Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w83 6/15 maq. 14-19
  • Re ka ‘Tiisetsa ho Fihlela Qetellong’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka ‘Tiisetsa ho Fihlela Qetellong’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maeto a Kotsi ho Ntšetsa Pele Evangeli
  • Ho Tiisetsa ka Botšepehi Likotsing tse Ngata
  • Ho Beoa Kotsing ke “Baena ba Mahata”
  • Ho Tiisetsa Mathata ‘Tšebeletsong e Halalelang’
  • ‘Tiisetsa ho Fihlela Qetellong’
  • “Molimo oa Matšeliso ’Ohle” o na le Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Buka ea Bibele ea 47—2 Ba-Korinthe
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ha ke Molato oa Mali a Mang Kapa Mang”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Basebetsi-’moho le Pauluse E ne e le Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
w83 6/15 maq. 14-19

Re ka ‘Tiisetsa ho Fihlela Qetellong’

“Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—MATTHEU 24:13.

1. (a) Ho rōna re le motho ka mong, ‘qetello’ e ka ’na ea e-ba eng, eo Jesu a e boletseng joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 24:13? (b) Ke eng e hlokahalang bakeng sa poloko?

JESU KRESTE, boprofeteng bo boholo bo buang ka ‘ho ba teng’ ha hae, o boletse polelo ena e susumelletsang tšepo: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.” (Mattheu 24:3, 13) Ho rōna re le motho ka mong, ‘qetello’ e ka tlisoa ke “ho fela ha lefatše” kapa ho shoa ha rōna, mohlomong kamorao ho teko e telele le e matla. Empa leha ho le joalo, hore poloko e tle e hlahe qetellong, tiisetso e tšepahalang e-ea hlokahala.—1 Petrose 1:8, 9.

2, 3. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholoa hore rōna, le hoja re sa phethahala, re ka finyella polokong? (b) Joale re tla nahana ka’ng?

2 Jesu o fane ka mohlala o phethahetseng oa tiisetso. (Ba-Heberu 12:1-3) Empa joaloka batho ba sa phethahalang re ka tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe mahlomola a matla le matšoenyeho ‘ka lebaka la ho loka.’ (Mattheu 5:10) E, ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova re ka finyella poloko e isang bophelong bo sa feleng ka sehlabelo sa topollo sa Mora ea ratoang oa hae, Jesu Kreste.—Johanne 3:16; 1 Johanne 2:1, 2.

3 Moapostola Pauluse, le hoja e ne e le motho ea sa phethahalang, o re lokisetsa mohlala o motle oa tiisetso e isang polokehong. Ha re hlahloba karolo ea tlaleho ea boitšireletso ba hae ho 2 Ba-Korinthe 11:23-27, re ithutile hore mesebetsing le mahlomoleng ‘o ne a etsa ka ho fetisisa’ joaloka “mohlanka oa Kreste” ho feta “baapostolahali” ba Korinthe. Joalokaha re tla bona, hape o ile a fetisisa joaloka “mohlanka oa Kreste” maetong, likotsing le mathateng a sa tšoaneng.

Maeto a Kotsi ho Ntšetsa Pele Evangeli

4. Moapostola Pauluse o ne a supa maeto afe ha a re “ke bile maetong hangata”?

4 Ke bile maetong hangata: Pauluse o nkile maeto hangata a bolela evangeli, a fetisa bahanyetsi ba hae ba Bakorinthe hole ntlheng ena. (2Co 11 Litemana 23, 26) Ha e le hantle, o ile a thulana le likotsi tse tloaelehileng ho batsamai lefatšeng la Roma. Empa o ne a nka maeto a malelele le a khathatsang. Maeto a hae a ne a mo isa metseng e kang Antioke oa Pisidia, Ikone, Lystra, Derbe, Filippi, Thessalonika, Berea, Athene le Korinthe.—Liketso 13:14–14:26; 16:11–18:17.

5. Ke eng e neng e etsa hore maeto a Pauluse a be boima le ho ba kotsi ka ho ikhethang, hona o ne a ka mamella maeto a thata joalo joang?

5 Maeto a moapostola a ne a le boima a bile a le kotsi haholo hobane ‘o ne a hlouoe ka baka la lebitso la Kreste.’ (Mattheu 10:22) Leha ho le joalo, Jehova a nea Pauluse matla le sebete tse hlokahalang bakeng sa maeto a hae a boima. (Esaia 40:28-31) Ka sebele, joaloka mohlanka ea sebetsang haboima, moapostola o beetse lipaki tsa kajeno tsa Jehova mohlala o motle ho phahamiseng lithahasello tsa ’Muso.—Mattheu 6:33.

Ho Tiisetsa ka Botšepehi Likotsing tse Ngata

6. E be mohlomong moapostola o ne a bua ka ‘ho timella linokeng’ hofe?

6 Ke batlile ke timella linokeng: Kaha marokho a ne a fokola haholo ka palo, bophelo ba Pauluse e tlameha e be bo ne bo ba kotsing hangata ha a tšela linōka tse phophomang mabōpo. Ka mohlala, leetong la hae la pele la boromuoa leha a khutla, o ile a haola ka la Pisidia, moo linōka tse phallang ka potlako tsa lithaba li leng kotsi. (Liketso 13:13, 14; 14:21, 24) Ka tiisetso ea Pauluse tlas’a maemo a joalo, Lipaki tsa Jehova—haholo baromuoa le bahlanka ba bang ba libakeng tse thoko—ba ka khothala.

7. (a) Ke ‘ho timela hofe har’a masholu’ hoo moapostola a neng a ka thulana le hona? (b) Lipaki kajeno li ka tiisetsa likotsi tse joalo joang?

7 Ka batla ke timela har’a masholu: Setšoantšo sa Jesu sa Mosamaria ea molemo se bontša hore motho ea neng a tsamaea a eta lekholong la pele la lilemo o ne a ka ‘oela matsohong a masholu, a neng a ka ’na a mo hlobolisa, a mo ntša maqeba eaba a mo sia a le makhatheng a lefu.’ (Luka 10:25-37) Lihlopha tsa linokoane li ne li le ngata libakeng tse ngata moo Pauluse a neng a tsamaea teng. Ka mohlala, ha eena le Barnabase ba ne ba le leetong ho leba ka leboea ba tloha Perge ho ea Antioke oa Pisidia, ba ile ba feta lithabeng tse tletseng lihlopha tsa linokoane. (Liketso 13:13, 14) Linokoane tse kotsi joalo li ne li lalla batho libakeng tse thotseng ’me li sa senye nako ho etsa ka likhoka. Mohlomong, Pauluse ka boeena o kile a hlaseloa ke masholu a larang litseleng. Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li ka ’na tsa thulana le likotsi tse joalo ’me ho hlokahala hore li hlokomele. Leha ho le joalo, joaloka moapostola, li ka tiisetsa ka botšepehi, li sa ineele tšabong empa ka tšepo li khotsoe hore Jehova o tla li sireletsa.—Bapisa Pesaleme ea 56:4.

8. Ke hobane’ng ha Bajode bahabo ba ne ba hloile Pauluse ba bile ba batla ho mo bolaea?

8 Ka batla ke timetsoa ke ba sechaba sa heso: Pauluse o ne a bolela ka Messia ea khokhothetsoeng a ba a tsosoa, ea neng a hanoa ke batho ba naha ea habo. (1 Ba-Korinthe 1:22-24; 2:2) Ho feta moo, o ne a ruta hore motho ha a balloe ho loka ka lebaka la mesebetsi ea Molao oa Moshe, empa ka ho lumela ho Jesu Kreste. (Ba-Roma 3:20; 5:18-21; 6:14) Kahoo, Bajode bahabo ba ne ba nka Pauluse e le mokoenehi, ba mo hloea, ba mo shapa ba bile ba batla le ho mo bolaea. (Liketso 9:23-25) Ba moloko oa habo le bona ba ne ba bonahala ba halefile hobane o ne a hapela Bokresteng Balichaba ba bang bao Bajode ba neng ba shebile ho ba sokollela bolumeling ba bona.—Mattheu 23:15; Liketso 17:1-10.

9. Ke ho ‘timetsoa ke ba-lichaba’ hofe hoo moapostola a neng a le kotsing ea hona, empa na mathata a joalo a ile a mo khutsisa?

9 Ka batla ke timetsoa ke ba-lichaba: Balichaba, kapa bao ba lichaba tse ling, le bona ba ne ba tšoenya Pauluse. (Liketso 19:11-41) Ha e le hantle, lira tsa hae tsa Bajode ka linako tse ling li ne li susumetsa Balichaba hore ba futuhele moapostola. (Liketso 14:1-7, 19, 20) Leha ho le joalo, likotsi tse joalo tse tsoang ho Bajode le Balichaba ha ho mohla li kileng tsa khutsisa ’moleli eo ea sa tšabeng, oa ’Muso. Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse tšoenngoang tsa kajeno li bolela li sa tšabe har’a batho ba merabe ea habo tsona le ba bang.—Liketso 17:30, bapisa Pesaleme ea 59:1-4.

10. Pauluse o bile kotsing “metseng” joang?

10 Ka batla ke timella metseng: Ka tsela ena kapa eane, Pauluse o ile a tšoenngoa metseng e kang Damaseka, Jerusalema, Lystra le Efese. (Liketso 9:23-30; 14:19; 19:29-31) Bahanyetsi ba balichaba ba Filippi ba bolela hore Pauluse le Silase ba ‘ferekanya motse oa bona.’ Ka lebaka leo, baboleli bao ba Evangeli ba futuheloa ke mahoo-hoo a moo, a ba shapa le ho ba kenya teronkong. (Liketso 16:16-24) Empa hona ha hoa ka ha emisa baboleli bana ba ’Muso, joalokaha phutuhelo e joalo e sa khutsisa Lipaki tsa Jehova mehleng ea rōna.

11. Likotsi “mafeelleng” e ne e ka ’na ea e-ba life?

11 Ka batla ke timella mafeelleng: Moapostola o ne a sa lekanyetse tšebetso ea hae le metsamao libakeng tse nang le baahi ba bangata le litseleng tse ntle feela. Maeto a hae a ne a mo lebisa le libakeng tse nang le baahi ka ho qalikana, le “mafeelleng.” Mono Pauluse o ne a ka ’na a talimana le monyetla oa tlala, lifefo, ho lahleha, ho oeloa ke libatana le ho oela marabeng a cheiloeng ke lihlopha tsa litlokotsebe.

12. Pauluse o ne a talimane le ‘likotsi life leoatleng,’ ’me na li ile tsa mo thibela ho phethahatsa tšebeletso ea hae?

12 Ka batla ke timella leoatleng: Ha tšebetso ea ho jala evangeli kapa ho thusa balumeli ba bang e ne e hloka ho tsamaea “leoatleng,” kotsi e ne e le teng ea lifefo tse matla, hammoho le monyetla oa ho robeheloa ke sekepe. Empa Pauluse ha a ka a lumella makaqabetsi a joalo a mo sitise ho phethahatsa tšebeletso ea hae, joalokaha Lipaki tsa Jehova tse ngata mehleng ea rōna ka sebete li tiisetsa likotsi tse joalo ha li tsamaea ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso.

Ho Beoa Kotsing ke “Baena ba Mahata”

13, 14. (a) “Baena ba mahata” e ne e le bafe? (b) Ke hobane’ng ha “baena ba mahata” e ne e le kotsi e ikhethang? (c) Lipaki tsa Jehova li sirelelitsoe joang moeeng khahlanong le “baena ba mahata” ba ka ’nang ba kenella liphutheho?

13 Ka batla ke timetsoa ke baena ba mahata: Ho neng ho le kotsi ka ho fetisisa, ’me ntle ho pelaelo e le moleko o ikhethang ho Pauluse, e ne e le “baena ba mahata” kapa “baena ’motoana” (The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures) ba bolotsana. Batho ba joalo ba fumanehile har’a balateli ba Kreste ho tloha nakong ea Judase Iskariota oa lehlabaphio. Mehleng ea Pauluse ‘baena bana ba mahata’ mohlomong ba ne ba akarelletsa “baapostolahali” ba Korinthe. “Baena ba mahata” ba ne ba le kotsi haholo ka baka la hore ka bomene-mene ba ne ba itlhahisa eka ke metsoalle ha ha e le hantle e ne e le mahlaba-phio. Batho ba Joalo ba ne ba leka ho fumana seo ba ka nqosang Pauluse ka sona.—2 Ba-Korinthe 11:5, 12-14; bapisa Daniele 6:4, 5.

14 Har’a “baena ’motoana” ho ne ho balelloa ba mafolo-folo ‘likerekeng tsa Galatia.’ Empa ha ho mohla Pauluse a kileng a ineela ho batho ba joalo, “’nete ea Evangeli e tle e lule” ho balumeli bahabo. (Ba-Galata 1:1, 2; 2:4, 5; bapisa Juda 3, 4.) Joalokaha Jehova a ile a thusa Pauluse, O matlafalitse lipaki tsa Hae tsa kajeno moeeng e le hore “’nete ea Evangeli” e lule ho tsona. Mangolong a bululetsoeng ke Molimo a kang a eang ho balumeli ba Korinthe le ba Galatia, li fumana thuso ea moea bakeng sa ho itšireletsa khahlanong le “baena ba mahata” ba ka ’nang ba kenella liphutheho.

Ho Tiisetsa Mathata ‘Tšebeletsong e Halalelang’

15. Pauluse o ne a bua ka’ng ha a re o ‘ne a fetisa’ ho beng mohlanka oa Kreste “mesebetsing le makaqabetsing”?

15 Ka ba mesebetsing le makaqabetsing: Joale Pauluse o bolela mathata a mo ‘etsang ea fetisang’ joaloka “mohlanka oa Kreste” ho feta bahanyetsi ba hae. (2Co 11 Litemana 23, 27, phet. e ncha) ‘Mesebetsi le makaqabetsi’ tse boleloang mona li ka ’na tsa amana le mosebetsi o boima oa matsoho oo Pauluse a neng a o etsa hore a ’ne a be tšebeletsong. (Liketso 18:1-4; 1 Ba-Korinthe 4:11, 12; 2 Ba-Thessalonika 3:7, 8) Empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e etsoa ke moapostola e ne e likoloha tšebeletsong ea Jehova. Kahoo, ‘mesebetsi ena le makaqabetsi’ ntle ho pelaelo li ne li akarelletsa ho etsa ka matla ha hae ho neng ho fella ka mokhathala ka baka la ho tsamaea ka matla, ho pepesetsoa boemo bo bong le bo bong ba leholimo, ho hloka le mathata a mang a tiisetsoang ‘tšebeletsong e halalelang’ ea Jehova.—Ba-Roma 12:1.

16. Ke eng e neng e ikarabella bakeng sa ‘ho hloka boroko hangata’ ha Pauluse?

16 Ka hloka boroko hangata: Ka baka la takatso ea Pauluse ea ho qoba ho imetsa bao a neng a ba bolella evangeli, o ne a tšoara ka matsoho “motšehare le bosiu,” mohlomong hangata e le le ka ho haelloa ke boroko haholo. (1 Ba-Thessalonika 2:9) Ha e le hantle, hona hohle ho ne ho amana le tšebetso ea moapostola e le “mohlanka oa Kreste.” Ho “hloka boroko” ha hae ho ne ho sa bakoe ke ho belaela hore na o tla fumana lintho tse hlokahalang tse bonahalang joang, hobane Jehova o hlokomela hore bahlanka ba hae ba fumana lintho tsena. (Mattheu 6:25-34) Empa a mang masiung ana a ho hloka boroko a ne a ka sebelisetsoa thapelo kapa ho ameha ka botebo ka balumeli ba bang. (Bapisa Luka 6:12-16; 2 Ba-Korinthe 11:28, 29.) Ka lekhetlo le leng a ho fumana ho hlokahala hore a bue le baena ba bokaneng ea ba ea e-ba “bosiu bo boholo,” e, bosiu bohle “ha ba ha e sa.” (Liketso 20:7-12) Ho feta moo, boholo ba masiu ao a ho hloka boroko a ne a bakoa ke ho khathala ha ’mele, likotsi le mathata tse neng li tiisetsoa ha moapostola a etsa tšebeletso ea hae.

17. Ke neng moapostola a neng a ka ‘lapa le ho nyoroa’?

17 Ka lapa, ka nyoroa: Pauluse o ne a ka “lapa, a nyoroa” ha a haola libakeng tse thoko kapa mahoatateng a chesang. Ka linako tse ling o ne a ka lapa le ho nyoroa ka lebaka la ho itšetleha ka basele kapa ka litokisetso leha e le life tseo a neng a ka li fumana ka mesebetsi ea hae libakeng tseo a sa li tloaelang. Empa leha ho le joalo ka mehla Jehova o ne a bona hore Pauluse o-oa pholoha, le hoja litokisetso e ne e le tse nyenyane ka linako tse ling. Ha ho bapisoa, “Molimo oa matšeliso ’ohle” o lokisetsa se hlokoang ke bahlanka ba hae ba kajeno.—Pesaleme ea 37:25; Luka 11:2, 3.

18. Ho “itima lijo hangata” ho ne ho ka ’na ha amana le eng?

18 Ka itima lijo hangata: Mona (2Co 11 temaneng ea 27) mohlomong Pauluse o ne a rerile ka boomo ho bapisa ‘ho lapa, le ho nyoroa’ ho neng ho sa reroa le ho “itima lijo hangata” ho neng ho etsoa ka morero. Ka linako tse ling mohlomong o ne a itima lijo ka boithatelo, joalokaha e-ba mohlomong a ineela ho rapela kapa a hlokomela litaba tse boima haholo tsa moea. (Bapisa Liketso 13:3; 14:23.) Empa haeba a ne a bolela mathata feela mona, o ne a bolela ho se je ka mabaka, mohlomong ka lebaka la ho kula, ho kang letšollo, kapa ho hloka hoo ho thulanoang le hona tšebeletsong. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 6:5.) Ha e le hantle, ha Pauluse a ne a nka maeto a itseng a tšebeletso mohlomong o ne a hlokomela hore lijo le metsi li tla haella kapa li be sieo. Empa ha a ka a lumella hona ho mo sitisa ho ntšetsa pele lithahasello tsa Bokreste.—Ba-Filippi 4:12.

19. Ke tlas’a maemo afe moo Pauluse a neng a ka ’na a tlisetsa ‘ho hatsela le ho senyeheloa ke likobo’?

19 Ka hatsela, ka senyeheloa ke likobo: Moapostola o ile a boela a thulana le mathata a serame le ho senyeheloa ke seo a se aparang. Empa hase hore o ne a ‘apara maharasoa’ ka baka la botsoa. Pauluse o ne a sebeletsa hore a fumane seo a se hlokang. (1 Ba-Korinthe 4:11, 12; bapisa Liketso 20:33, 34.) ‘Ho hatsela le ho senyeheloa ke likobo’ ke mathata ao moapostola a ileng a a tiisetsa ha a ne a sa apara ka mokhoa o lekaneng nakong ea mahloriso, ha a tsamaea boemong ba leholimo bo bobe kapa ha a le tšebeletsong tlas’a maemo a thata.

‘Tiisetsa ho Fihlela Qetellong’

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha u ke ke ua re Pauluse e ne e le qhobosheane ea motho ea matla? (b) Lipaki tsa Jehova kajeno li ka bapisoa joang le moapostola Pauluse?

20 Ha re hlahlobile ho hong ka mesebetsi, mahlomola, maeto, litsietsi le mathata tsa moapostola Pauluse, motho a ka ’na a mo talima e ne e le qhobosheane ea matla ea motho. Leha ho le joalo, joaloka e mong le e mong ho rōna, o ne a sa phethahala. (Ba-Roma 7:21-25) Ha e le hantle, bahanyetsi ba hae ba Korinthe ba ne ba mo khesa, ba re: “Mangolo a hae ’ona a boima, a matla, empa sebopeho sa ’mele oa hae ke se fokolang, le puo ea hae ke e nyatsehang.” (2 Ba-Korinthe 10:10) Ho feta moo, Pauluse o ne a e-na le “phatsa e hlabang ka nameng”—mohlomong bohloko bo bong ba mahlo.—2 Ba-Korinthe 12:7; Liketso 23:1-5; Ba-Galata 4:15; 6:11.

21 Ka ho tšoanang, joaloka Lipaki tsa Jehova tsa kajeno, ha rea phethahala, le hoja rōna, joaloka Pauluse, re leka ka matla ho khahlisa Molimo. (1 Ba-Korinthe 9:24-27) Lefatše lea re khesa, joalokaha ba bang ba ne ba khesa moapostola, le hoja re bontša ho ameha ka matla bakeng sa boiketlo ba moea ba batho ba bang. (Mattheu 22:39) Ho tšoana le Pauluse, ba bangata ho rōna re na le mahloko a itseng. Empa hona ho re etsa hore re itšetlehe haholoanyane ka matla a Molimo, ’me bofokoling ba rōna ke hona moo matla a hae a eeng a bonahale ka ho ikhetha har’a bao re ba bolellang.—2 Ba-Korinthe 12:7-10.

22. (a) Haeba re biletsoa ho ba mahlomeleng ‘ka lebaka la ho loka,’ re tšelisoa ke Jehova joang? (b) Ke joang feela re ka “tiisetsang ho fihlela qetellong”?

22 Ha ho pelaelo ea hore matla a tsoang holimo a ile a boloka Pauluse ho fihlela lefung la hae e le mohlanka ea sa phethahalang empa ea tšepahalang oa Jehova. (2 Ba-Korinthe 4:7; 2 Timothea 4:6-8) Ha ho bapisoa, ke ka matla a Molimo feela re ka “tiisetsang ho fihlela qetellong” ea tsamaiso ena e khopo ea lintho kapa ho fihlela re e-shoa ka botšepehi. (Pesaleme ea 29:11; Mattheu 10:28; 24:3, 13; Mareka 13:13) Haeba re biletsoa ho tla ba mahlomoleng ‘ka lebaka la ho loka,’ re tšelisoa haholo ke moea o halalelang oa Jehova, litšepiso tsa hae tse babatsehang le ho arabela ha hae lithapelo tsa rōna. Lintho tse joalo li re etsa hore re kholoe hore “Molimo oa matšeliso ’ohle” o na le rōna. Ho tšoana le moapostola Pauluse re ka ’na ra be “re hlomohile ka nqa tsohle, empa ha re tsielehe ruri; . . . rea hlorisoa, empa ha re lahloe; . . . re liheloa fatše, empa ha re timele.” (2 Ba-Korinthe 4:8, 9) Molimo oa rōna o re nea matla a hore re bolele evangeli re sa tšoha letho har’a matšoenyeho le mathata. ’Me, ruri re ka ‘tiisetsa ho fihlela qetellong’ ka matla a Jehova.

Na joale u ka arabela lipotso tsee?

◻ Ke eng e boleloang ka ‘ho tlisetsa ho fihlela qetellong’?

◻ Moapostola Pauluse o ne a bolela ka maeto a mofuta ofe ha a bua ka ‘ho ba maetong hangata’?

◻ Moapostola o ile a beoa kotsing joang ke “baena ba mahata,” ’me lipaki tsa kajeno tsa Jehova li tiisitsoe joang moeeng khahlanong le batho ba joalo?

◻ Ke tlas’a maemo afe moo Pauluse a ileng a ‘lapa le ho nyoroa,’ haesita le ho ‘hatsela le ho hloka likobo’?

◻ Le hoja re sa phethahala, joaloka Pauluse, ho bonolo joang hore re ka ‘tiisetsa ho fihlela qetellong’?

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Maetong a hae a tšebeletso Pauluse hangata o ne a le kotsing ea masholu

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Pauluse o ne a le kotsing ea lichaba, joaloka Lystra

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela