Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/15 leq. 24
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebeletsa Marena a Mabeli
  • Mohlolo kapa Bolotsana?
  • Ho Ngola Bibele Bocha
  • Na U ka Tšepa Bolumeli Litabeng Tsa Ntoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Alhambra—Sebaka Seo Mamosleme a Ikhantšang ka Sona Granada
    Tsoha!—2006
  • Se Entseng Hore ke Tlohele ho Rata Ntoa
    Tsoha!—2009
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/15 leq. 24

Ho Nyarela ka Litabeng

Ho Sebeletsa Marena a Mabeli

“Baruti ba sebeletsang sesole ba phathahane pakeng tsa Molimo le Sesole,” kamoo ho bolelang mosebeletsi oa sesole nakong ea seboka sa bo207 sa Lebotho la Baruti ba Sesole ba Lebotho la US, joalokaha ho tlalehiloe ho The New York Times. Bothata, koana, joalokaha bo tlalehiloe ke hore na ho lejoa ka tsela efe. Kapa, ka mantsoe a moruti e mong ea sebeletsang sesole: “Seo re sebetsanang le sona ke boemo boo re nang le mesebetsi e ’meli ’me re lokela ho ’na re ikhopotsa ho e hlokomela ka bobeli.”

Vietnam, kamoo tlaleho e bolelang, ho ne ho e-na le baruti ba sebeletsang sesole ba “neng ba tšehetsa ntoa ’me bonyane ke a le mong ea ileng a tlōla moeli pakeng tsa motho oa khotso le ea loanang.” Moruti ea ileng a loana o buile tjena ka lekunutu: “Ha kea ka ikana ho Molimo hore nke ke ka thunya mang kapa mang.” Eaba o re: “Ke eona tsela feela eo ke neng nka ba le makhotla a ka ka eona. Kea khetha e be ke rapela Molimo hore ke ntho e nepahetseng.”

Moruti e mong ea sebeletsang sesole ea ileng a sebeletsa Vietnam o itse: “Ha ho mohla nkileng ka fumana lebotho la baruti ba sebeletsang sesole le e-na le sebete sa ho bua feela. Re tlameha hore e be rea ipotsa, ‘Na re ka ipea kotsing ka ho bolella ’Muso oa U.S. le Sesole hore lebotho la baruti ba sebeletsang sesole le lokela ho bua ka lintho tsa bolefatše le tsa boruti?’” Ba bangata ba ipotsa ka matla hore na ba ka phelela lepetjo la bona Pro Deo et patria (Lebitsong la Molimo le naha).

Kahoo, Baruti ba sebeletsang sesole ba ipeile boemong boo e mong oa bona a bo hlalosang e le “linku ka lekokong la liphiri.” ’Me tlokotsi eo ba talimaneng le eona e ka ’na ea hopotsa ba bang ba balang Bibele ka mantsoe a Jesu Kreste: “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli: hobane kapa o tla hloea e mong, a rate e mong; kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong.”—Mattheu 6:24.

Mohlolo kapa Bolotsana?

Hoseng ho hong ha moprista a bula menyako ea kereke ea Mohalaleli Johanne oa Molimo Granada, Spain, o ile a fumana mela e mene ea meokho e bofubelu ba mali sefahlehong sa seemahale sa Moroetsana oa Meokho le semamina se qaphalelitsoeng ka letsohong la hae. Litaba tsa hla tsa utloahala hohle kapele, ’me Mak’hatholike a matla a motse a 130 000 a khobokana kerekeng, a petetsa sephethe-phethe sa motse.

Kamorao ho mofere-fere oa beke e le ’ngoe, seemahale sa isoa Madrid bakeng sa boithuto ba bahlalefi. Liphello? Ho thotse tu—ha e se feela hore ho na le polelo e le ’ngoe feela e khutšoanyane ea mobishopo e moholo oa Granada: “Ha hoa ba le pontšo ea letho leo e seng la tlhaho.”

Ba boholong kerekeng ba talimane le bothata. Na kereke e tla khutlisa seemahale se hlakotsoe ’me e ipee kotsing ea ho khopisa mohlape? Kapa na e ka hlokomoloha se fumanoang ke bahlalefi e tlohelle tšōmo e tsoele pele? Kamoo ho bonahalang, ho ile ha nahanoa hore ho molemo haholo ha ho ka thoe feela ha ho letho le phahametseng tlhaho le amehang.

Hoo, leha ho le joalo, ho bonahala ho sa etsa phapang ea letho ho ba bangata Granada. Ebang ke mohlolo kapa che, ba ntse ba e-tla sebakeng se sa tšelang letho seo seemahale se beoang ho sona ho tlisa merapelo ea bona le lipalesa. Empa na Molimo o tšehetsa hlompho ee ea borapeli ea bofofu? Che; ho e-na le hoo, Bibele e-ea eletsa, “le tšabe tšebeletso ea litšoantšo.”—1 Ba-Korinthe 10:14.

Ho Ngola Bibele Bocha

Rudolph Gelsey, moruti oa “Unitarian” Detroit, Michigan, o ngotse lirapa tse ling tse tloaelehileng tsa Bibele bocha. Ho latela buka e ncha ea Gelsey Imagine a New Bible, Kaine ha a ka a bolaea Abele, Adama le Eva ba ile ba lumelloa ho lula Edene, ’me Davida o qetelletse ka ho lumelisana ka liatla le Goliathe.

Ho entsoe liphetoho tse joalo molato? “Na morero oa bolumeli hase ho etsa hore batho ba nahane ka mokhoa o hahang, ho atamela bophelo e le bararolli ba mathata?” ke Gelsey ea botsang joalo. Ka mohlala, o ikutloa hore tlaleho ea Kaine le Abele e ruta ho “rorisoa ha bora ba bana ba motho le ho rarolloa ha mathata ka toantšano,” ’me o batla ho “fana ka mekhoa e meng le litšōmo” ka ho ngola bocha Iitlaleho tse joalo. Ho lokafatsa ketso ea hae Gelsey o tiisa hore: “Haeba Bibele e ne e ngotsoe kajeno, ho na le menyetla ea hore bangoli ba ne ba tla ba le tataiso e fapaneng.”

Ka sebele, haeba Bibele e ne e ngotsoe ke banna ba ikemiselitseng ho fana ka likhopolo tsa bona, e ne e ke ke ea e-ba buka eo e leng eona. Leha ho le joalo, thabong ea rona, ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke Moea oa Molimo.’ Ao ke mantsoe a moapostola Pauluse, eo joale a fanang ka temoso: “Nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ea pholoho, . . . ’me ba tla khelosa litsebe tsa bona ’neteng, ho li isa litšōmong.”—2 Timothea 3:16; 4:3, 4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela