“Loanela Tumelo”
“Baratuoa, . . . Joale ka ikutloa ke tlameha ho le ngolla, ke le khothatsa ho loanela tumelo e neiloeng bahalaleli hanngoe feela.”—Juda 3, phet. e ncha.
1. Tse ling tsa lintlha tse molemo ho Satane boitekong ba hae ba lefeela ba ho senya Bokreste ba ʼnete ke life?
BAHLANKA ba Jehova ba lokela ho loanela tumelo ea ’nete ka botšepehi. Sera sa bona, Diabolose, se batla ho senya kamano ea bona ea bohlokoa le Jehova Molimo ka Kreste Jesu ka mahloriso a totobetseng le “maraba a Diabolosi.” (Baefese 6:11, phet e ncha; 1 Petrose 5:8) Boitekong ba lefeela ba Satane ba ho senya Bokreste ba ’nete, o lekile ho bo khukhunela ka linako tse ling. Har’a lintlha tse lebelletsoeng ho senya tse neng li ka sebeletsa morero oa hae ke: (1) Thuto ea bohata; (2) boitšoaro bo hlephileng; (3) ho haelloa ke tumelo; (4) ho se hlomphe ba beiloeng boholong; (5) ho korotla le ho belaela; le (6) ho ithatisa batho ba itseng molemong oa botho.
2. Ke lintlha life tse fanoang mona mabapi le lengolo la Juda?
2 Jehova o lokisetsa hantle ka ho feletseng se hlokahalang moeeng ho sireletsa bahlanka ba hae le ho loantša Sera se seholo. (Esaia 59:1) Tokisetso e ’ngoe e joalo ke lengolo le bululetsoeng ke Molimo la Juda. Ho bonahala eka morutuoa Juda o le ngotse a le Palestina pele ho 66 CE, hobane ha a bolele leha e le ho tla ha Cestius Gallus ho loantša Jerusalema ka selemo seo kapa hona ho oela ha motse ho Baroma tlas’a Tite ka 70 CE.a
3. Ke ka litsela life lengolo le bululetsoeng la Juda le ka bang molemo haholo kajeno?
3 Le hoja le ngotsoe makholong a fetileng a lilemo, lengolo la Juda ke la bohlokoa haholo ho rōna kajeno. Balebeli ba khethiloeng ke moea ba Bakreste ba ka le sebelisa ’me ba lokela ho le sebelisa e le motheo oa ho fana ka keletso. Ho feta moo, haeba re ithuta lengolo lena ka thapelo le ka boikokobetso, le ka re thusa ka bōrōna. Ho joalo haholo haeba re utloisisa kotsi e ntseng e phahama ea thuto ea bohata kapa ho eka ha boitšoaro bo bobe, haeba re lemoha hore tumelo ea rōna e-ea theoha, kapa haeba ka lipelong tsa rōna re hlokomela tšekamelo e ntseng e hōla ea ho hlompholla ba beiloeng boholong ke Molimo, ho korotla, ho belaela kapa ho ithatisa batho ba bang ba itseng molemong oa hore re ikatlehise. Ha re nahana ka lengolo lena temana ka temana, ntle ho pelaelo re tla hle re bone kamoo re ka sebelisang keletso ea lona e sebetsang ka nako eohle ho rōna ka bōrōna le phuthehong.
Thapeli Bakeng sa ho Atisetsoa Mohau, Khotso le Lerato
4. Juda o itlhalosa joang, hona ka bohlokoa bofe?
4 Juda o qalile lengolo la hae ka mantsoe ana:
“Ke le Juda, mohlanka oa Jesu Kreste, le ngoan’abo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsoeng, ba ratiloeng ke Molimo Ntate, ba boloketsoeng Jesu Kreste.” (Juda 1)
Joaloka “mohlanka oa Jesu Kreste,” Juda o ne a se bohlankeng bo theolang bo eisehang. Ho e-na le hoo, ‘bohlanka’ bona bo ne bo theiloe ’neteng ea hore balateli ba Jesu ba rekiloe ka mali a hae a bohlokoa bakeng sa tšebeletso ea hae e mosa, ba habile bophelong bo sa feleng. Ba hapiloe ke lerato la Jesu, ’me ba ineetse ka boithatelo tlas’a hae. (Mattheu 11:29, 30; bapisa Ba-Efese 5:21-33.) Juda o boletse hore ke “mohlanka” oa Kreste, empa “ngoan’abo Jakobo,” ka ho hlakileng Jakobo eo e neng e le e mong oa “litšiea” tsa phutheho ea Jerusalema le “ngoan’abo Morena.” (Ba-Galata 2:9; 1:19; bapisa Liketso 12:17; 15:13-21.) Kahoo ka ho totobetseng Juda e ne e le ngoan’abo Jesu, empa ka boikokobetso ha a ka a ipatlela botumo ka baka la kamano ea hae ea lelapa le Mora oa Molimo.—Mareka 6:3.
5. (a) “Ba bitsitsoeng” e ne e le bafe? (b) “Ba bitsitsoeng” ba ne ba ‘boloketsoe’ Kreste joang? (c) Lengolo la Juda ke khothatso ho bafe ntle ho “ba bitsitsoeng”?
5 Lengolo la Juda le ne le reretsoe hore le tsamaisoe hohle ka kakaretso. Le ne le rometsoe ho “ba bitsitsoeng,” ke hore, ba bilelitsoeng ke Molimo ’musong o khanyang oa leholimo oa Mora oa hae. (Johanne 6:44; bapisa Liketso 16:14.) Jehova o ratile bana “ba bitsitsoeng,” ’me o ne a thabisoa ke ho ba nea ’muso haeba bona ka bobona ba boloka boemo bo amohelehang moeeng. (Luka 12:32; Ba-Roma 8:38, 39; bapisa Esaia 52:11.) Ba ne ba ‘boloketsoe Jesu Kreste’ ka hore Jehova Molimo o ne a ba sirelelitse hobane ba ne ba le kopanong le Mora oa hae, e le litho tsa ’mele oa hae. Ha ba tšepahetse, ba ne ba tla kopana le Jesu ʼmusong oa hae. (Ba-Efese 4:15, 16; 2 Timothea 1:12; 1 Petrose 1:3-5) Empa keletso e ntle ea lengolo lena ha e felle feela ho ba joalo ba “bitsitsoeng.” E ka boetse ea e-ba khothatso e khōlō ho “bongata bo boholo” ba ba bang ba tšepahalang bao kajeno ba kopanelang le “baena” ba Kreste ba moea bohlankeng ba ’muso.—Mattheu 24:14; 25:34-40; Tšenolo 7:4, 9, 15.
6. Ke ka litsela life mohau oa Molimo o ileng oa bontšoa ho barapeli hammoho le Juda?
6 Ho latelang, Juda o bolela maikutlo ana a tlohang botebong ba pelo:
“Le ke le atisetsoe mohau, le khotso, le lerato.” (Juda 2)
Bao Juda a neng a ba ngolla ba ne ba neiloe mohau, khotso le lerato tsa Molimo ha ba fetoha balumeli ba ineetseng ’me ba fumana tšoarelo ea Jehova ea libe tsa bona ka Jesu Kreste. Mohau oa Molimo o ile oa bontšoa tokisetsong ea topollo eo o e entseng ka Jesu. (Tite 3:4-7) Pontšo e ’ngoe ea mohau oa Molimo e ne e le ka hore ha ba bohlankeng ba molao oa Moshe, lineano tseo e seng tsa Mangolo, boitšoaro bo hlomphollang Molimo le tse joalo. (Ba-Roma 7:4; Ba-Galata 5:13; 1 Petrose 1:18, 19; bapisa Tšenolo 18:1-5.) Ebile mohau o tsoetseng pele ka lehlakoreng la Molimo Jehova ha a ba bolokela Jesu Kreste, hore ba ka sebeletsa e le bahlanka ba hae, joalokaha ba bolela “evangeli.” (Mareka 13:10) Takatso ea Juda ea thapelo e ne e le hore barapeli hammoho le eena ba atisetsoe mohau oa Molimo.
7. Ke hobane’ng hona joang Bakreste ba fihlelang khotso?
7 Juda a boela a rapela hore balumeli hammoho le eena ba atisetsoe khotso. Ka baka la ho ineela ho Molimo li sa itšiele letho, Lipaki tsa Jehova kajeno li na le kamano e haufi le eena. Kahoo li khotsong le Jehova ’me hape li na le “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle,” e leng khutso ea pelo le kelello eo ba sa lumelang ba sa e utloisiseng. (Ba-Filippi 4:6, 7; Ba-Kolosse 1:19, 20) Ho feta moo, ba hlaolela le ho bontša khotso, tholoana ea moea oa Molimo, ’me ba na le hona ho phehella khotso le batho ba bang. (Ba-Galata 5:22, 23; Ba-Heberu 12:14) Joale, hape, Bakreste ba tšepahalang ha ba tšabe leha e le nako e tlang kapa lefu ka bolona, empa ba khotsong, ba tseba hore Jehova o na le bona ’me o etsa hore mesebetsi eohle ea hae e sebelisane molemong oa ba mo ratang.—Mattheu 10:28; Ba-Roma 8:28, NW.
8. Re bontšitsoe lerato la Jehova joang?
8 Lerato le matla haholo la Jehova le bonahalitsoe ha a fana ka Mora oa hae “hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ha re ne re sa le baetsalibe ba se nang kamano ea botho le Jehova, a re bontša lerato lena. (Ba-Roma 5:8) Empa ka ho lumela tokisetsong eo ea topollo, ho hlokahala hore re ipoloke leratong la Molimo. Juda le eena a rapela hore lerato leo le atisetsoe bao a neng a ba ngolla.
9. Ke hobane’ng ha balumeli hammoho le Juda ba ne ba hloka mohau, khotso le lerato haholoanyane?
9 Juda o ile a rapella mohau, khotso le lerato la Molimo hore li atisetsoe balumeli hammoho le eena hobane katleho ea bona ea moea e ne e le kotsing. Kahoo, ba ne ba hloka mohau, khotso le lerato tsa Molimo ho feta pele.
‘Le Loane’
10. Juda o ne a rerile ho ngola ka eng?
10 Joale Juda o hatisa botebo ba litaba, a re:
‘Baratuoa, ke ne ke chesehela ho le ngolla ka ho pholosoa hoo e leng ha rōna bohle. Joale ka ikutloa ke tlameha ho le ngolla, ke le khothatsa ho loanela tumelo e neiloeng bahalaleli hanngoe feela.’ (Juda 3, phet. e ncha)
Ho sebelisa ha Juda lentsoe “baratuoa” ho ne ho tiisetsa barapeli hammoho le eena hore o-oa ba rata ho sa tsotellehe molaetsa oa hae o matla. (Johanne 13:35; bapisa Ba-Roma 1:7; 3 Johanne 1, 2.) O ne a ikemiselitse ho ngola ka ‘ho pholosoa hoo e leng ha bohle ba ‘bilelitsoeng’ pitsong ea ’muso oa leholimo. (Ba-Galata 3:26-29) Ho ne ho amana le tšepo ea bohlokoa ea ho pholosoa hoo Bakreste ba neng ba e-na le hona ‘tumelong eo ba neng ba e-na le eona’ mehleng ea Juda.—Tite 1:4.
11. “Tumelo e neiloeng bahalaleli” e ne e le eng?
11 “Tumelo e neiloeng bahalaleli” ke kakaretso ea se lumeloang mabapi le Jehova Molimo le ’muso oa hae joalokaha Bakreste ba li neiloe ke Jesu le barutuoa ba hae ba bululetsoeng. Ho bonahala ba e neiloe “hanngoe feela” ka kutloisiso ea hore balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu, “bahalaleli,” ba e amohetse lilemong tse fetileng tse makholo a leshome le metso e robong e le tsona litaba feela tse molemo. E sala e ntse e le “tumelo” eo Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li hlokomelang hore li tlameha ho itšoarella ho eona ka matla kaha ho se litaba tse ling tse molemo kapa molaetsa oa poloko o lokelang ho lumeloa. (Ba-Galata 1:6-8) ’Me tšobotsi e ka sehloohong ea litaba tse molemo ke hore Jesu Kreste o shoetse lefatše lohle la batho. Ka baka leo ke tse khahlehang haholo ho “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” mehleng ea rōna.—Johanne 10:16; 1 Johanne 2:1, 2; Tšenolo 7:9.
12. Ke hobane’ng ha Juda a ile a ngola ho khothatsa balumeli hammoho le eena ho “loanela tumelo”?
12 Mehleng ea Juda baruti ba bohata ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ne ba leka ho qobella ka bolotsana litaba tse molemo tse sa hloekang holim’a batho ba Molimo. Lithuto tse joalo li ne li bea kotsing tumelo ea bona le pholoho. (Mattheu 24:13; 2 Ba-Korinthe 11:3, 4) Kahoo, ho loantša phetoho ena, le kamoo a neng a khannoa ke moea o halalelang le lerato, Juda a ‘ikutloa a tlameha’ ho ngolla le ho khothatsa balumeli hammoho le eena “ho loanela tumelo.”
13. Ho balehela thetso le ho lahleheloa ke pholoho, Lipaki tsa Jehova li lokela ho etsa joang kajeno?
13 Haeba rōna, joaloka Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tsa kajeno re tla lula re tšepahetse le ho pholoha thetso le ho lahleheloa ke pholoho, le rōna re tlameha ho “loanela tumelo” ka matla khahlanong le litaba tse molemo tsa bohata, re hanela ka matla, re betana le boiteko ba ho eketsa kapa ho fokotsa thutong e hloekileng le e bululetsoeng ea Lentsoe la Molimo. (Deuteronoma 4:2; Liproverbia 30:5, 6; Tšenolo 22:18, 19) Re tlameha ho leka lithuto leha e le life tse ncha kapa tse hlahang hosele leseling la Lentsoe le feletseng la Molimo ʼme ka tieo re tšoarelle tumelong e isang polokehong.—Ba-Heberu 1:1, 2; 2:3, 4.
14, 15. (a) Juda o hlalositse lebaka la ho fetola morero oa lengolo la hae ka tsela efe? (b) Ke hobane’ng ha baruti ba bohata ba ne ba ke ke ba atleha ho khukhunela kapa ho silafatsa phutheho eohle ea Bokreste?
14 Ha a hlalosa lebaka leo a fetolang seo a neng a rerile ho ngola ka sona, Juda o re:
“Ho na le batho ba bang ba keneng har’a lōna ka sekhukhu, bao kahlolo ea bona e leng khale e ngotsoe. Ke ba khopo, ba nkang mohau oa Molimo oa rōna e le tumello ea ho etsa tse manyala; ke ba latolang Mong’a rōna ea inotši, le Morena oa rōna Jesu Kreste.” (Juda 4, phet. e ncha)
Batho ba neng ba ‘kene ka sekhukhu har’a Bakreste ba ’nete ba ne ba ruta ka bolotsana lintho tsa bohata. (Bapisa Ba-Galata 2:4; 1 Johanne 2:19.) Jesu o ne a ile a bolela mokhoa oa sera o hlophiselitsoeng ho silafatsa batho ba Jehova, hobane o ne a bontšitse hore Diabolose o tla jala “mofoka” kapa Bakreste ba bohata har’a “koro,” kapa balateli ba ’nete ba Kreste. (Mattheu 13:24-30, 36-43) Hape baapostola ba ne ba hlile ba lemosa ka bokoenehi, Petrose ka ho toba a hlile a bolela ka “baruti ba bohata.”—2 Petrose 2:1; Liketso 20:29, 30; 2 Ba-Thessalonika 2:3.
15 Leha ho le joalo, batho bao ba khopo ba ne ba ke ke ba atleha ho khukhunela kapa ho silafatsa phutheho kaofela ha eona. “Khale,” pele le Henoke ea tšepahalang a profeta, batho ba joalo ba ne ba abetsoe kahlolo e sehlōhō ea Molimo. (Genese 3:15; 5:21-24; Juda 14, 15) “Kahlolo” ena ho hlakile hore e hlalosoa ke se latelang lengolong la Juda.
16. “Banyefoli” ba ne ba le molato oa ho ‘nka mohau oa Molimo oa rōna e le tumello ea ho etsa tse manyala’ joang, hona phoso e ne e le efe ka monahano oa bona?
16 Baruti bao ba bohata e ne e le “banyefoli,” kapa “ba sa hlompheng Molimo.” (The New Testament in Modern English, e fetoletsoeng ke J. B. Phillips) Ba ne ba sheba batho ba hlatsoitsoeng ba Jehova ka sepheo se litšila le ka mahlo a sa hloekang. Ka phoso, batho bao ba se nang borapeli ba fihlela qeto ea hore kaha Molimo o ile oa tšoarela bao e neng e le lihlola, barapeli ba litšoantšo, bafebi le ba bang, o tla ba mohau hoo a tla tšoarela batho ba khutletseng linthong tseo tse silafetseng. Ka phoso ba nahana hore ba tla tlōla melao ea Molimo ea boitšoaro ho se kotlo, e be joale ba iketsa ba bakileng ka mokhoa o itseng ʼme ba be har’a batho ba Jehova ho fihlela ha ba boetse ba ekoa ke ho kopanela sebeng ʼme ba ‘chea meea e lika-likang’ ho e kenya boitšoarong bo bobe. (2 Petrose 2:14) Kahoo “banyefoli” ba ne ba ‘nka mohau oa Molimo oa rōna e le tumello ea ho etsa tse manyala.’ Ba ne ba sa ananele ka sebele kapa ho amohela hore Molimo o mohau ka ho hlatsoa balumeli libeng tsa bona maling a Kreste e le hore hamorao ba ka phehella tsela ea ho loka.—Ba-Roma 6:11-23; 1 Ba-Korinthe 6:9-11.
17. Ke ka tsela efe ba bang ‘ba ka ipakang ba se na ʼnete ho Mongʼa bona le Morena,’ ʼme ba emetsoe ke eng?
17 Haeba ba bang ho rōna, joaloka lipaki tse ineetseng tsa Jehova re ne re ka ineela ho batho ba banyefoli e be re fetoha makhoba a sebe ho ikhotsofatsa, re ne re tla ipaka ‘re se na ʼnete’ ho ea re rekileng ka mali a hae a bohlokoa. Re tla be re latola Jesu Kreste Mong’a rōna le Morena. (1 Ba-Korinthe 7:22, 23) Kaha ba etsang tjena ba emetsoe ke timetso, ke habohlokoa hakaakang hore re hanele batho ba khopo joalo!
Keletso e Matla Bakeng sa Mehla ea Rōna
18, 19. (a) Ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba latetse tsela efe ea boetsalibe? (b) Ba bang ba susumelitsoe joang? (c) Ke keletso efe e bululetsoeng e lokelang ho thusa Bakreste ba tšepahalang hore ba hlomelloe hamolemo ho “loanela tumelo”?
18 Kajeno ba ʼmaloa ba kopanelang le phutheho ea Lipaki tsa Jehova ba ipatletse ho phahamisa lithuto tsa bohata le boitšoaro bo hlephileng. Batho bana ba boitšoaro bo bobe ba hlokomoloha melao e lokileng ea Molimo ʼme ruri ke kotsi ho Bakreste ba tšepahalang.
19 Ka masoabi, balateli ba sebetsang ka thata le ba lokileng ba Jesu Kreste ba ka susumetsoa ke thuto ea bohata le boitšoaro bo hlephileng. Empa keletso e matla ea Juda e ka tiisa ba tšepahalang e le hore ba se ineele boitekong bo joalo ba Satane ba ho senya kamano ea bona le Jehova Molimo. Ha joale re tsoela pele ho nahana ka lengolo le bululetsoeng la Juda, e se eka re ka ba ba hlomelletsoeng hamolemo ho “loanela tumelo.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Aid to Bible Understanding, maq. 978.
Na u ka arabela lipotso tsee?
◻ Lengolo la Juda le sebetsana le lintlha life tse ka ʼnang tsa bea Bakreste ba ʼnete kotsing?
◻ Lengolo la Juda ke la bohlokoa haholo ho rōna kajeno joang?
◻ Ke hobane’ng ha ba neng ba ngolloa ke Juda ba ne ba hloka ho atisetsoa khotso, mohau le lerato?
◻ “Tumelo e neiloeng bahalaleli hanngoe feela” ke eng?
◻ Ke ka lebaka lefe Juda a ileng a phehella balumeli hammoho le eena ho “loanela tumelo”?
[Setšoantšo leqepheng la 21]
Na uena, joaloka Bakreste ba tšepahalang linakong tsohle, ka sebete ‘u loanela tumelo’?