Ho Atoloha ho Matla ha ’Muso Japane
“KA TŠOHANYETSO feela leseli le sa tloaelehang la phatšima le ho halima holimo phaposing ea teronko eo ke neng ke le ka ho eona. . . . Joale ka utloa molumo o matla hoo e kang lithaba tsohle li helehile ka nako e le ’ngoe. Ka nako e le ’ngoe feela phaposi ea teronko ea koaheloa ke lefifi le letšo. Ka sunya hlooho ea ka tlas’a moalo oa ka o haufi, ho balehela ho neng ho bonahala e le moea o bolaeang o motšo.”
Seqhomane sa athomiki se ne se sa tsoa phatloha holim’a Hiroshima, Japane, ka la 6 Phato, 1945. Monna ea ileng a phela ho hlalosa taba ena o ne a le teronkong ka baka la botšepehi ba hae e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Sehlotšoana sa Lipaki se ne se le mafolo-folo se bile se sebetsa Japane pele le nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Lilemo tse ’ne kamorao ho ntoa, baromuoa ba sekolo sa Gileade ba fihla. Ba iteanya kapele le Lipaki tse seng kae tse neng li mamelletse ka botšepehi matsoalo a ntoa. Kahoo, hang hape, lipalesa tse fupileng tsa ’nete ea ’muso tsa qala ho ahlama ka khanya naheng eo.
Ka 1949 ho ne ho e-na le batho ba moo ba bararo, hammoho le baromuoa ba neng ba tlaleha mosebetsi oa boboleli. Ka lilemo tse latelang tse leshome le metso e mene mohaho oa lithupa oa mekato e ’meli o ne o sebeletsa e le ofisi ea lekala Tokyo. Joale, ka Tšitoe 1962, mohaho ona oa heletsoa ’me mohaho o mocha oa mekato e supileng oa phahama sebakeng sa oona. Ka nako eo o neng o neheloa ka oona ka Pulungoana 1963 palo ea baboleli ba ’muso e ne e feta 3 000 Japane.
Tsoelopele ea ’na ea e-ba ntle, e etsa hore ho hlokahale lisebelisoa tse kholoanyane bakeng sa ho hatisa libuka tse buang ka Bibele. Kahoo pele ho feta lilemo tse leshome, ka 1972, ha phethoa sebaka se secha sa khatiso le lehae la Bethele Numazu, 120 km boroa bo ka bophirima ho Tokyo. Ka nako ena palo ea barorisi ba ’muso e ne e feta 14 000. Leha ho le joalo, ka lilemo tse hlano kamorao ho moo palo ea bahoeletsi e ne e imenne hoo e ka bang hararo, ho ea ho ba fetang 41 000. Ka lebaka la keketseho ena e babatsehang mehaho ena e hahiloeng bocha Numazu ea patisana haholo, le hoja e ile ea atolosoa nakoana hoba mohaho oa pele o phethoe. Kahoo ho ea qetellong ea bo-1970 Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova sa lumella morero o mocha oa katoloso.
Ke eng e ikarabellang bakeng sa khōlo e potlakileng hakaalo? Palo ea basebeletsi ba nako e tletseng (bo-pula-maliboho) Japane ruri ke lebaka la bohlokoa. Lilemong tsa morao tjena a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ba kopanelang mosebetsi oa boboleli o ho etsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng (pula-maliboho).
Lisebelisoa tse Ncha tsa Lekala
Ke ka Pherekhong 1979 ha ho qalisoa mosebetsi mehahong e mecha ea lekala. Setša sa lihaktere tse 7 se ne se ile sa rekoa Ebina, Japane, bakeng sa lisebelisoa tsena tse ncha ho hang. Hona joale mohaho o qetiloe, ’me fektri e ncha ea khatiso, liofisi, Holo ea ’Muso, lehae la Bethele, ntlo e ka thoko ea Bethele, karache le ntlo eo ho betleloang ho eona li imenne hararo ho mehaho e neng e le Numazu!
Baeti ba etelang mehaho hangata ba hlolloa ke ho bona hore tšebetso eohle ea ho etsa libuka. Libibele le limakasine, e phethoa tlas’a marulelo a le mang. Japane ho hatisa le ho tlama libuka ho atisa ho etsoa ke mekhatlo e menyenyane, eo boholo ba eona hangata bo sa feteng phapusi e ka pele ea mong’a ntlo. Kahoo u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha seo baeti ba se bonang mona se nkoa e le mohlolo.
Baeti ba bang ba bile ba makalla ho tseba hore basebetsi ba ka khatisong le ka liofising ba phela hona mehahong eo. Ba phela hamonate mehahong e hokahaneng le oo e bitsoang lehae la Bethele. Le hoja lehae lena le na le sebaka sa batho ba fetang 350, hona joale ho na le litho tsa lelapa la Bethele tse 200. Kahoo ho na le sebaka se sengata bakeng sa katoloso e tsoetseng pele.
Ka khatisong e tsoetseng pele e sebelisang li-computer ho etsoa maqephe ka mechine. A nkoa foto e be filimi e sebelisetsoa ho etsa li-plate tsa khatiso e lebelo. Ka hona ha ho sa sebelisoa khatiso ea loto e chesang ho hang. Litokisetso tsa li-computer tse ileng tsa nka sebaka sa khatiso ea loto li entsoe ke Lipaki tsa Jehova. ’Me koana, tsena tsa etsoa hore li lumellane le litlhokahalo tse tobileng tsa libuka tsa Watch Tower. Ha ho ne ho hlokahala lihora tse ngata ho qapa leqephe le le leng la buka e ncha ha ho ne ho sebelisoa loto e chesang, tšebeliso ea li-computer e finyella hona ka metsotso feela.
Hoo e ka bang lilemo tse fetileng tse peli mochine oa khatiso o lebelo haholo o ile oa hlongoa ho nka sebaka sa khatiso ea enke. Ka likhoeli tse leshome le metso e robeli, thomello ea limakasine ea nyolohela ho 33 lekholong. Khatiso e lebelo haholo e ntša limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse fetang limillione tse peli ka khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ho phaella moo, e hatisa libuka le Libibele tse fetang 200 000 ka khoeli, hammoho le lipampitšana le lintho tse ling tse khethehileng. Haufinyane, leha ho le joalo, mochine o mong oa khatiso o lebelo haholo oa mebala e mene o ile oa hlongoa hore ho ka tsamaisanoa le tlhokahalo e ntseng e eketseha ea libuka tsa Bibele.
Libibele le libuka tse pitikang likhatisong li tlangoa ka mechine e tsoetseng pele ea joale. Ho ba le mochine oa rōna o tlamang libuka e bile lehlohonolo le leholo lilemong tse peli tse fetileng. Re ne re amohela Yearbook of Jehovah’s Witnesses ea Sejapane e tsoa Brooklyn, New York, hoo e ka bang ka Tlhakola kapa Tlhakubele. Empa kaha re se re e etsa mona, Yearbook e ba matsohong a Lipaki tsa Majapane pele selemo se secha se thoasa. Tokelo e khethehileng haholo e bile ho hatisa le ho tlama New World Translation of the Holy Scriptures e feletseng ka Sejapane mona Japane.
Ho Neeloa ha Lekala le Lecha
Ebile thabo e kaakang ka Motšeanong ngohola ka la 15 ho ba teng bakeng sa ho neeloa ha lisebelisoa tsee tse ncha tse phethiloeng! Ho ne ho le teng baeti ba memiloeng ba 1 675 bakeng sa lenaneo lena le khethehileng le ileng la tšoareloa mona lekaleng. Fred Franz le Lloyd Barry, ka bobeli e le litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, ba ne ba tlile ba tsoa Brooklyn, New York, bakeng sa ketsahalo ena.
Moena Barry ke e mong oa baromuoa ba tlileng Japane ka 1949, ’me o sebelelitse mona ho fihlela ka 1975 ha a memeloa ho ba setho sa Sehlopha se Busang. Karolong e ’ngoe ea lenaneo la neelo, Barry a buisana ka lipotso le ba leshome le metso e mene ba tsoang sehlopheng sa leshome le motso o mong sa sekolo sa Gileade seo a neng a le ho sona. Ebile khothatso e kaakang ho mamela mekakala ee ea khale, eo e mong le e mong a nang le lilemo tse fetang mashome a mararo tšebeletsong ea boromuoa Japane!
E bile thabo e phaelloang ka thabo ho baromuoa bana ho kopana ka lekhetlo lena le khethehileng le batho bao ba ba thusitseng ho tseba merero ea Molimo mashomeng a lilemo a fetileng. Joalokaha mosali oa Moena Barry, Melba, a hlalositse: “Ka letsatsi la pele leo ke ileng ka bolela Japane, ho e ngoe ea matlo a pele ao ke ileng ka a etela, ke ile ka buisana le motho eo hona joale a leng teng lenaneong lena.” Motho enoa o sebelelitse ka botšepehi mosebetsing oa boboleli ka lilemo tse fetang mashome a mararo.
Lilemong tse fetileng tse fetang mashome a mararo e mong oa baromuoa a ithuta le Isamu Sugiura, eo hona joala e leng setho sa komiti ea lekala ea Japane. Sugiura a kenyelletsa sebui se ka sehloohong sa letsatsaing leo, Moena Fred Franz, mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society. Ha a liela litema puong ea hae ea neelano, Franz a botsa: “Le batla ho etsa joang ka lisebelisoa tsee?” Toshio Honma, mohokahanyi oa lekala la Japane, a etsa pontšo ea hore li neeloe ho Jehova Molimo ho sebeletsa merero ea hae. Pontšo ea thooletsoa ’me bohle ba mametseng ba lumela hommoho ka mahofi.
Ka letsatsi le hlahlamang ha tšoaroa seboka se khethehileng Lebaleng la Mabelo la Oimachi Tokyo. Sa hokahanngoa ka mehala le metse e meng e mashome a mabeli ea Japane. Le hoja ho ne ho finyelletsoe tlhoro ea barorisi ba ’muso ba 68 593 Japane ka ’Mesa ho ne ho le teng kakaretso ea batho ba 133 633 ba ileng ba utloa lenaneo lena le khethehileng ka Sontaha, la 16 Motšeanong. Hore ho ka lebelloa keketseho e ’ngoe kamoso ho boetse ho bontšoa ke ba bileng teng Sehopotsong Japane—batho ba 173 344. Keketseho ea ba fetang 28 522 ho ba ngohola-kola.
Le hoja ho qhoma ha seqhomane sa athomiki holim’a Hirishoma ka 1945 ho ile ha baka mahlomola a maholo le tsieleho, thabo le tšepo li tsamaile le ho ata ho matla ho kang ho qhoma ha baboleli ba ’muso Japane. Haeba ke thato ea Jehova, ke thapelo ea rōna e matla hore ba bang ba likete tse ngata hape ba ka fumanoa ’me ba tlisoa tokisetsong ea hae ho amohela bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste.
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
E neetsoe Ebina ka la 15 Motšeanong, 1982
Mehaho ea lekala le setša sa lihakthere tse 7 moo e hahiloeng
Lehae la Bethele
Holo ea ’Muso
Liofisi
Khatiso
Ntlo ea Libetli
Karache
Ntlo e Thoko ea Bethele
[Setšoanšo]
Papiso ea mehaho ea lekala ea Majapane le libaka tseo e neng e hahiloe ho tsona
Numazu 1972-1981
Tokyo 1963-1972
Tokyo 1949-1962
[Krafo e leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Katoloho e Matla ea Bahoeletsi ba ’muso Japane
SELEMO PALO EA BAHOELETSI
1982 68,593
1981 60,267
1979 48,078
1974 22,612
1969 6,861
1959 1,272
1949 9
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Ponahalo ea mehaho e mecha ea lekala Ebina. Mehaho ena e meholo e kaholimo ke lehae la Bethele le liofisi, ka karolo ea sebaka sa khatiso ka letsohong le letona
[Setšoanšo se leqepheng la 18]
Bokamorao ba Lehae le Bethele