Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 8/15 maq. 18-23
  • Boemo ba Rōna ke Bofe ho Bahanyetsi ba ’Nete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boemo ba Rōna ke Bofe ho Bahanyetsi ba ’Nete?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ba Tloheleng”
  • Khanyetso e ka Hare
  • Sepheo sa Bahanyetsi
  • Bahanyetsi ba ke ke ba Atleha
  • “Nke ke ka Khutsa”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Na U Tla Khomarela ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Hlōla!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Jeremia—Moprofeta ea sa Ratoeng oa Likahlōlo tsa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 8/15 maq. 18-23

Boemo ba Rōna ke Bofe ho Bahanyetsi ba ’Nete?

“Hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.”—LIKETSO 20:30.

1, 2. (a) Liketsahalo tsa nakong e fetileng paleng ea Bibele ke tsa bohlokoa bofe kajeno? (b) Ke liketsahalo life tse khethehileng paleng ea Iseraele le ea phutheho ea pele ea Bokreste tse re amang kajeno, hona hobane’ng?

HA A ngolla phutheho ea Korinthe moapostola Pauluse a bolella balumeli hammoho le eena hore lintho tse ngotsoeng nakong e fetileng li sebeletsa e le mehlala e lemosang ho bona. Motheo ona o na le liphello tse fihlang hole, ho tla fihlela kajeno. Liketsahalo tse ngata paleng ea Bibele e fetileng li na le tse tšoanang le tsona kajeno tse re thusang ho tsamaisa bophelo ba rōna ka nepo.—1 Ba-Korinthe 10:11; Ba-Roma 15:4.

2 Ho tla ba molemong oa rōna, he, ho nahana ka tse ling tsa liketsahalo tsena tsa nakong e fetileng paleng ea Iseraele hape le phuthehong ea pele ea Bokreste. Re hlile re amehile ka liketsahalo tse neng li amana le ba hanyetsang mosebetsi oa Molimo le hore na lintho tse joalo li ile tsa ama bahlanka ba Jehova joang morao koo. Liketsahalo tsena li thusa ho re falimehisa, hore joaloka batho ba Jehova re bapise liketsahalo tsa kajeno le hore na boikarabelo ba rōna ke bofe lintlheng tsena.—2 Timothea 3:16, 17.

3. Jeremia o ile a lemosoa le ho tšelisoa joang?

3 Lilemo tse ka bang 40 pele Jerusalema e oa ka 607 B.C.E., Jehova a laela mohlanka oa hae ea khabane Jeremia hore a bue pontšeng ka bobe bo neng bo etsoa Juda. Bona bo ne bo tla qetella ka bohale ba Molimo le hore baahi ba Juda ba isoe botlamuoeng Babylona. Jehova a lemosa Jeremia hore ba bang ba tla mo hanyetsa. A re: “[Bahanyetsi] ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.” (Jeremia 1:19) Hona ho ile ha tšelisa Jeremia hakaakang, ho mo tiisa hore a tsoele pele ka thato e feletseng ea Molimo bakeng sa hae!

4. (a) E ’ngoe ea khanyetso eo Jeremia a ileng a tlameha ho e mamella ke efe? (b) Tlaleho e ho Ba-Heberu 11:32-38 e re bolella eng ka bahanyetsi ba bahlanka ba Molimo?

4 E mong oa bahanyetsi ba Jeremia e ne e le monna ea bitsoang Pashkure. E ne e le mora oa moprista oa Juda ’me e le mohlanka ea ka sehloohong ka tlung ea Jehova. Tlaleho ea Bibele ho Jeremia khaolo ea 20 e bontša kamoo Pashkure a ileng a otla Jeremia ’me a etsa hore a kenngoe metšoasong. Jehova a lokolla Jeremia litlamong tseo, empa khanyetso ea tsoela pele. Hanania, moprofeta ea tsoang Gibione, a bua pontšeng ho loantša Jeremia, a mo nqosa ka hore ke moprofeta oa bohata ea ahlotsoeng. Ha e le hantle, Hanania a bolela hore joko ea Babylona e tla rojoa, le hore Juda e tla tsosoa. (Jeremia, khaolo ea 28) Le e mong oa marena a Juda, Jojakime, o ile a hanyetsa mantsoe a Jeremia ’me a mo loantša, a bile a fetella hoo a akhelang buka ea boprofeta ea Jeremia ka mollong! (Jeremia, khaolo ea 36) Ba bang ba batla hore Jeremia a bolaoe ’me ba ikarabella ka hore a akheloe ka lemeneng la seretse hore a shoele teng. (Jeremia, khaolo ea 38) Ena e bile phihlelo ea a le mong feela ho bahlanka ba bangata ba khabane ba ba Bajode ba neng ba bua ka lebitso la Jehova ’me ba etselletsoa le ho hlaseloa ke bahanyetsi ba molaetsa oa kahlolo o tsoang ho Molimo.—Bona Ba-Heberu 11:32-38.

“Ba Tloheleng”

5. (a) Jesu o thulane le khanyetso ho fihlela kae? (b) Tse ling tsa likhang tse nyenyane tse hlahisitsoeng ke bahanyetsi ba Jesu ke life?

5 Khanyetso ea ’nete e ne e le matla le lekholong la pele la lilemo ha Morena oa rōna Jesu Kreste a le lefatšeng. Bahanyetsi ba tsoang ho sechaba sa habo ba ne ba batla ho sitisa lintho tse molemo tseo Jesu a neng a li etsa. Empa joalokaha Jehova a ipakile a e-na le Jeremia hape A ipaka a e-na le Jesu, a mo lopolla ho lira tsa hae. (Luka 4:14-30; 11:53, 54; Johanne 7:1) Basomi ba Jesu ba ne ba tloaetse ho etsa likhang ka lintho tse nyenyane haholo. Ba nqosa Jesu ka hore ke motho ea meharo ea inehetseng ho noa le ea kopanang le balekhetho le baetsalibe. (Mattheu 11:19) Ba re barutuoa ba hae ha ba hlomphe Sabbatha hobane ba ne ba e-kha liqoapi ho li ja ka Sabbatha. (Mareka 2:23-28) Ba soma barutuoa ba Jesu hobane ba ne ba sa ‘hatlele pele ba e-ja.’—Mattheu 15:1, 2.

6. Khanyetso e bile matla hakae ho Jesu?

6 Empa bahanyetsi ba joalo ha baa ka ba fella linthong tse nyenyane feela, ba ba ba fetela le ho latoleng matla a moea o halalelang oa Molimo a bontšoang mesebetsing ea mohlolo e etsoang ke Jesu. Hoba Jesu a phekole motho ea foufetseng le ea semumu ea nang le modemona, bahanyetsi ba hae ba re: “Enoa ha a leleka bademona, ke ka Beelzebule feela, morena oa bademona.” (Mattheu 12:22-28) Hape ba nqosa Jesu ka ho fetohela Sesare. (Luka 23:1, 2) Qetellong, ba biletsa hore a bolaoe.—Luka 23:13-25.

7. Jesu o ile a itšoara joang ka bahanyetsi ba ’nete?

7 Jesu o ile a itšoara joang ho ba neng ba mo hanyetsa? Ha a bua le baapostola ba hae, o itse: “Ba tloheleng, ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli. ” (Mattheu 15:14) Keletso e bohlale ea Jesu e ne e le hore: “Ba tloheleng.” Ho ne ho tla hlaka ka nako ea teng hore na ba seng.

Khanyetso e ka Hare

8, 9. (a) Ke mohlala ofe oa khanyetso e tšoanang le eo Jesu le Jeremia ba fetileng ho eona e ileng ea boleloa e sa le pele bakeng sa phutheho ea Bokreste? (b) Hlalosa hore na hona e bile ’nete joang ka taba ea lebollo.

8 Kamorao ho lefu la Jesu, balateli ba hae ba tšepahalang le bona ba ile ba kopana le khanyetso e ngata. Empa ak’u hlokomele: Joalokaha bahanyetsi ba Jeremia le Jesu ba hlahile ka har’a sechaba sa Bajode, ho bile joalo leha ho theoa phutheho ea Bokreste, khanyetso e ne e tla tsoa ka hare ho eona. (Liketso 20:29, 30) Le hoja hona ho ne ho ile ha boleloa pele, ho ne ho tla ’ne ho tle e le teko e khōlō haholo ho ba tsamaeang ka bokhabane. Leha ho le joalo, Jehova o ne a tla paka hore o na le batho ba hae ho ba namolela, joalokaha a ile a ba le Jeremia le Jesu.—Bona 1 Petrose 5:8-11.

9 Khanyetso ena e ka hare e qalehile hanyenyane lekholong la pele la lilemo. Bahanyetsi ba bang ba ne ba ka ’na ba ikutloa hore ba na le sepheo se utloahalang, empa takatso ea bona ea ho ba sebakeng sa pele, hore maikutlo a bona a laele, ea ba etsa hore joale e be ba loantšang ’nete le ba kopanelang le eona ha maikutlo a bona a sa amoheloe hore ke a nepahetseng. (1 Timothea 1:19, 20) Ho khahlisang, ha taba ea lebollo e fetoha khang ’me lekhotla le khethehileng le kopana Jerusalema ho buisana ka taba, e ’ngoe ea lintlha tse ileng tsa boleloa molaetseng o rōmeloang liphuthehong ebile hore: “Re utloile hobane ba bang ba tsoileng ho rōna ba le tšositse ka lipolelo tsa bona, ba sisinya meea ea lōna . . . athe ha rea ka ra ba laela.” (Liketso 15:24) Batho ba joalo ba ka phuthehong ea Bokreste e ne e le mohloli oa khathatso, ba hanyetsa lithuto le melao ea sehlopha se busang sa baholo ba neiloeng boikarabelo bo boima ba ho jala hole leseli la ’nete.

10. (a) Tse ling tsa lithuto tsa bokhukhuni tse neng li rutoa lekholong la pele la lilemo ke bahanyetsi ba ’nete e ne e le lífe? (b) Pauluse o file Timothea temoso efe ka bahanyetsi ba ’nete?

10 Ka mohlala, ho totobetse hore ba bang ka phuthehong ba ne ba bolela hore letsatsi la Jehova le se le qalile. (2 Ba-Thessalonika 2:1, 2) Ba bang ba phea khang hore tsoho ha e eo. (1 Ba-Korinthe 15:12-14) ’Me ba bang bona ba bolela hore tsoho e se e etsahetse. (2 Timothea 2:16-18) Pauluse a lemosa Timothea ka bohlokoa ba ho falimehela ba bang har’a bao ba neng ba tla baka likarohano le ho kheloha ’meleng oa ’nete ea Bokreste e fumanoang ke liphutheho. Hlokomela mantsoe a moapostola: “U laele ba bang, ba tle ba se ke ba ruta thuto esele; ’me ba se ke ba ineela litsōmo le litaba tse sa feleng tsa masika, e leng litaba tse hlahisang likhang, e seng khahiso ea ntlo ea Molimo e tiisoang ka tumelo, le joale, ke sa e laela joalo. Hobane moo taelo e isang teng, ke leratong le tsoang pelong e hloekileng le letsoalong le letle, le tumelong e se nang boiketsiso; tseo ba bang ba li khelohileng ho leba lipolelong tsa lefeela. Ba rata ho ba baruti ba molao, ’me ha ba utloisise tseo ba li bolelang, leha e le tseo ba li tiisang.”—1 Timothea 1:3-7.

11. Na ho na le hoo re ka ithutang hona ka monahano o arohaneng o neng o le teng phuthehong ea lekholo la pele la lilemo, ’me ke hobane’ng ha hona ho potlakile haholo kajeno?

11 Hoo hohle ho re bolella eng? Hona: hore ho ne ho le teng mathata a monahano o arohaneng phuthehong ea lekholo la pele la lilemo. Khanyetso e ne e le teng ka hare, har’a ba neng ba ipolela hore ke karolo ea phutheho ea Molimo. Sesosa e ne e le sefe? Ho Ba-Filippi 1:15 Pauluse o itse: “Ba bang ba fela ba etsa joalo ka mona le ka khang; empa ba bang ba bolela Kreste ka pelo e khabane.” E, lintho tse ngotsoeng nakong e fetileng li fela li sebeletsa e le temoso ho rōna, ’me haholo joalo ha e le mona re phela hona qetellong ea tsamaiso e khopo ea lintho e laoloang ke Diabolose.—2 Timothea 3:1-7.

Sepheo sa Bahanyetsi

12, 13. (a) Na kajeno re bona ho hong ho tšoanang le khanyetso ea lekholong la pele la lilemo ’neteng? (b) Morero o tebileng oa khanyetso ea kajeno ke ofe?

12 Ha re lebisa tlhokomelo ea rōna nakong ea kajeno, na re bona ho tšoanang le liketsahalo tsee tseo re buisaneng ka tsona ho tla fihlela joale? E, ho na le ba bang ba tsoileng har’a rōna ba ratileng ho heletsa mosebetsi o motle o etsoang ke batho ba Jehova lefatšeng lohle. Ba bang ba fetohile ba mōna, ba likhang, ba meharo, hangata ba batla ho iketsetsa lebitso. Mohlomong e ka ’na ea e-ba “ba korotlang, ba khananang, ba eang ka litakatso tsa bona; . . . ba talima tšobotsi ea batho ka takatso ea moruo.” (Juda 16) Hona hohle ho ka khannela lipelaelong, likhohlanong le karohanong har’a batho ba Molimo. Ha ba ntse ba batla liphoso, ba joalo ba lahleheloa ke pono ea mosebetsi oa bohlokoa kahohle le o fanoeng ke Molimo oa Bakreste, e leng, ‘ho se be bautloi feela,’ empa ‘ho ba baetsi ba lentsoe,’ ho finyella seo Jehova a laetseng hore se etsoe ke balateli ba khabane ba Mora oa hae, Kreste Jesu.—Jakobo 1:22-25; Mattheu 28:18-20.

13 Sepheo sa bahanyetsi ba joalo, ka ho hlasela phutheho ea Bokreste, ke ho nyokola tumelo ea batho ba Jehova, ho ikhulela ba bang ho bona e le barutuoa ba bona. Pauluse o ile a lemosa baholo ba Efese ka boiteko bona bo khopo ha a re: “Ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Liketso 20:30) Juda o fane ka temoso e joalo, a re: “Har’a lōna, ho khukhunetse batho ba bang, bao tsuo ea bona e seng e le khale e ngotsoe; ke batho ba hlokang borapeli, ba fetolang mohau oa Molimo oa rōna bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng eena ’Musi a ’notši, le Morena oa rōna.” (Juda 4) Maemo a joalo a ’nile a hlaha lekholong lena la bo20 la lilemo ka phuthehong ea batho ba Jehova!

14, 15. (a) Katamelo e bolotsana e etsoang ke bahanyetsi ba bang kajeno ke efe? (b) Ke eng e hlokomolohuoang ke bahanyetsi ba joalo?

14 Bahanyetsi ba joalo ha ba thabisoe ke ho kopanela mosebetsing o moholo oa ho etsa barutuoa. Ho e-na le hoo, ka bolotsana ba atamela ba bang bao e seng e ntse e le lipaki, ba bua ka tsela e fokolisang qeto ea bona ea ho ba ba khabane hore ba phethahatse ka botlalo boineelo ba bona ho Jehova. Ho fanoa ka maikutlo a hore kaha Jehova ke Molimo o lerato hakana, ruri a ke ke a hloka hore bohle ba batlang ho mo khahlisa ba kene mosebetsing o thata hakana o kang oa ho bolela ka ntlo le ntlo e be ba mamella ho hlorisoa ke bahanyetsi ba ’nete. Che, ba ka ’na ba phea khang hore, sohle seo Molimo o se hlokang ho rōna ke hore re be batho ba molemo, re hlokomele bao re ahisaneng le bona ’meleng le ho ba rata.

15 Katamelo ena e bolotsana e ka ’na ea e-ba thata ho ba bang hore ba e loantše ka katleho. Ke ’nete hore Jehova o lerato ’me o batla ha re le batho ba molemo. Ruri o batla ha Bakreste ba bontša lerato bakeng sa bao ba ahisaneng le bona ka ho ba tšoara hantle ka tsela e mosa le ka ho ba hlokomela nameng ha ho hlokahala. (Luka 6:35, 36) Empa hase phetho! Ba hanyetsang ba boetse ba lebala hore Ntate oa rōna Jehova o laetse haholo-holo ka mora oa hae, Jesu Kreste hore re be baetsi ba barutuoa, re rute batho, re bolele ‘Evangeli ea ’Muso’ lefatšeng lohle e le bopaki.—Mattheu 24:14; Johanne 15:17-27.

16. Ke ka ‘lintho life tse khopo’ tse ling bahanyetsi ba kajeno ba lekang ho thetsa batho ba Jehova?

16 Nahana ka lintho tse ling tse “khopo” tse sebelisoang ho thetsa batho ba Molimo kajeno. Ka linako tse ling bahanyetsi ba botsa ka lithuto tse sa tšoaneng tseo batho ba Jehova ba nang le tsona. Hangata hona ho fetoha likhang tse etsoang ka mantsoe, joalokaha ho ne ho le joalo lekholong la pele la lilemo. (1 Timothea 6:3, 4) Hape mohlomong ba ka ba botsa hore na ho hlile hoa hlokahala hore ho be le mokhatlo o tsamaisang likelello tsa batho ba Molimo. Maikutlo a bona ke hore, moea oa Molimo o ka tsamaisa batho ka bomong ntle ho sehlopha se seng se setsing, se hlophisitsoeng sa banna ba fanang ka tataiso. Ba tla bolela hore sohle seo motho a se hlokang ke ho bala Bibele. Empa Bojakane bo balile Bibele ka makholo-kholo a lilemo. Empa ak’u bone molumo o sa khetholleheng oa terompeta o tsoang Bojakaneng kajeno! Bona pherekano le ho hloka kutloisiso ka molaetsa oa ’nete o ka Lentsoeng la Molimo! Hona ho hanana hakaakang le khotso le kopano tse hlileng tsa boleloa hore li tla ba teng har’a Bakreste ba ’nete ba sa baleng Bibele feela empa ba batlisisa ’me ka cheseho ba sebelisa lithuto tsa eona!—Ba-Efese 4:3-6.

Bahanyetsi ba ke ke ba Atleha

17. Joale boemo ba rōna ke bofe ho bahanyetsi ba ’nete?

17 Boemo ba rōna ho ba hanyetsang le ba batlang ho nyokola tumelo eo re e fumaneng ka Lipaki tsa Jehova le phutheho ea Bokreste eo Jehova a e sebelisang e lokela ho ba bofe? Keletso ea Jesu ka bahanyetsi ke e reng: “Ba tloheleng; ke lifofu.” (Mattheu 15:14) Ho etsa khang le ba joalo, ho ngangisana le ho omana, ha ho thuse letho ’me ha e le hantle ha se tsela ea Bokreste. Ha ho ea qobelloang ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke tokelo le boikarabelo boo re inketseng bona ka boithatelo bo lokolohileng. (Pesaleme ea 110:3) Haeba ba bang ba sa batle ho ba karolo ea tokisetso e lokiselitsoeng ke Jehova, le eo a e hlohonolofalitseng, eo ke qeto eo ba ka iketsetsang eona.

18. Keletso ea Pauluse ho Ba-Roma 16:17, 18 e sebetsa joang ho rōna kajeno?

18 Sepheo sa rōna e lokela ho ba ho sebetsana le bahanyetsi ba ’nete ka tsela ea Bokreste. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse itseng tseo re lokelang ho li hopola. Pauluse a ngolla ba phutheho ea Roma a ba eletsa: “Joale, banab’eso, kea le khothatsa, ke re, le iponele ho ba hlahisang likhaohano le likhopiso ka ho senya thuto eo le ithutileng eona, ’me le ba sesefe. Hobane batho ba joalo ha ba sebeletse Morena oa rōna Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa limpa tsa bona feela, ’me ba khelosa lipelo tsa ba se nang molato ka lipolelo tse khahlehang le ka tse chachehisang.” (Ba-Roma 16:17, 18) Ekaba ho phea khang pontšeng le ba lekang ho baka likarohano. U se ke ua tšoenyeha ke bahanyetsi bana. Boitšoaro ba bana bo ke ke ba ntša ’nete kotsi kapa hona ho emisa Jehova hore a finyelle seo Lentsoe la hae le reng o tla se etsa.

19. Ho Ba-Heberu 6:4-8, Pauluse o hlalosa ba oeleng ’neteng joang?

19 Mantsoe a moprofeta Esaia ke a tšelisang hakaakang: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho u tsohela matla ho u tsekisa, u tla le tsoa.’’ (Esaia 54:17) Moapostola Pauluse a bolella Timothea ka Jannese le Jambrese, ba ileng ba hanyetsa Moshe, ’me a bolela hore bohlanya ba bona bo ile ba totobala ho bohle. (2 Timothea 3:8, 9) Bana, ba bakang likarohano le ba batlang ho etsa morusu bakeng sa batho ba Molimo ba boemong bo kotsing haholo pel’a Jehova. Ha ho lea mong ho ba joalo ea lokelang ho hlokomoloha mantsoe a lemosang a Pauluse a ho Ba-Heberu 6:4-8, moo ho bontšoang hore ba etsang sebe ka boomo khahlanong le moea o halalelang oa Molimo ba ke ke ba ‘boela ba nchafatsoa.’

20. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšosoa ke seo bahanyetsi ba ka lekang ho se etsa? (b) Ke ka ho etsa joang re ka tiisetsoang hore re ‘ke ke ra arohanngoa le lerato la Molimo’?

20 Boemo ba rōna ho bahanyetsi, ka baka leo, bo tšoailoe ka ho hlakileng le ho ikhethang bakeng sa rōna ka Lentsoeng la Molimo. Ka mehla u hopole hore ha re bang; re tšehelitsoe ke Jehova, Kreste Jesu le mangeloi ’ohle a halalelang. (Mattheu 13:41, 42) Hape re na le tiiso ea Jesu ka boeena hore o tla ba le balateli ba hae “ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:20) Kahoo, ho hlokahala re se ke ra itšoenya ntle ho mabaka ha bahanyetsi ba hlaha ’me ba loantša ’nete. Hona ke karolo ea boiteko ba Satane ba ho emisa ho jaloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso. Empa ka ho lula re tšepahetse le ka ho bea mohlala o motle oa borapeli ka boitšoaro ba rōna le polelo, re tla tiisetsoa ho tsoa re ‘hlotse ka ea re ratileng ka ho fetisisa.’ E se eka ka lebaka leo re ka tsoela pele re tiile, re khotsoe hore “leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”—Ba-Roma 8:37-39.

Mangolo a latelang a re bolella eng ka bahanyetsi ba ’nete?

◻ Liketso 20:30; Juda 4

◻ Mattheu 15:14; Ba-Roma 16:17, 18

◻ Jeremia 1:19; Esaia 54:17

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

“Ba tloheleng; ke lifofu.”

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Le ka mohla u se fokole qetong ea hao ea ho pakela ’nete

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela