‘Bonang! Jehova o Tlile le Bahalaleli ba Hae ba Likete-kete’
“Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba liketekete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.”—Juda 14, 15.
1. Joale ka Moahloli e Moholo, Jehova o lokela ho talingoa joang?
JEHOVA, Moahloli e Moholo, o lokeloa ke hlompho. (Esaia 33:22) Empa ba bangata ba mo hlompholla haholo. Har’a bafosi ba joalo ba ikhohomosang e ne e le “banyefoli” bao morutuoa Juda a ngotseng ka bona lengolong la hae le bululetsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, ha ho ea hlokomolohang Molimo ntle ho kahlolo, hobane ha ho pelaelo ka hore Jehova ‘o tla tla ho tla ahlola banyefoli.’—Juda 14, 15; Jobo 9:1-4.
2. (a) Ho tla fihlela joale puisano ea rōna lengolong la Juda e tlisitse lintlha life tlhokomelong ea rōna? (b) Keletso ea Juda e tsoelang pele e lokela ho re etsetsa eng?
2 Puisano ea rōna ea pejana ea lengolo la Juda e hatisitse tlhokahalo ea ho hanela baruti ba bohata le ba neng ba tla silafatsa nama, empa ho mamela temoso ea Mangolo le ho hlompha ba beiloeng boholong ke Molimo. (Juda 1-10) Joale e se e ka keletso e tsoelang pele ea Juda e ka eketsa tlhompho ea rōna bakeng sa Moahloli e Moholo e le hore re ka ema re tiile har’a lipaki tsa hae ka tebello ea bophelo bo sa feleng.
“Ho Malimabe Bona”
3. Kaine o ne a le molato oa eng?
3 Ka “batho ba hlokang borapeli” ba nyelisang Jehova, Juda o ngotse:
“Ho malimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ea Kaine, ’me ba khelohile ke ho thetsoa ke moputso joale ka Balaame, ’me ba timetse ka khanyetso e joale ka ea Kore.” (Juda 11)
Ka hore “ho malimabe bona,” Juda o ile a bontša hore malimabe a ne a tla oela “batho ba hlokang borapeli” ba khukhunetseng ka phuthehong ea batho ba Jehova. (Bapisa Luka 11:42-47, 52.) Batho bao “ba tsamaile ka tsela ea Kaine.” Empa e le hore Molimo o amohetse Abele le sehlabelo sa hae sa nama ea phoofolo le mali, ha kabelo ea Kaine e se nang mali, e entsoeng ka moea o sa lokelang, e hannoe. Kaine o ne a fokolloa ke tumelo ’me ha a ka a hlompha khanya kapa boemo ba tlhompho boo Molimo a bo fileng Abele. Ka mohono le ka lehloeo, Kaine o bile a hlokomoloha temoso ea Molimo ’me a bolaea ngoan’abo.—Genese 4:2-8; Ba-Heberu 11:4; 1 Johanne 3:12.
4. (a) “Tsela ea Kaine” e ne e le eng? (b) Ke hobane’ng u lokela ho qoba “tsela ea Kaine”?
4 Qalehong, Kaine o bontšitse ho se hlomphe Jehova, ’me tsela ea hae e se nang tlhompho ea bitsoa “tsela ea Kaine.” Joale ka ha ketso ea hae ea nyeliso le boikutlo bo khopo li ne li le phoso kaofela, ho joalo le kajeno ka motho ofe le ofe ea ipolelang hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova empa e le ea batlang ho fetola mohau oa Molimo o sa tšoanelang ho ba tumello ea ho etsa tse manyala. Motho ofe le ofe ea joalo o phehella “tsela” ea Kaine. Ho tšoana le Kaine, ea ileng a hloea le ho bolaea ngoan’abo, batho ba joalo ka bomong ke ‘babolai’ hobane ba hloile Bakreste ba tšepahalang bao Jehova a ba entseng ba hlomphehang ka tšebeletso ea Hae. (1 Johanne 3:15) Molimo a rohaka Kaine, ’me nakong ea Moroallo bana ba hae ba fieloa. Ka ho tšoanang, ho tla ba “malimabe” ba latelang “tsela ea Kaine,” hobane ha e thabise Jehova ’me e isa tšenyehong.
5. (a) Balaame o ile a phehella tsela efe? (b) Mehleng ea Juda ke bo mang ba ‘titimetseng tseleng e fosahetseng ea Balaame’? (c) Ho tla etsahala eng ka bohle ba batlang ho senya batho ba Jehova ka lithuto tsa bohata le ho ikenya ka litakatsong tsa bophoofolo?
5 Basilafatsi ba nama ba banyefoli le bona “ba khelohile ke ho thetsoa ke moputso joale ka Balaame.” Ka ho kebisa molala ka baka la limpho tse qophellang tsa Morena Balake oa ba Moabe, Balaame a leka ho rohaka Baiseraele ka makhetlo a mararo, empa nako le nako Jehova a fetola thohako tlhohonolofatso. Ka baka leo, Balaame ea meharo a etsa tlhahiso ho Balake hore haeba Iseraele e ka khelosetsoa bolumeling ba bohata le karohanong ka litakatso tsa bophoofolo, Molimo o tla rohaka esita le batho ba Hae. Keletso ena e mpe e ile ea lateloa, ’me ka baka la boitšoaro ba Baiseraele bo hlephileng, ba 24 000 ba bona ba bolaoa ke lefu la seoa le rometsoeng ke Molimo le polao e tobileng. (Numere 22:1–25:9; Tšenolo 2:14) Hamorao, Balaame ka boeena a shoela matsohong a bao a neng a lekile ho ba rohaka. (Numere 31:8) Ka ho tšoanang, tsietsi e joalo e tla oela bohle ba ipolelang hore ke Lipaki tsa Jehova empa e le ba meharo le ba batlang ho silafatsa batho ba Jehova ka thuto ea bohata le ba ikentseng litakatsong tsa bophoofolo. Ho bile le maemo a kang ana mehleng ea kajeno, ’me Lipaki tsa Jehova tse inehetseng le tse tšepahalang li lokela ho hlokomela!
6, 7. (a) Kore oa Molevi o ne a le molato oa eng? (b) Ho ile ha etsahala joang ka Kore le ba ileng ba kopanela le eena? (c) Re lokela ho talima ‘puo ea borabele’ joang?
6 Mohlala o mong o lemosang o boletsoeng ke Juda e ne e le oa Kore oa Molevi, ea ileng a fetohela ‘puong ea borabele.’ A khannoa ke takatso ea bophahamo, ka bohata a nqosa Moshe ka hore ka boikhohomoso o lokiselitse ngoana’bo, Aarone, ho ba moprista e moholo, ’me a qosa Aarone ka ho inkela tlhompho ea boprista le lelapa la hae. Kore ha a ka a hlompha khanya kapa boemo ba hlompho boo Molimo o bo fetiselitseng holim’a Aarone le bara ba hae, empa a rabela khahlanong le likhetho tsa Molimo.
7 Leha Kore le Barubene ba bang ba ileng ba tla ka lehlakoreng la hae ba ne ba pholositsoe Egepeta, ha ba ka ba kena Lefatšeng la Pallo. Ho e-na le hoo, lefatše la ahlama ’me ba bang ba bona ba patoa ba ntse ba phela, ha ba bang bona ba ile ba bolaoa ke mollo o tsoang ho Jehova. Hape Baiseraele ba ileng ba korotlela kahlolo ena e tsoang ho Molimo ba 14 700 ba e shoa ke thupa e tsoang ho Jehova. (Numere, khaolo ea 16) Kahlolo ea Molimo e ne e tiile haholo khahlanong le marabele a “batho ba hlokang borapeli” hoo Juda a itseng ba “timetse.” Ho fetse ha e-ba joalo! Lintho tsee li lokela ho re susumelletsa hore re qobe ‘puo tsa borabele hakaakang’!
8. Mehlala ea temoso ea Kaine, Balaame le Kore e na le bohlokoa bofe kajeno?
8 E, ka sebele bomalimabe bo tla oela mang kapa mang ea phehellang tsela ea borabele khahlanong le Jehova le litokisetso tsa hae tsa phutheho. Juda o bontšitse hore e tla ba malimabe ho bao ba fokolloang ke lerato le tumelo (joale ka ha ho entse Kaine), bao (ho tšoana le Balaame) ba neng ba labalabela ho lefuoa bakeng sa lithuto tse neng li phahamisa boitšoaro bo hlephileng, ’me bao (joale ka Kore) ba hlompholotseng ba beiloeng boholong ke Molimo. ’Me ka sebele mantsoe a Juda a fane ka temoso e matla mabapi le bohle ba ipolelang hore ke Lipaki tsa Jehova empa ba na le boikutlo bo bobe kapa bo sa hlompheng mabapi le litokisetso tsa puso ea Leholimo tsa Molimo bakeng sa mehla ea rōna.
Litemoso ka ho Bapisa
9. Bohlokoa ba ho tšoantša baruti ba bohata ba banyefoli le “mafika a patiloeng ka tlas’a metsi” ke bofe?
9 Ha a tsoela pele ka temoso, Juda o boletse tjena ka ho bapisa:
“Bao ke likoli [mafika a patiloeng ka tlas’a metsi] meketeng ea lōna ea lerato, ha ba ntse ba e-ja le lōna; ba khora hampe, ba se na lihlong; ke maru a se nang pula, a fefoloang ke meea; ke lifate tse hlohlorehileng, tse sa beeng, tse shoeleng habeli, tse fothotsoeng; ke maqhubu a hlanyang a leoatle, a akhelang mafilo a litšila tsa ’ona mane le mane; ke linaleli tse kherang, tse lokiselitsoeng botšo ba lefifi la bo sa feleng.” (Juda 12, 13, bapisa NW.)
Har’a lintho tse ling, baruti ba bohata ba ne ba tšoana le “mafika a patiloeng tlas’a metsi.” Batho bao ba iketsa e ka ba rata balumeli anthe ba ne ba tšoana le mafika a ka tlas’a metsi a kunyutsoeng a ka thumakanyang le ho bolaea lisesi kapa a soahlamanya likepe. Ntle le hore Lipaki tsa Jehova li tsoele pele li “loanela tumelo,” baruti ba joalo ba thetsang ba ka senya ‘tumelo ea motho ka mong ea sa tsitsang joale ka sekepe ha se timela.’—1 Timothea 1:19.
10. (a) ‘Mekete ea lerato’ ea Bakreste ba pele e ne e ka ’na ea e-ba eng, ’me ke ka boikutlo bofe “banyefoli” ba ileng ba kopanela le bona? (b) Ke eng e tlamehang ho qojoa meketeng ea botsoalle har’a Lipaki tsa Jehova?
10 Batho bao ba “banyefoli” ba ile hangata ‘meketeng ea lerato’ ea Bakreste. Maemo a joalo e ka ’na ea be e bile mekete eo ho eona Bakreste ba nang le hona ba neng ba memela balumeli hammoho le bona ba futsanehileng. Empa ho bile le basilafatsi ba nama ba kopanetseng ka maikutlo a mabe. (Bapisa 2 Petrose 2:13.) Ka ho tšoanang, ho na le ba bang kajeno ba lekang ho fetola maemo a botsoalle har’a Lipaki tsa Jehova libaka tsa ho ja, ho noa ho tlolisa le tsa ’mino le motjeko oa lefatše. Lipaki tse tšepahalang tsa Bakreste le ka mohla li se lumelle sena ho etsahala meketeng ea tsona ea botsoalle.
11. (a) Baruti ba bohata ba banyefoli e ne e le balisa ba mofuta ofe? (b) Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho ba le boikutlo bofe malebana le baruti ba joalo ba bohata kajeno?
11 Baruti ba bohata ba banyefoli ba ne ba boetse ba le joale ka balisa ba etsang matlalo a linku le ho etsa mahlabelo ka mohlape bakeng sa ho ikapesa le ho iphepa. Ba lekile ho lebisa ba thekeselang tseleng e khelohileng ’me ha ba ka ba ba fepa lijo tse loketseng tsa moea. (Bapisa Ezekiele 34:7-10.) Ke ha bohlokoa hakaakang hore Bakreste ba tšepahalang ba lahle lipono tsa baruti bafe kapa bafe ba bohata ba joalo kajeno!
12. Ke joang baruti ba bohata ba mehleng ea Juda ba neng ba tšoana le maru a se nang pula, a fefoloang ke moea?
12 Baruti ba bohata ba mehleng ea Juda le bona ba ne ba tšoana le maru a thetsang a tšepisang pula e ngata e hlokahalang, empa a hloka pula ’me a fefoloa ke moea. Batho bao ba ne ba nkiloe ke meea e phoso, ’me hobane ba ne ba tšoana le “maru a se nang pula” ba ne ba se na letho moeeng ’me ba se na molemo. E se e ka Lipaki tsa Jehova li ka hlokomela baruti bohle ba bohata ba ikhohomosang joalo.
13. Ke hobane’ng ha baruti ba bohata ba ne ba tšoana le lifate tse se nang litholoana “tse shoeleng habeli” le “tse fothotsoeng”?
13 Ka ho hloka litholoana tsa moea o halalelang oa Molimo, banna bao ba silafetseng ba ne ba boetse ba le joale ka lifate tse foforehang li sa bea litholoana, qetellong ea lehoetla. Ba ne ba tšoana le lifate tse “shoeleng habeli” kapa tse “shoeleng ka ho feletseng.” (Today’s English Version) Batho bao ba “khukhunetse” ka phuthehong ka ho iketsa e ka ba phela moeeng hoba ba kolobetsoe metsing ka molao. Empa ka ha ha ba bea litholoana tlotlisong ea Molimo, ba tlameha ho tlosoa joale ka lifate tse neng li sa bee litholoana Palestina ea boholoholo. Tsena li ne li fotholoa le ho felisoa e le ho qoba lekhetho holim’a lifate tsa litholoana. Ho ‘fotholoa’ ho bontšitse ka ho hlaka hore bakoenehi bao ba baruti ba sa kang ba baka ba tobane le timetso.
14. Ke joang baruti ba bohata ba neng ba tšoana le “maqhubu a hlanyang a leoatle”?
14 Ka hobane baruti bao ba bohata ba ne ba se na moea o halalelang oa Molimo, ba ne ba boetse ba tšoana le “maqhubu a hlanyang a leoatle.” Ba ne ba hlanya joale ka maqhubu a leoatle a befileng a fuluoang seretse le litlamatlama tsa leoatle. Ha ho bapisoa, bao ba se nang phomolo, batho ba kang liphoofolo ka ho totobetseng ba ne ba ipolelisa hore ke balumeli, empa liketso tsa bona tsa bonyefoli le lithuto tsa bona li ba khethollotse joale ka bafosi ba litšila ba nang le lebaka la ho ba lihlong.—Esaia 57:20, 21.
15. Baruti ba bohata ba ne ba tšoana le linaleli tsa mofuta ofe, ’me ba ne ba boloketsoe eng?
15 Ka ha baruti bao ba bohata ha ba ka ba boloka tsela e tsitsitseng ho lokeng, ba ne ba tšoana le “linaleli tse kherang.” Haele hantle, ho etelloa pele ke linaleli ho ne ho tla ba thata haeba tsena ntle le ho rerisa li ne li lelera. Ka hoo, joale ka linaleli tse “kherang,” bakoenehi bao ho ne ho ke ke hoa itšetlehoa ka bona bakeng sa tataiso ea moea e loketseng. Bakeng sa maseli ao a bohata Molimo ha a ‘lokisetsa’ letho ha e se “botšo ba lefifi” ka ho sa feleng, ’me hona ho tšoaea timetso ea bona ea ka ho sa feleng. Ka mabaka a mangata, ka sebele Bakreste ba tšepahalang ba Lipaki tsa Jehova ba latola ka ho feletseng baruti ba bohata le lithuto tsa bona.
Jehova o Phetha Kahlolo
16. Henoke e ne e le mang, ’me o ile a profeta eng?
16 Ho paka hore Jehova o nka bohato khahlanong le banyefoli, Juda o itse:
“Le bona ba profetiloe ke Henoke, monna oa bosupa ha ho qaloa ka Adama, ka ho re: Bonang, Morena o tlile le bahalaleli ba hae ba likete-kete ho etsa kahlolo holim’a bohle, le ho khalemela banyefoli bohle ka baka la liketso tsohle tsa bonyefoli, tseo ba sitiloeng ka tsona, le la lipolelo tsohle tse thata, tseo baetsalibe bao ba banyefoli ba li buileng holim’a hae.” (Juda 14, 15)
Ho bala ho tloha ho Adama, motho oa pele, Henoke e ne le “oa bosupa.” Ba lipakeng e ne e le Setha, Enose, Kenane, Mahalaleele le Jerede. (Genese 5:3-18) “Henoke a tsamaea le Molimo,” a phehella tsela e tumellanong le ’nete e senotsoeng ea Molimo. (Genese 5:24; Ba-Heberu 11:5) Tšilafalo ea moea e ne e potapotile Henoke, empa ka sebete a sebeletsa e le moprofeta oa Molimo.
17. Juda e ka ’na eaba o ithutile ka boprofeta ba Henoke joang?
17 Hore na Juda o ithutile ka boprofeta ba Henoke joang ha ho ea senoloa. Ha hoa hlaha pejana Mangolong a bululetsoeng a Molimo. Mohlomong Jesu o qotsitse boprofeteng ba Henoke thutong ea hae ’me ba neheletsanoa ka puisano. Empa ha ho bopaki ba hore Juda o ile a qotsa polelo e tšoanang e fumanoang Bukeng ea Henoke e se nang bopaki. Kaha Juda o ngotse tlas’a pululelo ea Molimo, ho kopanyelletsa boprofeta ba Henoke lengolong la hae ho tiisa bonnete ba mantsoe ao.
18. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho ka boleloa hore Henoke o boetse a profeta mabapi le baruti ba bohata ba mehleng ea Juda? (b) Ho ea ka boprofeta ba Henoke, Moahloli e Moholo o tla sebetsana joang le bao ba sa Mo hlompheng?
18 Ka ho totobetseng Henoke o boetse a ‘profeta ka [baruti ba bohata ba mehleng ea Juda]’ ka hore seo a se boletseng e sale pele se amanang le bafosi ba pele se ne se boetse se sebetsa ho baruti ba bohata. Jehova, Moahloli e Moholo, eo banyefoli kapa ba se nang tlhompho ba bontšitseng ho se mo hlomphe, o tla lihela kahlolo ea hae e sa rateheng holim’a bona. Ka ho etsa joalo, Jehova o tla le “bahalaleli ba hae ba likete-kete,” hoo ke hore, mangeloi a lokileng ka palo e kholo. (Bapisa Deuteronoma 33:2; Daniele 7:9, 10.) Morena oa ‘bahalaleli bao ba likete-kete’ ke Messia, eo Jehova a tlang ka eena ’me a tla ho tla liha kahlolo.—Luka 1:35; Johanne 5:27; Liketso 17:30, 31.
19. (a) Ho tšoana le ba khopo ba mehleng ea Henoke, ke joang “batho ba hlokang borapeli” ba buileng “lipolelo tse thata” khahlanong le Jehova? (b) Ho neng ho tiile hore ho tla tla holim’a basilafatsi ba banyefoli ba nama ke eng? (c) Ka hona Lipaki tsa Jehova li lokela ho itšoara joang?
19 Jehova o lumelletse batho bao ba banyefoli kapa ba sa hlompheng monyetla o lekaneng ka ho khotsofatsang hore ba bontše molato oa bona, joale ka “manyala” a bona. Ka liketso tsa bona tse litšila le mantsoe bonyefoli ba bona bo ile ba totobatsoa ’me holim’a motheo oo ba pakiloe ba le molato, ba ‘khalemeloa’ ke Molimo. Joale ka ha ba khopo ba mehleng ea Henoke ba buile “lipolelo tsohle tse thata” khahlanong le Molimo, ka hona “banyefoli” bao ba nyefotse borena ’me ba nyefotse le bao Jehova a ba neileng boholo ba khanya. (Juda 8-10) Kaha ba ne ba bua “lipolelo tsohle tse thata” khahlanong le Jehova ba ahloloa ke hona. Tumellanong le boprofeta ba Henoke, Molimo a ahlola banyefoli nakong ea moroallo oa mehleng ea Noe. Kahoo, ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo holim’a basilafatsi ba banyefoli ho ne ho tiile, ’me Lipaki tsa Jehova li ka lebella ho bona ho lihuoa ha kahlolo e tšoanang mehleng ena. Ka sebele, hape, re lokela ho lebela liketso le lipuo tsa rōna e le hore re ka thabisa Molimo ’me ra pholoha timetso.
Qoba ho Korotla le Lipuo tse Ikhohomosang
20. Bahlanka ba Jehova ba lokela ho talima ho korotla le ho khanana ha “batho ba hlokang borapeli” joang?
20 Ha a bua ka matšoao a mang a bonyefoli, Juda o ngotse hore:
“Ke batho ba korotlang, ba khananang, ba eang ka litakatso tsa bona; melomo ea bona e bolela tsa boikhohomoso, ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.” (Juda 16)
Bakreste ba Lipaki tsa Jehova ba eletsoa hore ‘ba etse tsohle ba sa ngongorehe, ba sa likalike.’ (Ba-Filippi 2:14, 15) Empa ‘batho bao ba hlokang borapeli’ e ne e le “ba korotlang” joale ka Baiseraele ba ileng ba korotlela Moshe le Aarone ’me ka baka leo ba tlameha ho shoela lefelleng ka baka la ho korotlela Molimo. (Numere 14:1-38; 1 Ba-Korinthe 10:10) Batho ba itšoereng bophoofolo e ne e boetse e le ‘bakhanani,’ joale ka bafutsanehi ba lefatše ba ka ’nang ba belaela ka baka la hobane hase ba ruileng, joalo joalo. Haele hantle, ho tšoana le Bakreste ba ’nete ba mehleng ea Juda, Lipaki tsa Jehova kajeno li itšetlehile ka bohlale ba leholimo le thuso ea moea oa Molimo ka ho mamella maemo a thata. E se e ka le ka mohla re ke ke ra tšoana le banyefoli ba korotlang ba mehleng ea Juda!
21. (a) Ke ka tsela efe “batho ba hlokang borapeli” ba ileng ‘ba ea ka litakatso tsa bona’? (b) Ke joang bao ba itaolang ba ileng ba “talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo,” ’me ke hobane’ng ha hoo ho ne ho le phoso?
21 Batho bao ba khelohileng ba ‘tsamaile ka litakatso tsa bona,’ ba busoa ke boitšoaro ba bona bo bobe ba litakatso tsa nama empa e seng ke melao ea Molimo kapa Mora oa hae. (Bapisa Jakobo 4:1-3.) ’Me ha “melomo ea bona e bolela tsa boikhohomoso,” kapa ba ne ba “tletse puo ea boikhohomoso” (Jerusalem Bible), ba qoolla ba bang bao ka boikaketsi ba bontšitseng hore baa ba ananela. (Bapisa Pesaleme ea 140:11; Tite 1:10, 11; 2 Petrose 2:18, 19.) Batho bao ba boitšoaro bo bobe ba ‘talimile tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.’ Ba ne ba sebeletsa ho ratoa le ho tšehetsoa ke ba ruileng, ba phahamileng, kapa ba bang, ba tšepile ho fumana lintho tse bonahalang kapa botsoalle. Empa hona e ne e le boikhohomoso bo totobetseng ’me ba foufatsa bafosi bao hore ba se be le leseli la bomolimo le leholoanyane le ho hlaolela mohau oa Jehova. Kahoo, ba hlolehile ho hlompha Moahloli e Moholo ’me ka hoo ba tlile tlas’a kahlolo ea hae ea timetso.
22. Joale ka ha ho hlahlobiloe ho tla fihlela joale, ke eng seo Juda a se hlahisitseng molemong oa rōna, ’me mantsoe a hae a qetellang a kopanyelletsa’ng?
22 Juda o ne a opile khomo lenaka ka ho khothatsa balumeli ’moho hore ba ‘loanele tumelo.’ O ile a supa temoso ea Mangolo mabapi le boitšoaro bo bobe, borabele le ho korotla, ’me haa siea pelaelo ka ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo. Ho nakong hakaakang hore Lipaki tsa Jehova li nahane ka litaba tsee! Joale ka ha re tla bona, mantsoe a Juda a qetellang, a kopanyelletsang thapelo e tlohang botebong ba pelo, a boetse a bolela ho hoholo ho barapeli ba Jehova.
Na u ka arabela lipotso tsee?
◻ “Tsela ea Kaine” e ne e le efe, ’me ke hobane’ng ha batho ba Jehova ba tlameha ho e qoba?
◻ Ke bo-mang ‘ba titimetseng tseleng e fosahetseng ea Balaame,’ ’me u tla e qoba hobane’ng?
◻ Ke mohlala ofe o lemosang oo re nang le ona tabeng ea Kore oa Molevi?
◻ “Batho ba hlokang borapeli” bao Juda a buang ka bona ba ne ba bapisoa joang le lifate tse sa beeng litholoana tse “shoeleng habeli” le “tse fothotsoeng”?
◻ Henoke o ile a profeta eng, ’me mantsoe a hae a lokela ho re susumelletsa ho etsa eng?
◻ Motheong oa keletso ea Juda, re lokela ho ba le boikutlo bofe mabapi le ho korotla le ‘ho talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo’?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Baruti ba bakoenehi ba sa bakang ba ne ba tobane le timetso, joale ka ha sefate se sa beeng litholoana se ne se fotholoa