Na u Ikutloa u e-na le Tšepo?
Bokamoso bo Sireletsehileng—Ka Mahlo a Moea!
“LE SE ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho.” (Pesaleme ea 146:3) Keletso eo e tobileng e fanoeng lilemong tse fetileng tse fetang likete tse peli e nakong haholo kajeno ha mapolotiki, boramahlale, baruti le baetapele ba sesole ba leka ho fana ka makhona-tsohle bakeng sa mathata a batho.
Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa “marena”? Hobane, le hoja ba ka lumela kahosele, se tla hlahela lefatše le batho ha se liatleng tsa bona. Bibele e bolela ka ho hlakileng: “Lefatše ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatše le ba ahileng ho lona.” (Pesaleme ea 24:1) E, lefatše ke thepa ea Jehova, bonamelo ba maoto a hae, empa le neiloe batho hore ba le sebelise ka kananelo.—Genese 1:28; Esaia 66:1.
Na motho o hlokometse hantle thepa eo a lutseng ho eona ka litumellano? Na o iponahalitse a tšoaneleha ho tsoela pele e le ea alimiloeng lehakoe lena le bokahohleng? Kobo ea litšila le tšilafalo e tletseng ka baka la motho ho pota lefatše ke bopaki bo matla ba ho hlōleha ha hae. Lithōle le litšila tse tlohetsoeng litseleng tsa metse, tse akhetsoeng linōkeng le tse jaliloeng mabōpong a leoatle moo ho sesoang ke bopaki bo totobetseng ba hore baahi ba bangata ba lefatše hona joale hase baahi ba tšoanelehang. Liketso tsa bona tsa boithati li tšosa bokamoso le tšireletseho ea ba batlang bophelo lefatšeng le hloekileng.
Joale ho ee ho nkoe mehato efe ke baholo ba batho ha thepa e sa hlomphuoe le rente e sa lefuoe? Ho nkoa bohato ba molao hore bakhopisi ba tlosoe. Na Morena oa Bokahohle Jehova ha a na tokelo ea ho tlosa ba nyarosang tšireletseho ea lefatše ea kamoso? E, ruri o na le eona, kaha ke “Molimo o bōpileng lefatše . . . ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe.”—Esaia 45:18.
Na Mohlala o Teng?
Ha Jehova a nea Iseraele tokelo ea ho lula Lefatšeng la Pallo lilemong tse 3 500 tse fetileng, o bile a e beela melao e hlakileng: “Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho eona; hobane mali a silafatsa naha, . . . Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho eona.” (Numere 35:33, 34) Ha re tlohela Iseraele ea boholo-holo, pale ea batho ntlheng ena ke e sa lakatseheng. Ka makholo-kholo a lilemo lefatše le ʼnile la silafatsoa ka mali a babolauoa ba limillione ba ntoa le ba nkoang e le marabele a bopolotiki kapa a bolumeli, ho fihla tlhorong ka letoto la ba shoang lekholong la rōna la mashome a mabeli la lilemo ka baka la tlōlo ea molao le ho ntšoa ha limpa.
Qetellong Iseraele ea boholo-holo ea hlokomoloha melao ea Jehova ʼme ea lefa moputso oa ho lelekoa naheng ea eona. Sechaba sa Juda sa meloko e ʼmeli sa latela tsela eona eo ʼme sa khalemeloa ka tsela e latelang: “Naha e sentsoe ke ba ahileng ho eona, hobane ba hataketse melao, ba tlotse litaelo, ba sentse selekane se sa feleng.” (Esaia 24:5) Ka baka leo, ba isoa kholehong naheng esele ka lilemo tse mashome a supileng. Ka mohlala oona oo Jehova o tla nka bohato molokong ona o fetang ka potlako.—Luka 21:25-36.
Jehova o tla nka bohato bofe? Bibele e profeta hore tlhoekiso e khethiloeng ke Molimo ea bokahohle e haufi. Ke ntoa eo e leng khale e boleloa ea Harmagedone. E ke ke ea e-ba khohlano pakeng tsa puso ea bo-ralichelete le Bokomonisi. Khang e khōlō ponong ea Molimo e phahametse haholo lipolotiki tse khopo tsa batho. Khang e ama tokelo ea Jehova ea ho busa lefatše. Bahanyetsi ba hae, “meea e bolotsana” le batho ba tlatsanang le eona, ba nahana hore ba tla lula lefatšeng ka ho sa feleng ʼme ba latola hore Molimo o tla nka bohato. (Ba-Efese 6:12; Pesaleme ea 14:1-3) Harmagedone, kahlolo eo Jehova a ba amohang lefatše ka eona, e tla tlosa lefatšeng basilafatsi bohle ba batho ba silafatsang naletsana ena ea bohlokoa. Mosebetsi oa Jehova oa ho hloekisa hape o tla tlosa le ho etsolla “meea e bolotsana” eo e leng khale e susumetsa batho ba baikhabi le ba lapetseng puso.—Tšenolo 16:14, 16; 20:1-3.
Ke eng e tla latela tlhoekiso ea Harmagedone? Jehova o tšepisitse: “Ke ea bōpa maholimo a macha le Lefatše le lacha.” Le hoja ho ile ha phethahatsoa ka kutloisiso e fokolang ha Bajode ba khutlela Jerusalema ho tloha kholehong Babylona ka 537 BCE, phethahatso ea ho qetela le e feletseng ke hona e tla etsahala. Moapostola oa Mokreste Petrose o hatisitse tšepo ena e tiileng bakeng sa nako e tlang ha a ngola hore: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” Tsamaiso eo e ncha e khethiloeng ke Molimo e tla tiisa hore bokamoso bo sireletsehile lefatšeng bakeng sa batho ba tšepahalang le ba mamelang.—Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13; Tite 1:2.
Haeba u lakatsa ho tseba ka ho eketsehileng ka bokamoso bona bo sireletsehileng tlas’a puso ea ʼmuso oa Molimo ka Kreste, re u kōpa hore u ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova sebakeng sa h’eno kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena.