“Baratuoa, . . . Le Ipoloke Leratong la Molimo”
“Baratuoa, le ’ne le ikhahe holim’a tumelo ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, ’me le rapele ka moea o halalelang; le ipoloke leratong la Molimo.”—Juda 20, 21.
1, 2. Ntle ho litemoso, ho fumanoa taeo efe lengolong la Juda?
MOHAU O sa tšoanelang oa Jehova o totobetse litšebelisanong tsa hae le ba mo ratang. Ka Lentsoe la hae le bululetsoeng o bontša seo a se hlokang ho bona. ’Me re ka thaba hakaakang hore e be karolo ea Lentsoe la Molimo, lengolo la Juda, le fana ka litemoso tse ka re thusang ho boloka kamano e loketseng le Jehova Molimo!
2 Empa, ntle le ho fana ka litemoso tse hlokahalang, Juda o bontša seo re tlamehang ho se etsa e le hore re ka haheha moeeng ’me ra ‘ipoloka leratong la Molimo.’ Kahoo, re tla fumana molemo o moholo ka ho hlokomela karolo e qetellang ea lengolo la Juda.
Basomi ba Boletsoe e sa le Pele
3, 4. Ke lipolelo life tsa baapostola ba Jesu tseo Juda a buileng ka tsona?
3 A fana ka khopotso ea bohlokoa, Juda o ngotse tjena:
“Empa, ha e le lōna, baratuoa, hopolang litaba tse boletsoeng pele ke baapostola ba Morena oa rōna Jesu Kreste; kamoo ba le boleletseng hoba, mehleng ea qetello, basomi ba tla ba teng, ba tsamaeang ka litakatso tsa bonyefoli ba bona. Ke ba ikarolang ho rōna, ba nang le bophelo ba nama feela, ba se nang moea.” (Juda 17-19)
Juda o buile haholo ho pepesa “batho ba hlokang borapeli” bao ka bohlale ba khukhunetseng ka phuthehong. Ka hona, ka ho rapela balumeli ’moho le eena bao a neng a ba rata haholo, Juda a ba kōpa hore ba hopole mantsoe a boletsoeng pele ke baapostola ba Jesu. Ho hopola lipolelo tseno ho lokela e be ho ile ha susumelletsa Bakreste bohle ba ’nete ho “loanela tumelo.”
4 Moapostola Pauluse o elelitse balebeli ’moho le eena hore har’a bona ho tla tsoa batho “ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:29, 30) A bolella Timothea hore “mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo.” (1 Timothea 4:1, 2) Le moapostola Petrose ka ho toba a lemosa hore “mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi . . . ba soma ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae?”—2 Petrose 3:1-4.
5. Bakreste ba tšepahalang e ka ’na eaba ba ne ba tšoeroe joang ke “banyefoli” ba khukhunetseng ka phuthehong, empa batho ba nang le bomolimo e tlameha e be ba ne ba itšoere joang ho see?
5 Ka hona, baamoheli ba lengolo la Juda ba na le lebaka le letle la ho lebella ho hlaha ha “basomi” pejana ho bofelo ba tsamaiso ea lintho ea Sejode. Ha ho makatse hore “batho ba hlokang borapeli” ba khukhunetseng ka phuthehong ba ne ba soma balumeli ba tšepahalang ba imatahantseng le melao e lokileng ea Jehova ’me ba ke ke ba kopanela le “baena ba mahata” boitšoarong bo hlephileng. Empa ho ne ho hlokahala hore batho ba Molimo ‘ba loanele tumelo,’ leha ba ne ba ka tšehoa ke baruti ba bohata ‘ba tsamaileng’ le ho khannoa ke ‘litakatso tsa bona tsa boitšoaro bo bobe ba bonyefoli.’—Bapisa 2 Ba-Korinthe 11:26; Ba-Galata 2:4, 5.
6. Leha Molimo o tlisitse kopano ea ba mo ratang, basomi ba banyefoli ba lekile ho etsa eng?
6 E re ka ha Molimo, ka moea oa hae, a tiisitse kopano ea bao ba mo ratang, basomi bao ba banyefoli ba lekile ‘ho etsa likarohano,’ kapa ‘likhethollo,’ ba ikemiselitse ho tsoela pele mosebetsing oa ho arola har’a batho ba Jehova. (Juda 19, New World Translation, khatiso ea 1950, botlaaseng ba leqephe; Pesaleme ea 133:1-3; 1 Ba-Korinthe 1:10) Le hoja basomi ba buile khahlanong le banna ba tšepahalang ba nang le boikarabelo ka phuthehong, banyefoli ba bontša ho khahlehela batho ba ka ba tsoelang molemo. (Juda 8, 16) Joale ka Bafarisi, ba shebetse litho tsa phutheho tsa bomolimo tse ikokobelitseng tlase. Ho e-na le ho bokella le Morena, ba leka ho hasanya. Le kajeno ba bang ba leka ho hulela ba sa tsitsang lihlopheng tse khethehileng, tseo ho thoeng ke tsa “thuto ea Bibele.” Hona le kamohla ho ke ke ha tsosa lerato ho Molimo, ho Kreste le ho phutheho ea Bokreste.—Luka 11:23.
7. Ke hobane’ng ha “banyefoli” ka ho loketseng ba ne ba bitsoa “ba nang le bophelo ba nama feela”?
7 Batho bao ka ho loketseng ba bitsitsoe ba “nang le bophelo ba nama feela,” hobane e ne e le libopuoa tse utloang ka potlako tse ineetseng litakatsong, boikutlong le tšekamelong tsa nama. Le hoja bona ba ne ba inka ba le leseling la moea, Juda o ba hlalositse e le “ba se nang moea.” Haele hantle, batho bao “ba nang le bophelo ba nama feela” ba neng ba fokolloa ke moea oa Jehova, ba ne ba ke ke ba utloisisa litaba tsa moea le ho phahamela hanyenyane boemo ba liphoofolo tse sa nahaneng. Haeba re e-na le moea oa Jehova ’me re utloisisa “le tse tebileng tsa Molimo,” re lokela ho leboha Ntate oa rōna oa leholimo ka ho teba.—1 Ba-Korinthe 2:6-16.
Mokhoa oa ho Lula Leratong la Molimo
8. Polelo ‘tumelo e halalelang ka ho fetisisa’ e ka ’na eaba e ne e bolela eng?
8 Hape Juda o retelehela thapeling e tiileng, a re:
“Empa ha e le lōna, baratuoa, le ’ne le ikhahe holim’a tumelo ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, ’me le rapele ka moea o halalelang; le ipoloke leratong la Molimo, le ntse le lebeletse mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hore le fuoe bophelo bo sa feleng.’ (Juda 20, 21)
Juda ka lerato o bontšitse hore na ke joang balumeli ’moho le eena ba hlokometsoeng ba ka lulang leratong la Jehova. Ho latela keletso ea hae ka sebele ho ne ho tla kopanyelletsa ho hlaolela tumelo, tholoana ea moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22, 23) Empa ponong ea bopaki ba Juda ba pejana ka ho “loanela tumelo eo bahalaleli ba ileng ba e fuoa” (tem. 3), polelo ‘tumelo e halalelang ka ho fetisisa’ e ka ’na eaba e ne e bolela lithuto tsohle tsa Bokreste, ho kopanyelletsa litaba tse molemo tsa pholoho. Motheō oa tumelo e joalo ea ’nete ke Kreste, ’me e ne e bitsoa e “halalelang ka ho fetisisa” hobane e ne e talimile ho Molimo oa khalalelo ’me e theiloe ka ho khetheha Lentsoeng la hae le halalelang.—Liketso 20:32; 1 Ba-Korinthe 3:10-15.
9. Re tlameha ho etsa joang hore re ‘ikhahe holim’a tumelo ea rōna e halalelang ka ho fetisisa’?
9 Hore Bakreste ba ‘ikhahe holim’a tumelo ea bona e halalelang ka ho fetisisa,’ kapa ho e tiisa, ba tlameha ho ithuta Lentsoe la Molimo ka masene ka bomong le ka phutheho. Ho buisana ka Mangolo hangata le Bakreste ’moho ba Lipaki tsa Jehova, le ho bolela litaba tse molemo ho ba bang, ho tla tebisa tšusumetso eo Bibele e e etsang lipelong tsa rōna. Empa ha ho le e ’ngoe ea tsena e ka finyelloang ntle ho thapelo e etsoang ka tieo. Motho ka mong o ‘rapela ka moea o halalelang’ ha a rapela tlas’a tšusumetso ea oona le tumellanong le lintho tse ka Lentsoeng la Jehova. Ho feta moo, Mangolo, a ngotsoeng ka tlas’a pululelo ea Moea oa Molimo, a re bontša mokhoa oa ho rapela le seo re lokelang ho se kopa thapelong. Ka mohlala, ka tšepo re ka rapella ho tlatsoa ka moea o halalelang oa Molimo. Haeba re ‘rapela ka moea o halalelang,’ lithapelo tsa rōna li tla senola boemo bo loketseng ba pelo, bo ratoang ke Molimo. ’Me kahoo re tla sireletsoa litšusumetsong tse sa lokang, ho kopanyelletsa le lipono tsa “banyefoli” bohle ba ka ’nang ba khukhunela ka phuthehong.—Luka 11:13: Ba-Roma 8:9, 26, 27.
10. Ho ‘ipoloka ha bona leratong la Molimo,’ ho ne ho hloka eng ho balumeli ’moho le Juda?
10 Ho ‘ipoloka leratong la Molimo,’ balumeli ’moho le Juda ba ne ba tlameha ho ela hloko litaelo tsa Jehova le tsa Mora oa Hae. (Johanne 15:10: 1 Johanne 5:3) Ho lula leratong la Molimo ho mema puo le boitšoaro tse amoheloang ke Jehova. Ka baka la ho se phethahale le boetsalibe, ba tšepahalang, hore ba tle ba lule leratong la Molimo, ba tla batla mohau oa Jehova ba sa phetse hore o atolosoe ka Jesu Kreste ’me o khonehe ka sehlabelo sa topollo sa Morena oa bona. (Ba-Roma 5:8: 9:14-18: 1 Johanne 4:9, 10) Tsoelo pele ea mohau oa Molimo ho balateli ba tšepahalang ba Jesu e qetella ka bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16.
Tlhokahalo ea ho Bontša Mohau ho ba Bang
11. Juda o ile a re eng ka mohau, ’me ho ne ho hlokahala hore o bontšoe lipakeng tsa bo-mang ho o khetholla?
11 Mabapi le tlhokahalo ea ho bontša mohau, Juda o itse:
“Le hauhele ba bang ba likalikang; ’me le pholose ba bang ka ho ba tšosa, le ba tlose mollong, ’me le ile le kobo e nang le litšila tsa nama.” (Juda 22, 23)
Haeba balumeli ’moho le Juda ba ne ba tlameha ho tsoela pele ho amohela mohau oa leholimo, ba ne ba tlameha ho ba mohau ho ba bang bao bophelo ba bona bo sa feleng bo neng bo le kotsing. (Jakobo 2:13) Empa hore ba tšepahalang ba ’ne ba “hauhele ba bang ba likalikang,” ho ne ho hlokahala hore ba khetholle ho ba tšoaneloang ke mohau le “balori.”
12. (a) Ka baka la ho susumetsoa ke “batho ba hlokang borapeli,” ba bang e ka ’na eaba ba bile le lipelaelo life? (b) Ho ka etsahala joang ho ‘tlosa babang mollong’?
12 Ka thuto ea bona ea bohata, ho korotla, ho khanana, joalo joalo, “banyefoli” ba ne ba bakela batho ba sa tsitsang moeeng ho tlala lipelaelo. Ba tšositsoe ke mantsoe a ikhohomosang a baruti ba bohata, ba likalikang e ka ’na eaba ba ile ba ipotsa hore na Bakreste ba inehetseng e hlile ke batho ba Jehova ’me eaba ba khaotsa ho kopanela le bona borapeling le ho boleleng litaba tse molemo. Batho ba sa tsitsang joalo ba ne ba le kotsing ea ‘mollo,’ kapa timetso ea ka ho sa feleng. (Bapisa Mattheu 18:8, 9; 25:31-33, 41-46.) Empa ka ho ba phallela ka moea oa khothatso le thapelo, Bakreste ba tiileng, haholo-holo balebeli ba phutheho, ba ne ba ka khona ho ba pholosa, ‘ba ba tlosa mollong.’—Ba-Galata 6:1; Jakobo 5:13-20.
13. (a) Ke ka tsela efe ba bang neng ba ‘silafalitse seaparo sa bona se ka hare’? (b) Baapari ba “kobo” e nang le litšila ba ka ‘pholosa’ joang?
13 Ba bang e ka ’na eaba ba ile ba kebisa molala tlas’a basilafatsi ba nama ’me ba oetse le bona boitšoarong bo bobe, kapa ho seng joalo bofebeng ba moea. (Jakobo 4:4) Ka ho khutlela litloaelong tsa bophoofolo, ho tšoana leha ba ‘silafalitse kobo e ka hare.’ Ba silafalitse botho ba bona bo ka hare e le Bakreste ba ’nete, ho tšoana le seaparo se aparoang ka hare. (Bapisa Tšenolo 3:4, 5.) Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang li ne li itebetse mabapi le ho silafatsa kobo ea tsona ea botho ba Bokreste ka tsela ena hobane hona ho ne ho sa thabise Jehova Molimo ’me ho ka ’na ha isa timelong. Empa, batho ba bomolimo, haholo-holo baholo ba khethiloeng, ka kutloelo bohloko ba ne ba leka ho thusa baapari ba sa tieang ba “kobo e nang le litšila” ho khutlela tseleng ea pholoho. Haeba pako ea ’nete e ne e bontšoa ke ba khelohileng, ho ne ho tla etsahala hore ba ‘pholosoe’ lefung le hlokang mohau oa Molimo leo tsela e sa hloekang e neng e tla ba isa ho lona.—Liproverbia 28:13.
Khanya, Boholo, Matla le Borena li Lebisoe ho Molimo
14, 15. (a) Ke mang ea ileng a khona ho sireletsa barapeli ’moho le Juda ba tlotsitsoeng hore ba se ke ba oa, ’me motho o ne a ka oela ho eng? (b) Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng tse tšepahalang li ka ‘hlaha pontšeng joang li se na letheba’ pel’a Molimo? (c) “Bongata bo boholo” bo lebelletse eng?
14 Ha a qetella, Juda a siea babali ba hae ho Molimo, a re:
“Joale, ho ea ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la oa, le ho le hlahisa pontšeng ea hae e khanyang, le se na letheba, le nyakaletse, ho Molimo o ’notši, ’Moloki oa rōna, e be khanya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena oa rōna Jesu Kreste, joale le ka mehleng le mehla! Amen!” (Juda 24, 25)
Hoba a fane ka temoso e bululetsoeng le keletso e utloahalang, Juda a tlameha ho bea balumeli ’moho le eena ba kotsing moeeng tlhokomelong ea Molimo. Ke Jehova a le mong ea ka ba atlehisang ka ho hanyetsa “banyefoli” ba har’a bona. Ka hona Juda ka ho loketseng a phetha lengolo la hae ka polelo ea thoriso ho ea Phahamileng.
15 Barapeli ’moho le Juda ba tlotsitsoeng ba ne ba ka ba le tšepo ho Jehova joale ka ea ‘ka tsebang ho ba boloka, hore ba se ke ba oa.’ Molimo o ne a ka ba tšireletsa ho oela molekong le ho ineela tekong ea ho tšoareha boitšoarong bo bobe bo khothaletsoang ke banyefoli ba basilafatsi ba nama. Ka sebele, Jehova a ka lebela ba nang le bomolimo hore ba se ke ba ‘oela’ sebeng se tebileng le timetsong e letetseng Bakreste ba bohata ba sa bakang ba bophoofolo. Ho feta moo, Jehova o ne a khona ‘ho hlahisa [lipaki tsa hae tse tšepahalang] pontšeng ea hae e khanyang, li se na letheba,’ kapa, ‘ka pel’a boleng ba hae bo khanyang.’ (NW, khatiso ea 1950) Ba ne ba tla khona ho ema ba se na letheba moeeng ka baka la mohau oa Molimo o sa tšoanelang. (Ba-Efese 2:1-7; Ba-Kolosse 1:21-23) Lipaki tsa Jehova tse tlotsitsoeng tse tšepahalang li rata hore Jesu Kreste a li tsose ’me a li bee phethehong ea moea ka pel’a “khanya” ea Molimo. (Johanne 5:25; 11:24, 25) Ka sebele, hona ho tla fella ka ‘nyakallo’ e kholo ho bona. Ka ho tšoanang, “bongata bo boholo” bo lebelletse hore bo alosoe ho feta ‘mahlomola a maholo’ ’me ba thabela melemo e tsoelang pele ea ‘tšebeletso e halalelang’ ha ba atamela phetheho ea botho holim’a lefatše.—Tšenolo 7:9, 10, 14-17.
16. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a bitsoa “Molimo o ’notši, ‘Moloki oa rōna, . . . ka Morena oa rōna Jesu Kreste”? (b) Juda o lebisitse eng ho Molimo, ’me ke hobane’ng e ne e loketse joalo?
16 Jehova, joale ka ha Juda a boletse, ke feela “’Molimo o ’notši, ’Moloki oa rōna, . . . ka Morena oa rōna Jesu Kreste.” Khafetsa ka Mangolong Jehova o khetholloa joale ka ’Moloki. (Pesaleme ea 106:21; Esaia 43:3; Jeremia 14:8; Luka 1:46, 47) Ke Eena ea fanang ka pholoho ka Morena Jesu Kreste. (Mattheu 20:28; Johanne 3:16; Ba-Roma 5:8; 1 Johanne 4:9, 14) Ka ho loketseng, Juda o ile a lebisa “khanya” (doxa, ka Segerike) ho Jehova, ho bontšang phatšimo. (Bapisa Pesaleme ea 29:1, 2.) Ho Molimo o boetse a lebisa “Boholo” (megalōsyné, ka Segerike), ho bontšang “boholo” ba tlhaho ea borena. (Int) Hona ke tlotliso e loketseng ea borena bo phahameng ba bohlokoa ba Jehova joale ka “morena ea se nang ho fela.” (1 Timothea 1:17) Kratos, kapa “matla,” le oona a ile a lebisoa ho Jehova, ka ho totobetseng a tšoaea borena ba hae, kapa bobusi, leha e le leholimong kapa lefatšeng. (Bapisa Daniele 4:25; Tšenolo 11:16-18.) Juda o ile a tsoela pele ho lebisa “boholo” (exousia, ka Segerike) ho Molimo, hobane Jehova o na le borena le matla ho etsa seo A se ratang.—Daniele 4:34, 35.
17. Ke hobane’ng ha tlhaloso ea Juda ho Molimo e loketse (a) ‘bakeng sa mehleng le mehla’? (b) ‘hona joale’? (c) “ho isa le ho bo sa feleng”?
17 Juda ka ho loketseng o lebisa khanya, boholo, matla le borena ho Jehova “joale le ka mehleng le mehla,” kapa “ho tloha ho bo sa hlaheng,” joale ka ha batho ba ka ’na ba ho tseba, hobane Jehova ke Molimo “ho tloha ho bo sa hlaheng ho isa ho bo sa feleng.” (Juda 25; Pesaleme ea 90:2) Barapeli ba Jehova ka ho loketseng ba tla lebisa lintho tsena ho Eena ‘hona joale,’ ke hore, ha Juda a ne a ngola le kajeno. Ho feta moo, Jehova o lokeloa ke tlhaloso ena “mehleng le mehla,” hobane a ke ke a shoa le kamohla ’me ka mehla o tla ba le barorisi ba tšepahalang. (Habakuke 1:12; Pesaleme ea 148) Ponong ea Juda thapelong ha a qetella, o ekelletsa ka “Amen,” kapa “Ha ho be joalo.” ’Me ka polelo ea hae ea thoriso Bakreste bohle ba tšepahalang ba Lipaki tsa Jehova ba lumela ka pelo.
Tebisa Molaetsa oa Juda Pelong!
18. Lengolong la Juda, re ithutile eng ka (a) baruti ba bohata? (b) “bohlola”? (c) ho fokola ha tumelo? (d) ho hlompha ba beiloeng boholong? (e) ho korotla le ho khanana? (f) ho ipatla ho ba bang ka molemo oa boikhabi?
18 Lengolo la Juda le na le molemo oa sebele ho Lipaki tsa Jehova kajeno. Re tlameha ho khoramela Lentsoeng la Molimo ’me ka matla re qobe baruti ba bohata. (Jobo 13:16; 27:8, 9; Jeremia 17:13; Juda 4, 19) Ba tšepahalang ba tlameha ho hanela tšusumetso efe kapa efe ea ho tšoareha ‘bohloleng.’ (Juda 3, 4; Genese 39:7-12) Kapa hona hore re ka inehela tumelong e fokolang, hobane hona ho ka re batla bophelo bo sa feleng. (Ba-Heberu 3:12; Juda 5) Molaetsa oa Juda hape o lokela ho re susumelletsa ho hlompha ba beiloeng boholong ke Molimo le ho hanela teko efe kapa efe ea ho bua khahlanong le bao ka botšepehi ba jereng boikarabelo ba phutheho. (Ba-Heberu 13:17; Juda 8, 9) Ho e-na le ho korotla le ho khanana, re lokela ho susumeletsoa ke lengolo la Juda ho bontša lerato ho Jehova Molimo le ho balumeli bahabo rōna. (Mattheu 22:37-40; Johanne 13:34, 35; Ba-Roma 13:8-10; Juda 16) Mantsoe a Juda a boetse a re thusa ho qoba ho ipatla ho ba bang ka molemo oa boikhabi, ena e le har’a litsela tse khopo tse ka re etsang ba manyala ho Jehova.—Liproverbia 3:32; Juda 16.
19. Ke hobane’ng ha re lokela ho tebisa molaetsa oa Juda o bululetsoeng ke Molimo pelong?
19 Ka hona, joale ka Bakreste ba inehetseng ba Lipaki tsa Jehova le Mora oa hae ea ratoang, e se e ka bohle re ka tebisetsa pelong molaetsa o matla le o lerato oa morutuoa Juda. (Bapisa Esaia 43:10-12; Liketso 1:8.) Mantsoe a hae a tla re etsa ba tsepameng ka ho eketsehileng ha re tsamaea ‘tseleng ea bophelo.’ (Pesaleme ea 16:11) E se eka re ka ‘itebela ho ea ka lentsoe la Jehova,’ ho kopanyelletsa le lengolo la Juda. (Pesaleme ea 119:9-16) Ka tsela eo, re tla atleha “ho loanela tumelo” ’me, ka thuso ea Molimo, re tla ‘ipoloka leratong la Molimo.’
Na u hopola lintlha tsee
◻ Ke mang ea lemositseng hore “mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi,” ’me ke hobane’ng ha Juda a hlokomelisitse ka see?
◻ ‘Tumelo e halalelang ka ho fetisisa’ e ne e le eng, ’me re ka ikhaha holim’a eona joang?
◻ Balumeli ’moho le Juda ba ne ba ka ‘ipoloka leratong la Molimo’ joang?
◻ Ke ka baka lang ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba hloka mohau, ’me ho ne ho bolela’ng ka ho ‘ba tlosa mollong’?
◻ Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse bakeng sa Juda ho lebisa khanya, boholo, matla, le borena ho Jehova Molimo?
◻ Re lokela ho tebisa molaetsa oa Juda pelong hobane o re thusa ho sebetsana le mathata afe ka katleho?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang tsa lekholo la pele la lilemo li ‘loanetse tumelo,’ leha eka ’na eaba ba ne ba songoa ke baruti ba bohata
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
“Le rapele ka moea o halalelang”