Ho ne ho Hopotsoe Tumelo ea Hao—Ho Ba-Roma
HO HLOKAHALA eng hore u khahlise Molimo?
U ka ’na ua fana ka likarabo tse ngata: Phela bophelo bo botle—sek’a utloisa ba bang bohloko etsetsa Molimo mahlabelo a itseng boloka melao ea hae. Etsa mesebetsi e molemo. Amohela Kreste ’me u tšepahala tšebeletsong ea hao.
Likarabo tsena li molemo, hobane li ama lintho tseo u lokelang ho li etsa hore u amoheloe ke Molimo. Empa ho na le ntho e ’ngoe e bohlokoa ka ho fetisisa hoo lintho tseo li ka hlokang matla ntle ho eona. Ke TUMELO.
Mohlomong o nahana hore, ‘ke na le tumelo ’me kea tseba hore tumelo ke ea bohlokoa.’ Leha ho le joalo, bohle re etsa hantle ho hlahloba ntlha e ’ngoe eo hangata e fihlang ho rona ho tsoa bukeng ea Ba-Roma. U tla fumana sehlooho sena se hokahantsoeng ho Ba-Roma 1:16, 17. Moo moapostola Pauluse o re bolella hore ‘litaba tse molemo ke matla a Molimo a ho pholosa’ le hore ‘ea lokileng o tla phela ke tumelo.’ Na poloko e ka fumanoa ke e mong le e mong ea nang le tumelo? Na tumelo e etsa hore mesebetsi ea Bokreste e fetohe lefeela? Lengolo la Pauluse le eang ho Ba-Roma lea arabela.
Na uena ka bouena u kile ua bala lengolo la Ba-Roma? Kapa, na u kile ua le bala hangata? Potso e latelang ke potso e molemo, hobane ho kile ha boleloa hore lengolong la Ba-Roma litaba tse molemo li fanoa ka mokhoa o utloisisehang. Kahoo ho hlokahala hore lengolo la Ba-Roma le baloe ka ho phetoa-phetoa; ha u ntse u le “bala,” ke hona u le utloang le le “monate.”
Poloko ea Tumelo Bakeng sa Bohle
Ho bile le taba e ileng ea khathatsa Bakreste ba lekholo la pele la lilemo: Na ho ka etsahala hore Bajode le Balichaba ba amoheloe ke Molimo ’me ba o bolele ba lokile? Molimo o ile oa susumetsa Pauluse hore a ngole ka taba ena ea bohlokoa lengolong la Ba-Roma. Seo a se ngotseng se ka ba bohlokoa haholo bophelong ba rona ha re ntse re sebelisa tumelo ’me re batla poloko. Le boetse le re tšoaretse thuto ea bohlokoa haeba re sekametse maikutlo a hore motho e mong kapa morabe o molemo ho feta o mong.
Hore re utloisise hamolemo khang eo Pauluse a e tsositseng, a re ke re akaretseng boholo ba buka eo. Ha u bala lengolo la Ba-Roma u tšoere kakaretso ena letsohong u tla le pono e nepahetseng e tla u thusa ho bona bohlokoa ba khang e ileng ea tsoha. Ka hoo u ke ke ua lahleheloa ke bohlokoa ba taba e leng ho ka etsahalang ha u bala feela temana ka temana.
Kamor’a kenyeletso ea hae le polelo ea hae e mofuthu ka takatso ea hae ea ho etela phutheho e Roma, Pauluse joale o toba sehlooho se seholo: Molimo ha o ee ka tšobotsi, ’me o fane ka monyetla oa poloko ho “e mong le e mong ea nang le tumelo”—ho sa natsoe hore na ke Mojode kapa Molichaba. Esita leha khang ea hore Molimo o talima Mojode kapa Molichaba joang e sa hlole e le khang e matla joaloka ha e kile ea e-ba matla morao koo, lihlaloso tsa Pauluse li hatella tumelo ea rona. Hobane’ng hoo ho le bohlokoa ho bohle?—Ba-Roma 1:1-17.
Bonneteng, bohle re baetsalibe ba tšoaneloang ke bohale ba Molimo. Sena se ka bonahala hantle ka ho hlokomela Balichaba bao ka ho hloka meitatolo ba neng ba sa hlokomele bopaki ba ho ba teng ha Molimo oa ’nete. Hangata ba ne ba rapela lintho tse bōpiloeng ’me ba [ka baka la pono ea bona e fosahetseng ka Molimo] ba ineela boitšoarong bo litšila. (Ba-Roma 1:18-32) Empa ’nete ke hore ho joalo le ka batho ba Bajode, bao ba ka ’nang ba ahlola kapa ba nyatsa Balichaba. Bajode le Balichaba ba moleng oa hoahloloa. Hobane’ng? Hobane Bajode ba na le molao oa Molimo ’me ba ipolela hore ba o ruta. Balichaba ba na le letsoalo le ba susumeletsang ho etsa ho lokileng, ka hona le ba etsa hore ba ikarabelle. Leha e le hore lebollo le boqai ke ntho e kholo.—Ba-Roma 2:1-29.
Haeba u ne u le Mokreste oa Mojode lilemong tseo, hoa utloahahala hore u ne u tla thabela ho lumela ha Pauluse hore Bajode ba tšepetsoe lipolelo tsa Molimo. Leha ho le joalo ho ke ke ha baleheloa ’nete, e hlalosoang Mangolong, hore sebe se ama bohle. Kahoo ho hlokahala haholo tsela e itseng hore batho ba loke. Molimo o arabetse hlokahalo eo ka mokhoa o mocha oa ho fumana toka—ho lumela ho Jesu. Na u rata ho bona bopaki ba hore tumelo e feta mesebetsi ea molao? Hlokomela mohlala oa Abrahama, eo Molimo o mo boletseng a lokile ka baka la tumelo le pele a bolotsoa kapa pele mêlao e neeloa Baiseraele. ’Me re ke ke ra hana ’nete ea hore liphello tsa tumelo eo ea Abrahama li bolela lehlohonolo ho bohle, ho sa tsotellehe hore na ba tsoaloa sechabeng sefe.—Ba-Roma 3:1–4:25.
Na ua bona joale hore tumelo ke ea bohlokoa hakae ho Bakreste? Bakeng sa bao ba lebeletseng bophelo leholimong, tumelo e feta ho boleloa ha bona ba lokile le ho tlotsoa ha bona ka moea o halalelang. Leha ho le joalo bohle re ka thaba hakaakang ka monyetla oa ho fumana kamohelo ka tumelo ea rona! Batho ba phetseng pele molao o fanoa e ne e le baetsalibe ’me ba shoele ka baka la sebe. Hoba Moshe a fuoe molao, sebe se ile sa bonahala ka ho hlakileng. Ke eng se neng se ka hlola sebe sa Adama, se tlisitseng ho se phethahale ho rona? Tsela ea Jesu ea botšepehi matla a phekolang a lefu la hae la sehlabelo. A tlosa sebe. Ka ho lumela seo re fumana “bophelo bo sa feleng.”—Ba-Roma 5:1-21.
Ho Phela ka Tumelo
Ha u tsoela pele u bala lengolo la BaRoma u tla bona hore Pauluse o sebetsana le kutloisiso e fosahetseng eo ba bang ba neng ba ka ba le eona ka baka la lipolelo tsa hae. Joang joalo? Hantle, e mong a ka ’na a nahana hore ha e le moo Molimo o sebetsana le sebe ka hore o bontše mosa, motho a ka ’na a tsoela pele a etsa sebe. Eo e ka ba phoso e kaakang! Pauluse o hlalosa hore Bakreste bao libe tsa bona li tšoaretsoeng ba lokela ho bona hore sebe se se ke sa ba busa. Ho joaloka ha eka pele sebe e ne e le morena oa rona eo re mo mamelang; empa joale ho joaloka ha eka morena oa rona oa pele o timetse ’me melao ea hae e ka tloloa. Re na le morena e mocha-Molimo ka tumelo re lokela ho ba “bahlanka ba ho loka,” ’me “re ikotulela khalalelo, ’me bofello ke bophelo bo sa feleng.”—Ba-Roma 6:1-23.
Ho hloka boiteko ho phela joaloka Mokreste ka tumelo. Boiteko boo ha se feela ho boloka molao, hobane batho bao pele ba neng ba le ka tlas’a molao ba ne ba hloleha ho o boloka ka ho feletseng joale ba lokolotsoe ho oona joaloka ha mosali a lokolotsoe molaong oa monna ha monna a shoele. Empa re ka khothatsoa ke mantsoe a Pauluse a sa eeng ka leeme: O ile a lumela hore o na a hloleha ho qoba sebe, le hoja a ne a rata. Empa u ile a ikutloa a holotsoe ke Kreste. Le rona re ka thabela tokoloho e joalo.—Ba-Roma 7:1-25.
Bao Molimo o ba amohelang joaloka bana ba oona ba moea ba tla busa hammoho le Jesu Kreste leholimong. Seo se ba nea tšepo, ’me se lokela ho tiisa Bakreste bohle ba tšepahalang hore Molimo o tla thusa bohle ba o tšepang. Bonneteng, haeba re tšepahala ho oona, ha ho letho le ka re khaohanyang le lerato la oona ka Jesu Kreste. (Ba-Roma 8:1-39) Re se ke ra belaela tšebetso ea Molimo e molemo. O na le tokelo le matla a ho rera litaba kamoo o ratang, joaloka ha a ile a bontša ka ho khetha ha hae Jakobo le kamoo a sebelitseng le Faro kateng. Kaha boholo ba Bajode bo ile ba khopjoa ’me ba se amohele Messia, Molimo o ile oa rera hore mang le mang ea bontšang tumelo a ka bolokeha. Ka ’nete seo ke litaba tse molemo! Leha ho le joalo, ho tlisa holim’a rona boikarabelo ba ho bontša tumelo ka ho bolela litaba tse molemo e le hore batho ba lichaba tsohle ba utloe ’me ba be le tumelo.—Ba-Roma 9:1–10:15.
Re lokela ho bona kamoo sena se sebetsang kateng. Le hoja ba le boemong bo amohelehang ho Molimo ’me e le bona ba pele moleng bakeng sa bophelo ba leholimo, joaloka “Iseraele oa Molimo,” Baiseraele ba hlaho ha ba ka ba tiisetsa kabelong eo. Joaloka makala a sebele a mohloare a lemiloeng ba ileng ba rengoa, ho lumella Balichaba sebaka (ba bapisoang le makala a mohloare oa naheng) ba amohelang Kreste. Ntle ho pelaelo, bohle ba ileng ba amohela mohau oa Molimo ka tsela leha e le efe ba lokela hore ka kananelo ba tsoele pele ho bontša tumelo hore ba bolokehe.—Ba-Galata 6:16; Ba-Roma 10:16–11:36.
Ke ka litsela life u ka bontšang tumelo ea hao, ho feta ho bolela phatlalatsa bakeng sa poloko le ho thusa ba bang ho tseba litaba tse molemo? U tla fumana likarabo tse ling ho Ba-Roma 12:1–13:14. Joaloka Mokreste u ka qoba hore u se ke ua bapisoa le tsamaiso ena e khopo ’me u ka hlaolela boikokobetso, ua amohela baeti ’me ua hlola bobe ka ho etsa botle. Bonneteng, ha u bala khaolo eo u tla fumana likhothatso tse ling tse ntle, ho kopanyeletsa le e ’ngoe ea ho bontša boikokobetso bo nang le moeli ho mebuso e leng “marena a maholo.”
Mosebetsi o mong oa Mokreste ke ho hlokomela batho ba bang ba nang le matsoalo a fokolang, a ikemisetsa ho tlohela lintho tseo a nang le tokelo ea ho li etsa hore a se khopise ba bang. Ha re jara bofokoli ba bao ba seng matla ho e-na le ho ikhotsofatsa borona, re etsisa mohlala oo Kreste a o siileng. Re boetse re etsa khotso le kutloano.—Ba-Roma 14:1–15:16.
Ha u bala likhaolo tse peli tse qetellang Ro 15, 16 lengolo la Ba-Roma u tla bona hore ka ’nete Pauluse o phetse tumellanong le tumelo ea hae. O ne a e-na le kabelo ea boboleli haholo-holo ho Balichaba, ’me o ne a tšoarehile ka matla ho phethahatseng kabelo eo. Ho phaella maetong a hae a ho etela liphutheho Roma, Pauluse o ne a tšepile ho fetela le Spain. Eo e ne e le kou e kholo ea ’muso oa Roma ’me e ne e le tšimo eo Pauluse a neng a e-so ho e sebetse. Litumeliso tse ngata tsa botho tsa Pauluse bo Bakreste ba Roma ke bopaki bo bong hape ba tumelo ea hae e phelang, le e sebetsang.
Ka ho hlakileng, buka ea Ba-Roma e re thusa ho ananela kamoo tumelo e leng kholo ka teng ho mesebetsi ea molao. E re hlakisetsa hore Molimo ho hlokeng leeme ha oona o ikemiselitse ho amohela bohle ba bontšang tumelo, o ba tšepisa hore ba ka baloa ba lokile ’me ba fumana bophelo bo sa feleng. Ha joale e se eka re ka hlokomela bohlokoa ba ho ba le tumelo e matla le ho phela tumellanong le eona.