Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/15 maq. 26-31
  • ‘Bophelo bo Botle’ le Kutloisiso ea Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Bophelo bo Botle’ le Kutloisiso ea Bokreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khetha Litabeng Tsa Phekolo
  • Ho Bontša Kutloisiso
  • Bopaki ba Taba Bona ho Thoe’ng ka Bona?
  • Batla Thuso ea Litsebi
  • Bophelo ba Moea le ba ’Mele bo Leka-lekanang
  • Lula U E-na le Pono ea Mangolo Litabeng Tsa Kalafo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Boloka Tumelo ea Hao le Bophelo bo Botle ba Moea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • ‘Le be le Bophelo bo Botle!’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Amohela Phekolo ea Lingaka?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/15 maq. 26-31

‘Bophelo bo Botle’ le Kutloisiso ea Bokreste

MOAPOSTOLA Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Filippi ea boholo-holo: “Mosa oa lōna o tsejoe ke batho bohle.” Kahoo a khothatsa bona hammoho le Bakreste ho tloha ka nako eo hore ba bontše moea oa boitekanelo le ho leka-lekanya lintho ka bohlale.—Ba-Filippi 4:5.

Ho hlokahala hore re be le kutloisiso litabeng tsa bophelo ba rōna. Ka mohlala, ho hlokahala hore re qobe ho ja ka ho tlōlisa, ’me re phomole ka ho lekaneng le ho itlhakisa. Boikutlo ba rōna ka ho phekoloa le bona bo lokela ho theoa mabakeng, bo bontša hore re hlokolosi hore re se ke ra tšoasoa ho ea le phetoho e ’ngoe le e ’ngoe eitseng tabeng ea tsa bophelo. Kutloisiso e boetse e hlokahala hore re ‘lemohe litaba tse fetisang ka molemo’ e le ha re leka-lekanya bophelo ba rōna ba moea le ba ’mele, hore ho ameha ka litaba tsa bophelo ho se ke ha qhelela ’muso oa Molimo sebakeng sa bobeli.—Ba-Filippi 1:10.

Ho Khetha Litabeng Tsa Phekolo

Ha ho etsoa qeto litabeng tsa meriana kapa phekolo, ho hotle ho ananela hore le litabeng tsena motho a ka susumetsoa ke lintho tse tummeng kapa tse ratehang ka nako eo. Mohlomong u hopola ka liphekolo tseo nakong e fetileng e neng e le tse ratehang empa hona joale li talingoa kahosele. Na u sa hopola nako eo ka eona lingaka li neng li phekola “acne” ka “X Ray,” li ntša litemetoane tsa bana ka mabaka a fokolang kapa li fana ka lithethefatsi tse ncha tsa “sulfa” kapa “penicillin” bakeng sa eng le eng e amanang le ho tšoaetsoa? Lintho li fetohile. Le hoja meriana ena e ka ’na ea lokela mabakeng a mang, lintho tse etsahetseng le liphuputso li senotse lintho tse ling tse sa lakatseheng tse bakoang ke lintho tsena kapa ho bonahetse hore li ka sebelisoa ka ho khetha.

Haeba lingaka tse rutiloeng “mekhoa ea mahlale” ’me tsa ba tsa koetlisetsoa hore li be hlokolosi ka lithethefatsi tse ncha kapa liphekolo li ka susumetsoa ke maikutlo a teng, ho ka ba bonolo hakaakang hore batho feela ba hloke botsitso ka lebaka la liphetoho tsa ho phekola bophelo. ’Me ho bile joalo ka ba limillione. Hangata ba ile ba amohela pheko eitseng e seng molemo hakaalo-kaalo empa e ile ea sebelisoa hampe ke batho ba sa tšoaneleheng. “Liphekolo” tse ling tse ileng tsa rateha haholo ho hang li ne li sa thuse letho hobane e ne e le bolotsana.a Li ne li buelloa ke batho ba neng ba thabela ho khaohanya batho ba kulang le lichelete tsa bona. ’Me habohlokoa haholo ho Bakreste, tse ling tsa liphekolo tse tummeng ho bonahala li amana le ‘matla a bolotsana’ kapa ho kopana le meea, e leng ho nyatsuoang ke Bibele.—Esaia 1:13; Deuteronoma 18:10-12.

‘Empa’ ba bang baa botsa, ‘nka tseba joang ha phekolo e le ea bolotsana?’ Hoo ho thata, hobane liphekolo tse ngata tseo bohle ba hlokomelang hore joale ha li na thuso li ne li e-na le mabitso a utloahalang a bahlalefi. ’Me libuka tse neng li fanoa ka tsona li ne li fana ka litlhaloso tseo ba bang ba neng ba fumana hore li ntle haholo. E be joale, thuso re ka e fumana hokae?b

Ho Bontša Kutloisiso

Morutuoa Jakobo o ngolile hore “bohlale bo tsoang holimo, taba ea bona ea pele, . . . bo bonolo [boa utloisisa, NW].” (Jakobo 3:17) Le hoja e se setsebi sa bophelo, ho loanela ha Mokreste kutloisiso ho ka mo thusa hore a lekanye hantle mekhoa ea ho fumana maloetse le liphekolo.

Ha e le hantle, re tlameha ho utloisisa hore lipotso tse ngata tsa bophelo li ka atameloa ka mekhoa e sa tšoaneng; Mokreste ea mafolo-folo a ke ke a e tseba kaofela ha eona. Empa ha ho hlokahala hore a phekoloe ’me a neoa tlhahiso, a ka ’na a botsa: Na phekolo e khothalletsoang e bonahala e utloahala, e lumellana le se tsejoang ka ’mele le maloetse? Kapa na e bonahala e sa tloaeleha, le seo e hlalosoang hore e ka se finyella se makatsa? Na ke susumetsoa hore ke amohele phekolo ena ke batho ba se nang tsebo kapa ba tlang ho iphumanela chelete feela? Haeba ke e-na le khoao ka eona, na ke lokela ho ema ho fihlela ho tsejoa haholoanyane ka eona?’

Lipotso tsena li ka ’na tsa utloahala e le tse nyenyane, empa ’nete ea hore liphekolo tse ling li ile tsa tuma nakong e fetileng e bontša molemo oa ho hlahloba lipotso tsena. Hona ho ka ’na ha boetse ha bapisoa ka ho hong ho tsoa etsahala: Mosali e mong, ea rutehileng ka mokhoa o tloaelehileng a bile a sebetsa ofising, a ea ngakeng e ileng ea hatella hore a iphekole ka ho ja lijo tse khethehileng. Hamorao a bolella metsoalle hore o ile a bontšoa “libotlolo tsa lihlahala tse tsoileng ka ho ithoma ho bakuli,” ho akarelletsa le “hlahala ea boko.” Ho utloisisa ho ka u susumelletsa hore u nahane: Na motho feela tjee o tseba hore na hlahala ea sebele e shebahala joang, kahoo a ka khetholla hlahala ea sebele joang ho sa tsotellehe hore na e ‘ntšitsoe’ joang? Hape, kaha boko bo kampetsoe, motho a ka ‘ntša’ hlahala ea boko joang ka maleng kapa ka tsela leha e le efe?

Qetellong, liteko tse ngata tsa nakong e fetileng tse ipakileng li se na molemo li ne li phahamisoa ka lipolelo tse reng “ke mehlolo,” “matla a ’mele” a sa tloaelehang kapa mekhoa ea mohlolo eo ngaka e ‘fumanang’ taba, mohlomong ke ka ntho e leketlang e ka lebang koana le koana kapa ka setho sa ’mele seo ho bonahalang se sa amane le seo ho fumanoang hore ke sesosa sa boloetse. Ho ne ho ipiletsoa maikutlong a motho, liphiri kapa mohlomong matleng a moea, e seng nthong e utloahalang.—Bapisa Levitike 19:26.

Bopaki ba Taba Bona ho Thoe’ng ka Bona?

Re boetse re thusoa ke sena: “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.

Eo ke keletso e molemo, hobane boholo ba rōna re utloile ka liphekolo tse neng li khothalletsoa ka bopaki bo kang, ‘Ngaka e ne e boleletse Monghali Mosa hore o saletsoe ke likhoeli tse ’nè feela a phela, empa a sebelisa—’me hona joale o phela hantle.’ Hore na “Monghali Mosa” o ne a fela a e-na le boloetse boo kapa che, u tsebe hore bolotsana bo bongata ba litaba tsa bophelo ba nako e fetileng bo ne bo tiisoa ka hore ho na le bopaki. Hona ka sebele ha ho bolele hore ho hlokahala hore re nyatse haeba motsoalle a re phetela se etsahetseng. Leha ho le joalo, ha re etsa liqeto tse khōlō tsa bophelo re lokela ho etsa ho hoholo ho feta ‘ho lumela bopaki boo re bo neoang.’

Ka mohlala, le haeba “Monghali Mosa” a ne a fela a kula joalo ’me a ile a ikutloa hamolemo, o ile a thuseha hobane’ng? Tšusumetso e matla liphekolong tsa bophelo, ho akarelletsa meriana e amohelehang, ke ‘ho khotsofatsa kelello.’ Liphuputso li bontšitse hore hoo e ka bang karolo ea 30 ho ea ho 40 lekholong ea bakuli e ile ea ikutloa hamolemo kamor’a ho fuoa lipilisi tse liehang ho sebetsa kapa liente tsa metsi. Science Digest (Loetse, 1981) e tlaleha hore: “Tumelo, tšepo, tebello, kaofela ke metsoako ea bohlokoa ea ho khotsofala ha kelello, ka linako tse ling li ka ba tsa phekola maqeba, tsa fetola tšebetso ea ’mele, haesita le ho fetola tsela ea maloetse a sa emiseng.” Kahoo, ha u etsa qeto ea hore na ‘u tla lumela lentsoe le leng le le leng hakae,’ hopola hore ‘ho khotsofala ha kelello [le hona hoa sebetsa] ’me u ipotse, Na phekolo ka boeona e pakiloe hore ke e sebetsang ka lipatlisiso tse utloahalang le liteko tse matla?

Le haeba tlaleho e fana ka bopaki bo matla, ho hotle ho nahana hore na phekolo ke e amohelehang boitšoarong kapa bolumeling. The Journal of the American Medical Association e tlalehile ka mosali ea lilemo li 28 ea ileng e tšoaroa ke “lupus erythematosus,” boloetse bo fumanehang ka litlhahlobo tse matla. A hana pheko ea lingaka tse ithutileng, a ea ngakeng ea litaola e ileng ea “ntša moleko.” A khutla sohle se nyametse, ho totobetse hore o phekolehile. Tlaleho ea JAMA ea hlahisa potso ea hore na ngaka ea litaola ea Asia e ne e ka tlosa ‘moea o mobe’ joang e be e-ea mo phekola. Ho ne ho hlakile hore pheko e sebelitse, empa Bakreste ba ka e qoba le lipheko tse ling tseo ba ikutloang hore li kenyelletsa mokhoa o mong oa ho kopana le meea.—Bapisa Mattheu 7:22, 23.

Batla Thuso ea Litsebi

Ho totobetse hore mabakeng a mangata re hloka keletso ea litsebi litabeng tsa phekolo le tsa bophelo. Re ka itšetleha ka mang? Mangolo a fana ka keletso ena e bohlale: “Na u lemohile motho ea mahlaha-hlaha mosebetsing oa hae? O tla ema pel’a marena.”—Liproverbia 22:29.

Motho ea ithutang taba ’me a e hlalefele o hlokomeloa joaloka ea nang le tsebo, a bile a nkoa e le setsebi lekaleng leo a leng ho lona. Ho joalo le lekaleng la bophelo. Ke kahoo ha u lekanya khothalletso e tsoang ho ngaka kapa moeletsi ho tsa bophelo, u ka ‘nang ua ipotsa: O na le bopaki bofe? Karabelo e ka ’na ea se tsoaloe feela ke likhau tsa hae kapa likhutsufatso tse tlang kamorao ho lebitso la hae. Batho ba bangata ba iphumanetse likhau feela hore ba bonahale e le ba bohlokoa. (Bapisa Mattheu 23:6, 7.) Ba bang ba batlang ho bitsoa “doctor” ba ka ’na ba bolela boloetse kapa ba leka ho bo phekola (ka tefiso kapa ntle ho tefisoc) le hoja ba balile libuka tse seng kae feela kapa ba ba ka phapusing ea sekolo ka lihora tse seng kae.

Hape u ka ’na ua nahana: O ithutile hokae hona hakae? Na o hlomphuoa ke batho ba nang le tsebo, a nkoa e le ea tšoanelehang? Morutuoa Luka ho hlakile hore o ne a ithutile le ho fumana tsebo e lekaneng hoo ha moapostola Pauluse a bua ka eena e le “Luka, ngaka e ratoang,” thuto ea hae e neng e hlomphuoa.—Ba-Kolosse 4:14.

Ha e le hantle, le bona batho ba bang ba rutiloeng hantle litabeng tsa bophelo ba ’nile ba fana ka keletso kapa phekolo e mpe. Hobane’ng? Ka linako tse ling ka lebaka la ho se be le thahasello e matla ho bakuli ba bona. Mohlomong ba na le khopolo eitseng ea bophelo. Kapa mohlomong ha baa nka leoto le mekhoa ea morao-rao ea bongaka ’me kahoo ba haelloa ke tsebo e khethehileng e hlokahalang. Le hona mona, Bibele e ka re thusa.

E re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana, empa e tiea ke ho rerisana ha ba bangata.” (Liproverbia 15:22) Hona ho hatisa molemo oa ho fumana maikutlo a bobeli kapa a boraro. Bakuli ba bangata ba tšepa lingaka tsa bona ’me kahoo ha ba hloke maikutlo a mang khothalletsong e ’ngoe le e ’ngoe eo li e etsang. Empa hoa utloahala ho fumana maikutlo a bobeli litabeng tse tebileng kapa ha u se khotso ke keletso eo u e fumaneng. Leha ho le joalo, tiisa hore u fumana maikutlo a motho eo u mo tšepang hore o tla u eletsa ka kotloloho. Le haeba e le motho ea ka ’nang a hlaha taba kahosele, e be keletso ea setsebi. Kahoo ‘baeletsi ba bangata’ ba tla u thusa ho ea bophelong bo molemo.

Bophelo ba Moea le ba ’Mele bo Leka-lekanang

Ka puisano ena eohle ea bophelo le phekolo, Bakreste ba ineetseng ba lokela ho hopola sena: Le hoja bophelo ba ’mele ea rōna e le ba bohlokoa hakaalo, bophelo ba rōna ba moea ke ba bohlokoa haholo ho feta moo!

Jesu o elelitse: “Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa ’mele, ka seo le tla se apara.” E, ho hlokahala hore re se ke ra belaela ho tlōla tekano ka ho ja, ho apara kapa hona ho phekola ’mele ea rōna. Ekaba ho soabisang hakaakang haeba Mokreste a ka ameha haholo ka bophelo ba hae hoo a hlokomohang bophelo ba hae ba moea! A ka oela lerabeng la morui oa setšoantšo sa Jesu, eo Molimo o itseng ho eena: “Ka bona bosiu bona, moea oa hao o tla latoa ho uena: ’me lintho tseo u li lokisitseng [ho akarelletsa bophelo], e tla ba tsa mang na?” Jesu a phaella: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.”—Luka 12:20-22.

Ke ’nete, re batla ho hlokomela bophelo ba rōna e le hore re ka bo sebelisetsa ho sebeletsa Molimo. Empa litlaleho tse tsoang libakeng tse sa tšoaneng li bontša hore Bakreste ba bang ba amehile haholo ka bophelo ba ’mele. Mohlala o le mong ke ona, Paki ea Midwestern United States e ile ea ngola: “Ho bonahala ba bangata ba amehile ho tlōla tekano ka bophelo. Bo mehopolong ea bona ka linako tsohle [joalokaha ho utloahala meqoqong ea bona].” Lengolo la hlalosa hore ba bangata ho bonahala ba amehile ho tlōla tekano ka sena kamor’a ho bolelloa hore ba na le kankere ke batho ba ithaopelang ho fana ka likeletso feela ba ikutloang hore ba ka bolella motho hore o na le kankere ka ho mo sheba feela e be joale ba khothalletsa lijo tse itseng le meriana e nkang sebaka sa lijo. Paki e ile ea utloa moeti ea tsoang California a re: “Rōna [ba nang le mekhoa ena ea bophelo] ha re kopane ka phuthehong ea rōna le ba ikhethelang ho lula ba se na tsebo e be ba ea lingakeng tsa bona.”

Hona ho kotsi ka lintlha tse ngata. Liboka tsa Bokreste le likopano hase linako tseo ka tsona ho ka qoqoang haholo ka litaba tsa bophelo, kapa ho leka ho bolella ba bang hore na ba jeoa ke eng kapa ho buella liphekolo tse itseng. Ho e-na le hoo. liboka tsena ke tsa botsoalle bo mofuthu le ba moea. Baholo ba lokela ho hlokomela hore Holo ea ’Muso ha e fetohe setsi sa ho jala-jala liphekolo tse sa tšoaneng tsa bophelo kapa maikutlo, empa e lula e le sebaka sa kopano le borapeli ba ’nete.—Bapisa Johanne 2:16, 17.

Bophelo bo phethahetseng bo ke ke ba etsahala tsamaisong ena ea lintho. Bophelo bo joalo bo ke ke ba e-ba teng ho fihlela tsamaiso e ncha ea lintho e fihla. Ka nako eo ‘ha ho ea tla re ke bohloko.’ ’Me hoo ho tla etsahala hobane ba tla be ba tšoaretsoe liphoso tsa bona le libe tsa bona. (Esaia 33:24) Kahoo re se ke ra ameha ho tlōla ka bophelo ba rōna ba hona joale, joalokaha eka re phehella phetheho ea bophelo hona joale. Ho e-na le hoo, re bontše bohlale le kutloisiso ka ho neela likelello tsa rōna bophelong ba rōna ba moea.

Jesu o bontšitse hore na tlhokomelo ea rōna re ka e lebisa ho eng: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Re se ke ra itlohella hore re thefuloe kabelong ena ea bomolimo: likhang tsa bophelo li se ke tsa re khelosa ho tšehetseng ’Muso ka pelo eohle. Ho ‘batla ’muso pele’ ke tsela e bohlale le e molemo. E tla tlisa “khotso ea Molimo” ’me kahoo mohlomong e be e ntlafatse bophelo ba rōna ba hona joale. Empa, ha bohlokoa haholo, e tla fella ka letlotlo la ho amoheleha ho Molimo, ka litebello tsohle tse babatsehang tse tla fetoha ntho ea sebele ha sehlabelo sa topollo sa Kreste se sebelisetsoa batho.—Ba-Filippi 3:8-11; 4:6, 7; Mattheu 6:33.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ntlo ea pokello ea lintho tsa bohlokoa ea St. Louis, Missouri, e na le moo e bontšitseng lipheko tse joalo tsa bolotsana. Ho akarellelitsoeng ke mechine ea motlakase, mabone a mebala a “phekolang” bakuli ha ba robetse ka lihlooho li shebile leboea, mechine eo ho nahanoang hore e fetisa matla a mahlaseli ’me tse ling li ama ho bolela hore na motho o jeoa ke eng kapa litlhahlobo tse theiloeng ‘matleng a ’mele’ a mohlolo.

b Ka linako tse ling, batho ba ee ba botse Mokhatlo oa Watch Tower ka hore na mokhoa o itseng oa ho bolela hore na motho o jeoa ke eng kapa oa phekolo ke oa bolotsana kapa na o amana le ho kopana le meea. Ha re boemong ba ho etsa liphupuputso le ho ahlola hore na “liphekolo” tse sa tšoaneng tse sebelisitsoeng lefatšeng ka bophara li lokile kapa che. Empa re na le tumelo ea hore keletso e fanoeng lihloohong tsena tse peli e tla thusa babali ho sebelisa metheo ea Bibele le kutloisiso ho rera litabeng tsa bophelo.

c Linaheng tse ngata ke tlolo ea molao ho sebetsa jaoloka ngaka ntle ho lengolo la tumello la molao.—Mattheu 22:21.

[Lebokose le leqepheng la 30]

U Phele Lilemo Tse 100?

Phuputso e entsoeng ke Komiti ea Bophelo bo Bolelele e ile ea fuputsa batho ba 1 000 ba neng ba phetse lilemo tse 100. Ke eng e neng e tloaelehile har’a bona? Koranta ea akaretsa ka tsela ena:

“U se ke ua etsa ntho efe kapa efe ho tlōla tekano. Tsoha e sa le hoseng. Phela bophelo ba moea. Tšoareha. U khotsofalle seo u nang le sona.”

Lintho tse ling tse hlokomelehang habonolo: Ho tloaelehile hore ba robale e sa le nako. Ba ’maloa ba nonne. Ba bangata ba sebetsa haholo, ha baa ineela ho lora.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Ho Tšoenyeha ka Bophelo

Bukeng ea haufi tjena e rekoang haholo, Dr. Lewis Thomas, mookameli oa Memorial Sloan-Kettering Cancer Center e New York o hlokometse hore:

“Re le batho, re nahana ho tlōla takano ka Bophelo. Ho na le ntho e kotsi haholo le e sa utloahaleng bophelong ka sena sohle. Ha ho bonahale eka re batla thabo bophelong joaloka ho loantša ho hlōleha, re leleka ho shoa. Ho hang re lahlehetsoe ke ho tšepa ’mele ena ea batho. Maikutlo a macha a akaretsang ke hore re entsoe hampe, re tletse liphoso tse se nang palo, re ba ka hlaseloang habonolo ke litšusumetso tse sa tšoaneng tse hlahang ka ntle le tse re potolohileng, ’me re phela ka qei-qei. Re le kotsing ea ho phela ka nqekeletsane . . .

“Khathatso ke hore, re nkiloe ke molumo . . . Ha e le hantle, re batho ba phelang hantle ka mokhoa o molemo. Ho hang ha rea khomeletsoa, re boleng bo matla le bo phelang hantle, bo emeng hantle bakeng sa maloetse a mangata-ngata. Kotsi e ncha ho pheleng hantle ha rōna, haeba re tsoela pele ho mamela lipuo tsena kaofela, ke hore re tla fetoha sechaba sa batho ba kulang ka likelellong ka mafu a sieo, re phela ka tsietsi, re itšoenya ho isa lefung.

“Ha re sa na nako ea ntho ena, leha e le hore ke hoo re ka ho khonang ho fapoha mathata a mang a rōna a potlakileng haholoanyane. Ka sebele, re lokela ho tšoenyeha hore ho tšoareha ha rōna ho tlōla tekano ka bophelo ba rōna e ka ’na ea e-ba pontšo ea ho ineela nthong e nyenyane, . . . ha ha e le hantle, tsamaiso e ka ntle e tsekoloha.”—The Medusa and the Snail (1979, maq. 36-40.)

[Setšoantšo se Leqepheng la 28]

MICRO-DYNAMETER: ‘ho boleloa hore e ka bolela boloetse bofe kapa bofe bo tsejoang.’

[Setšoantšo se Leqepheng la 29]

“Abbe” Mermet ea Maswiss lesihla le sebelisetsoang ho fumana maloetse le batho ba lahlehileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela