‘Ba Robileng Mono o le Mong ba Kae?’
PHAPANG pakeng tsa batho ba bontšang kananelo le ba hlokomolohang ho etsa joalo e ile ea bontšoa hantle tlalehong ea Bibele ea balepera ba leshome ba ileng ba folisoa ke Jesu Kreste. Balepera, ba thibetsoe ke Molao ho atamela mang kapa mang, ba hoeletsa Jesu ha a kena motseng o mong o itseng. Kōpo ea bona e ne e le hore a ba hauhele. Jesu a bona hore ke balepera ’me a ba bolella hore: “E-eang, le ipontše ho baprista.” ’Me hoa etsahala’ng? Tlaleho e bululetsoeng e-ea phahella:
“Ba re ba sa ea, ba hla ba ntlafala. E mong oa bona, eitse ha a fihlela hobane o folile, a khutla le mehlala ea hae, a ntse a rorisa Molimo ka lentsoe le leholo; ’me a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le mo-Samaria. Eaba Jesu o bua, a re: Na ha ba ka ba ntlafala ba le leshome na? Ba robileng mono o le mong ba kae na? Ha ba ka ba boea, ba tle ba tlotlise Molimo, ha e se motho enoa oa mofuta osele?”—Luka 17:11-19.
U ka ’na ua re: ‘Ho soabisa hakaakang! Bohle ba leshome ba ne ba folisitsoe empa ke a le mong feela ea ileng a bolela kananelo ea hae.’ Ka sebele bohle re lokela ho tebisa pelong thuto e boletsoeng ka tlhaloso ea Jesu le potso ea hore ‘ba robileng mono o le mong ba kae?’ E, ’me ketsahalo ena e lokela ho re susumelletsa ho bontša kananelo.
Ho Bontša Kananelo ho Litho tsa Lelapa
Ho na le menyetla e mengata bakeng sa ho bolela kananelo ho ba bang, ho akareletsa metsoalle le litho tsa lelapa. Hona ke ’nete esita le linthong tse nyenyane: bakeng sa mpho e sa lebelloang, bakeng sa ho chakeloa ke motsoalle, bakeng sa lijo tse hlabosang, kapa bakeng sa ho hlatsuoa le ho otlolloa hoa liphahlo tsa rōna.
Bana, le ka bontša kananelo ho batsoali ba lōna. Joang? Ka ho etsa mesebetsi e bobebe ea lelapa ka potlako ’me le sa koma-kome, ka ho boloka kamore ea lōna e hloekile le liaparo tsa lōna li le makhethe. Le ka bontša teboho bakeng sa thuto eo le e amohelang ka ho ikitlaetsa hantle ha le le sehlopheng sa sekolo le ha le etsa mosebetsi oo le o filoeng ho o etsa hae. Naheng e ’ngoe ho lekanngoa hore ho hloka R56 700 ho holisa ngoana ho fihla lilemong tse leshome le metso e robeli. U qetetse neng ho leboha batsoali ba hao bakeng sa sohle seo ba u etselitseng sona molemong oa hao?
Batsoali, na le bontša kananelo bakeng sa lintho tse entsoeng ke bana ba lōna? Ke ’nete, ba ka ’na ba se etse ntho ka mokhoa oo le ka e etsang ka oona. ’Me ho ka khothatsa bana ba lōna ho etsa ho molemonyana kamoso.
Banna, na le hopola polelo e reng ‘mosebetsi oa mosali ha ho mohla o ka phethoang’? Leha ho le joalo, na u babatsa mosali oa hao e le hore mosebetsi oa hae oa ntlo e se ke ea e-ba o sa thabiseng? Bibele e re ka “mosali ea khabane”: “Bara ba hae ba tsoha, ’me ba ’mitsa ea lehlohonolo. Monna oa hae le eena oa mo rorisa, o re: Barali ba bangata ba bile khabane, empa uena u ba feta bohle.” (Liproverbia 31:10, 28, 29) Monna a ka bontša kananelo ho mosali oa hae ka litsela tse ngata, joale ka ho tsoela libakeng tse ka ntle hammoho ka phirimana kapa ka lipontšo tsa lerato.
Basali le bona ba na le menyetla e mengata ea ho bontša kananelo. Ho fana ka litlhokahalo tsa bophelo, ka mehla monna o lokela ho sebetsa le batho ba maikutlo le mekhoa tse fapaneng, ’me hona e ka ba ho tepeletsang haholo. Ka hona, ha a khutlela hae, ho mo thabisa pelo hakaakang ha a amoheloa ka lerato kapa ka mantsoe a seng makae a kananelo a tsoang ho mosali oa hae ka seo a se etsetsang lelapa! E, ’me monna e ka ba ea lebohang hakaakang ka mosali ea khabane le ea ananelang! Bibele e re: “Ke ea bohlokoa ho fetisa liperela hole. Pelo ea monna oa hae ea mo tšepa, ’me a ke ke a hlokisoa leruo. O mo etsa hantle, e seng hampe, ka matsatsi ’ohle a ho phela ha hae.”—Liproverbia 31:10-12.
Maqheku le oona a kenella tabeng. Ba re etselitse ho hoholo ka lilemo. Bana ke “lefa [le tsoang ho] Jehova,” empa ho ba holisa ke boikarabelo bo boholo. (Pesaleme ea 127:3, bapisa NW.) Ha e le hantle, ho etsa joalo ho ka ’na hoa thoe ke lenaneo la lilemo tse mashome a mabeli tsa ho koetlisa. Empa ba bangata ha ba bontše teboho ho batsoali ba bona bakeng sa lilemo tseo tsohle tsa tšebeletso le ho itela. Hangata haholo, batsoali ba holileng ba fetisetsoa lehaeng la maqheku. Ha e le hantle, mabakeng a mang, tlhokomelo e khethehileng e ka ’na ea hlokahala libakeng tse joalo. Empa ho sa tsotellehe hore na batho basele ba rupetsoe hantle hakae, thlokomelo ea bona feela bakeng sa ba tsofetseng ha ho mohla e tšoanang le ea malapa a bona. Ka hona, ha ho hlokahala le ha ho khoneha, ke tsela e molemo hakaakang ea ho bontša kananelo bakeng sa batsoali ba rōna ba tsofetseng ka ho ba memela ho tla lula le rōna! Moapostola Pauluse o e bea ka tsela ena: “Hopola hore haeba mohlolohali a e-na le bana kapa litloholo tšoanelo ea bona ea pele ke ho bontša bonnete ba bolumeli ba bona ka matlung a bona ka ho lefa batsoali ba bona ka seo ba ba etselitseng sona, ’me Molimo ka boikemisetso o amohela tšebetso e joalo.” (1 Timothea 5:3, 4, Phillips.) Ka tlhaho, batsoali ba tsofetseng le bo-ntate moholo le bo-nkhono ba lokela ho utloana ’me ba lokela ho bontša kananelo bakeng sa se etsoang molemong oa bona.
Kantle ho Lelapa
Ha litho tsa lelapa li re bontša teboho bakeng sa ntho eo re e buileng kapa re e entseng, hoo ho thabisa lipelo tsa rōna hakaakang! Ka ho tšoanang, ho thabisa pelo ho ba ka ntle ho lelapa la rōna ha re bolela kananelo ea rōna ho bona le bakeng sa seo ba se etsang kapa seo ba se buang. Linako tsa ho etsa sena li ngata hoo ka sebele ho se nang tsela ea ho li bolela kaofela.
Mohlomong u sa tsoa qala ho eketsa kutloisiso ea hao ea Bibele ka boithuto ba hao ba botho le ho tloaelana le Lipaki tsa Jehova. Na ha ho putse moeeng ho fumana tsebo ea Lentsoe la Molimo? Ka sebele u ananela hoo. ’Me ho thoeng ka metsoalle ea Bakreste eo u nang le eona hona joale? Mangolo a re Jehova Molimo o tla “sisinya le lichaba tsohle” le hore “tse lakatsehang” tsa lichaba tsohle li tla tla ka tlung ea hae ea borapeli. Ka ho totobetseng tsena “tse lakatsehang” ke batho ba balehelang ‘thabeng ea ntlo ea Jehova,’ ’me hona joale ba mo rapela “ka moea le ka ’nete.” (Esaia 2:2-4; Haggai 2:7; Johanne 4:23, 24) Ba lerato, ba tšepahala, ba khabane ’me ba inehetse ka ho feletseng ho Molimo le melaong ea hae e lokileng. ’Me a k’u nahane! Lefatšeng le tšoailoeng ke mekhoa e khethollehileng e kang ho hloka lerato, ho hloka botšepehi le ho hloka teboho, u fumantšitsoe molemo ka ho ba le metsoalle ea bomolimo e metle. (2 Timothea 3:1-5) Na botsoalle ba bona hase ntho e ’ngoe e ka ananeloang ka ho teba? Ka sebele ke eona.
Ka lehlakoreng le leng, mohlomong re ’nile ra phehella tsela ea bophelo ba Bokreste ka lilemo. Haeba ho joalo, nahana ka bao e bileng banab’abo rōna ba tšepahalang ba Bakreste ka nako e telele. Ka sebele e tla ba ho loketseng ho ba leboha ka mosa oa bona o mongata ka lentsoe le ka ketso. Na re kile ra ba baeti mah’a bona? Kapa, na re kile ra thabela lijo le bona? Joale, ntle ho polelo ea mantsoe ea ho leboha, na e ke ke ea e-ba ho loketseng ho ngola seratsoana kapa ho romela karete e ananelang?
Ha ho pelaelo, e mong le e mong oa rōna a ka fumana litsela tse ngata ho etsa hore rōna le ba bang re thabe ka ho bontša kananelo ea sebele. Ka hona a re tšoaneng le molepera ea ileng a phekoloa eo kannete a bileng le moea o ananelang. E se e ka re ke ke ra hloka teboho, joale ka balepera ba bang ba ileng ba folisoa bao Jesu a botsang ka bona: ‘Ba robileng mono o le mong ba kae?’
Ka ho hlakileng, re lokela ho bontša kananelo ho batho ba bang. Empa ho thoeng ka ea entseng lintho tsohle? (Tšenolo 4:11) A mang a mabaka ao re lokelang ho mo leboha ka oona ke afe? ’Me re ka bontša kananelo ea rōna ho Jehova Molimo joang?