaneng ea silevera.” (Liproverbia 25:11) Haeba motho a e-na le monahano o fosahetseng, mo thuse hore a ’ne a o loantše. Mo hahe hore a se ke a itella. “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa.”—Liproverbia 12:25.
Empa ke litlhahiso tsa mofuta ofe tseo moholo a ka lekang ho li fetisetsa ho ea tepeletseng?
Thuso ka Lithapelo tse Utloahalang
E mong ea pelo e tepeletseng o tlaleha hore: “Leha ke ile ka ikutloa hore Jehova o utloisisa ka ho feletseng, ho ne ho e-na le linako tseo ka tsona ha ho tepella kapa ho tšoha ho le matla ke ileng ka nahana hore ha ho na thuso ea ho rapela.” Leha ho le joalo, baholo, ba sa hane hore maikutlo a joalo a tloaelehile ho batho ba bangata ba tepeletseng, ba ka ba khothalletsa ho tiea thapelong. Empa ba rapella eng?
Mosali e mong ea tepeletseng ea monyenyane o itse: “Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse ho mamella kapa ho nkisa moo nka fumanang thuso.” ’Mè ea lilemo li 33 ea nang le monna oa motlatlapi ea sa lumelang a tepella. A re: “Ha ke ne ke tletse lipelaelo haholo, ke khopehile kapa ke tšohile, ke ne ke e-ea ho Jehova hang-hang ke oele ka matsoho le ka mangole ’me ka nako tse ling ke lla, ke mo kōpa hore a nthuse ho hlōla bothata bona. E ne e le habohlokoa haholo ho bua ka ho toba thapelong. Hangata ke ne ke fumana thuso kapele.” Mosali e mong ea lilemo li 41 o itse: “Ha ke ne ke tepeletse ke ne ke ho fumana ho le thata ho rapela. Empa Ba-Roma 8:26 e ne e le mohloli oa sebele oa matšeliso. Ka hona ke ne ke ee ke kōpe Jehova ka hore, ‘Thusa hle!’”
Baholo ba ka rapela le motho kapa ba mo rapella. Ha e le hantle, ba lokela ho qoba lipolelo tse tla etsa hore motho a ’ne a ikutloe a le molato ka ho fetisisa. Ho kōpa Jehova, le ea tepeletseng a mametse, ho thusa ea joalo ho utloisisa kamoo a ratoang ke ba bang esita le ke Jehova, ka sebele e tla ba ho hahang. Hape, ea ngongorehang a ka bontšoa thuso e tlisoang ke thapelo e tiileng hammoho le ho itšetleha ka Jehova.—1 Samuele 1:9-18.
Thusa ea Khathetseng ho ba le Kelello
Dr. Nathan Kline, motsamaisi oa “Rockland Research Institute Department of Mental Hygiene” ea New York o hlalosa hore: “Ka nako tse ling batho ba ikutloa hore ba lahlile tumelo ea bona ’me hangata ba ikutloa ba le molato haholo ke hona. Leha ho e-na le litaba tsa ho hlōleha ha moea, ke nahana hore mabakeng a mangata hase hakaalo-kaalo ho hlōleha ha tumelo ea bolumeli, empa letšoao la pele la ho tepella.” O buile joalo hoba a hlokomele lipontšo tsena ho bakuli ba ’maloa ba hae bao e neng e le balumeli ba baholo. Joale, hangata ho thusa motho ea tepeletseng ka matla ho hlokomela sena ho ka mo imolla ho ikutloa a le molato ntle ho lebaka.
Paki e ’ngoe e thusitseng ba ’maloa “ba pelo li tepeletseng” hore ba khutlele bophelong, e re: “Ho ikutloa ha batho ba bang ba le molato ntle ho lebaka ke hoo u ke keng ua ho kholoa. Ke ee ke ikutloe ke le molato ka liphoso tseo ke li entseng, empa hape ke lumela hore haeba Jehova a lokiselitse topollo e tla etsolla lintho tsena joale ha ho hlokahale hore ke itlhokofatse ka ho sa feleng ka tsona. Ena ke e ’ngoe ea lintlha tseo ke lekang ka matla hore bao ke ba thusang ba li utloisise.” Ho hlokahala hore motho a utloisise hore haeba a bakile kannete ketsong e mpe, a lakatsa hore a se hlole a e pheta hape ’me a leka ka matla ho ‘lokisa phoso,’ joale a ka tšepa hore topollo e tla hloekisa letsoalo la hae. Ho thusa batho ba nang le ho “soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo” hore ba bone hore Jehova o mohau o-oa tšoarela, hangata ho ba imolla ho tepelleng ha bona.—Pesaleme ea 32:1-5, 11; 103:8-14; 2 Ba-Korinthe 7:9-11.
Le haeba menahano e phoso e tšoenya kelello ea ea tepeletseng, ha ho hlokahale hore a ikutloe a se na thuso ’me a ‘tsoiloe’ ke Molimo! Ke ho hlaolela le ho ‘phethahatsa’ menahano e joalo hoo Bibele e lemosang ka hona. (Jakobo 1:14, 15; Ba-Galata 5:16) Ha feela motho a etsa boiteko ba ho suthisa menahano e joalo ha a lokela ho ikutloa a hlōtsoe ke boikutlo ba hore o molato.
Ka mohlala, khalefo kapa tlhonamo e ka ’na ea tlala kelellong ea motho ea tepeletseng. Hase ho hongata ho phethahatsoang ke moholo ka ho bolella motho hore ‘U se ke ua ikutloa ka tsela eo,’ kapa ‘U se ke ua ikutloa joalo.’ Taba ke hore motho o ikutloa joalo! Le hoja re hlokomela hore motho a ka ’na a ikutloa a halefile ka nako tse ling. Bibele e khalemella khalefo e joalo. (Pesaleme ea 4:4; 37:8) E re khothaletsa hore re se lule re khopehile. (Ba-Efese 4:26, 27) Ka hona moholo ea lemohang a ka fumana ka lipotso tse seng kae tse bonolo hore na ke hobane’ng ha motšoenyehi a ikutloa a halefile. Kamor’a hore motho a thusoe ho lokisa maemo (joale ka Jonase), a ka ’na a bona hore o halefile ntle ho lebaka. Hape, haeba e mong a mo sitetsoe, a ka ’na a thusoa ho latela mehato eitseng ea mangolo ’me ka hona a tlohela ho hlonama.—Ba-Kolosse 3:13; Mattheu 5:23, 24; Luka 17:3, 4.
Haeba moholo a ka falimehela ho bona maikutlo a sa nepahalang ho ba khathetseng ha ho tepella ho qaleha, hangata motho a ka thusoa ’me a pholosoa ho tepelleng ho hoholo, ho lobokana ho ka ’nang ha hloka thuso ea meriana. Le hona mona, moholo a ka ’na a thusa motho ea tepeletseng kapa lelapa ho hlokomela ha ho ferekana ho fihlile moo joale ho seng ho hlokahala pheko ea meriana. Hona ha ho bolele hore baholo ba ka ‘iketsa lingaka,’ kapa hona ho hatella hore na ke pheko ea mofuta ofe e lokelang ho lateloa. Ba ka ’na ba lebisa bao ba amehang sehloohong sa Awake! ea October 22, 1981, se reng “Attacking Major Depression—Professional Treatments,” se thathamisang mekhoa ea ho phekola e ’maloa ’me se sa buelle leha o le mong.
A Thusoe ho Fumana Botsitso
’Mè oa Mokreste ea lilemo li 40 o hlalositse ntoa ea hae le ho tepella ho hoholo tjena: “Ke ne ke se ke tiiselitse feela molemong oa bophelo ka motsotso o mong le o mong oa letsatsi le leng le le leng.” Hoba a hlaphoheloe o ile a bolela se seng sa lisosa: “Ho leka ho khahlisa bohle, kapa hore ke se khoehlise karolo leha e le efe ea bophelo ba lelapa la ka, ka ema kemisong e ileng ea ntšiea ke soahlamane ke mokhathala. Ke ho entse ka lilemo tse robeli; ‘me, qetellong, ngaka ea re ke ‘felile.’ Ha ke hetla morao, ka ikutloa hore esita leha mabaka a ka a ho boloka kemiso e joalo e ne e le a bohlokoa, nka be ke entse lintho ka tsela e nang le kutloisiso.”
Ka baka la kotsi ea motho ea sa etseng lintho ka kutloisiso, baholo ba tlameha hore ka linako tse ling ba thuse motho ea tepeletseng ho tsitsisa liketso tsa hae. Ka sebele ba tla khothaletsa tšebeletso ea moea ’ohle ho Molimo. Ha e le hantle, ka nako tse ling ha ba bang ba neng ba tepeletse ba ne ba sa khone ho tšoareha boboleling ba monyako ka monyako, litokisetso li ne li etsoa e le hore ea tšoenyehileng, ha maemo a hae a mo lumella, a lule thutong ea Bibele e tsamaisoang ke Paki e ’ngoe. Ea tepeletseng o ne a tla tlatsetsa kamoo a ka khonang.
Hopola hore moapostola Pauluse o laetse Bakreste ho ‘beela ’mele ea bona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo; tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.’ (Ba-Roma 12:1) E, maikutlo a motho a ho nahana aa ameha. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “matla a ho nahana” (logikos) ka ho toba le bolela “ka tlhalohanyo.” Ka hona Molimo o re lebelletse ho etsa ho utloahalang le ho nang le kelello. Matla, ho tiea ha ’mele le maemo a motho ka mong, li fapane. Tšebeletso ea moea ’ohle e bolela ho etsa sohle seo moea oa hao le matla li ka khonang ho se etsa, e seng tsa motho e mong.—Mareka 12:30; Ba-Kolosse 3:23.
Ha motho a kula, matla a hae aa fokola, leha pelo ea hae le kelello li ka ’na tsa lakatsa ho etsa ka ho tšoanang le pele tšebeletsong ea Molimo. Ke ’nete, bohle ba tla fumana bophelo bo sa feleng ba tlameha ho ‘etsa ka matla,’ empa boikitlaetso bo joalo hase ka mehla bo lekanyang hore na motho o sebelitse hakae. Boholo ba tšebetso e matla ea Epafrodite “mosebetsing oa Kreste” ha a ne a kula bo ne bo ke ke ba bapisoa le seo a neng a se etsa ha a phela hantle. Empa, ka kakaretso, o ile a rorisoa ke Pauluse ka boikitlaetso ba hae.—Luka 13:24; Ba-Filippi 2:25-30.
Maemo a fetohileng, a kang ho kula a ka ’na a re sitisa ho phethahatsa ka botlalo seo lipelo tsa rōna li se labalabelang. Ka mohlala, mosali oa molebeli ea tsamaeang o ile a tepella ka matla. O tlaleha tjena: “Bophelong bohle ba ka ke bile mafolo-folo ka ho fetisisa ’me ke ile ka thabela tšebeletso ea ka ho Molimo. Empa leha ho le joalo ka likhoeli tse ka bang robong, ke ile ka ikutloa ke se na thuso eka ke mameneng a lefatše.” Eena le monna oa hae ba tlameha ho phomola mosebetsing oa ho chakela liphutheho ’me o ile a okoa ke ngaka. Kamor’a selemo a boela bophelong ho ea ntlheng eo ba ileng ba boela ba khutlela kabelong e matla ea tšebeletso. Hona joale o ngola a le ka moea ’ohle hape: “Ke thabile hape tšebeletsong ea ka. Empa hona joale ha ke ikutloa ke khathetse haholo ke soahlamane ke mokhathala, ke lula hae ’me kea phomola le ho leka ho hlokomela se etsahalang ’meleng oa ka. Joale ke hlokomela matšoao ’me ke leboha Jehova hore e be ke tseleng ea ho hlaphoheloa.”
E, re leboha hakaakang bohle hore e be re na le eo e leng Molimo oa rōna ea amohelang limpho le mahlabelo a rōna, ‘ho ea ka seo re nang le sona e seng ka seo re se hlokang.’ Hona ke ’nete ho sa tsotellehe hore na mahlabelo a joalo ke a moea, a lintho tse bonahalang kapa ke a matla a ’mele.—2 Ba-Korinthe 8:12.
Empa ka linako tse ling motho ea tepeletseng a ka ’na a tlameha ho thusoa ho hlalefela hore na o sebelisa matla a hae joang. Khaitseli e mong ea neng a tšoenyehile ke ho tepella haholo o boletse: “Ke ne ke thekesela. Ke ne ke sa tsebe ho latolela motho. Nako efe le efe ha motho a ne a nkopa ho etsa ntho e ’ngoe, kamehla ke ne ke re ‘E, ho lokile.’ Ke ile ka tlameha ho ithuta hore ke re, ‘Che. Kea sitoa. Mohlomong nka u thusa kamoso.’ Ke ile ka tlameha ho ithuta sena, ho seng joalo nka be ke ile ka hlanya.” Motho ea lekang ho phehella ntho e fetang matla a hae o qetella ka ho tepella ho matla ka nako e ’ngoe. Monna ea bohlale o elelitse hore: “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlolisa; hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na? U se ke ua iketsa e mobe ka ho fetisisa, u se ke ua ipea leoatla; hobane ke ha u no u tla shoela’ng, e e-so ho be nako ea hao?”—Moeklesia 7:16, 17.
Ho tšelisa ba pelo li tepeletseng ho hloka boiteko ba ’nete. Motho o tlameha ho ithuta ka ho hlokomela keletso ea Lentsoe la Molimo. Ho etsa ka kelello le hona hoa ithutoa. Empa liphello lia tšoaneleha.
Nahana thabo ea ho bona ea robehileng pelo—ea itlhalosang ka meokho, a qala ho fetoha. Hanyane ka hanyane thabo e nka sebaka sa meokho. Ho bobotheha joale ho elisa sefahleho. Motho ea joalo o leboha molisa ea lerato le ea utloisisang hakaakang! ’Me kaholim’a tsohle, ke thabo e kaakang ho Ntat’a rōna ea mohau oa leholimo, ea “tšelisang ba tepeletseng.”—2 Ba-Korinthe 7:6, New American Standard Bible.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Re lokela ho qoba ho tšoana le metsoalle ea Jobo ea batšelisi ba khathatsang
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Na u eketsa mathata a ba tepeletseng, kapa na u ba tšelisa kannete?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Baholo ba ka rapela le motho le ho mo rapella, ba qoba lipolelo tse tla etsa hore eo a ikutloe a le molato haholo