Baefese ba Ngoletsoe ka Lebaka Lefe?
“O MOHOLO, Diana oa ba-Efese!” Na u ka nahana ka batho ba bokaneng ka ntlong ea lipapali e khōlō hoo e nkang bashebelli ba likete tse mashome a mabeli a metso e mehlano, ba petetsane ba tletse bohale ke cheseho ea bolumeli ba ntse ba hoa mantsoe a ka holimo ba sa khaotse ka lihora tse peli? Ho kile ha etsahala!—Liketso 19:28, 34.
Cheseho e tletseng bohale hakaalo e ne e bakoa ke eng? Diana e ne e le mang? Le hona, Baefese e ne e le bo-mang? Ke mang ea ileng a ba ngolla—hona ka lebaka lefe?
Setsi sa Boholo-holo sa Bolumeli
Efese ke o mong oa metse e neng e tsebisahala haholo ea lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea Rōna, ka baahi ba neng ba hakanyetsoa kotareng ea millione. Motse e ne e le setsi se ruileng sa khoebo le tsoelopele, empa e ne e se feela leruo, boemo bo botle ba mocheso le mohatsela ba sebaka le botle ba sona tse neng li hohela ba bangata. Efese e ne e le setsi sa bolumeli sa lefatše la boholo-holo ’me e ne e ikhantša ka tempele e khōlō hoo e neng e le e ’ngoe ea mehlolo e supileng ea lefatše.
Molimo oa mosali, Diana kapa Arthemise, o ne o rapeloa tempeleng ena, moo ho boleloang hore gauda ke eona e neng e kopanya litene tsa ’mabole. Ka lekhetlo le leng, ho ne ho khobokana batho ba makholo a supileng a likete ba tsoang Efese le linaheng tse hole ho tlala litseleng tsa teng ha “molimo oa mosali oa moroetsana” o tsamaisoa le motse. Ho rekisoa le ho etsoa ha litšoantšo tsa silevera tsa molimo ona o matsoele-tsoele oa kemolo e ne e le khoebo e atlehang haholo Efese.—Liketso 19:24, 25.
Ke motseng o tjena moo monna Pauluse a ileng a tla ho tla bolela tsa Bokreste ho Baefese. Jesu Kreste o ne a mo romile hore e be “moapostola oa ba-lichaba.” (Ba-Roma 11:13) Ho ile ha theoa phutheho ’me ea hola ka potlako Efese. Ba bacha ba phakisa ba lahla litšoantšo tsa bona le libuka tsa bonohe. (Liketso 19:19) Ka lebaka la bolumeli bona bo neng bo hōla ka potlako bo bocha bo hananang le litšoantšo, Demetriuse, setei sa koporo, a susumetsa batho hoo ba batlileng ba baka mofere-fere, ho fella ka hore ba bokolle, “O moholo, Diana oa ba-Efese!”
Phutheho ea Efese e ne e theiloe ke Pauluse, mongoli oa lengolo. Boholo ba litho tsa eona e ne e le Balichaba, ke hore, batho bao e seng Bajode. (Ba-Efese 3:1) Bao e bileng Bakreste Efese ba ne ba lahlile bolumeli bo theolang.—Ba-Efese 4:17-19.
Ho Khutlisetsa Kopano le Khotso
Pauluse o ngotse a le Roma a ngolla Baefese a ntse a le litlamong hoo e ka bang ka selemo sa 60 kapa 61 C.E. (Ba-Efese 1:1; 6:20) Hoba a qale lengolo o bolela ka morero o moholo oa Molimo oa ho khutlisetsa kopano le khotso, joalokaha ho thathamisitsoe ka Mangolong. Ho fetoha ntlha ea bohlokoa eo lengolo lohle la hae le likolohang ho eona.
Pauluse a ngola: “[Molimo] oa re tsebisa sephiri sa thato ea oona ka boithatelo ba oona, kamoo o nong o itherele kateng; hore, etlere nako tse beiloeng ke oona ha li se li phethehile, o tle o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.” (Ba-Efese 1:9, 10) Joalokaha ho bontšitsoe mona, e ne e le thato ea Molimo ho lokisa liphoso tsohle tse neng li hlahile bokahohleng ka baka le borabele ba Satane.
Pauluse o ne a batla ha Bakreste bana ba Balichaba ba Efese ba fumana bohlokoa ka ho feletseng ka hore na ke tokelo e phahameng hakaakang ea hore ba be kamehong e haufi joalo ho sebetsahaleng ha thato ea Molimo. Kahoo, hang hoba a qale ka tumeliso, Pauluse a supa ka boemo ba bona bo nang le tokelo. Ba ne ba fetohile karolo ea sehlopha seo Molimo o neng o se khethile “ha o no o e-so ho thee lefatše” hore se be le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo.—Ba-Efese 1:3-7.
Ka ’nete e ne e le tokelo e khōlō bakeng sa Baefese ba Balichaba, bao ka nako e ’ngoe ‘ba neng ba le ka ntle’ ’me ba “se na Molimo lefatšeng,” hore ba thabele hammoho le Bajode tebello ea ho ba marena a leholimo le Kreste ’Musong oa Molimo! Hona ke sona “sephiri sa thato ea oona” seo Pauluse a buang ka sona nako le nako lengolong lena, “hore ba-lichaba ke majalefa le ba-Iseraele, ke ’mele o le mong le bona, ba na le kabelo hammoho pallong ho Jesu Kreste.”—Ba-Efese 2:11-13; 3:3-6.
Kahoo lengolo la Baefese le senola hore Jehova Molimo o rerile ho khutlisetsa kopano le khotso bokahohleng. Joalokaha Pauluse a ngotse, Molimo o tla ‘bokellela tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.’ Ke pele ho borabele ba Satane ha kopano ea ’nete e ne e le teng bokahohleng bohle. Empa ka tsamaiso ea Molimo, ho inkela litaba ha hae, kapa ho laola litaba, kopano e joalo e tla finyelloa.
Ka ho amohela Kreste e le topollo ea bona, lintho tse “leholimong”—ke hore, batho ba nkuoang ho ba ba leholimo—‘ba bokelleloa hammoho ho Kreste.’ Leha ho le joalo, tumellanong le morero oa Molimo, nako ea teng e tlameha ho tla bakeng sa ho finyella tšobotsi ea bobeli ea tsamaiso ea Molimo, e leng, ho bokellela hammoho lintho tse “lefatšeng.” Hona ho etsahala nakong ea ha Kreste a le teng matleng a ’Muso ha a bokella “linku tse ling” tsa hae tse reretsoeng ho fumana bophelo mona lefatšeng tlas’a ’Muso oa leholimo.—Johanne 10:16.
A ntse a latelletse sehlooho sa hae, Pauluse o bontša kamoo khotso le kopano ho hlokahalang hore li phehelloe ke bohle ba ka ‘kerekeng, e leng ’mele oa Kreste.’ (Ba-Efese 1:22, 23) Kahoo ho ke ke ha hlola ho e-ba le khethollo pakeng tsa Mojode le Molichaba, lebollo le boqai. Bohle ba lokela ho utloisisa ho sebeletsa kopano le khotso.—Ba-Efese 2:11.
Kakaretso ea makhetlo ao Pauluse a sebelisang lentsoe “kopano” lengolong lena a 13 (NW), ho feta lengolong lefe kapa lefe la hae. ’Me o sebelisa lentsoe “khotso” ka makhetlo a robeli, ho feta lengolong lefe kapa lefe la hae ntle ho le eang ho Ba-Roma. Re ka utloisisa hamolemo tlhokahalo ea ho hatisa bohlokoa ba kopano le khotso ha re ananela phapang e matla e neng e le teng ka makholo-kholo a lilemo pakeng tsa Bajode le Balichaba. (Liketso 10:28) Pauluse o hatisa bohlokoa ba karolo ea Kreste tabeng ena. Pauluse o re: “Hobane ke eena khotso ea rōna, e leng eena ea entseng lichaba tse peli sechaba se le seng, ’me o rapalalitse lerako [e leng Molao oa Moshe] le neng le li khaohantse.”—Ba-Efese 2:14.
Ho Sebeletsa Khotso le Kopano
Likhaolo tse tharo tse qetellang tsa lengolo Eph 4-6 la Pauluse li bua ka maemo ’me li fana ka keletso e neng e tla hlekela khotso le kopano maemong a haufi a Baefese bao. Hona khotso le kopano li ka finyelloa joang? Ho hlokahala hore ho sebelisoe lerato. Ho hatisa ntlha ena Pauluse o sebelisa mantsoe a amanang le “lerato” ka makhetlo a 19 (NW), hangata ho feta lengolong lefe kapa lefe la hae! Kahoo a phehella, ‘le mamellane ka lerato. Le tiee matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’—Ba-Efese 4:2, 3.
Pauluse o tsoela pele ho hlalosa litokisetso tsa Molimo bakeng sa ketso e kopaneng. Ha a re, Molimo ke “eena ea beileng ba bang baapostola, ba bang baprofeta, ba bang baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti, . . . re tle re be re finyelle bohle bonngoeng ba tumelo.” Joale Pauluse o sebelisa papiso ea mesebetsi e kopaneng ea ’mele oa motho, e sebeletsang ‘kholo ea ’mele o tle o hahuoe leratong.’—Ba-Efese 4:11-16.
Kahoo lintho tse sitisang khotso le kopano li tlameha ho qojoa. Tsena li tla akarelletsa ho bua mashano, bohale le botsoa, lipolelo tse lihlong ho e-na le lipolelo tse ntle le tse hahang. Bosholu bo ne bo hlile bo khothalletsoa Efese, kaha lesholu le ne le ka balehela tempeleng ea Diana ’me la pholoha ho tšoaroa. Empa Pauluse o itse: “Ea neng a utsoa a se ke a hlola a utsoa.”—Ba-Efese 4:25-30.
Nahana feela kamoo ho sebelisoa ha keletso e lerato ea Pauluse e latelang ho neng ho tla hlekela khotso le kopano: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna. Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane, joale ka ha Molimo le oona o le tšoaretse ka Jesu Kreste.”—Ba-Efese 4:31, 32.
Bofebe, litšila, meharo, boitšoaro bo lihlong, puo ea booatla, mesoaso e mebe, botahoa—lintho tsohle tse joalo li isa khathatsong, e seng feela lipakeng tsa batho hammoho empa hape le Molimo. Kahoo Pauluse o phehella hore: “’Me le se ke la ba le kabelo mesebetsing e nyopang ea lefifi [ea batho ba lichaba].” “Ha ho le joalo, iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale . . . hobane mehla e se e le mebe.”—Ba-Efese 5:1-20.
Pauluse o hlalosa hore ho latela mohlala o lerato oa Kreste le keletso ea Lentsoe la Molimo ho tla hlekela khotso ka malapeng. Hape o hatisa kamoo beng ba mesebetsi le basebetsi ba ka sebelisanang hammoho ka khotso ka ho hopola tlameho ea bona ho Molimo. (Ba-Efese 5:21–6:9) Hape hoa hlokahala ho hlokomela hore ea ileng a ferekanya khotso ea bokahohleng le kopano ka lekhetlo la pele, Satane Diabolose, o tla hanyetsa ka matla boikitlaetso bohle ba Bakreste ba ho etsa thato ea Molimo. Kahoo ba tlameha ‘ho apara lihlomo tsohle tsa Molimo’ ho hanela Diabolose le bademona ba hae ka katleho.—Ba-Efese 6:10-18.
Ha re nahana ka sohle se ka ho lona, re leboha Molimo haholo hore e be o ile oa bululela Pauluse ho ngola lengolo le eang ho Baefese! Lengolo la hae le rorisitsoe ke liithuti tse ngata, e mong a le hlalosa e le le ‘akarelitseng ka bokhutšoanyane karolo eohle ea bolumeli ba Bokreste.’ Hase feela hore le qaqisa morero o moholo oa Molimo oa ho lokisa liphoso tsohle tse bokahohleng empa hape le fana ka keletso e ngata e sebetsang le khothatso ho re thusa ho sebeletsa Molimo ka tsela eo re tla hapa mohau oa oona le tlhohonolofatso ka ho sa feleng.