Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/1 maq. 20-25
  • “Le Etse ka Senna”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Etse ka Senna”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Monna Ea ka Etsisoang
  • Ha Bafu ba Tla Phela Hape!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Ho Bula Tsela ea ho Khutlela Paradeiseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lebaka Leo re Lokelang ho Rata Jesu ka Lona
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Thuto ea 8—Melemo ea “New World Translation”
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/1 maq. 20-25

“Le Etse ka Senna”

“Falimehang, le tiee tumelong; le etse ka senna, le matlafale.”—1 Ba-Korinthe 16:13.

1. Ka mantsoe “Bonang, motho!” Pilato o ne a bua ka Jesu e le eng?

“BONANG, MOTHO!” Ka mantsoe ao a tsebisahalang ’musisi oa Roma Ponse Pilato a hlahisa ho mokhopi o befileng oa Bajode o bokaneng tlung ea hae ea borena Jerusalema motho ea tummeng ho feta bohle paleng ea batho. Ke Mojode ea neng a bitsoa Jesu Kreste, eo ka nako eo a neng a apere seaparo sa borena sa purapera a roetse moqhaka oa meutloa hloohong ea hae, hona hohle e le ho mo soma ha a ipolela hore ke Morena oa Messia ea tšepisitsoeng. (Johanne 19:5-15) Leha ho le joalo, ka mantsoe “Bonang, motho!” Pilato o ne a supa Jesu e le boleng bo totobetseng ka ho fetisisa har’a batho bohle, ea sa lokeloeng ke ho latoloa.

2. Ke ka motho ofe batho ba shoeleng ba tla tsoha bafung, ’me e le motheong oa nyehelo efe?

2 Moapostola Pauluse o buile ka motho enoa, ea neng a lekana le Adama motho ea phethahetseng mehleng ea ho bōptjoa ha hae, ha a ngola ho 1 Ba-Korinthe 15:21 ka mantsoe ana: “Hobane lefu ha le hlahile ka motho [anʹthro·pos Adama], tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho [anʹthro·pos Jesu Kreste].” Moapostola Pauluse o ne a hopotse eena motho eo ha a bua le litho tsa lekhotla la Athene Areopago, kapa Leralla la Mars, ’me a re: “Molimo ha o se o lesitse litšiu tseo tsa ho se tsebe hore li fete, joale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake. Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.” (Liketso 17:30, 31) Ka ho tela bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho lebitsong la batho bohle, Jesu enoa ea tsositsoeng o ne a ka hlahisa topollo bakeng sa batho bohle eo ka eona le ba shoeleng har’a batho ba neng ba ka tsosoa bafung le ho ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise tlas’a ’muso oa lilemo tse sekete.

3. Ke nyehelo ea mang ea topollo e lumellanang le seo e neng e lokela ho ba bopaki ka nako eo e khethehileng, ’me ke hobane’ng ha hona joale e le nako e loketseng ka ho fetisisa bakeng sa bopaki bona?

3 Tumellanong le ntlha eo e thabisang, moapostola Pauluse a ngolla mosebetsi hammoho le eena Timothea ’me a re: “Hobane Molimo o mong feela, le ’Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle. Ke boo bopaki bo beiloeng mehleng ea teng.” (1 Timothea 2:5, 6) ’Me joale, kajeno, ha a le teng e le Morena ea busang teroneng ea hae ea leholimo ka letsohong le letona la Molimo, ke nako e loketseng hantle bakeng sa bopaki bo joalo hore bo fanoe ho batho bohle.

4. Ha Pilato a hlahisa Jesu ka pel’a mokhopi, ponahalo ea hae e ne e fapane joang le ea mohla a kenang a palame Jerusalema, ’me ke hobane’ng ha Pilato a ne a ka hapeha maikutlo?

4 Leha ho le joalo, hajoale re khutlela morao Letsatsing la Paseka lane le hopolehang la selemo sa 33 CE, ha ’musisi oa Roma oa Judea, Ponse Pilato, a hlahisa Jesu ea sohlokiloeng le ea nyefotsoeng ho mokhopi oo o lonya o ka pel’a ntlo ea hae ea borena ’me a re: “Bonang, motho!” Ka sebele Jesu e ne e le ntho e makaletsoeng ka nako eo! O ne a bonahala ka mokhoa o fapaneng hole le oo a neng a o bontšitse pelenyana hona bekeng eo. Nako eo ka eona a neng a kena a palame ka tlhōlo Jerusalema e le khosana tseleng e eang ho ea roesoa moqhaka oa borena motseng oa moreneng. Hona e ne e le phethahatso e fokolang ea boprofeta ba Zakaria 9:9, moo re balang: “Nyakalla haholo, morali oa Sione, u tšele litlatse, morali oa Jerusalema! Bona, morena oa hao ke enoa; o tla ho uena; ke ea lokileng, ea nang le poloko, ke ea ikokobetsang, ea kaletseng esele, e leng petsana, namane ea esele e tšehali.” (Mattheu 21:1-9; Johanne 12:12-16) Hamorao, ka letsatsi la Paseka, Jesu o ne a tlameha ho bontša litšobotsi tse matla hakaakang tsa bonna, ho jara tlatlapo eohle le ho khahlapetsoa a sa belaele, ho ikokobeletseng ka ho feletseng thato ea Molimo o Holimo-limo, Ntate oa hae oa leholimo! Ha ho letho le leng leo ’musisi Pilato a neng a ka le etsa ha e se ho haptjoa maikutlo ke bonna bo bonolo le bo sa thekeseleng ba Mojode enoa eo mahlo a bokahohleng bohle a neng a shebile ho eena.

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ba ratang bophelo paradeiseng ba e-na le mohlala o phethahetseng ho Jesu Kreste ka tsela eo ba ka sebetsang ka eona? (b) Ka tlhaloso ea Pauluse, tsela ea Adama le ea Jesu Kreste e ile ea ama batho ka litsela tse sa tšoaneng joang?

5 Batho bohle bao haufinyane ba ratang ho fumana bophelo lefatšeng la paradeise, ba na le mohlala o lokelang ho etsisoa ho motho eo ea nang le litšobotsi tsa bonna, mohlala oo ba ka tsepamisang mahlo a bona ho oona. Ho tšoana le motho oa pele, Adama, ha ’Mopi oa hae a mo bea tšimong ea Edene, Jesu e ne e le motho ea holileng ka ho feletseng ea phethahetseng. Empa Jesu ha a ka a senya setšoantšo sa Molimo seo a neng a beiloe lefatšeng ka sona; ha ho mohla a kileng a senya tšobotsi ea ho tšoana le Molimo eo a neng a holiselitsoe ho ba motho ka eona. (Genese 1:26, 27) Kahoo, tsela ea ho se mamele ea Adama le tsela ea ho se mamele ea Adama le tsela e tšepahalang ea boikokobetso ea Jesu Kreste li amme batho bohle ka ho fapaneng hakaakang!

6 Ha a bolela hona ka bokhutšoanyane, moapostola Pauluse a ngolla phutheho ea Bokreste motseng oa bahlalefi oa Korinthe, Greece, mantsoe a latelang: “Hobane joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste. Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ea hae; thakangoaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.” (1 Ba-Korinthe 15:22, 23) Ka lebaka leo Molimo ha o ka oa tlohela Mora oa oona ea tšepahalang lefung. Ka tšepiso ea oona e sa senyeheng, Molimo oa mo tsosa bafung ka letsatsi la boraro, eena oa pele ho bafu ea ileng a tsosetsoa bophelong bo sa feleng. Ka tsoho Molimo oa khutlisetsa Mora oa oona ea mamelang sebakeng seo a neng a le ho sona le eena pele, maholimong a sa bonahaleng. Hona ha nolofatsa hore bafu ba batho ba tle ba khutlisetsoe bophelong lefatšeng, ka monyetla oa ho phahamisetsoa butle-butle bophelong bo phethahetseng paradeiseng lefatšeng, nakong ea puso e sa bonahaleng ea Jesu Kreste holim’a lefatše ka lilemo tse sekete.

7. Ke hobane’ng ha Jesu Kreste e se e se motho oa nama ea phethahetseng empa leha ho le joalo o tla khona ho khutlisetsa eng ho bana ba Adama le Eva?

7 ‘Boteng’ ba hae bo sa bonoeng, empa bo hlokomelehang e le Morena holim’a batho ba lopolotsoeng ruri bo tla ikutloahatsa. Jesu Kreste ke sebopuoa sa moea hape, empa hona joale e le se ke keng sa shoa, se ke keng sa bola. Moapostola Pauluse o supa ntlha ena ha a tsoela pele a re ho phutheho ea Korinthe: “’Mele oa nama o teng, le ’mele oa moea o teng. Joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Motho oa pele, Adama, o entsoe moea o phelang, ’me Adama oa morao o entsoe moea o phelisang.” (1 Ba-Korinthe 15:44, 45; Genese 1:26, 27; 2:7) E se e se sebopuoa sa motho sa nama le mali, empa joale e le moea o matla o leholimong, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o tla tseba ho khutlisetsa bana ba Adama le Eva bophelo bo phethahetseng, joalokaha a ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho e le motho lebitsong la lelapa la motho.

Monna Ea ka Etsisoang

8. Jesu Kreste ke mohlala o lokelang ho etsisoa ho ba batlang eng, ’me ke motheong oa eng Pauluse a bolellang litho tsa phutheho ea Korinthe hore ba mo etsise?

8 Joaloka mohlala o phethahetseng ha a sa le lefatšeng, Jesu Kreste o lokeloa ke ho etsisoa ke bohle bao kajeno ba batlang ho fumana bophelo bo sa feleng, ebang e tla be e le ba kopanelang le eena leholimong ’musong kapa e le bara le barali ba phethahetseng ba hae ba batho lefatšeng la paradeise. Kahoo, tokelong e phethahetseng ea lintho, moapostola Pauluse o ne a ka ngolla balateli ba Kreste Korinthe ea boholo-holo ’me a re: “Le se ke la lihela ba-Jode, leha e le ba-Gerike, leha e le kereke ea Molimo, joale ka ha le ’na ke khahlisa bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se tšoanelang ’na feela, ke mpa ke batla se tšoanelang ba bangata, ba tle ba bolokehe. Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste.”—1 Ba-Korinthe 10:32–11:1.

9. Ho 1 Ba-Korinthe 16:13 leetsi la Segerike le fetoletsoeng e le “le etse ka senna” le nkiloe lereong lefe, ’me lereo lee le etsa khethollo efe?

9 Mantsoe ao a re thusa ho sheba ponong e nepahetseng khothatso e tsoelang pele ea Pauluse e fumanoang har’a mantsoe a hae a qetellang a eang ho phutheho ea Korinthe, Greece: “Falimehang, le tiee tumelong; le etse ka senna, le matlafale.” (1 Ba-Korinthe 16:13) Mona lentsoe le le leng la Segerike le fetoletsoeng e le “le etse ka senna” ke leetsi le nkiloeng ho lereo an·erʹ ka sebopehong sa botona, e leng, an·drosʹ. Lereo lena la Segerike le bolela monna, motho e motona, joalokaha a fapane le mosali, motho e motšehali. Ka mohlala, Mattheu 14:21 e baleha tjena: “Ba jeleng e be e le banna ba batlileng ho ba likete tse hlano, basali le bana ba sa baloe.” (Bona hape Mattheu 15:38; Mareka 6:44; Johanne 6:10.) Ho ile ha belaeloa ka moapostola Petrose Jerusalema hore “u kene ho banna ba sa bollang, ’me u jele le bona.” (Liketso 11:3) Ho 1 Ba-Korinthe 11:3 rea bala: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste, ’me hlooho ea mosali ke monna, ’me hlooho ea Kreste ke Molimo.”

10. Ho Liketso 17:31, ke lereo lefe la Segerike le sebelisitsoeng ke Pauluse ha a bolela eo Molimo o rerileng ho ahlola lefatše le ahiloeng ka eena?

10 Ho litho tsa Lekhotla la Areopago Athene ea boholo-holo, Greece, moapostola Pauluse o buile mantsoe a latelang ka Jesu Kreste: “[Molimo] o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatše ka lona ka ho loka, ka monna [an·erʹ] eo o ’meetseng hoo, ’me o lokiselitse bohle [ka segerike, paʹsin] tšepiso ea teng ka ho mo tsosa bafung.”—Liketso 17:31.

11. Ho Liketso 14:15, mangolo a Segerike a bontša phapang pakeng tsa motho e motona le motho feela joang?

11 Ho Liketso 14:15 re bala ka Pauluse le Barnabase ba hooa ba re: “Banna [ka Segerike, anʹdres], le etsetsa’ng joalo na? Athe le rōna, re batho [ka Segerike, anʹthro·poi] ba fokolang joale ka lōna.” Kahoo rea bona kamoo lengolo la Segerike le khethollang pakeng tsa motho e motona le motho feela e mong le e mong.

12. (a) Ke ka tsela efe bo-khaitseli ba ka phuthehong ea Korinthe ba neng ba lokela ho etsa ka “senna,” ’me liphetolelo tse ling tsa Senyesemane li baleha joang mona? (b) Leetsi la Segerike an·driʹzo le hlaha ka makhetlo a makae ka Mangolong a Bakreste a Segerike, empa ke ka makhetlo a makae ho Septuagint Version ea Segerike?

12 Mantsoe a Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 16:13, “Le etse ka senna” (an·driʹzo), a ne a ngoletsoe litho tsohle tsa phutheho, ho likhaitseli hammoho le baena. Kahoo le tsona likhaitseli li ne li lokela ho etsa ka senna, ke hore, ka sebete sa Bokreste, ha ba etsisa Jesu Kreste, Hlooho ea phutheho ea Bokreste. Mangolong a pele a Bakreste a Segerike leetsi an·driʹzo le hlaha hanngoe feela, e leng ho 1 Ba-Korinthe 16:13, moo Bibele ea Sesotho e le ngolang e le “Le etse ka senna.” New World Translation e le “le tsoelepele joaloka banna.” Authorized Version ea Morena James e baleha tjena: “Le itšoare joaloka banna.” The Living Bible: “Le etsise banna.” New Testament in Modern English ea Phillips e le: “Le phele joaloka banna.” Leha ho le joalo, mangolong a Segerike a Septuagint Version leetsi an·driʹzo, le hlaha ka makhetlo a mashome a mabeli a motso o mong.

13. Leetsi la Segerike le ngotsoe joang ho Deuteronoma 31:6, 7, 23 ho latela phetolelo ea Septuagint ea Charles Thomson?

13 Ka mohlala, ho Deuteronoma 31:6, 7, 23 joalokaha e fetoletsoe ke Charles Thomson, rea bala: “Le etse ka senna, le iphe matla; . . . Eaba Moshe o bitsa Joshua, a re ho eena pel’a Baiseraele kaofela, U be sebete, u iphe matla; . . . ’Me Morena a laela Joshua, a re, U be sebete, u iphe matla, hobane ke uena ea tla kenya bana ba Iseraele naheng eo Morena a ba hlapanyelitseng hore o tla ba nea eona, ’me o tla ba le uena.” (Bona ’malo o tšoanang khatisong e hatisitsoeng ke S. Bagster and Sons ba London, England.)

14. Phetolelo ea Charles Thomson e ngola leetsi la Segerike joang ho Nahume 2:1?

14 Moo lentsoe lena le hlahang ka lekhetlo la ho qetela ho ana a mashome a mabeli a motso o mong leetsi lena la Segerike ho Septuagint Version ea Segerike ho Nahume 2:1 (NW), rea bala: ‘Ho uena ho kene ho matha ea lokolotsoeng mahlomoleng. Lebela tsela; itiise letheka; etsa ka senna ka matla ’ohle a hao.’ (Bona hape le khatiso ea Bagster ea Septuagint.)a

15. Kahoo, leseling la sena, liphetolelo tse ling tsa kajeno li ngola leetsi la Segerike ho 1 Ba-Korinthe 16:13 ka tsela eo ka ho hlakileng e sebetsang ho banna hammoho le basali joang?

15 Ha ho talingoa kamoo Septuagint e ngolang leetsi la Segerike an·driʹzo, hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha likhatiso tse ling tsa morao tjena tsa Bibele e Halalelang li ngola leetsi leo la Segerike ho 1 Ba-Korinthe 16:13 ka tsela e tšoanang le liphetolelo tse kang Septuagint Version (LXX) ea Segerike. Ka mohlala, The Revised Standard Version: “Le be sebete.” Today ’s English Version: “Le hloke boi.” New International Version: “Le be banna ba sebete.” The New English Bible: “Le be likoankoetla.” The Jerusalem Bible: “Betefalang.” Ka kutloisiso eo leetsi la Segerike le ne le tla sebetsa ho basali hammoho le banna ba ineetseng ba ba ba kolobetsoa ba Bakreste. Ke kahoo ho tšoanelehang ha Pauluse a sebelisitse leetsi la Segerike ho 1 Ba-Korinthe 16:13. Hona ke ’nete le hoja basali e le ‘lipitsa tse fokolang, batho ba batšehali.’—1 Petrose 3:7, NW.

16. Hoba a bolelle Bakreste hore ba etse ka senna, Pauluse o phaella ka mantsoe afe, ’me khothatso ee e ka phethahatsoa joang?

16 Hoba moapostola Pauluse a bolelle Bakreste ba ineetseng le ba kolobelitsoeng hore ba “etse ka senna” o eketsa mantsoe ana: “Le matlafale.” Tumellanong le sena, Pauluse o ngolile, ho Ba-Efese 6:10: “Qetellong, banab’eso, tieang Moreneng le matleng a hae a sa sitoeng ke letho.” Jehova Molimo ea Matla ’ohle a k’a re tiise hore re “matlafale,” e, hore re etse mesebetsi ea bonatla tšebeletsong ea hae e halalelang. (Daniele 11:32) O apesitse batho ba hae ba ineetseng ba ba ba kolobetsoa ka seriti sa tšebeletso e kholo ho feta leha e le efe eo motho a ka bang le eona lefatšeng. Hona ho lokela hore ka matla ho susumetse masala a tlotsitsoeng le metsoalle ea oona ea ba kang linku hore ba etse joalokaha Pauluse a re khothalletsa, hore, “Le etse ka senna.”

17. Ke ka tsela efe masala a tlotsitsoeng a kajeno a nang le tokelo e hlomphehang haholoanyane ho feta Johanne Mokolobetsi?

17 Tokelo ea rōna kajeno ke e kholoanyane le e hlomphehang haholoanyane ho feta ea Johanne Mokolobetsi oa lekholong la pele la lilemo. O ne a neiloe tokelo ea ho ba selelekela sa khosana, Jesu Kreste, phethahatsong ea boprofeta ba Malakia 3:1 ka tsela ea sebele kapa tekanyetsong e nyenyane. (Mareka 1:1, 2) Ha a bua ka ‘lenqosa lena le rōmetsoeng ho hleka tsela ka pel’a Jehova’ Jesu o itse: “Ke re ho lōna: Ka ’nete, har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Mattheu 11:7-11) Kajeno, ho tloha qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše ka selemo sa 1918, masala a majalefa a tlotsitsoeng a ’muso oa leholimo a sebetsa joaloka manqosa, e seng a ’muso oa leloko la borena la nakong e tlang, empa a ’muso oa khanya o hlomiloeng qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914, ka Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a beiloe teroneng. Ke ’nete ka bona, empa e le ka kutloisiso e kholoanyane, joalokaha moapostola Pauluse a ngolile hore: “Re manqosa a Kreste ke hona, ’me ho ka thoe, ke Molimo o le khothatsang ka rōna; rea le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Molimo!”—2 Ba-Korinthe 5:20.

18. (a) Ho tloha ka 1935, ke bo-mang ba nkileng bohato ka thapeli ea ho boelana le Molimo joalokaha e boleloa ke masala a “manqosa a Kreste”? (b) Ke bo-mang ba ikopantseng le banna ho boleleng litaba tse molemo tsa ’muso, ’me hona ho ile ha bontšoa joang ho Pesaleme ea 68:11?

18 Hoba ntoa ea pele ea lefatše e lale ka 1918, ’me haholo ho tloha ka selemo se hopolehang sa 1935, bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle bo nkile bohato ka memo eo ea masala a tlotsitsoeng a majalefa a ’muso. Bana ba nkile bohato bo hlalosoang ke Mangolo hore ba boelane le Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ’me hona joale ba khotsong le eena. Ka kananelo bana ba nkile bohato e le metsoalle ea masala a ‘manqosa a emetseng Kreste,’ ’me ba ka nkoa e le ‘baemeli ba emelang Kreste’ ha ba atolosetsa boipiletso ba ho boelana le Molimo ho ba bang hape ba kang linku. Ka tsela ea senna le e sebete, bana le bona banna hammoho le basali, ba tsoela pele ba bolela ‘litaba tsena tse molemo tsa ’muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona e le bopaki.’ (Mattheu 24:14, NW; Tšenolo 7:9-17) Ho joalokaha Pesaleme ea 68:11 e hlile ea bolela: “Morena o utloahatsa lentsoe la hae; basali ba tsebisang hlolo ke lekhotla le leholo.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa makhetlo a mang ao leetsi la Segerike an·driʹzo le hlahang ka oona ho LXX ea Segerike, bona: Joshua 1:6, 7, 9, 18; 10:25; 2 Samuele 10:12; 13:28; 1 Likronike 19:13; 22:13; 28:20; 2 Likronike 32:7; Pesaleme ea 26:1427:14; 30:2531:24; Jeremia 2:25; 18:12; Daniele 10:19; Mikea 4:10; bapisa tsena le kamoo li balehang liphetolelong tse ling tsa mangolo a pele a Seheberu bakeng sa litemana tsena kaofela, ka mohlala, liphetolelo tsa kajeno tsa Senyesemane tse qotsitsoeng kaholimo. Ho Jeremia 2:25 rea bala: “Empa a re, Ke tla etsa joaloka e mong ea holileng [an·driʹzo]. Hobane o ne a rata basele, ka baka leo a ba latela.”—Charles Thomson.

Na u ka arabela lipotso tsee?

◻ Ho hlahisa ha Pilato Jesu ho mokhopi e le “motho” ho ne ho kenyelletsa eng ka Jesu?

◻ Jesu ka lekhetlo lee o hlahile a bonahala a fapane le pelenyana ho moo hona bekeng eo joang?

◻ Jesu o beile mohlala oa mofuta ofe ka boitšoaro ba hae bakeng sa balateli bohle ba hae ka letsatsi la ho qetela la bophelo ba hae lefatšeng?

◻ Taelo ea boapostola ea ho ‘etsa ka senna’ e ne e tobisitsoe ho bomang?

◻ Basali ba Bakreste ba ka etsa ka senna joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

“Bonang, motho!”

Ke eng e ne kenyelletsoa ha Jesu a hlahisoa ke Pilato?

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Basali ba ka ‘etsa ka senna’ joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela