Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/15 maq. 8-12
  • Bonolo bo na le Matla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bonolo bo na le Matla
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Pele
  • Na Bonolo ke Letšoao la Bofokoli?
  • Mokhoa oa ho Fumana Bonolo
  • Ba Bang ba Atlehile
  • Matla a Bona a Hokae?
  • Ka Tikolohong ea Lelapa
  • Ka Phuthehong
  • Kamanong le Baahelani Ba Rōna
  • Ke Hobane’ng ha re Apara Bonolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Bontša Bonolo Bohle ho Batho Bohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Bonolo​—⁠Re rua molemo joang ha re le bonolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Bonolo—Ke Tšobotsi ea Bohlokoa ea Bokreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/15 maq. 8-12

Bonolo bo na le Matla

MOQHOBI oa teraka a emisa koloi e tlang ka tsela e fapaneng. Moqhobi oa eona o ne a mo fahlile ka mokhoa oa ho se tsotelle ho fokotsa khanya ea mabone a koloi. Moqhobi oa teraka a nka tšepe e telele ka letsoho ’me a pshatla mabone a mabeli a maholo a koloi ea mosebelise ,’moho le eena oa tsela ea malimabe. Eaba joale o ikela ka tsela ea hae, a sia moqhobi ea maketseng oa koloi le koloi eo a ke keng a hlola a e khanna. Na ketsahalo e joalo e utloahala e tloaelehile ho uena?

Ho batho ba limillione pefo ke karabelo ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khahlanong le tšekamelo ea bona. Ka tloaelo ba futuhelana ka mantsoe kapa ba sebelise matla a ’mele. Ho haella ha bonolo ho nama joale ka lefu le tšoaetsanoang. Batho ba bangata ba etsa qeto ea hore ha ho na thuso ho ba bonolo, hobane ho ipolela ha motho boeena ho bonahala e le ho sebetsang haholo. Empa na hoo ke ’nete?

Mohlala oa Pele

Monna o ne a le tlas’a khatello e boima. Sehlopha se seholo se hlometseng ka lisabole le melangoana se tlile ho tla mo tšoara. Lekhatheng leo, motsoalle ea haufi-ufi a tsomula sabole ’me a poma tsebe ea motho bongateng bo se nang botsoalle. Moea o ne o tletse khalefo. Monna ea tšoeroeng o ne a tla etsa joang nakong ee e mahlonoko?

Monna e ne le Jesu Kreste. Hlokomela boitšoaro ba hae. Ho ea neng a lekile ho mo pholosa, Jesu a re: ”Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole. Kapa na u re, nka sitoa ho rapela Ntate hona joale, ’me o ba a ea ’nea lilegione tsa mangeloi tse leshome le metso e ’meli, le tse fetisang?” (Mattheu 26:47-53) Ho e-na le ho bontša ho haelloa ke bonolo, Jesu “a ama tsebe ea motho eo, a mo folisa.”—Luka 22:51.

Na Bonolo ke Letšoao la Bofokoli?

Ka sebele, bonolo bo bontšitsoeng ke Jesu bo ke ke ba nkelloa ho botho bo fokolang. Jesu e ne e le monna ea matla ka matla a Ntate oa hae oa leholimo a nang le eena, ’me o ile a tiea ho se lokileng. Na u hopola seo a se entseng qalong ea tšebeletso ea hae? A kena tempeleng Jerusalema ’me, ha a fumana “batho ba bapatsang ka likhomo le ka linku le ka maeba, le ba ananyang lichelete ba lutse teng,” a loha sephali ’me “a ba phahla kaofela tempeleng, le linku le likhomo.” (Johanne 2:14, 15; bona hape Mattheu 23:13-36.) Ha ho na letšoao la bofokoli mono!

Ka mohlala oa hae Jesu o bontšitse hore bonolo ha se feela ponahalo ea ka ntle ea hore motho o tseba ho khoba matšoafo empa ke pontšo ea botho bo matla empa e le bo bonolo ba Molimo. Jehova o matla ka ho se lumelle sebe. O se hloile ka ho teba ’me o bua ka sona pepenene. (Liproverbia 6:16-19) Empa, bonolong ba hae, Molimo o fane ka tsela bakeng sa motho ea oeleng ho boelanngoa le eena ka sehlabelo sa topollo le tšebeletso ea boprista ea Jesu Kreste. (Ba-Roma 5:10; 1 Timothea 2:5, 6; Ba-Heberu 4:14-16) Bonolo ba Jehova ka hona bo isa tlhoekisong e feletseng ea libe. (1 Johanne 1:9) Ka hona bonolo bo na le matla, le matla a pholosang.

Mokhoa oa ho Fumana Bonolo

Bakreste ba sa phethahalang baa tseba hore har’a bona bonolo ha se tšusumetso e tiileng. Ka ha re tsoaletsoe sebeng re le karolo ea lelapa la Adama, bohle re na le litšekamelo tse oeleng nameng ’me re tlositsoe bophelong boo e leng ba Molimo. (Ba-Efese 2:3; 4:17, 18) Re ne re fokolloa ke tumelo le tšepo, ka mohlomong re boetse re ikutloa re le ba soetsehileng le ba sa sireletsehang. Ho bonolo ho bona hore na ke joang boemo bona ba kelello e ka bang mohloli oa motheō bakeng sa ho fokolloa ke bonolo. (Bapisa Liproverbia 25:28.) Empa ka ho ithuta ka litsela tsa Molimo le ho amohela tšoarelo ea hae ea libe, ho etsahetse eng? Re tiile tumelong ’me re entse tsoelo pele ka ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo, tse kopanyelletsang bonolo.—Ba-Galata 5:22, 23.

Ka hona hase ka baka la matla a rōna hore ba bang har’a rōna ba ka khona ho iphumanela tšobotsi ena e ntle. Empa ho e-na le hoo, bonolo bo tla ka ho ikatametsa ho Molimo joale ka mohloli oa rōna oa matla. Takatso ea rōna e tšepahalang ea ho etsisa mohlala oa Jesu ho ea pejana e re thusa ho etsa ka bonolo.

Joale ka ha bo totobalitsoe ho 1 Petrose 3:3, 4, bonolo bo hokahantsoe le “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo,” e leng boemo bo khethollehileng bo ka hare. Ha se boo qalehong bo futsoang ka tlhaho, empa bo fumanoa joale ka tholoana ea moea oa Molimo le ka tsebo e nepahetseng le tšebeliso ea Lentsoe la oona. Bonolo ke karolo ea “motho e mocha” ea entsoeng ka ho tšoana le Jehova Molimo. (Ba-Kolosse 3:10) Empa na bonolo ba bomolimo bo fumanoa habonolo?

Ba Bang ba Atlehile

“Che, ha bo tle ka bonolo,” ke karabelo ea monna ea molelele, oa seqhenqha. “Ke ne ke le moloaneli oa sekola. Empa ka ntle ho lesakana, motseng oa heso, ke ne ke bitsoa ‘motšosi oa baahelani.’ Matla a ka a ’mele a mpha maikutlo a bo-mmampoli, ’me ke thabela ho loanela seterateng. Hape, le lapeng ke hloka boitaolo haholo. Ke hopola hore ka nako e ’ngoe ha mosali oa ka a nkhalefisitse ke ile ka pshatla lemati mokatong o ka tlase le sehatsetsi ka ho li raha habeli. Ka linako tse ling ke ne ke itšoabela, haholoholo ha ke ne ke rapalla ka pel’a jarete, har’a mahlatsa a ka. Metsotsong eo ke ne ke rapela hore Molimo o nthuse. Joale kopano ea ka le Lipaki tsa Jehova ea matlafala. Ke ne ke noe khalase ea ka ea biri ea ho qetela lilemong tse robeli tse fetileng.

“Ho bile boima ha ke leka ho hlola khalefo ea ka. Empa hona joale ha ke bolela ka ntlo le ntlo, nka beelana mabaka le batho ho e-na le ho ba halefisa. Ho bona lerato har’a baena ba ka ba moea ho nthusitse ho haba moea o bonolo, leha ke tlameha ho ’na ke loana le mekhoa ea khale. Joale ka moholo oa Mokreste, nka utloisisa ba bang ba nang le ntoa e tšoanang, empa ke ea tseba hore ho ka etsahala hore u atlehe.”

Kapa, hlokomela taba ea mosali ea itseng oa mo Ambon. O ne a le bohale haholo ’me a pata thipa ka tlas’a bolausi. Ha a halefile o ne a ntša batho ba bangata kotsi. Hamorao ’nete ea Bibele e ile ea hlahisoa bophelong ba hae. ’Me o re’ng joale, hoba e be Mokreste oa paki ea Jehova ka lilemo tse mashome a mabeli? “Ke ile ka hlokomela hore nke ke ka rapela Jehova ka bohale bo bobe joalo. Ka hona ka thuso ea hae ka fetoha, leha ke ntse ke tlameha ho loanela ho ipoloka ke khutsitse.”

Mehlala ena e bontša hore motho ea ratang ho ba bonolo o tlameha ho lula thoko le menahano e phoso le liketso tse tloaelehileng hakana lefatšeng le re potolohileng. Ho joale ka ha moapostola Pauluse a boletse ha a ngolla Bakreste ba Roma: “Hape le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng. Hobane ka mohau oo ke o neiloeng, ke bolella motho e mong le e mong har’a lōna, hore a se ke a itekanya boholo bo tlolisang moo a tšoanetseng ho lekanya teng.” (Ba-Roma 12:2, 3) Ha re sa inahane borōna ho feta ka ho hlokahalang, re lekanya hore ba bang ba re feta, hona ho re thusa hore re be bonolo ha re sebetsana le bona.—Ba-Filippi 2:3.

Matla a Bona a Hokae?

Likamanong tsa batho, bonolo bo matla haholo ho feta bohale. Ha e mong a tlameha ho sebetsana le boemo bo thata kapa le motho ea bohale, ea tšoenyehileng kapa ea utloileng bohloko ka ho tebileng, bonolo bo tla finyella liphello hobane haholo bo ka ’na ba hula karabelo e tla bula tsela ea ho hlola bothata. Bibele e re: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” E, “leleme le bonolo le roba masapo.”—Liproverbia 15:1; 25:15.

Bonolo bo na le matla a makaakang! ka sebele bo etsa phapang pakeng tsa ho khutlisa likamano tsa khotso le ho baka maikutlo a utloisang bohloko, karohano le tšenyo e ke keng ea lokisoa. Joale ha re boneng hore na hona ke ’nete hakae libakeng tse fapaneng tsa likamano tsa batho, le hore na bo putsa hakaakang.

Ka Tikolohong ea Lelapa

Ke morero oa Molimo hore tikoloho ea lelapa e be e mofuthu, tokisetso e lerato ea kutloisiso e kopaneng. Empa, jo, joale re bona hore khalefo le ho fokolloa ke boitaolo li etsa hore malapa a mangata e be a sa thabang! Ha ho pelaelo, hona ho joalo ka lehlakoreng le leng hobane litho tsa lelapa li tsebana hantle, ’me ka baka la ho se phethahale ha batho e mong le e mong ka lapeng o tlameha ho etsa liphoso. Tsena li ka ’na tsa holisoa kapa tsa koaheloa ka lerato.

Nahana John ea sebetsang ka thata a tla hae kamor’a letsatsi le khathatsang methapo mosebetsing. O lebelletse moea o mosa oa ho amoheloa ka mofuthu lapeng, o tsoang ho mosali oa hae. Empa ho e-na le hoo, mosali o oa bolela: “Ke letsitse mohala ka ho khetheha ho u kopa hore u reke lijo ha u e tla hae. Ke hobane’ng ha u sa ho etsa?” John o tla itšoara joang? O oa tseba hore ho itšoara ka bonolo ke tsela ea Molimo, empa ka motsotso o joalo ho ka ’na ha e-ba thata haholo ho fana ka karabelo e bonolo. Ka thabo, tabeng ena, a bea letsoho la hae lehetleng la mosali oa hae ’me a re: “Ke lebetse, moratuoa. Ke soabile haholo. Ke tla ea lebenkeleng hona joale ’me ke tla khutla kamor’a metsotso e seng mekae.” Mantsiboea a thabileng ke moputso oa hae.

Ke ’nete le ka likamano tsa batsoali le bana ba bona. Bonolo bo tla etsa hore batsoali e be ba atamelehang. Hopola Jesu. Bana ba ne ba rata ho mo atamela. (Mattheu 19:14, 15) Hobane’ng? Hobane, joale ka ha eena ka boeena a boletse, o ne a le “mosa le pelo e nolo.” (Mattheu 11:29) Joale ka motsoali, na u mosa joale ka Jesu?

Ho thoe’ng ka kamano ea lelapa ha monna e se Mokreste ’me mosali oa hae e le morutuoa oa Jesu Kreste? Ho hotle bakeng sa mosali ea lumetseng ho boloka boikutlo bo nepahetseng hobane ka nako eitseng monna a ka ’na a hapeloa ’neteng. Mona, leha ho le joalo, hlokomela bohlokoa ba bonolo ka karolong ea mosali. Moapostola Petrose o ngotse: “Le utloe banna bao e leng ba lōna joalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa lumeleng lentsoe, ba mpe ba hapuoe, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe, e be ka metsamao ea basali ba bona, . . . le hlophise motho ea ka sephiring, e leng oa pelo, ka khabo e sa senyeheng ea moea o mosa, o bonolo; hlopheho eo hase le ho rateha ho Molimo.”—1 Petrose 3:1-4.

Ka Phuthehong

Phutheho ea Bokreste e tšoana le lelapa le leholo. (Bapisa 1 Timothea 3:15.) Ka moea oa sebele oa lelapa o fokang, moea oa bonolo oo ho ona liphoso li sa holisoeng empa li koaheloa ka lerato, bohle ka phuthehong ba tla etsa se matleng a bona ho ba mosa e mong ho e mong. Hona ho tla sebeletsa khotso le kopano. Haholo-holo ba nang le boikarabelo ba moea ba lokela ho ba bonolo, ba be le moea o lerato oa lelapa ha ba sebelisana le litho tse ling tsa phutheho, hobane moapostola Pauluse o ngotse: “U se ke ua khalemela ea holileng ka thata, empa u mo khothatse Joale ka hoja ke ntat’ao, ba bacha joale ka hoja ke banab’eno; basali ba holileng joale ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joale ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.”—1 Timothea 5:1, 2.

Keletso ena e ntlehali e hatisa tlhokahalo ho balebeli ea ho bontša bonolo bo kang ba Kreste. Haeba, pele ba ka e hlokomela, setho sa phutheho se etsa phoso, hase hantle ho khahlapetsa motho ea fositseng. Hobane’ng? Hobane ho khahlapetsa ho ka ’na ha baka maikutlo a ntšang kotsi le khalefo. Ho feta moo, ho ka arola. Ka baka leo, balebeli ba lokela ho mamela keletso e bululetsoeng: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele, e se re ua lekoa le uena.”—Ba-Galata 6:1.

Ha re itšoara ka moea o bonolo, re etsisa tsela eo Molimo o sebelisanang le rōna ka eona. Pauluse o ile a eletsa molebeli oa Mokreste Tite ho bontša ‘bonolo bohle ho batho bohle.’ Hobane’ng? “Hobane le rōna khale re ne re le lithoto, re le ba hanang ho utloa, ba lahlehileng, ba busoang ke litakatso le ke likhahliso tse ngata, ba phelang lonyeng le mohonong, ba tšoanetseng ho hlouoa, ba hloeanang.” Leha ho le joalo, Jehova o tlile ho tla re pholosa le ho re boloka ’ka lereko la hae,’—Tite 3:2-7.

Jesu o laetse balateli ba hae hore ’leseli la bona le ke le khanyetse batho.’ (Mattheu 5:16) Batho ka kakaretso ba hoheloa ke eng haholo? Na ke ka bohale, kapa ke ka mosa le bonolo? Phihlelo ea hao e bile efe? Mohlomong, bohle re tla lumellana le mantsoe a Jesu a hore: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Na hoo ha ho re hloke hore re be bonolo?

Kamanong le Baahelani Ba Rōna

Re ka ’na ra tobana le khanyetso e tsoang ho baahelani ba rōna, mohlomong ha re ba etela ho ea arolelana litaba tse molemo le bona. Ka sebele, tlas’a maemo a joalo ho ea hlokahala hore re bontše bonolo, joale ka ha balebeli ba Bakreste ho hlokahala hore ba etse joalo ka hare ho phutheho. (Bapisa 2 Timothea 2:23-26.) Ka baka la bonolo ba rōna, bahanyetsi ba pele qetellong ba ka ’na ba arabela hamolemo molaetseng oa ’muso.

Makholo a likete a batho ka lefatše lohle a amohetse litaba tse molemo. Ka ho kopanela le Bakreste ba tlotsitsoeng, hona joale ke karolo ea lerato la boena lefatšeng ka bophara. Ka hona “bongata bo boholo . . . ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” kajeno ba bolela hore poloko ea bona e tsoa ho Jehova Molimo le ho Konyana, Jesu Kreste. (Tšenolo 7:9, 10; 14:1) Bakreste bana ba inehetseng ke bopaki bo phelang ba hore bonolo ba Jehova bo na le matla a pholosang. Ka karabelo e ananelang, ba ikemiselitse ho bontša bonolo bo tšoanang le ba Molimo, ’me ba fumana hona e le ho putsang haholo. E se e ka le uena u ka fumanoa har’a ba bonolo ba thabelang lehlohonolo la bomolimo.—Bapisa Mattheu 5:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

“Ke lebetse, moratuoa. Ke soabile haholo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela