Jakobo O Khothalletsa Borapeli bo Hloekileng le bo Chesehang
KELETSO e tsoang ho moholo u e talima joang? Ho joang haeba e le e utloahalang moeeng le e hlileng e tobileng? Na u tla e latela?
Lengolo la Jakobo, le ngotsoeng pele ho 62 C.E., le na le keletso e tobileng joalo. Le ngotsoe ke moholo—ea nang le tsebo ea lilemo tse ka bang 30 a sebelisana le mathata a barapeli bahabo. E, moholo oa Mokreste Jakobo, moena oa Jesu Kreste, o ne a ka ngola ka ho toba ka seo a fetileng ho sona. (Mareka 6:3) Ho tiisang mokhoa oa hae o matla ke lipapiso tse tobileng le lipotso tse fatisisang tse hlakisang hore bolumeli bo sa hloekang le bo iphapantseng ha bo khahlise Jehova.
Joalokaha re tataisoa ke Molimo, Jakobo o fana ka taelo e utloahalang e sebetsang kajeno joalokaha ho bile joalo lekholong la pele la lilemo. Ka ho nahana ka keletso ea hae e bululetsoeng ke Molimo, re ka fumanela lipotso tse ling tsa bohlokoa likarabo. ’Me mantsoe a hae a tla re khannela borapeling bo hloekileng le bo chesehang.
Re Lokela ho Talima Liteko Joang?
Jakobo o ngoletse “meloko e leshome le metso e ’meli” ea Iseraele oa moea e neng e qhalane le lefatše le tsejoang la mehleng eo. Empa keletso ea hae e sebetsa le ho “bongata bo boholo.” (Tšenolo 7:4-9; Ba-Galata 6:16) A khothalletsa barapeli bahabo ho talima liteko ka thabo hobane thabo e telele e hlahisoa ke ho li mamella ka tumelo. Re lokela hore ka tšepo re kōpe Molimo bohlale ba ho phela hore re o khahlise, haholo ha re talimane le liteko. Balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu ba ileng ba mamella teko ka botšepehi ba tla fumana “moqhaka oa bophelo,” ho se bole leholimong. Ho mamella ka bokhabane ha “bongata bo boholo” ho tla fella ka bophelo bo sa feleng Paradeiseng lefatšeng.—Jakobo 1:1-12; Luka 23:43.
Ha re le tekong, re se ke ra fihlela qeto ea hore Molimo o leka ho re re etse sebe, hobane ha o etse joalo. Ho e-na le hoo, takatso e fosahetseng e ka ho rōna ke eona e sebeletsang ho khothalletsa sebe. Jehova hase mohloli oa bobe empa oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle, ho akarelletsa mpho e khōlō ea tsoalo ea moea.—Jakobo 1:13-18; Ba-Efese 1:13, 14.
Bolumeli ba ’Nete ke Eng?
Ho ba ba sebelisang bolumeli ba ’nete, re tlameha ho potlakela ho arabela lentsoeng la Molimo ka boikokobetso. Hape re liehe ho halefa ’me re itlhoekise lintho tsohle tseo Molimo o li nkang li le litšila. Ho tlosa bobe pelong le mohopolong ho lumella lentsoe la ’nete hore le atlehe ho tsona, ’me re se ke ra ba bautloi feela ba lentsoe empa hape re be baetsi ba lona, re hlile re lumella Mangolo hore a re tataise. Nahana ka sena: Motho, hoba a ichebe sefahleho ka seiponeng ’me a ikele o lebala hore na ke motho oa mofuta ofe. Ho rapela Jehova ka ho amohelehang, leha ho le joalo, re ke ke ra ba bautloi ba lebalang. Ho e-na le hoo, re tlameha ho shebisisa ka “molaong o phethehileng,” re amohela sohle se hlokoang ho Bakreste, ’me re sebetse tumellanong le sona.—Jakobo 1:19-25.
Haeba Molimo o tla re talima re le barapeli ba ’nete, hape re tlameha ho thapisa leleme, re le tlame hore le se bue liketselletso, mashano le tse joalo. Ho feta moo, ponong ea Jehova, borapeli bo “hloekileng” (bo halalelang, bo se nang litšila) le bo “se nang sekoli” (bo sa silafatsoa ke bobe) bo akarelletsa ho ameha ka ba hlokang. Ho boetseng ho hlokahalang ke ‘ho ipoloka re se na le lethebanyana lefatšeng’ la batho ba sa sebeletseng Molimo. Re ke ke ra khahlisa Jehova empa re ntse re etsa lintho tse sa lokang tse etsoang ke lefatše. Koana, Jakobo ha a ka a thathamisa sohle se hlokahalang borapeling ba ’nete. Empa o bontšitse hore tšebeletso ea ’nete ho Jehova ke e hloekileng le e chesehang.—Jakobo 1:26, 27.
Na Khethollo e Phoso?
Jakobo o bontšitse hore borapeli bo hloekileng bo boetse bo hloka ho se khetholle ha ho sebelisanoa le ba ruileng le mafutsana. Ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba etsa liqeto tse khopo ka ho khetholla barui ’me kahoo ba ea batho ka maemo. E se eka re ke ke ra ba molato oa leeme le joalo la bonyefoli.—Jakobo 2:1-4.
Ka sebele, Bakreste ba tlameha ho lumela hore, e le sehlopha, barui ba nyefotse lebitso la Kreste ka ho hlorisa balateli ba hae. Ka baka leo, ho e-na le ho etsa sebe ka ho khetholla le ho rata ba ruileng, re lokela ho latela “molao oo e leng morena har’a melao” ka ho rata bohle bao re ahisaneng le bona. Re ka lebella joang ho thabela mohau oa Molimo haeba re se mosa, re sa rate ba futsanehileng? Ka sebele, ho khethollana ka maemo ka phuthehong ke ho hananang le borapeli bo hloekileng.—Jakobo 2:5-13; Mattheu 22:39; Liketso 10:34, 35.
Re ka Paka Joang Hore Re Na Le Tumelo?
Moapostola Pauluse o bontšitse hore Jehova Molimo ha a nke batho ba lokile ka lebaka la mesebetsi ea Molao oa Moshe empa ka lebaka la tumelo ho Jesu Kreste. (Ba-Roma 3:19-28) Jakobo o ile a lumellana le sena, empa a supa hore tumelo ea rōna e lokela ho pakoa hore e-ea phela ka mesebetsi ea borapeli eo e re susumeletsang hore re e etse. Tumelo e sa re khanneleng hore re etse mesebetsi e metle hase tumelo ea ’nete ’me e ke ke ea fella ka hore re bolokehe. Ka mohlala: Haeba molumeli oa habo rōna a sa apara ka mokhoa o lekaneng ’me a haelloa ke lijo, mantsoe feela a ke ke a mo thusa; ho tlameha ho be le thuso e tšoarehang. Le bona bademona baa lumela hore ho na le Molimo o le mong, empa ba etsa mesebetsi e mebe. Kahoo tumelo e boleloang ka molomo e se na mesebetsi e metle e e tšehetseng ha e na thuso, kaha ha e na molemo o amanang le polokeho. Abrahama, “ntate” oa bohle ba nang le tumelo ea ’nete, o bontšitse tumelo ea hae ka mesebetsi ha a nyehela Isaaka e le sehlabelo. Rahaba le eena o ne a e-na le tumelo e chesehang, hobane o ‘beiloe ea lokileng ke mesebetsi ka ho pata lihloela tsa Iseraele. Kahoo, ha tumelo e boleloang ka molomo e le joale ka setopo, ka ho kena mesebetsing e susumetsoang ka nepo ea Bokreste re paka hore kannete re na le tumelo e phelang kannete.—Jakobo 2:14-26.
Leleme le Laoloe Hobane’ng?
Borapeli bo hloekileng, bo chesehang bo boetse bo hloka bohato bo tiileng ho laola leleme. Ha e le hantle, Bakreste bohle—haholo-holo baruti ka phuthehong—ba tlameha ho qoba ho bua maikutlo a fosahetseng. Jakobo o bontšitse hore joalokaha lipere li ka tsamaisoa ka tomo, re ka laola ’mele ’ohle oa rōna o sekametseng sebeng haeba re ka tlama leleme. Hobane’ng, le sona sekepe se seholo se ka laoloa ka lesokoana le lenyenyane! Empa haeba re sitoa ho laola leleme, le ka baka tšenyo e khōlō, joaloka mollo oa hlaha. Ka liketselletso, bopaki ba bohata, mashano le tse joalo, leleme le sa laoloeng le lona le ‘silafatsa’ ’mele kaofela, le senya sebui kaofela ha sona. Ho feta moo, leleme le sa laoloeng le ka hotetsa tsela eohle eo motho a phelang ka eona ’me la senya joaloka Gehenna.—Jakobo 3:1-6.
Koana, ho laola leleme ho hloka boiteko bo matla. Le hoja motho oa moetsalibe a rutile liphoofolo tsa mefuta eohle, o sitiloe ho laola leleme ka ho phethahetseng. Empa re tlameha ho sebeletsa ho laola leleme. Kaha leleme le sa laoloeng le ka bua lintho tse mpe, la etselletsa, la thetsa ka lithuto tsa bohata, le tse joalo, ke ntho e kotsi e tletseng mahloko a bolaeang. ’Me nahana hore na e ka ba ntho e sa lokelang hakaakang ho sebelisa leleme hampe—le etselitsoeng feela hore le rorise Molimo—e be le rohaka batho ba entsoeng ke oona! Hona ho ka hanana joaloka hore metsi a monate le a babang a tsoe mohloling o le mong kapa hore mehloare e fumanoe lifateng tsa feiga.—Jakobo 3:7-12.
Ke Mang ea Hlileng a Hlalefileng?
Bohlale ba ’nete bo hlokoa ke Bakreste bohle ’me haholo-holo ba rutang ba bang ba kopanelang borapeling bo hloekileng. Motho ea bohlale kannete o bontša tšabo e loketseng Molimo ’me o bonolo. Ha e le hantle, ho sebeletsa ka ho amohelehang u le moruti motho o tlameha ho ba bonolo, e seng a khahlapetse, a ikhohomose le ho inahana boeena. Ho feta moo, mōna le likhang ruri ha li tšoanele moruti oa Mokreste kapa mang kapa mang eo e leng molateli oa Kreste. Ho e-na le hoo, bohlale ba ba nang le litšobotsi tse joalo tsa bonyefoli ke ba bophoofolo, haesita le ba bodemona.—Jakobo 3:13-16.
Bohlale bo tsoang holimo bo hloekile bo na le khotso, boa utloisisa ’me “bo rekoloha kapele.” Ka mohlala, moruti oa Mokreste ea utloisisang ha a bue lipuo tse se nang setšehetso. ’Me har’a lintho tse ling, bohlale bo tsoang holimo bo tletse “litholoana tse monate,” tse akarelletsang liketso tsohle tse lumellanang le molemo, ho loka le ’nete. Ka tlhaho, hore ho loka ho name, khotso e tlameha ho ba teng. Baruti le ba bang ka phuthehong ba hōlisang khotso ba bontša hore ba hlile ba hlalefile.—Jakobo 3:17, 18.
Re ka Thibela Khohlano Joang?
Khotso har’a barapeli hammoho le Jakobo e ne e senngoa ke hobane ba bang har’a bona ba ne ba le molato oa lintho tse kang lerato le khethollang, ho ahlola ba bang ka phoso le ho ineela mohono. Hona ha fella ka khohlano ka phuthehong. Hona mohloli oa ntoa ee e ne e le eng? Litakatso tsa boikhabi tsa ho khotsofatsa nama! Litakatso tse joalo tsa khannela ho lakatseng litulo tse phahameng le moea oa lehloeo le o bolaeang.—Jakobo 4:1-3.
Ho qoba khohlano ka phuthehong re tlameha ho nyatsa botsoalle le lefatše, bo theang bofebe ba moea. Hona ho hloka ho qoba maikutlo, lipakane, mekhoa le liketso tsa lefatše la batho le ikarotseng ho Molimo. Le hoja tšekamelo ea mohono e hōlisa khohlano ’me e hatella ka matla batho ba baetsalibe, e ka loantšoa ka moea oa Molimo, oo ruri e leng pontšo ea mosa oa oona o sa tšoanelang. Thuso eo e fumanoa ke bahlanka ba ikokobelitseng ba Jehova ba phehellang ho rapella thuso ea hae le ho mo utloa. Ba hanyetsa Diabolose ka katleho. Koana, mang le mang ea ipolelang hore ke Mokreste ea bontšang boikutlo bo fosahetseng o lokela ho atamela haufi le Molimo ka thapelo, a ikokobetse ka pel’a oona ’me a khaotse ho bua baena ba hae hampe kapa ho ba ahlola ka phoso. Ke ho hobe hakaakang hore batho ba baetsalibe ba ahlole bao ba ahisaneng le bona ha Jehova e le eena Monei-molao le Moahloli e Moholo!—Jakobo 4:4-12.
Ho qoba ho itšepa ha boithoriso le hona ho ka thusa ho tlatsetsa khotsong ea phutheho. Kaha bophelo lefatšeng lena bo tšoana le moholi o nyamelang, re tla be re le lithoto ho nahana haholo ka bona le ho ikhantša ka hore na re rera ho etsa joang. Ho e-na le hoo, bonyane pelong ea motho, re ka re, “Ha Morena [Jehova] a rata.” Ha e le hantle, ha ho letho le tšoarellang leo re ka le finyellang ntle ho mohau le thuso ea hae, ’me o hloka boikokobetso le ho mo amohela e le mohloli oa bophelo le oa lintho tsohle tse ntle. Re lokela ho nka bohato tumellanong le tsebo ena, hobane ho se etse joalo ke sebe.—Jakobo 4:13-17.
Ho Mamelloe Hobane’ng?
Har’a lintho tse ling, Jakobo joale o hatisa bohlokoa ba ho mamella. Mohlomong, ka har’a liphutheho ho ne ho e-na le barui ba ’maloa ba neng ba hlokomela joaloka eena hore letlotlo le bonahalang ha le na thuso ha le bapisoa le matlotlo a moea ao Bakreste ba nang le oona. Leha ho le joalo, e le sehlopha, barui ba ne ba hatella mafutsana le ho hanyetsa ho loka. Jakobo o bontšitse hore re tlameha ho jara mathata ana le a mang ka mamello ho fihlela kahlolo e tlela bahanyetsi ‘mohla Morena [Jesu Kreste] a fihlang.’ Re lokela ho tšoana le molemi ea mamellang ka sebete kotulo. Ha re ka hloka mamello ’me ra sitoa ho mamella ka bokhabane re tla lahleheloa ke tokoloho le mahlohonolo a tlang ha Morena a le teng.—Jakobo 5:1-8.
Joaloka barapeli ba ’nete, hape re tlameha ho mamella balumeli bahabo rōna, re sa ba khopehele, re bobola le ho feheloa ka botebo ka bona ka moea oa ho se khotsofale ho hoholo. Jakobo joale o supa hore baprofeta ba Jehova ba fana ka mohlala oa ho utloa bobe le ho mamella. Joaloka Jobo oa khale re ka tšelisoa ke ’nete ea hore re tla utloa qenehelo ea Jehova e khōlō le mohau ka mamello re tiisetsa ka pelo e hloekileng re itšoarella ka matla ho Molimo.—Jakobo 5:9-11.
Thapelo e Sebetsa Hakae?
Hoba a eletse ka lerato Bakreste bahabo hore ba se ke ba etsa likano ba sa nahana kapa ba etsa tsa bosaoana, Jakobo a ba phehella hore ba rapele’ Thapelo ke ea bohlokoa haholo ha motho a le bofokoling kapa ho kuleng ha moea. Joale e ka ba ho loketseng hore a bitse baholo ba phutheho, ba ka buang ka likhopotso tsa Mangolo tse tšoanang le oli e thobang. Baholo bana ba tla rapella ea hlokang thuso, ’me ‘thapelo e joalo ea tumelo’ e tla sebetsa. Jehova o tla tšoarela libe tseo motho ea ikokobetsang le ea bakileng a li entseng ka mohlomong ’me o tla mo busetsa bophelong bo botle ba moea. Hore “thapelo ea ea lokileng e na le matla a maholo” ho pakoa ke ’nete ea hore lithapelo tsa Elia li ile tsa arabeloa ke Jehova.—Jakobo 5:12-18.
Haeba Mokreste a ka lelerela thōko le tsela ea ’nete teng? Batho ba tšoanelehang moeeng ba lokela ho leka ho mo thusa ka thapelo e tiileng le tšebeliso e masene ea Lentsoe la Molimo. Haeba ea fosang a ka ‘khutlisoa joalo tseleng ea hae e fosahetseng,’ moea oa hae—moetsalibe ka boeena—o tla pholosoa thohakong le lefung la ka ho sa feleng. Motho ea mo nyatsitseng ka tsela eo o sebelelitse ho koaheloa, kapa ho tšoareloa ha libe tsa ea fositseng.—Jakobo 5:19, 20.
Tsoelang Pele Borapeling bo Hloekileng
Lengolo la Jakobo ka ho toba le arabela lipotso tse ngata tsa bohlokoa. Joalokaha re hlokometse. Empa rōna ka bōrōna re ka talima keletso ena e bululetsoeng ke Molimo e tsoang ho moholo ea nang le tsebo joang? E tobile ebile e utloahala moeeng. Re tla e latela?
Haeba ka tieo re sebelisa keletso ea Jakobo, e tla re thusa ho mamella liteko, ho sebelisa bolumeli ba ’nete, ho qoba ho khethollana ka maemo le ho paka ka mesebetsi e metle hore re na le tumelo ea ’nete le e phelang. Ho feta moo, e tla re thusa ho laola leleme, ho sebetsa ka bohlale bo tsoang holimo, ho thibela khohlano ka phuthehong le ho bontša mamello re le lipaki tse ikokobelitseng le tsa barapeli tsa Jehova. Ha e le hantle, ka lebaka la ho latela keletso ea Jakobo, re tla nolofalloa haholo ho tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo ka ho tsoela pele borapeling bo hloekileng le bo chesehang.