Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/1 maq. 8-9
  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Rōna?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Rōna?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thekollo ke Mpho ea Bohlokoa e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/1 maq. 8-9

Lentsoe la Molimo Lea Phela

Lefu la Jesu le Bolela Eng ho Rōna?

HOBA Jesu Kreste a shoe, batsamai Kleopa le motsoalle oa hae ba ne ba eme tseleng ka ‘masoabi.’ (Luka 24:17) Lefu ke sera, ka baka leo ke tlhaho hore le bake masoabi. Empa leha ho le joalo banna bana ba ne ba hlile ba tlameha hore ebe ba thabile hore e be Jesu o shoele, ’me ho lokela ho ba joalo le ka rōna. Na u tseba lebaka?

Bibele e-ea hlalosa: “Kreste o shoele ka baka la libe tsa rōna.” ‘Ea re shoetseng . . . re phele.’ (1 Ba-Korinthe 15:3; 1 Ba-Thessalonika 5:10) E, Jesu o ne a rometsoe lefatšeng hore a re pholose. Eena ka boeena o itse: “Mor’a motho, ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa . . . ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” (Mattheu 20:28) Empa ho bolela eng hore Jesu o ile a neela bophelo ba hae ho ba “topollo”? Topollo ke eng?

Hangata lentsoe “topollo” le sebetsa ha ho utsoitsoe motho. Hoba ea utsoang batho a utsoe motho, a ka ’na a bolela hore o tla mo khutlisa ha ho ka lefuoa chelete eitseng e le topollo. Kahoo topollo ke ntho e ’ngoe e lokollang motho ea litlamong. Ke ntho e lefuoang hore motho a se ke a lahleheloa ke bophelo ba hae. Bophelo bo phethahetseng ba Jesu bo fanoe hore ho lokolloe batho bohlankeng ba sebe le lefu. (1 Petrose 1:18, 19; Ba-Efese 1:7) Tokollo e joalo e ne e hlokahala hobane’ng?

E ne e hlokahala ka baka la Adama, ntate moholo oa rōna ea ileng a fetohela Molimo. (Genese 2:17; 3:11, 12) Ketso ea hae e se nang molao kahoo ea mo etsa moetsalibe, kaha Bibele e hlalosa hore “sebe ke ho tlōla molao.” (1 Johanne 3:4; 5:17) Ka baka leo, o ne a sa tšoaneloe ke ho fumana neo ea Molimo ea bophelo bo sa feleng. (Ba-Roma 6:23) Kahoo Adama a itahlela bophelo bo phethahetseng ba botho paradeiseng ea lefatšeng. Hape a lahla tebello ena e hlollang bakeng sa bana bohle bao a neng a tla ba etsa. Mohlomong potso ea hao ke hore na “Ke hobane’ng ha bana bohle ba hae ba tlameha ho shoa, kaha ke Adama ea sitiloeng?”

Ke kahobane Adama, ha a fetoha moetsalibe, o fetiselitse sebe le lefu ho bana ba hae, ho akarelletsa batho bohle ba phelang hona joale. (Jobo 14:4; Ba-Roma 5:12) Ka baka leo batho ba ’nile ba shoa ka baka la sebe seo ba se futsitseng ho Adama. Ho bile bonolo joang, he, hore lefu la Jesu le lokolle batho bohle bohlankeng ba sebe le lefu?

Ho ameha molao oa motheo molaong oa Molimo ho sechaba sa Iseraele. O bolela hore ‘bophelo bo lefuoe ka bophelo.’ (Exoda 21:23) Ka ho se mamele ha hae motho ea phethahetseng Adama a lahleheloa ke bophelo bo phethahetseng lefatšeng la Paradeise bakeng sa hae ka boeena le bana bohle ba hae. Jesu Kreste a fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ho rekolla se lahliloeng ke Adama. Joalokaha Bibele e hlalosa, Jesu ‘o ineetse ho ba topollo ea bohle.’—1 Timothea 2:5, 6.

Nahana feela hore na hona ho bolela eng bakeng sa rōna! Ho bolela hore Jesu o ile a tšolla mali a bophelo ba hae lefung e le hore re ka ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng tlas’a puso ea ’muso oa Molimo. Na u tla bontša teboho ea hao ka ho sebelisa bophelo ba hao ho sebeletsa Molimo le Mora oa hae oa leholimo, Jesu Kreste?—2 Ba-Korinthe 5:14, 15.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

‘Chelete ea topollo’ e ka re thusa joang ho utloisisa topollo ea Jesu

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Ho se mamele ha Adama ha fella ka eng ho eena le moloko ’ohle oa motho?

Kaha Jesu o ne a lekana hantle le Adama ea phethahetseng, hoo ho bolela eng ho rōna?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela