Ea Neng a sa Lumele Molimo Joale O Phela Bophelo bo Nang le Morero
Kamoo ho boletseng Fred N. Severud
LE HOJA ke holetse lelapeng le matla bolumeling Norway, ka fetoha ea lumelang hore Molimo ha o eo. Hobane’ng? Se ileng sa etsahala qalehong ea bophelo ba ka se tla thusa ho hlalosa.
Ka 1909, ha ke le lilemo tse ka fihlang leshomeng, khaitseli oa ka e monyenyane a shoa ha a qeta ho hlaha. Nkhono o ne a tsielehile hore a fumane moruti ea tla kolobetsa lesea e le hore le se ee liheleng ho ea cha ka ho sa feleng. Ha ho se moruti ea fumanehang, a nka metsi a litšila ao a qetang ho hlatsoa lesea ka oona, a a fafatsa hloohong ea lona, a etsa thapelo eaba “o le romela leholimong.”
Ka ipotsa hore na “Ke hobane’ng ha re ke ke ra ea leholimong habonolo joalo kaofela?” Ha jaloa lipeō tsa pelaelo tseo qetellong li ileng tsa ntahlisa tumelo eohle ho Molimo. Ke ne ke sa utloisise ho hang hore na ke Molimo oa mofuta ofe o tla hlokofatsa batho liheleng.
Hape ke ne ke sa lumele maikutlo a hore bophelo ba lefatše ke bo re lokisetsang bophelo ba leholimo feela. Morero oa bophelo ke ofe? E be ke ho phela feela ka lilemo tse mashome a supileng kapa a robeli e be rea shoa? Tseo ke lipotso tse neng li batla likarabo. Eare ha ho fihla nako ea hore ke tiiseletsoe, ka hana ho tiiseletsoa Kerekeng e neng e rapela Molimo o bonahalang o se na kutloisiso joalo. Ke ne ke kena kereke feela hore ke khahlise batsoali ba ka, empa ke ne ke lomahanyetsa moruti meno e be kea ipolella ka eena, “Moikaketsi tooe!” E mong le e mong ea tiiseletsoang o ne a fumana sutu e ncha. Empa ’na ha nka ka tiiseletsoa ’me ha nka ka fumana sutu e ncha!
Bophelo ba ka bo Leba Nqa e ’ngoe
Univesithing eo ke neng ke kena ho eona, ke bile thatohatsi ea tichere ka lebaka le leng le itseng. Ka letsatsi le leng tichere a nkopa hore ke rute sehlopha thuto ea hore lintho li ikentse, hoo ke ileng ka ho etsa. Joaloka ea sa lumeleng ho Molimo, ke ne ke lumela hore lintho li ikentse. Empa kamorao ho hore ke rute, ka bolella tichere hore ho na le ntho e le ’ngoe eo ke sa e utloisiseng.
Ka botsa, “Ho etsahetse joang pele leihlo le e-ba teng?” Tichere ea bolela hore leihlo le qalile ka phatsa e ’ngoe e bonolo ka lehateng; ha feta lilemo tse limillione ’me qetellong ha hlaha leihlo. “U bolela hore ba ne ba tlatselaka feela ba sa tsebe hore na ba ea hokae?” Ke ne ke batla ho tseba. Ke ne ke sa rera ho phea khang.
Empa tichere ea halefa eaba e mpha limmaraka tse tlase. ’Me mohlomong hoo ho ne ho ka fetola bophelo bohle ba ka. Taba ke hore, limmaraka tseo tse tlase tsa ntlosa tšoanelong ea hore ke be moeta-pele oa masolenyana a sekolo se ratehang sa bosole seo ke neng ke se kena. Hoja ha se ke ha etsahala joalo mohlomong nka be ke khethile mosebetsi oa sesole. Eaba ke nkela boenjiniere bakeng sa hoo.
Ka fumana mangolo ke le enjiniere ea litsela le mehaho, eaba ke nyala ngoanana eo ke kopaneng le eena ha ke sa le univesithing. Ka 1923 ra tloha hahabo rōna Norway ’me ra leba United States, moo ke neng ke e-na le tšepo ea ho phethahatsa sepheo sa ka se seholo “hore ke be enjiniere e kholo ho tsohle lefatšeng.”
Joale, liketsahalo tsa fetoha ke sa lebella ’me bophelo ba ka joale ba leba hosele.’ Pele re tloha Norway, beng ka rōna ba ne ba re hlokomelisitse hore re se ke ra bua ka bolumeli le rangoane Chris, United States. Hobane’ng? Hobane o batla a “sa phele hantle ka hloohong” ha ho fihloa tabeng ea bolumeli, kamoo re ileng ra pheteloa. E ne e le “Seithuti sa Bibele,” kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa ka nako eo.
Ha re fihla, ke mang ea neng a re khahlamelitse seemelong sa likepe ha e se Rangoane Chris! ’Me a fela a bua le rōna ka “bolumeli ba hae bo makatsang,” empa ra makalla likarabo tsa hae. A hlalosa hore ‘Molimo oa lerato ruri ha o hlokofatse meea liheleng. Lefatše le na le bokamoso ba ka ho sa feleng morerong oa Molimo. ’Me motho o tšepisitsoe bophelo bo sa feleng bophelong bo phethahetseng ba ’mele hona mona lefatšeng la paradeise.’—Moeklesia 9:5, 10; Pesaleme ea 146:3, 4; 104:5; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4.
Ke tlameha ho lumela hore ke ile ka ikutloa ke atametsoa ho Molimo oa mofuta ona, empa ke batla ke le lekhonono. Leha ho le joalo, mosali oa ka eena a amohela sohle hona hoo. Ke ne ke batla ho batlisisa ka botebo ho bona hore na ho na le lipha kae kae. Neng le neng ha Bibele ea ka ea Morena James e ne e bonahala e hanana le rangoane ka seo a se buang, ke ne ke etsa lipatlisiso, ke sebelisa Exhaustive Concordance ea Strong. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea lumellana le se boleloang ke Liithuti tsa Bibele.
Koana Norway re ne re ithuta Bibele e le karolo ea thuto ea rōna sekolong. Eaba joale ke bokella “likotoana,” joalokaha eka li beiloe ka mokhoa oa selotho, empa ka se ke ka hlakeloa ke taba hantle. Leha ho le joalo, ha ke ntse ke eketsa ho ithuta le rangoane, ka ’na ka bea sekotoana se seng le se seng moo se loketseng, ho se likotoana tse salang sebakeng feela. Qetellong, ka 1935, le ’na ka amohela seo ke ithutang sona ’me ka phakisa ka kolobetsoa.
Ka qala ho bona tsela e ncha bophelong ba ka. Ka tlameha ho sebelisa nako e eketsehileng ho khahliseng Molimo, ha ke ntse ke phelisa lelapa la ka le ntseng le hōla. Ke ntse ke thahasella ho ba moenjiniere e motle, ka tseba joale hore bophelo ba ka bo tla khotsofatsa haholoanyane ha ke sebeletsa Jehova Molimo. Empa le teng ke ne ke tšoanela ho emisa khoebo ea ka hantle. Ha ke ntse ke ithuta Bibele haholoanyane, ka ’na ka hlokomela haholoanyane hore ke tatetse mero nama li s’o butsoe. Ke tlameha ho sebeletsa Jehova pele, ’me ho hong hohle (tse hlokahalang bophelong) li tla phaelloa. (Mattheu 6:33) ’Me ho bile joalo.
Mosebetsi oa Jehova o Tla Pele
Khoebo ea ka e ne e tsoella hantle haholo ha ho fihla Khatello e kholo ka 1929. Joale ke ne ke sitoa ho lefa meputso ea basebetsi ba ka, eaba ke tlameha ho ba lokolla kaofela ha bona. Hamorao, ha boemo ba lichelete bo qala ho khutlela malulong, ka kenela mosebetsi o neng o tla ntlhomella ka tšebetso eohle eo ke neng ke e hloka hore ke qalise hape. Leha ho le joalo, lienjiniere tse ling le tsona li ne li batla mosebetsi oo.
E ne e le mosebetsi oa ho haha matlo ’me ’muso o qaqisitse lintho tse ngata tse hlokahalang. Ho hong ho neng ho qaqisitsoe hore hoa hlokahala ke marulelo a konkreiti a nang le lehora. Ka tseba hore ntle leha ho etsoe hloko ka ho khethehileng mahora a tla peperana likhutlong (ho neng ho se ho etsahalletse mehaho e meng e mashome a mararo a metso e robong eo ke neng ke e tseba) ka baka la ho loantšana ha konkreiti e futhumalitsoeng ea marulelo, e neng e tla besoa mariha, le mahora, a neng a le kantle serameng. Baqapi ba mohaho ba bona taba ea ka ’me ba mpuella hore ke fuoe mosebetsi. Ke ne ke sa hlokomele hore boikemisetso ba ka ba ho etelletsa Jehova pele bo ne bo tla tloha bo beoa tekong.
Ka nako eo Lipaki tsa Jehova li ne li hanyetsoa ka matla ka baka la boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore lipolotiking le boboleli ba tsona ba pontšeng ba Lentsoe la Molimo. Li ne li tšoaroa hohle, haholo New Jersey, moo ke neng ke phela teng.
Ka Laboraro le leng ke ne ke bitsitsoe ho ea Washington, DC, ho ea ngola litumellano tsa konteraka e ncha. Empa Labohlano la pele ho nako eo, sebokeng sa rōna Holong ea ’Muso, lengolo le tsoang ho Watchtower Society la baloa leo ho lona liphutheho tsohle tse potolohileng li neng li kopuoa ho loantšana le ho tšoaroa ha baena ba rōna hoo e seng ha molao.
Ra memeloa ho etela malapa ka khotso hona Sontaheng seo (matsatsi a mararo pele ho pitso ea ka!) a baahi ba metse e meng ea New Jersey ho hlalosa se lumeloang ke Lipaki tsa Jehova. Haeba ba bangata ba ne ba ka tšehetsa matšolo a libaka, kamoo a neng a bitsoa, ho ne ho tla fanoa ka bopaki bo botle. Empa re ne re lebelletse ho qeta matsatsi a 120 chankaneng. Haeba nka ea chankaneng ruri ke ne ke sa tlo fumana mosebetsi oo ke neng ke o batla ka matla. Hoba ke rapelle tataiso ea Jehova, ka ngolisa. Mosebetsi oa Jehova o ne o tla pele!
Ha re ntse re sebetsa sebaka seo re se abetsoeng, ra atameloa ke monna oa lepolesa ea ileng a hoa ka mantsoe a khahlapetsang: “Le etsa’ng moo?” Kapele ka ikutloa ka mokhoa o makatsang. “Mosebetsi o u hlōtse!” Ka inahana joalo. “Empa Jehova o tla ntlhokomela.” Ka potlako, khaitseli ea ka koloing a kōpa monna oa lepolesa hore a re supise hore na karache e haufi le moo e hokae, kaha o tlameha ho sebelisa ntloana.
A Kharuma, “Le qeta ho feta e ’ngoe.”
Khaitseli a arabela, “Ke ne ke sa e hloke ka nako eo.”
Eaba re leba karacheng. Ha re khutla, ka ho feletseng re lebelletse ho tšoaroa, ka mokhoa oa mohlolo ho ne ho se monna oa lepolesa, ho se ho tšoaroa. Ka baka leo ka fumana mosebetsi.
Nako e Tletseng Mosebetsing oa ho Bolela
Ke ne ke lakatsa ka tieo hore ke be le nako e ngatanyana mosebetsing oa ho bolela le ho ruta. Ntlheng ena, ha ke boetse ke khutlisetsa ba neng ba ntšebeletsa mosebetsing kamorao ho boemo bo bobe ba lichelete, ka ba kōpa hore re kopanele mosebetsi. Hobane’ng? Ka tsela eo ke ne ke tla tla ofising ka matsatsi a mararo ’me ka a mane ke be mosebetsing oa boboleli le oa ho ruta oa Bibele.
Ba re, “U tla ea boboleling nako ena kaofela. ’Me ha re sa tla u bona.” Ka ba tiisetsa hore ke tla tla ofising kamoo ke ba tšepisitseng. Eaba baa lumela—ba ne ba batla mosebetsi! Hamorao, ka kenya litho tse ngata ’me ka fokotsa matsatsi ao ke bang mosebetsing ka oona hore a be mabeli feela.
Ka bea pakane ea bopula-maliboho (mosebetsi oa boboleli oa nako e tletseng) ka pel’a bana ba ka ’me bone ba bona ba bile le kabelo teng, barali ba babeli ba sebeletsa ka lilemo tse telele ntlo-kholo ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova. Ha ngoana oa ka oa ho fela a e-ba lilemo li leshome le metso e mehlano, ka qala ho bula maliboho.
Ho Sebeletsa Libakeng tse Hlokang
Hoo e ka bang nakong eo ke qalileng ho bula maliboho ka eona, ka kōpa Watchtower Society hore e mpolelle moo baboleli ba ’muso ba hlokahalang haholo. ’Na le lelapa ra lebisoa Stroudsburg, Pennsylvania, haufi le khoebo ea ka hoo ke neng ke tseba ho nka matsatsi a mabeli ka beke ke le New York ’me karolo e saletseng ea beke ke bula-maliboho. Ho ne ho e-na le Lipaki tse robeli feela Stroudsburg e ka bochabela ha re fallela teng. Lilemo tse mashome a mabeli hamorao, ho ne ho e-na le phutheho e atlehang, e nang le ba bangata bao re bileng le tokelo ea ho ba thusa ho ba Bakreste.
Ka sehlopha se seholo hakaalo se seng se sa hloke thuso ea rōna, ra ikutloa hore ke nako ea hore re batle masimo a macha moo thuso e hlokahalang. Mokhatlo oa hlahisa sebaka se haufi le New York—Hackettstown, New Jersey. Ha hoa nka sebaka pele ho theoa phutheho, ho ba ho theoa ea bobeli.
Monna e mong eo ke ileng ka mo etela moo, ha ke itlhalosa, a botsa, “Re tla lula hokae, ka ntle kapa ka tlung?” U ka inahanela hore na ke ile ka makala hakae. Ho ne ho ile ha etsahala hore pelenyana ho moo, California, o ne a qetile lihora tse telele a buisana le Paki, ’me e le ka lekhetlo la pele a utloa Lipaki tsa Jehova. Paki, ke ho thaba ke thahasello ea monna eo, ea mo kōpa, “Ha u fihla hae, ke eng ha u sa mamele Paki e tla tla?”
Monna enoa a hlalosa hore “Ke hopotse hore u rōmetsoe ke eena.” Empa ho ne ho etsahetse hore e be ke kene moo ke mosebetsi oa ka mehla oa boboleli oa ntlo le ntlo. Monna enoa hona joale ke moholo, ’me mosali oa hae le barali ba babeli ba tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho.
Boenjiniere bo Sebelisetsoa ho Rorisa Jehova
Ho ea qetellong ea bo-1930, J. F. Rutherford, ka nako eo e le mookameli oa Watchtower Society, a mpitsa hore ke qape mohaho oo lelapa la Bethele le tla tšabela ho oona haeba mahloriso a ka tota ’me la tlameha ho fallela sebakeng seo. Ho hang re ne re sa tsebe hore na mohaho o tla sebelisetsoa eng kamoso, mohaho o neng o le Ithaca, New York, oa sebelisetsoa sekolo sa Gileade se neng se lokiselitsoe ho koetlisa baromuoa bakeng sa tšebetso ea bohlanka linaheng lisele.
Ho nka leoto le tlhokahalo ea libuka tsa Bibele e ntseng e eketseha, ho ne ho hlokahala hore nako le nako ho atolosoe libaka tsa khatiso tsa Watchtower Society. Kahoo, ka 1950, ha buloa mohaho o mocha o neng o khomathisellelitsoe lehaeng la Bethele, hammoho le fektri e ncha bakeng sa ho hatisa Libibele le libuka tse buang ka Bibele. Ka ba le tokelo ea ho qapa mehaho ena ka bobeli. Empa katoloso e ne e sa lekanyetsoa feela mehahong ea Mokhatlo e Brooklyn. Ho e-na le hoo, ha fihleloa qeto ea hore thepa e ’ngoe ea Mokhatlo e sebelisoe, e haufi le polasi e karolong e ka leboea ea New York. ’Me hang hape e bile tokelo ea ka ho sebetsa lipolane.
Ka 1972, hoba ke bule maliboho ka lilemo tse ka bang mashome a mabeli, bophelo ba mosali oa ka ba theoha, a sitoa ho tsamaea le ho bua. Hona ha etsa hore ke tlamehe ho tlohela ho bula-maliboho. Leha ho le joalo, sepheo sa ka bophelong se sa tšoana—ho sebeletsa Jehova Molimo ka ho sa feleng. Ke leka ho kopanela mosebetsing oa boboleli tsatsi le leng le le leng. Ke le lilemo li mashome a robeli a metso e ’meli, ke sa ntsane ke phela hantle haholo ’meleng.
Botumo ba Lefatše bo Thulana le Ho Rorisa Jehova
Mosebetsi oo ke ithutetseng oona ha o ka oa tsoa kotsi ka baka la ho etelletsa pele lithahasello tsa Jehova, joalokaha bao re kopanetseng tšebetso le bona ba ne ba tšohile. Ha e le hantle, ke le enjiniere ke bile le tokelo ea ho thusa ho qapa mehaho e mengata e tloaelehileng, e kang St. Louis, Missouri, Arch, “Gateway to the West”; Holo ea Motse ea Toronto; Madison Square Garden le e meng e mengata, United States le likarolong tse ling tsa lefatše. Leha ho le joalo, ho e-na le ho batla khanya ka ho ba enjiniere, ke ananetse hore khanya ea sebele ke ea moea. (Ba-Filippi 3:7, 8) Mahlale leha e le afe ao re nang le oona ke ka baka la hobane re entsoe ke ’Mōpi oa rōna e Moholo ka setšoantšo sa hae.—Genese 1:26, 27.
Bophelo ba ka e ka be e bile bo se nang sepheo le bo feela hakaakang hoja ka phehella ho phela ke sa lumele Molimo! Joalokaha Pesaleme ea 14:1 e bolela: “Lehlanya le itse pelong ea lona; Molimo ha o eo.” Ke thabile hakaakang hore e be ke ile ka lebisoa pakaneng e tšoanelehang kannete e khotsofatsang le e tlisang bophelo bo sa feleng! ’Me ke lebelletse, hoba ke phethe tsela ea ka ea lefatšeng ka botšepehi, hore ke bone ’Mōpi fahleho li talimane, eena eo ke neng ke belaela boteng ba hae.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 14]
A hlalosa hore ‘Molimo o lerato ha o hlokofatse meea liheleng.’ Ke tlameha ho lumela hore ke ile ka ikutloa ke atametse ho Molimo oa mofuta ona
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 15]
Mosebetsi oo ke ithutetseng oona ha o ka oa tsoa kotsi ka baka la ho etelletsa lithahasello tsa Jehova pele, joalokaha bao ke sebetsang le bona ba ne ba tšohile