Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/15 maq. 8-12
  • Mefokolo eo e ka Hlōloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mefokolo eo e ka Hlōloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithuso tse Fanoeng ke Molimo
  • Lebaka la Bothata bo Boholoanyane ke Lefe?
  • Ho Hlōla Tšebeliso e Mpe ea Tahi
  • Ho Itloaolla Koae
  • Ho Tsoela ho Ipholla Litho tsa Botona kapa Botšehali ho Ikhotsofatsa
  • Tšoarella Melaong ea Bibele
  • Nka Loantša Tloaelo ea ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali Joang?
    Tsoha!—1988
  • Amohela Thuso ea Molimo ho Hlōla Liphoso tsa Sephiri
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Nka Etsa’ng ho Hlōla Tloaelo ea ho Ipholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ho le Thata Hakaana ho Qoba ho Pholla Litho Tsa Botona Kapa Botšehali?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/15 maq. 8-12

Mefokolo eo e ka Hlōloa

MATHATA a mararo ho bonahala a hlōpha bacha ba kajeno hammoho le batho ba bangata ba baholo ho feta a mang. Ke afe? Botahoa, ho tsuba le ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa (hape ho bitsoa ho itšilafatsa ka ho ikhotsofatsa bouena botoneng kapa botšehaling).

Litloaelo tsena li ipiletsa mefokolong ea nama, ’me tikoloho ea kajeno e thatafatsa ho li hlōla. Ka mohlala, joala le lisakarete li phatlalatsoa hole le ka bophara. Litšekamelo tse fosahetseng li susumelletsoa ke mokhoa oa lingoliloeng tsa bootsoa, libaesekopo le mananeo a thelevishene. Empa hona ha ho bolele hore mathata ana kapa mefokolo e ke ke ea hlōloa.

Lithuso tse Fanoeng ke Molimo

Ntlheng ena hoa thusa ho nahana ka mohlala oa moapostola Pauluse. Le hoja e ne e le moapostola oa Mokreste hakaalo-kaalo, o ipoletse hore o hlolehile ho etsa seo a batlang ho se etsa ’me o entse lintho tseo a neng a sa batle ho li etsa. (Ba-Roma 7:14-25) Leha ho le joalo, a boela a re: “Ke mpa ke laea ’mele oa ka, ke ithapisetsa oona; e se re mohlomong ha ke boleletse ba bang Evangeli, ’na ka fumanoa ke sa lokeloa ke ho amoheloa.” (1 Ba-Korinthe 9:27) Ha e le hantle, o tsebile ho bua tjena ho Bajode bahabo: “Banna ba heso, ke tsamaile ka letsoalo le letle kahohle pel’a Molimo, ho fihlela tsatsi lena.”—Liketso 23:1; 22:3.

Ke lithuso life tseo Molimo o faneng ka tsona ho re thusa ho ‘laea ’mele ea rōna’? Re ka thusoa joang hore re ‘itšoare ka letsoalo le letle’ mabapi le mefokolo e kang ho lemalla tahi le koae, le ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa?

Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, ke thuso e ’ngoe eo ho seng e ka emang sebakeng sa eona. Ho le bala kamehla, e, tsatsi le leng le le leng, ’me haholo-holo likarolo tse kang Lipesaleme, buka ea Liproverbia le Mangolo a Bakreste a Segerike, e ka ba thuso e kholo. Ke ’nete hore ‘motho ha a phele ka bohobe feela empa le ka linnete tse tsoang molomong oa Molimo’ le tse fumanoang ka Lentsoe la Oona, Mangolo a Halalelang.—Mattheu 4:4.

Re fumana matla moeeng ka ho bala Lentsoe la Molimo le libuka tsa Bokreste tse re thusang ho le utloisisa le ho le sebelisa. Hona ho re nea pono e ntle ea se khahlisang ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo. Ho feta moo, re fumana tšusumetso e ntle litaelong le mehlaleng e lemosang tse ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo. Kahoo re thusoa ho rata—le ho etsa se setle le se nepahetseng, re bile re ntse re hloea, e, re nyonya se sebe kapa se khopo.—Pesaleme ea 97:10; Ba-Roma 12:9.

Thapelo ho Molimo ke thuso e ’ngoe e khōlō. Nako le nako Bakreste ba ’nile ba tiisa thuso e khōlō ea thapelo hore ba hlōle mefokolo ea bona. Ho bile joalo ka mosali e mong oa Mokreste ea neng a thatafalloa ke ho tlohela mokhoa oa ho tsuba. Hoba a utloe puo e ntle ea Bibele ka taba ea thapelo, a ea lapeng, a rapela ka tieo ho Jehova Molimo hore a mo thuse hore a hlōle mokhoa ona, ’me kamorao ho moo ha a ka a hlola a e-ba le bothata. (Ba-Filippi 4:6, 7) Ha re kōpa Molimo, ka tieo eohle, hore a re tšoarele ha re sitiloe ntlheng eitseng, rea lopoloha ’me re thuseha ho qalisa ntoa ea rōna bocha.

Moea o halalelang oa Molimo kapa matla a sebetsang, le oona ke thuso. Re o fumana ha re o rapella. Jesu o itse: “Ha esita lōna ba lonya, le tseba ho nea bana ba lōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” Moea oo o halalelang ke matla a sefutho. (Luka 11:13; Zakaria 4:6) Ha re ineela tšusumetsong ea oona, re tla thuseha, hobane tholoana ea moea e akarelletsa boitšoaro, bo hlokahalang bakeng sa ho loana ka katleho le mathata a hlaselang.—Ba-Galata 5:22, 23.

Bakreste ba hōlileng tsebong le bona e ka ba mohloli oa thuso. Ho joalo haholo ka ba tšoanelehang moeeng, ba kang baholo ba phutheho. Ka ho kenya moholo lekunutung la rōna, re ka thusoa haholo ntoeng ea rōna. Empa le ba bang ba ka ’na ba thusa. “Basali ba hōlileng” ba ka tseba ho thusa basali ba bacha. (Tite 2:3-5) Ka mohlala, mooki e mong ea seng a phomotse mosebetsing oa booki ea neng a tsuba haholo bophelong bohle ba hae o ne a ikemiselitse hore a tlohele ho tsuba e le hore a ka tšoanelehela ho kolobetsoa. A bea letsatsi le itseng ’me a bolella metsoalle ea hae e meholo ea Bakreste ka boikemisetso ba hae. Eaba ka letsatsi le leng le le leng e mong ho metsoalle ena e haufi o-oa mo letsetsa ka fono-fono kapa o mo etela ho mo tšehetsa. Phello e bile hore mafelong a beke ho hang o ne a hlōtse takatso ea ho lakatsa lisakarete.

Kahoo, re hlokometse mecha e mene e ka sehloonong ea thuso: (1) ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo, hammoho le libuka tsa Bokreste; (2) ho mamella thapelong; (3) ho ineela tšusumetsong ea moea o halalelang oa Molimo; le (4) ho batla thuso ea Bakreste ba hōlileng tsebong. Ka litsela tsena, batho ba bangata haholo ba ile ba thusoa ntoeng ea bona ea ho loantša mefokolo. Empa, ba bang ba thatafalloa haholo ho hlōla mefokolo ho feta ba bang. Na e be ho sa na le lithuso tse ling tseo ba ka li sebelisang hamolemo?

Lebaka la Bothata bo Boholoanyane ke Lefe?

Ke hobane’ng ha ba bang ba thatafalloa haholoanyane ho feta ba bang ho hlōla mefokolo? Ntle ho pelaelo, ho teng taba ea ho se hōle moeeng. Mang le mang ea hlōloang ke ho sebelisa lithuso tse boletsoeng pele, kapa ea li sebelisang feela ka tsela e sa tebang, o tlameha ho thatafalloa haholoanyane ho hlōla mefokolo ea hae.

Lefutso le lona ke lebaka le leng. Ba bang ka ho totobetseng ba nkile mefokolo eitseng ho batsoali ba bona, kapa mohlomong batsoali ba batsoali ba bona, joalokaha motho e mong a ka ’na a ba le selelekela sa lefu la tsoekere. Kahoo tabeng ea mefokolo ho bonahala hore “bo-ntat’a bana ba jele morara o bolila, ’me meno a bana a thella.”—Ezekiele 18:2.

Hape ke taba ea hore na ke hangata hakae kapa ka matla hakae motho a ileng a phehella tsela e belaetsang. Hona ho amana haholo le hore na o metse ka metso hakae ho eona. Ka mohlala: Motho ea tsubang halofo ea pakana ea sakarete ka letsatsi ho ka ba thata hanyenyane hore a khaotse ho tsuba ho feta ea tsubang lipakana tse tharo ka letsatsi, ea tsubang a sa khaotse.

Tikoloho le eona e ka ’na ea ama bothata. Ka mohlala, mohlomong mosali o batla ho tlohela ho tsuba, empa mohlomong monna oa hae le bana ba lilemong tsa bocha ba tsuba kaofela. Ho ka ba thata haholo ho eena hore a lahle mokhoa ho feta mosali eo lelapa la hae le sa sebeliseng koae. Ka mokhoa o joalo, haeba pele motho a rua tsebo ea Mangolo o ne a tloaetse ho nahana ka lintho tse litšila, ho tla ba thata haholo ho eena ho mamela taelo ea Ba-Filippi 4:8 hore a nahane ka lintho tse khabane, haholo haeba a ne a sebetsa har’a batho bao moqoqo oa bona o silafetseng.

Ho Hlōla Tšebeliso e Mpe ea Tahi

Motho eo ho bonahalang a e-na le bofokoli boo ho leng thata ho bo hlōla a ka atamela litaba ka tsela efe hape? Ho na le ho bitsoang ho hlaha taba u e phekola ’meleng. Ho ka ’na ha boleloa hore ke ho loantša bothata u bo phekola ’meleng ho e-na le kelellong. Molao oa motheo oa ho phekola ntho u e hlaha ka kelellong ke hore ’mele le kelello ke ntho e le ’ngoe ’me kahoo kelello e ama ’mele. Empa ho fapaneng le hoo le hona ke ’nete, boemo ba ’mele bo ama kelello. Ke kahoo batho ba jeoang ke kankere ba atisang ho tepella kelellong. Kahoo, ba bang ba phepo ba na le maikutlo a hore ho haha bophelo bo botle ba ’mele ka ho ja ka mokhoa o tšoanelehang ho ka hlomella motho hamolemo hore a hlōle ho lakatsa tahi.

Tekong e ’ngoe, litoeba li ile tsa fuoa metsi a sa tšeloang letho le metsi a tsoakiloeng le tahi. Litoeba tse ling tsa noa haholo metsi a nang le tahi, tse ling tsa noa hanyenyane feela ’me toeba e ’ngoe ea hana ho noa ho hang. Ha litoeba li fepuoa lijo tse matla haholo ka livitamine le matsoai, tsa hla tsa theola haholo ho noa haholo metsi a nang le tahi. Empa ha li neoa lijo tse haelloang haholo ke limatlafatsi tse hlokahalang, litoeba kaofela tsa qala ho noa haholo metsi a nang le tahi. Ba neng ba entse liteko, bao har’a bona ho neng ho e-na le bafuputsi ba etellang pele ho tsa meriana, ba fihlela qeto e tiileng ea hore kamano e teng pakeng tsa ho lemalla tahi le ho ja ka mokhoa o sa nepahalang; hape le hore ho se tšoane ha lefutso ho ikarabella bakeng sa tekanyo ea metsi a nang le tahi ao litoeba li a noang.

Se fumanoeng mona se sebelisitsoe haholo ka liphello tse ntle ke litho tse ling tsa bongaka ha ba sebetsana le matahoa. Leha ho le joalo, lingaka li hatisa hore hore pheko ea lijo e tle e sebetse motho o tlameha ho ba le takatso e tiileng ea ho hlōla ho lemalla tahi, hobane e tla ba phoso ho hlokomoloha taba ea boitšoaro ba botho tabeng ea tahi. Ha li lumellane le ba batlang ha re lumela hore tahi ho hang ke bothata ba lingaka hore ho e lemalla ho phekoloe. Leha e le hore li hlokomoloha ’nete ea hore ba ileng ba qetella ba lemalletse tahi ba molato ka bobona kapa ba ne ba sa tsotelle, le haeba lebaka la lefutso le ho ja ka mokhoa o sa nepahalang li ile tsa nka karolo ea bohlokoa.

Ba ratang ho phela bophelo ba borapeli ba hlile ba amehile ka maikutlo a Molimo ka tšebeliso e mpe ea tahi. Lentsoe la hae le halalelang ha le siee pelaelo ea hore ho sebelisa lino tse tahang ka mokhoa o sa leka-lekaneng ho lokela ho qojoa ke ba lakatsang ho hauheloa ke Molimo. (Liproverbia 23:29-35; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Hona ho fana ka tšusumetso eo ho seng e lekanang le eona ea ho hlōla bofokoli ba mofuta ona.

Ho Itloaolla Koae

Ngaka e ’ngoe e ne e lemalletse koae ’me e lekile ka makhetlo ho itloaolla eona. Empa ha e ka ea atleha ho fihlela ha e etsa qeto ea hore e batla ho ba Mokreste. Ha hoa ba bonolo ho tlohela ho tsuba, empa ha hoa ba thata haholo. (2 Ba-Korinthe 7:1) Leha ho le joalo, ngaka e ’ngoe, ngoan’abo ngaka ena, le eona e ne e talimane le bothata bona boo. Tabeng ea enoa oa morao ho itloaolla mokhoa ona ho ile ha hloka boiteko bo phahameng, kaha o ne a hotetsa sakarete e ’ngoe ka e ’ngoe. Le hoja a ile a atleha qetellong, o bolela hore ho itloaolla mokhoa ho batlile ho mo etsa hore a ipolaee.

Ba bang ba phepo ba na le maikutlo a hore ho ja lijo tse nepahetseng ho ka thusa motho ho itloaolla mokhoa oa ho tsuba. Ba lumela hore hangata ba lemallang koae ba na le methapo e fokolang, mali a phallang hampe kapa ba ’mele e meholo le hore ka ho phekola mathata ana ho na le monyetla o motle oa ho itloaolla.

Mokhoa o mong oa pheko ea ’meleng (o tsejoang e le “Mohato o le Mong ka Nako”) o etsoa ka ho tsuba lisakarete tse nang le lisefe tse khethehileng. Pele, ea tsubang o sebelisa sefe e thibelang karolo ea 25 lekholong ea bokoali hore e se ke ea fetela ho eena. Joale ka libeke tse peli o sebelisa e sefang karolo ea 50 lekholong; e be e sefang karolo ea 75 lekholong; ’me o qetella ka e sefang karolo ea 90 lekholong. Ho boleloa hore kamorao ho moo motho haa lokela ho thatafalloa ke ho tlohela ho hang.

Ho Tsoela ho Ipholla Litho tsa Botona kapa Botšehali ho Ikhotsofatsa

Bothata bo bong bo hlorisang ba bangata, haholo bacha, ke ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa, ho itšilafatsa. Ke ’nete, Bibele ha e bolele mokhoa oa ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ka lebitso. Leha ho le joalo, kaha ka tloaelo o tsamaea le menahano e mebe ka likamano tsa botona le botšehali, ruri o nyatsoa ke mangolo a buang toantšanong le monahano o joalo le ketso. Ka mohlala, nahana ka Ba-Roma 13:14; Ba-Galata 5:19, 24; Ba-Efese 5:3-5; 1 Ba-Thessalonika 4:3-5; 1 Petrose 2:11.

Hase morero oa rōna hore mona re bue ka taba e bakang khang e khōlo ea hore na ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa ho kotsi hakae ’meleng oa motho. Ho ntse ho le joalo, ruri hoa khahlisa hore mofu Alexis Carrel, setsebi sa lintho tse phelang le ea ileng a hapa moputso oa Tlotla, o boletse tjena bukeng ea hae Man, the Unknown: “Hoa tsebisahala hore ho fetella likamanong tsa botona le botšehali ho sitisa tšebetso ea monahano,” le hore boitšoaro boa hlokahala hore ho sebelisoe kelello ea motho ka ho feletseng. E le thuso, ho ka phekoloa ’mele joang?

Hangata ba tloaetseng ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa, methapo ea bona e-ea fokola ’me ba tšoenngoa ke ho hlobaela. Joalokaha ba ka ntlafatsa bophelo ba ’mele ea bona, ba tiisa methapo ea bona ’me ba ntlafatsa boroko ba bona, hape ba tla thusoa ho itšoara tabeng ena.

Ho qoba lijo tse itseng ke thuso e ’ngoe e khōlō. Encyclopædia Britannica (khatiso ea 1959) tlas’a sehlooho “Anaphrodisiacs” e re: “Ho qoba lijo tse nang le nama le matsoai a mangatangata, ’me haholo ho qoba lino tse tahang, ke habohlokoa.” Ho ka ’na ha etsahala hore ba bang ba se ke ba lumellana le polelo ena. Ho sa tsotellehe likhang tse hlahisoang, leha ho le joalo, mohlomong motho a ka thusoa ke ho leka pheko ena ea ’meleng.

Tšoarella Melaong ea Bibele

Kajeno, ho feta leha e le neng pele, litho tsa moloko oa motho li thatafalloa ke ho leka ho phela ka melao e lokileng e fumanoang ka Bibeleng. Ntle ho pelaelo, har’a mabaka a ikarabellang ka sena ke a lefutso hape le tsela eo motho a hotseng ka eona le sebaka seo a leng ho sona. ’Me ho ke keng ha hlokomolohuoa ke ’nete ea hore Satane Diabolose le bademona ba hae ba futuhile ho silafatsa moloko oa motho. (Tšenolo 12:12) Empa, ka thuso ea Molimo le ka ho itšoarella melaong ea Bibele motho a ka hanela Sera ka katleho.—Jakobo 4:7.

Mokhoa oa ho phekola ’mele ka linako tse ling o ’nile oa thusa ho sebetsana le bothata ba tahi, ho lemalla koae le ho ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa. Leha ho le joalo, pheko e khōlō ke lithuso tsa moea, ho akarelletsa ho ithuta Lentsoe la Molimo le libuka tsa Bokreste, ho phehella thapelong, ho ineela tšusumetsong ea moea o halalelang oa Molimo le ho fumana thuso ea Bakreste bo hōlileng tsebong. Ka thuso e joalo ruri ho ka hlōloa mefokolo e tepeletsang.

[Lebokose le leqepheng la 11]

Na U-ua Loana?

U lokela ho etsa joang ha u fumana hore ho hlokahala hore u hlōle tšebeliso e mpe ea tahi, mokhoa oa koae kapa ho Ipholla litho tsa botona kapa botšehali ho ikhotsofatsa? Bona hore na e be u ka fumana ho hongata haholo ho e le ’ngoe kapa ho feta lithusong tsena tse fanoeng ke Molimo:

1. Bala Lentsoe la Molimo kamehla, u fumane matla ho lona.

2. Rapela Molimo tsatsi le leng le le leng, u batle matšeliso le thuso ho oona.

3. Kōpa moea o halalelang, kapa matla a sebetsang ho Molimo.

4. Fumana molemo thusong e fumanehang ho Bakreste ba hōlileng tsebong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela