Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 2/15 maq. 25-28
  • Litaba Tse Molemo li Phunyeletsa “Lithaba Tsa Litau”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo li Phunyeletsa “Lithaba Tsa Litau”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Litaba tse Molemo li Fihlela Morabe oa Bakisi
  • Mosebetsi o Tsoela Pele
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 2/15 maq. 25-28

Litaba Tse Molemo li Phunyeletsa “Lithaba Tsa Litau”

Pale e Hlollang ea Tsoelo pele ea ’Muso Sierra Leone

“KA HLOLLOA ke ho bona motse o tsoetseng pele o hloekileng ho feta metse e mengata likarolong tse ngata tsa lefatše. Literata tse hahiloeng ka samente, mabenkele a phetheselang, makoloi a macha le litilatile tsa batho ba ntseng ba feta ba sa khaotse. Ho ne ho e-na le sefate se seholo sa k’hothone seo ho neng ho tlamelloa makhoba ka ketane ho sona mehleng eo ea pele ha marena a ne a rekisa bokhobeng batlamuoa kapa batho ba bah’abo bona bao ba neng ba sa ba rate.” Ena ke polelo ea mohahlaula o neng o chaketse Freetown, motse-moholo oa Sierra Leone.

Lebitso Sierra Leone, le bolelang “Lithaba tsa Litau,” le khutlela morao nakong ea ha ramalekelle oa Lepotoketsi Pedro de Sintra a e tla ka lekhetlo la pele sebakeng seo ka 1462. Naha ena e ka lebopong le ka boroa bophirimela la Afrika Bophirima ’me e na le baahi ba fetang 3 000 000.

Lipaki tsa Jehova ha li ncha Sierra Leone. Litokollo tsa Watch Tower Society li ne li baloa ke batho moo bonyane ho tloha ka 1915 ho ea pele. Litokollo tsena li ne li tlisoe ke batho ba neng ba tsoa “West Indies” ba neng ba e-tla Sierra Leone bakeng sa mosebetsi. E mong oa bana e ne e le Alfred Joseph oa Barbados. A qala ho qoqa le ba bang ka ’nete ea Bibele. Ha a bona thahasello har’a batho ba moo, a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower a kopa thuso ea ho ntšetsa thahasello pele. Ka likhoeli tse seng kae feela W. R. (Bible) Brown le mosali oa hae ba fihla ba tsoa Trinidad, West Indies.

Puo ea pele ea Brown e ne e le ka taba e tsosang monahano “Bafu Ba Kae?” ’me e ile ea tsebahatsoa ka polelo ea molomo. Na batho ba Freetown ba ile ba arabela memo? Ena ke karabelo ea Alfred Joseph: “Liphello tsa re thabisa haholo. Boholo ba baruti ba Freetown, ba ka bang mashome a mabeli, ba tla ho tla mamela puo, empa ba bangata ba hlobola liaparo tsa bona tsa kamehla tsa bolumeli e le hore ba se hlokomelehe. Har’a boholo ba bamameli ba 500 ba neng ba tletse Holo ea Wilberforce Memorial ho ne ho le teng morutoana e monyenyane oa kereke, M. A. Garber. Eena le bongata bohle ba mamela ka hloko puo e nkileng hora eo e neng e tšoauoa ka litšehetso tsa mangolo tse neng li bontšoa bamameli ka mokhoa oa mochini oa li-“slide” o monyenyane. Lipuo tse matla li ne li e-ba le matšoele hoo, joale ka ha e mong oa baahi ba tsofetseng ba Freetown a bolela, ‘likereke tsa moo li ileng tsa tlameha ho koala litšebeletso tsa tsona tsa mantsiboea, hobane litho tsohle li ne li ile ho ea kopanela lipuong tsa “Bible Brown.”’

Ho ea qetellong ea 1923, batho ba leshome le metso e mene ba ne ba kolobelitsoe, ho kopanyelletsa le Garber. Sehlopha se senyenyane sa e-ba mafolofolo haholo ka ho bolela evangeli. Ho tla fihlela ka 1927 boholo ba mosebetsi oa ho bolela o ne o bonahala o lekanyelitsoe motse moholo feela. Joale, ho tloha ka 1928 ho ea pele, liithuti tsena tsa Bibele tsa etela literekeng. Ba Freetown ba sa khoneng ho ea ba tšehetsa ba kenellang hare ho naha ka lichelete. Selemo se seng le se seng, pele lipula li e-na, bopaki ba ntlo le ntlo bo ne bo etsoa le lipuo li ne li fanoa metseng e ka mathoko. Sontaha sa pele sa khoeli e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le sa ho khutlela metseng ho ea tiisa thahasello. Ka ho tla ha Ntoa ea II ea Lefatše, litokollo tsa Mokhatlo oa Watch Tower tsa thibeloa ’me tse ling tsa chesoa meahong ea tse kenang le tse tsoang ka hare ho naha leoatleng. Empa leha ho le joalo, mosebetsi oa bopaki oa ’na oa tsoela pele.

Lilemong tse fetileng, ho ne ho se keketseho e bonahalang palong ea batho ba amohelang molaetsa oa Bibele. Empa, har’a bao ba o amohetseng, ho ne ho e-na le banna ba neng ba bontša cheseho e hlokomelehang le boikemisetso. E mong oa bana e ne e le Zachaeus Martyn. Pele ho lefu la hae a le lilemo li mashome a robong a metso e supileng, o boletse tjena: “Ha kea ka ka ba le motho eo ke ithutang Bibele le eena. Empa ka 1941 ke ne ke ikemiselitse ho kopanela ho se seng sa liboka tsa Lipaki tsa Jehova. Hoba ke kopanele Sontaha sa boraro, ka tseba moo ke lokelang ho ba teng. Hoba ke khutlele ha e-so holim’a thaba, Gloucester, ka hlokomelisa Kereke ea Chache ea moo hore e hlakole lebitso la ka bukeng. Motsoalle e mong oa ka ea haufi-ufi eo e neng e le setho sa kereke a qala ho ntšokela ka hore: ‘Monna moholo, haeba u tla ’ne u nyolose u theose le thaba ena ka limaele tseo tse hlano ho ea holong ea batho bao, pele selemo se fela u tla be u shoele.’ Ka etsa hore a mpone ha ke nyolosa le ho theosa thaba habeli ka beke ka lilemo tse hlano, ’me ha a ka hlola a nkhathatsa. Ke lilemo tse mashome a mararo tse fetileng, ’me ke ntse ke ikutloa ke le matla.”

Litaba tse Molemo li Fihlela Morabe oa Bakisi

Ho tloha ka 1957 ho ea pele batho ba bangata ba morabe oa Bakisi ba amohela lithuto tsa Bibele. Morabe ona o fumanoa karolong e likhutlo li tharo ea Sierra Leone, Liberia le Guinea. Batho bao ke ba lumelang haholo hore moea o arohana le ’mele ’me ba hanyelitse tšusumetso ea Masolomane ka nako e telele. Le hoja ba setletse meetlong ea ho nyala sethepu le ho tobana le bothata ba ho se tsebe ho bala, ba bangata ba lahlile litsela tsa bona tsa pele ’me ba qala ho etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le melao ea Bibele. Ka batho ba Bakisi Sierra Leone le Liberia, litaba tse molemo li fihlile ho batho ba merabe ea ha bo bona Guinea. Ka lebaka leo, hona joale Guinea ho na le Lipaki tse kaholimo ho 150 tsa morabe ona.

Batho ba Bakisi Sierra Leone ba arabetse joang? Molebeli ea tsamaeang a fihla Koindu ho e ka bang ka 4 motšehare oa mantsiboea ’me a bolelloa ke Paki e neng e mo memme hore ho tla ba le puo ka 6 mantsiboea. Molebeli ea tsamaeang o re: “Ka hanyetsa, kaha ho ne ho se ea tsebang hore ho tla ba le puo. Leha ho le joalo, a tsitlella, ka hore a re seboholi sa motse se tla tsebahatsa. Re ile ra ja ’me ra itlhatsoa. Pele nka apara bakeng sa puo, batho ba qala ho tla. Kapele batho ba fetang mashome a robileng mono o leng mong ba be ba se ba fihlile, boholo e le banna. Hoba ke bue hora e le ’ngoe ka ema ’me ka ba bolella hore puo e felile. Empa ha ho le ea mong ea ileng a tsamaea. Ba rata ho botsa lipotso. Hona ha tsoela pele ho fihlela ho e ka bang ka 9 bosiu, ha sefefo se qhalanyetsa boholo ba bona mahaeng a bona. Leha ho le joalo, banna ba mashome a mabeli ba lula ho fihlela ka 2 ka meso.”

Batho bana ba arabela kapele. Kapele batho ba bahlano ba qala ho kopanela ho hasanyetsa molaetsa oa Bibele ho ba bang, hamorao ba leshome, hamorao ba leshome le metso e mehlano le ba mashome a mabeli. Ha a utloa sena, molebeli ea tsamaeang a belaela hore na batho bana ba hlile ba na le mofuta oa tumelo e batloang ke Bokreste ba ’nete. Ka thabo, ho ne ho le joalo. Ba bang ba pele ba ntse ba le mafolofolo ho boleleng litaba tse molemo.

Ka ho amohela molaetsa oa Bibele, batho ba ikokobelitseng ba morabe oa Bakisi ba tobana le mathata a tebileng le khanyetso e kholo. Molebeli ea tsamaeang o oa tlaleha: “Ba bangata ba tlameha ho feta tlas’a mahloriso a sehloho ka baka la ho ema ha bona ba tiile ba sa nke lehlakore litsekisanong tsa lipolotiki le hobane ha ba sa tšehetsa litokelo le litšebeletso tsa bolumeli ba bohetene. Ba bang ba bile ba ahloleloa lefu ke banna ba merabe ea ha bo bona. Ponong ea maemo, ha bonahala hore ho kena lipakeng ha mangeloi ho ile ha thibela likahlolo tsa lefu. Lipaki tse ngata li ile tsa balehela morung ho pholosa bophelo ba tsona ho fihlela ha ba boholong ba khona ho fuputsa litaba. Mabakeng a mangata mapolesa a ile a tšireletsa baena. Ha banna ba babeli ba Lipaki ba chesetsoa matlo a bona le ho fasoa ’me ba otloa, toka e ile ea sebelisoa molemong oa bona. Moahloli oa lekhotla a tlosa morena e moholo boemong ba hae ba ho busa nako e ka etsang selemo. Hamorao, morena enoa e moholo a bontša thahasello e kholo ho Lipaki tsa Jehova. Ka 1968, ha li tšoere kopano ea potoloho motseng oa hae, a fana ka sebaka sa boroko bakeng sa batho ba chakileng ’me a ba a fana ka moqikita oa khomo.

Mosebetsi o Tsoela Pele

Ho tloha ka 1959 ho ea pele, ka ho khetheha, batho ba hasang litaba tse molemo ba qala ho eketseha Sierra Leone. Ka la 19 Phato, 1967, e bile letsatsi le hopolehang ka ho khetheha, hobane ka nako eo ofise ea lekala e ncha ea Mokhatlo oa Watch Tower e ne e neheloa Freetown. O potolohiloe ke serapa sa linaha tse chesang tsa lefatše, mohaho ona o sebakeng sa tse ling tsa libaka tse ntlehali ’me o hlomelletsoe ka Holo ea ’Muso e hohelang. Mohaho ona o sebelelitse ho phahamisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova likelellong tsa batho ba bangata. O boetse oa thulisa bahanyetsi ba bang ba bolumeli ba neng ba bolela hore Lipaki tsa Jehova ha li ea tla Sierra Leone ho tla lula.

Kajeno Lipaki tse fetang 550 kamehla li kopanela ho eteleng mahae a bahahelani ba tsona ho ba thusa ho ithuta ka merero ea Molimo. Har’a bana ho kopanyelletsa ba neng ba nyetse sethepu pele le eo ka nako e ’ngoe e neng e le moprista le moprofeta oa kereke ea moea.

Lipaki tsa Jehova Sierra Leone li lebelletse ho thusa batho ba bangata haholo ho ithuta ka borapeli ba ’nete. Kamehla ke boikemisetso ba tsona ho ‘eketsa ka mehla ho sebeletsa Morena.’—1 Ba-Korinthe 15:58.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela