“Molimo oa Matšeliso ’Ohle” o na le Rōna
“Ho bokoe . . . Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna.”—2 BA-KORINTHE 1:3, 4.
1, 2. Ho 2 Ba-Korinthe 1:3-7, moapostola Pauluse o itse’ng ka matšeliso linakong tsa matšoenyeho?
JEHOVA ke “Molimo oa matšeliso ’ohle.” Moapostola Pauluse o ne a tseba hona ka tse mo hlahetseng. Kahoo, hore a khothatse Bakreste ba bang, o ile a ngola mantsoe ana a khothatsang:
2 “Ho bokoe . . . Ntat’a mehauhelo, Molimo oa matšeliso ’ohle, o re tšelisang mahlomoleng ’ohle a rōna . . . ’Me leha re le mahlomoleng, ke hore e be tšeliso ea lōna le poloko ea lōna, e ntseng e etsahala ha le mamella bohloko boo re bo utloisoang le rōna; ’me hape, ha le tšelisoa, ke hore e be tšeliso ea lōna le poloko ea lōna. ’Me tšepo ea rōna holim’a lōna e tiile, ka ho tseba hore, joale ka ha le e-na le kabelo bohlokong, hape, le na le eona le tšelisong.”—2 Ba-Korinthe 1:3-7.
3. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a tsebile Jehova e le “Molimo oa matšeliso ’ohle”? (b) Ke motheong ofe Lipaki tse ling li ka tšelisoang le ho khothatsoa ho mamella matšoenyeho?
3 E, Pauluse o ne a tseba Jehova e le “Molimo oa matšeliso ’ohle.” O ne a latsoitse litšebelisano tsa Ntate oa hae oa leholimo tse tšelisang le tse mohau, haholo ha a ne a ‘utloa bohloko ka baka la ho loka.’ (Bapisa Mattheu 5:10.) Ka baka leo, moapostola o ne a ka tšelisa ba bang le ho ba khothatsa hore ba mamelle mahlomola. Ka sebele, ka mohlala oa bona oa ho tšepahala le ho bontša hore ba tšepa Jehova, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse mamelletseng mahloriso li fana ka khothatso e susumelletsang balumeli ba bang hore ba tšepahale ho Molimo. ’Me Pauluse e ne e le mohlala oa ho mamella mahlomola.
Tlaleho ea ho Mamella ka Botšepehi
4, 5. (a) Pauluse o ngotse Ba-Korinthe ba Bobeli neng? (b) Pauluse o ne a lekana le “baapostolahali” ba Korinthe joang, empa o ne a ba phahahametse joang?
4 Hoo e ka bang ka 55 C.E. Pauluse o ile a ngola lengolo la hae la bobeli le bululetsoeng le eang ho Bakreste ba motseng oa Korinthe. Moo o ile a hanyetsoa ke bao ka matla a ileng a ba bitsa “baapostolahali.” Ka sebete a sireletsa boemo ba hae e le moapostola, e seng ka ho ikemela, empa “ka baka la Molimo,” ke hore, ho pholosa phutheho ea Jehova. (2 Ba-Korinthe 11:5, 12-14; 12:11; 5:12, 13, phet. e ncha) Moapostola a bontša hore o ne a lekana le bahanyetsi ba hae tsoalong ’me joale a bontša hore o ne a ba feta ka mesebetsi, mahlomola, ho tsamaea, litlokotsi le mathata e le ‘mohlanka oa Kreste.’ A ngola:
5 “Na [bahanyetsi ba hae] ke bahlanka ba Kreste?—teng, kea ba fetisa; ke ba fetisa ka mesebetsi, le ka mabote haholo, le ka literonko, ke bile lefung hangata; ke shapiloe ka phafa ke ba-Jode hahlano, lichapo tsa e-ba mashome a mane, ha hlokahala e qetellang, ke shapiloe ka thupa hararo; ke hlotse tsatsi le le leng le bosiu bo le bong bolibeng ba leoatle; ke bile maetong hangata; ke batlile ke timella linokeng, ka batla ke timela har’a masholu, ka batla ke timetsoa ke ba sechaba sa heso, ka batla ke timetsoa ke ba-lichaba, ka batla ke timella metseng, ka batla ke timella mafeelleng, ka batla ke timella leoatleng, ka batla ke timetsoa ke baena ba mahata. Ka ba litsietsing le bothateng, ka hloka boroko hangata, ka lapa, ka nyoroa, ka itima lijo hangata, ka hatsela, ka senyeheloa ke likobo.”—2 Ba-Korinthe 11:21-27.
6. (a) Ke hokae moo re fumanang tlaleho ea litšobotsi tse ling tsa bophelo ba Pauluse ba Bokreste pele a ngola Ba-Korinthe ba Bobeli? (b) Re tla rua molemo joang ka ho ikhopotsa tlaleho ea Pauluse ea ho mamella ka botšepehi?
6 Buka ea Bibele ea Liketso tsa Baapostola (9:3 ho ea ho hoo e ka bang Lik 9:3–20:4) e bolela tse ling tsa lintho tse tsoa boleloa bophelong ba Pauluse ho tloha nakong ea hore e be Mokreste ho fihlela ha a ngola Ba-Korinthe ba Bobeli. Joale re ke re ikhopotseng ka tlaleho ea hae ea mamello e tšepahalang. Ntle ho pelaelo e tla re khothalletsa ho mamella mahlomola ka tšepo ea hore “Molimo oa matšeliso ’ohle” o na le rōna.
‘Ho ba Fetisa ka Literonko le Mesebetsi’
7. (a) Ke mosebetsi ofe o boleloang ke ‘ho ba fetisa ka mesebetsi’ ha Pauluse? (b) Ho latela mantsoe a moapostola ho “baholo” ba phutheho ea Efese, tšebeletso ea hae o ne a e entse joang? (c) Ke eng e neng e susumelitse Pauluse mesebetsing ea hae e matla bakeng sa evangeli le lithahasello tsa ’Muso?
7 Ke ba fetisa ka mesebetsi: Joaloka ’moleli oa “evangeli,” Pauluse “o ile a sebetsa ka thata haholo” ho feta bahanyetsi ba hae. (2 Ba-Korinthe 11:23, Today’s English Version) Eena, bonneteng, o ne a kene mosebetsing oa boboleli nako e teletsana ’me hangata e le tšimong e thata haholo. Ka mohlala, Efese, moo ho neng ho rapeloa molimo oa mosali Diana Pauluse o ile a oela matsohong a mahoo-hoo, boiteko ba hae tšebeletsong le lebitsong la balumeli bahabo li bile matla haholo, ka linako tse ling li bile li hlomola pelo. Empa ho ne ho fella ka tholoana e ntle ea moea. Hamorao, ke hantle a neng a ka re ho “baholo” ba phutheho ea Efese: “Le tseba . . . kamoo ke sa kang ka pata taba, leha e le ’ngoe, ea tse le tšoanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontšeng le ka matlung a lōna, ke ntse ke khothaletsa ba-Jode le ba-Gerike ho sokolohela ho Molimo, le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Liketso 20:17, 20, 21, 31; 19:1-41) Ha ho le joalo, pele banna bana bao joale e neng e le baholo ba fetoha Bakreste, moapostola Puluse o ne a ba rutile linnete tsa motheo tsa Bokreste mosebetsing oa boboleli oa ‘ntlo le ntlo.’ Ke ho sebetsa ha Lentsoe la Jehova le moea oa hae o halalelang tse ileng tsa susumetsa pelo ea Pauluse hore a sebetse ka matla ho jala evangeli le ho hōlisa lithahasello tsa ’Muso. (Esaia 61:1, 2; Ba-Roma 10:8-10) Ka tšebetso e matla hakaalo moapostola o ile a beela Bakreste ba lekholo la lilemo la bo20 mohlala o motle haholo.
8. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka re o bile ‘literonkong hangata’ ho feta “baapostolahali”? (b) Ntle ho pelaelo, Pauluse le Silase ba ile ba tšelisoa ke eng ha ba le litlamong Filippi, ’me ba etsa joang ha ba lokolloa ke tšisinyeho ea lefatše? (c) Ke khothatso efe e ka fumanoang ka liphihlelo tsa Pauluse tsa teronkong Filippi?
8 Ke ba fetisa ka literonko: Clement oa Roma, ha a ngola ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., o bolela hore Pauluse o bile literonkong ka makhetlo a supileng. Pele a ngola lengolo la Ba-Korinthe ba Bobeli o ne a se a bile teronkong hangata haholo ho feta “baapostolahali.” Tlaleho e ho Liketso e bolela ka ho tlangoa ho hong ho joalo—motseng oa Macedonia oa Filippi. Ho totobetse hore Pauluse le Silase ba ne ba thabela ho ba mahlomoleng ‘ka lebaka la ho loka,’ hobane ha ba le litlamong moo ba ile ba rapela Molimo le ho o rorisa ka lipina. Ba thabela ho ikhopotsa Mangolo hammoho le ho hlokomela hore Molimo o utloa lithapelo tsa bona ’me o-oa li arabela. (Pesaleme ea 65:2, 119:52) Ha ba lokolloa ke tšisinyeho ea lefatše, ha baa ka ba tloha ka potlako, empa, ho e-na le hoo, “ba ntoo ’molella [molebeli oa teronko] lentsoe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ea hae.” Phello? Molebeli oa teronko le ba ntlo ea hae ea e-ba Bakreste! (Liketso 16:16-40) Ka ’nete, tlaleho ena e khothalletsa lipaki tse litlamong tsa Jehova kajeno hore li amohele mahloriso ka thabo ea bomolimo, ho tšepela thapelong, ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo le ho bua ka lona ka sebete!—Liketso 4:29-31.
Ho se Nyahamisoe ke Lichapo le ho ba Makhatheng a Lefu
9. Ke eng e bontšoang ke mantsoe ‘lichapo tse ngata’?
9 Ka shapuoa haholo ho ba feta: Pauluse o ne a shapiloe ka ho fetisisa. Hape ho boleloa hore o bile “ntšing tsa lefu.” (2Co 11 Temana ea 23, phet. e ncha) Hona ho ka ’na ha bontša hore ha a ne a shapuoa ka makhetlo a mang ho ne ho tiisoa hoo a neng a otloa hore haeba a shoa a shoe.
10. (a) Pauluse o ne a bile “ntšing tsa lefu” hangata joang? (b) Ka ho totobetseng ke eng e ileng ea tiisa moapostola ha a le “ntšing tsa lefu”?
10 Ntšing tsa lefu ka makhetlo-khetlo: Hona ho ne ho ke ke ha ama lichapo tse itseng feela. Pelenyana hona lengolong lena Pauluse o itse: “Re jara lefu la Morena Jesu hohle ’meleng ea rōna, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale ’meleng ea rōna.” (2 Ba-Korinthe 4:10, 11) Moapostola o ne a bile kotsing e nyarosang bophelo kapa bohlokong bo isang lefung Damaseka, Antioke oa Pisidia, Ikone, Lystra, Thessalonika le Berea. (Liketso 9:23-25; 13:49-51; 14:1-6, 19, 20; 17:1, 5-9, 13, 14) Ha e le hantle, mohlomong o ne a pepeselitsoe kotsi e bolaeang ea lipapali tsa Ba-Roma, ha re talima ho bua ha hae ka ‘ho loana le libatana Efese.’(1 Ba-Korinthe 15:32; bapisa Liketso 19:23-41; 2 Ba-Korinthe 1:8-11.) Ka bophelo ba hae bo le kotsing hangata hakaalo, ruri moapostola o ne a ka bua tjena: “Ke tjametsoe ke lefu ka matsatsi ’ohle.” (1 Ba-Korinthe 15:31, phet. e ncha) Ntle ho pelaelo, thuso ea moea o halalelang oa Jehova le tumelo ea Pauluse litšepisong tsa bohlokoa tsa Molimo li ne li tiisa moapostola ha a ne a le “ntšing tsa lefu” hangata.—2 Ba-Korinthe 1:20-22.
11. Ho shapuoa ha Pauluse ke Bajode e ne e le ha mofuta ofe?
11 Ke shapiloe ke ba-Jode hahlano, lichapo tsa e-ba mashome a mane, ha hlokahala e qetellang: Pauluse o bontšitse hore makhetlo a mahlano ao a ileng a shapuoa ka oona ‘ka lebaka la ho loka’, ho entsoe ke Bajode, mohlomong masynagogeng a bona. (2Co 11 Temana ea 24; Mattheu 10:17) Molao oa Moshe o ne o lumella ho shapa ka thupa kapa molamu, baahloli e le bona ba bolelang hore na ka makhetlo a makae, ho itšetlehile ka phoso. Empa ka botho kotlo e ne e fella ka lithupa tse mashome a mane, ’me Bajode ba ne ba li fokoletsa ho 39 e se re mohlomong ba fetisa tekanyetso ea molao ka phoso. (Deuteronoma 25:1-3) Lichapo tse joalo li ne li le bohloko haholo. Empa “Molimo oa matšeliso ’ohle” oa tiisa Pauluse hore a mamelle tšoaro ena ka mamello e tšepahalang.
12. (a) Ka ho totobetseng, moapostola o ne a bua ka tšoaro ea mofuta ofe ha a re “ke shapiloe ka thupa hararo”? (b) Ke ka thuso efe lichapo tse etsoang “ka baka la ho loka” li mamelloang?
12 Ke shapiloe ka thupa hararo: Ho totobetse hore lichapo tsena tse fetisisang ka makhetlo a mararo li ne li etsoa ka liofisiri tsa Ba-Roma tse shapang ka thupa. (2Co 11 Temana ea 25) Chapo ena e ne e etsoa hoba motho a hlobolisoe liaparo tse ka ntle. Joaloka mohahi oa Roma, Pauluse o ne a sa lokela ho shapuoa joalo. Leha ho le joalo, hoo ha hoa ka ha thibela hore eena le Silase ba ‘ntšoe maqeba a mangata’ pele ba kenngoa litlamong joaloka baboleli ba evangeli. (Liketso 16:19-24, 33, 35-40) Lichapo tse joalo li ne li etsoa ka sehlōhō, empa ka thuso ea moea oa Molimo Pauluse a mamella ka botšepehi tšoaro ena e bohloko “ka baka la ho loka.” ’Me ka ho tšehetsoa ke Molimo ka mokhoa o joalo, Bakreste ba kajeno ba tšepahetse ho Molimo ho sa tsotellehe ho hlekefetsoa ho joalo.
13. Pauluse o ile a tlepetsoa ka majoe hokae, empa na hoo ho ile ha emisa tšebeletso ea hae?
13 Ke tlepelitsoe ka majoe hang: Bajode ba litlokotsebe ba Lystra “ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa ka ntle ho motse, ba lekanya hore o shoele.” Ha e le hantle, morero oa ho tlepetsa hoo e ne e le ho bolaea. (Bapisa Levitike 20:2; Liketso 7:58-60.) “Empa eare ha barutuoa ba mo teela hare, a tsoha, ’me a kena motseng,” a tsoela pele ka maeto a hae a tšebeletso ka letsatsi le hlahlamang.—Liketso 14:19-22.
Ho Shoeloa ke Sekepe le Litsietsi Leoatleng
14. Pauluse o boletse ka ho robeheloa ke sekepe hofe, ’me ho ile ha ama maeto a hae lebitsong la evangeli joang?
14 Ke shoetsoe ke sekepe hararo: Buka ea Liketso e tlaleha ho robeha ha sekepe ka lekhetlo le le leng, ’me hoo ho etsahetse ha Pauluse a se a ngoletse Ba-Korinthe. Ho etsahetse ha Pauluse a le tseleng ho ea Roma. (Liketso, khaolo ea 27) Leha ho le joalo, pele ho mona moapostola hangata o ne a palama likepe, ’me ho ne ho tloaelehile hore likepe li robehe maetong a sikang ka mabopo a leoatle. Kahoo, le hoja Mangolo a sa fane ka lintlha tse qaqileng ka ho robeha ka makhetlo a mararo ha sekepe ho boletsoeng mona, ho totobetse hore mathata a maeto a Mediterranean a ne a sa etse hore Pauluse a fokotse maeto a hae a litaba tse molemo.
15. (a) Pauluse o ne a bolela eng ha a re “ke hlotse tsatsi le le leng le bosiu bo le bong bolibeng ba leoatle” (b) “Molimo oa matšeliso ’ohle” o ile oa thusa Pauluse joang tabeng ee, ’me hona ho lokela ho re nea tšepo efe?
15 Ke hlotse tsatsi le le leng le bosiu bo le bong bolibeng ba leoatle: Ha e le hantle, moapostola ha a bolele hore ka mokhoa oa mohlolo o ile a mamella nako ea lihora tse 24 ka tlas’a metsi. Joaloka motho ea neng a robehetsoe ke sekepe, mohlomong lihora tseo tse kotsi karolo e ’ngoe ea tsona o ne a loanela ho sesa ka har’a metsi a bilohang kapa a itšoarelletse ka sefate se phaphametseng kapa ka likotoana tsa sekepe se robehileng. Le haeba o ne a itšoarelletse ka patsi, phihlelo ena e sisimosang (eo ho seng kae kapa kae moo e boleloang ka Mangolo) e ne e hloka ho mamella ka sebete ho fihlela moapostola a pholosoa kapa a honyella moo ho omileng. Ka sebele, Pauluse o ile a ‘hooa ho Jehova mahlomoleng a hae, ’me Molimo oa mo lopolla mahlomoleng.’ (Bapisa Pesaleme ea 107:23-31.) Oona ‘Molimo oo oa matšeliso ’ohle’ o ka arabela le tsa rōna lithapelo.—Bapisa 1 Johanne 5:13-15.
Molimo oa Rōna o Fana ka Matšeliso a sa Sitoeng
16, 17. Ho ka boleloa joang hore thuso ea moea o halalelang oa Jehova ke ea bohlokoa haholo ha re le mahlomoleng ‘ka lebaka la ho loka’?
16 Re hlokometse mehloli e meng ea matšeliso e neng e thusa Pauluse hore a tšepahale ho Jehova ho sa tsotellehe mahloriso. Ho lokela hore e hatisoe, hobane e tla thusa lipaki tsa kajeno tsa Jehova ho mamella mahlomola ‘ka lebaka la ho loka’.
17 Thuso ea moea o halalelang oa Jehova ke ea bohlokoa haholo. Ke nakong ea mahloriso moo re lokelang ho rapella moea haholo, re ineele tataisong ea oona ’me re bontše tholoana ea oona. (Luka 11:13; Pesaleme ea 143:10; Ba-Galata 5:22, 23) Moea oa Jehova o sebetsang lipelong tsa rōna o re etsa hore re falimehele lerato la hae, ’me tiiso ena e tšelisang e tla re thusa ho mamella mahlomola.—Ba-Roma 5:3-5; 8:35-39; 2 Ba-Thessalonika 3:5.
18. Nakong ea matšoenyeho joaloka Bakreste, ho lumela litšepiso tse babatsehang tsa Molimo ho ka re tšelisa joang?
18 Ho lumela litšepiso tsa bohlokoa tsa Molimo, joalokaha li thathamisitsoe ka Mangolong, le hona ho tla re tšelisa. (Ba-Roma 15:4) Hopola, ‘Jesu o mameletse sefapano ka baka la thabo eo a neng a e beetsoe. (Ba-Heberu 12:1, 2) Le haeba re ka ba mahlomoleng ho isa “lefung,” ho na le tebello e babatsehang ea tsoho le ea bophelo bo sa feleng taolong e ncha ea Molimo, le haeba tšepo ea rōna ke ea leholimo kapa ea lefatše. (Mattheu 10:28; Luka 23:43; Johanne 5:28, 29; 17:3; 1 Ba-Korinthe 15:53; 2 Petrose 3:13) Matšoenyeho ‘a chatsi ke a motsotso’ hakaakang ha re talimile nakong e sa feleng!—2 Ba-Korinthe 4:16-18.
19. Thapelo e re tlisetsa matšeliso joang har’a matšoenyeho?
19 Hore Molimo o re nee khotso ea kelello le matla ka ho arabela lithapelo tsa rōna le hona ke mohloli o moholo oa matšeliso nakong ea matšoenyeho. (Bona Luka 22:32; Liketso 4:23-31; Jakobo 5:16-18.) Jesu ka tieo a etsa thapeli le ho qela Jehova, ‘ea neng a ka tseba ho mo loela lefung; ’me a utluoa ka baka la borapeli ba hae.’ E, Jehova a romela lengeloi le ileng la tiisa Jesu nakong ea moleko. (Ba-Heberu 5:7; Luka 22:43) Ka sebele, ha re bona hore Jehova o arabela lithapelo tsa rōna har’a matšoenyeho, rea tšeliseha.
20. Joale re tla buisana ka litsela life tse ling tseo Pauluse a ileng a fetisa “baapostolahali” ba Korinthe ka tsona.
20 Haeba re loana ka tieo ho mamella ka botšepehi joaloka Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste, “Molimo oa matšeliso ’ohle” o tla ba le rōna, joalokaha a bile le moapostola Pauluse. Ho tla fihlela mona, re buisane ka mesebetsi le mahlomola tsa Pauluse. Empa boitšireletso ba hae joaloka ‘mohlanka oa Kreste’ bo bontša hore o boetse a fetisa “baapostolahali” ba Korinthe ka ho tsamaea, makaqabetsi le mathata. Re ka ithuta eng ka tsee tse mo hlahetseng?
Na u hopola lintlha tsee?
◻ Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ne a tseba Jehova e le “Molimo oa matšeliso ’ohle?”
◻ Bakreste ba mameletseng matšoenyeho ba ka khothatsa balumeli hammoho le bona ho tšepahala ho Jehova joang?
◻ Ke mosebetsi ofe o neng o akarelletsoa ‘mesebetsing e mengata’ ea moapostola?
◻ Re ka rua molemo joang liphihlelong tsa Pauluse litlamong?
◻ Tse ling tsa litsela tseo Jehova Molimo a fanang ka matšeliso a sa sitoeng ke letho ka tsona ke life?
[Setšoantšo se Leqepheng la 9]
Pauluse o ne a kena litlamong hangata, joalokaha ho bile joalo ka eena le Silase Filippi
[Setšoantšo se Leqepheng la 11]
Ka makhetlo a mane tšebeletsong ea hae Pauluse o ile a robeheloa ke sekepe