Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 4/15 maq. 5-8
  • Kamoo re tla Neoa Seo re se Hlokang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo re tla Neoa Seo re se Hlokang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Lefatše
  • Tšepo ea Sebele
  • Puso ea Molimo le Phello ea Eona
  • Na u Tla ba Karolo?
  • Qetello ea Ntoa
    Tsoha!—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 4/15 maq. 5-8

Kamoo re tla Neoa Seo re se Hlokang

MOTSAMAISI kakaretso oa Mokhatlo oa Lijo le Temo (FAO) o itse, “Kamorao ho lilemo tse 30 tsa tšebelisano ea machaba, palo ea batho ba lapileng e ntse e phahama.” A lumela hore “mokhoa o latetsoeng ho fihlela joale o hlōlehile.”

Ka lebaka la boikutlo ba hona joale ba boikhabi ba lichaba, ha ho boiteko leha e le bofe ba machaba bo tla ke bo atlehe kannete ho rarolla bothata ba ho nea batho seo ba hlileng ba se hlokang. Ho hlokahala ho hong ho hongatanyana. Ke hofe? Batho ba bangata ba nahanang ba ’nile ba fihlela qeto ea hore ho hlokahala:

’Muso oa Lefatše

Ho lokela hore ho be le ’muso oa lefatše o nang le matla le bonatla ba ho laola mehloli ea tse hlahisoang lefatšeng le ho hlophisa kabo e loketseng ea thepa, e le ho tiisa hore ha ho ea hlokang. Na ’muso o joalo oa lefatše ke ntho e ka bang teng? Boiteko bo entsoeng habeli ba ’muso oa lefatše, Selekane sa Lichaba le mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, bo hlōlehile ho hang ho rarolla mathata a bakiloeng ke bochaba ba boikhabi.

E be joale ke hokae moo ho ka fumanoang ’muso oa lefatše o hlileng o sebetsang? Ho totobetse hore o tlameha ho hlaha kantle ho tsamaiso ea lefatše lena ea lintho. Empa na ho na le matla a nang le boholo ba ho hlophisa ’muso oa lefatše? E, ho na le a nang le tlaleho ea kameho e tebileng bakeng sa katleho ea sethō. Matla ao ke Molimo.

Lekholong lena la lilemo la mashome a mabeli la lintho tse bonahalang, hona ho ka ’na ha utloahala ho makatsa. Na ke ho utloahalang ho tšepa hore Molimo o tla busa lefatše? Na ho na le bopaki leha e le bofe ba hore Molimo o thahasella ho ba morena oa lefatše? Haeba ho joalo, na puso ea hae e tla ba molemo ho feta puso ea motho eo re e mamelletseng halelele hakaale?

Tšepo ea Sebele

Mehopolong ea ba bangata—le ea ba bangata ba lumelang ho Molimo lintho tsa bolumeli li batla li arohane le “lefatše la sebele.” Ka mohlala, ke ho lokileng ho bua ka ho ea leholimong mohla ba shoang. Empa ba ikutloa hore ha ho utloahale ho lebella hore Molimo o etse ho hong mona lefatšeng, joaloka hore a hle a buse lefatše. Na u ikutloa ka tsela eo?

Na u kile ua nahana hore na re itšetlehile ka melao ea Molimo hakae hona joale? Moea oo re o phefumolohang, pula, khanya ea letsatsi, ntho eohle e etsang hore bophelo bo be teng e laoloa ke seo hangata se bitsoang melao ea tlhaho, ha e le hantle melao ea Molimo. Le haeba batho ba ipolela hore ba lumela ho Molimo kapa che, ho hang ba itšetlehile ka Molimo. (Mattheu 5:45; Liketso 14:17) Na ekaba ho makatsang haeba Molimo, oo melao ea oona e laolang moea, pula le letsatsi, o ka boetse oa bea melao e laolang litaba tsa batho?

Ntle ho moo, na u kile ua hlokomela hore, hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 3 500, Jehova Molimo o ile a khetha batho, a ba hlophisa joaloka sechaba ’me a ba nea ’muso oo e neng e le Morena ho oona? Sechaba seo e ne e le Iseraele, ’me e mong oa baprofeta ba sona a ngola tjena hamorao: “Jehova ke moahloli oa rōna, Jehova ke molaoli oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna, o tla re boloka.”—Esaia 33:22.

Puso ea Molimo le Phello ea Eona

E ile ea sebeletsa Baiseraele joang? Ha ba ne ba bolokile molao oa Molimo, ba ne ba atleha ka litsela tsohle. Kamorao ho lilemo tsa pele tse mashome a mane a metso e mehlano tsa puso ea Molimo, e mong oa baeta-pele ba bona a tlaleha: “Ha hoa ka ha hlokeha taba leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova a neng a li boleletse ntlo ea Iseraele; tsohle tsa etsahala.”—Joshua 21:45.

Phihlelo ea Baiseraele e bontša hore ho hlile hoa utloahala ho bua ka bobusi ba Molimo. Joalokaha a ile a busa ka ho toba holim’a sechaba sane se senyenyane sa Bochabela bo Hare, o tseba ho busa lefatše lohle. Na o tla ho etsa?

Lilemong tse fetileng tse likete tse peli moapostola Johanne oa Mokreste o utloile ho hong ho fanang ka lebaka le matla la hore re tšepe hore Molimo o tla nka bohato lebitsong la batho. Johanne a neoa pono ea lintho tse tlang ho tla, ’me bohareng ba pono eo a utloa mohoo oa thabo: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” Eaba Johanne o utloa polelo e tlohang botebong ba pelo: “Rea u leboha, Morena, Molimo o matla ’ohle, . . . hobane u nkile matla a hao a maholo, ’me ua rena.”—Tšenolo 11:15, 17.

Pono ena—e bululetsoeng ke Molimo ka booona—ea bolela pele ho nako ka ho nka ha Molimo “mebuso ea lefatše.” E, e tla ba morena oa lefatše, ’me “Kreste oa hae,” Jesu, etlaba ’musi eo a mo khethileng. Kahoo re tiiselitsoe ka matla hore Jehova Molimo o tla ba le ’muso lefatšeng lohle.

’Muso ona oa lefatše oa Molimo ke sehlooho sa Bibele. Jesu o re rutile ho o rapella Thapelong ea Morena ha a re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Ka melomo ea baprofeta ba bangata Jehova Molimo a supa ’muso ona e le oona mokhoa feela oo ka oona ho tla tlosoa mathata a metseng ka metso a lefatše lena. Na o tla atleha ho feta mebuso ea batho? Nahana.

Metsi a Nooang: Jehova Molimo ke ’Mōpi oa lefatše. O utloisisa ka botlalo kamano ea lintho tse phelang ho lona. O kile a senolela moprofeta Amose hore “o bitsa metsi a leoatle, a a tšollele holim’a lefatše.” (Amose 9:6) O utloisisa ka ho feletseng ho potoloha ha metsi a lefatše lena ’me a ka ho laola ka ho feletseng.

Ha a sa ntsane a busa Baiseraele ba boholo-holo ka ho toba, a tšepisa: “Jehova o tla u bulela letlotlo la hae le molemo la maholimo, a nesetse lefatše la hao pula nakong ea teng. (Deuteronoma 28:12) Ha batho ba hae ba ne ba tšepahala, o ile a phethahatsa tšepiso eo. ’Me ka ho joalo o tseba ho tiisetsa bohle ba tlas’a puso ea hae ea lefatše hore o tla ba nea metsi ka bongata.

Lijo tse Jeoang: Litsebi li bolela hore e ’ngoe ea litšitiso tse khōlō ka ho fetisisa tsa ho fepa ba lapileng ke mokoallo oa bochaba. ’Muso oa Molimo oa lefatše o na le matla a ho qhaqha mekoallo eo. Moprofeta ea bululetsoeng o ngolile: ‘Jehova o tla . . . khalemela merabe e matla, ho isa hole. Ka lisabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee lisekele; sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.’—Mikea 4:3.

Na ntho e joalo e ka etsahala? E tla etsahala ka sebele. Ha e le hantle, e-ea etsahala hona joale! Ho na le mokhatlo oa batho ba baloang ka limillione lefatšeng lohle o seng o ipeile bafo ba ’muso oa Molimo. Ha o sa sheba lintho ka tsela e haufi le ea bochaba kapa ea bomorabe, empa o talimana joaloka bana ba motho, o sebetsa hammoho ho etsa thato ea Molimo. Boteng ba sehlopha sena sa batho ke bopaki ba bonnete ba ’muso oa lefatše oa Molimo. Ke bafe? Re bua ka Lipaki tsa Jehova.

Jehova Molimo o tšepisitse hore o tla hlohonolofatsa lefatše ’me le tla bea haholo. Ka molomo oa mopesaleme, o itse: “Lefatše le melisitse lijo tsa lona.” “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” (Pesaleme ea 67:6; 72:16) E, tlas’a puso ea lefatše ea ’muso oa Molimo ha ho letho le tla sitisa hore ho fanoe ka ho hongata ha lintho tse hlileng li hlokoang haholo.

Liaparo le Matlo: Jesu o bontšitse kameho e lerato ea Molimo bakeng sa boiketlo ba ’mele ea bahlanka ba hae ha a re: “Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona. Molimo ha o apesa joalo joang ba naha, . . . na haholo o ke ke oa le apesa. . . ?”—Mattheu 6:28-30.

E, Molimo o tsotella bahlanka ba oona leha e le hona joale. Lipaki tsa Jehova li ka tiisa bonnete ba sena. Ka sebele, he, ha ’muso oa lefatše oa oona o busa lefatše lena lohle, ha ho letho le tla haella thabong ea rōna.

Na u Tla ba Karolo?

Na ’muso ona oa lefatše o utloahala o hohela? Ka sebele, motho ofe kapa ofe ea nang le kutloisiso o rata ho phela tlas’a tsamaiso e joalo. Pele, leha ho le joalo, re tlameha ho ithuta molao oa motheo oa ’muso. Ona o se o hatisitsoe ka Bibeleng e Halalelang. Re tlameha ho ithuta melao e tla hlonephuoa haeba re tla phela tlas’a ’muso oa Molimo.

Hona ho ka ’na ha ama hore re fetole mokhoa oo re phelang ka oona. Boikhabi boo e leng karolo e khōlō hakana ea tsamaiso ena ea lintho ha bo na sebaka tokisetsong ea Molimo. Bafo ba ’muso oa Molimo ba tlameha ho mo rata ka boleng bohle ba bona, ba be ba rate bao ba ahisaneng le bona joalokaha ba ithata. Ho feta moo, ho tsoela pele ka mekhoa e kang leshano, bosholu, boitšoaro bo bobe, ho qhekella, botahoa le ho lemalla lithethefatsi ho ka etsa hore re be ba sa tšoaneleheleng ho phela tlas’a ’muso oa Molimo.—Mattheu 22:37-39; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.

Na hoa tšoaneleha ho ikitlaelletsa see? E, ka sebele. Ke Jehova Molimo feela ea tsebang kamoo bophelo bo ka bang botle kateng lefatšeng lena tlas’a ’muso o nepahetseng. O ho bontšitse ka Bibeleng. Ba sebeletsang Molimo ka tieo hona joale ba se ba ntse ba utloa thabo eitseng le khotso ea kelello tse tla ba teng ka nako eo.

Ka bopaki bohle bo teng, haufinyane bohle bao e tlang ho ba bafo ba ’muso oa Molimo ba tla bona le ho thabela ntho eohle. E, liketsahalo tse etsahalang phethahatsong ea boprofeta ba Bibele kajeno li bontša hore ’muso oa Molimo o haufi ’me o tla tloha o amoha mebuso e arohaneng le e sa atlehang ea lefatše lena taolo. (Luka 21:25-28; Daniele 2:44) Na u rata ho ba karolo ea hoo hohle? Ke eng ha u sa ho shebisise haholoanyane ka bouena? Ithute ho tšepa Jehova Molimo le ’muso oa hae oa lefatše, pheko feela mathateng a mehla ea rōna.

[Lebokose le leqepheng la 8]

Ke ’muso oa Molimo feela o tla nea batho bohle . . .

◻ Nala ea Iijo tse ntle

◻ Metsi a mangata a hloekileng

◻ Liaparo tse tšoanelehang

◻ Matlo a matle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela